LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • wp22 No. 1 maq. 8-9
  • 2 | O se ke wa Iphetetsa

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • 2 | O se ke wa Iphetetsa
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2022
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Seo Bibele e se Rutang:
  • Seo Temana Ena e se Bolelang:
  • Seo o ka se Etsang:
  • Re ka Kgona ho Hlola Lehloyo
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2022
  • Re ka Etsang Hore re Hlole Lehloyo?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2022
  • Selelekela sa Karolo ya 7
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Josefa o Tshwarela Barababo
    Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso—2020
Tse Ding
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2022
wp22 No. 1 maq. 8-9
Banna ba babedi ba halefileng ba dutse makaleng a sefate. E mong le emong o kgaola lekala leo a dutseng hodima lona.

RE KA ETSANG HORE RE HLOLE LEHLOYO?

2 | O Se Ke Wa Iphetetsa

Seo Bibele e se Rutang:

“Ho se ke ha eba le eo le busetsang bobe ka bobe ho yena. . . . Haeba ho kgoneha, ho fihlela moo ho itshetlehileng ka lona, le be le kgotso le batho bohle. Le se ke la iphetetsa, . . . Ka ha ho ngodilwe: ‘“Phetetso ke ya ka; ke tla buseletsa, ho bolela Jehova.’”​—BAROMA 12:​17-⁠19.

Seo Temana Ena e se Bolelang:

Ha motho a re utlwisa bohloko, ho tlwaelehile hore re kwate empa Modimo ha a batle hore re iphethetse. Ho ena le hoo, o batla hore re be le mamello hobane o tshepisa hore haufinyane o tla fedisa batho ba kgopo.​—Pesaleme ya 37:​7, 10.

Seo o ka se Etsang:

Ha batho ba baetsadibe ba iphetetsa, seo se etsa hore ba hloyane le ho feta. Ka hoo, ha motho a o utlwisa bohloko, o se ke wa iphetetsa. Leka ho laola maikutlo a hao mme o bue ka bonolo. Maemong a mang ho ka ba molemo hore o lebale ka se etsahetseng. (Liproverbia 19:​11) Ka dinako tse ding ho ka hlokahala hore o tlalehe bothata. Ka mohlala, haeba o le lehlatsipa la tlolo ya molao, o ka kgetha ho tlaleha tlolo eo ya molao mapoleseng.

Ho iphetetsa ha ho re tswele molemo

O ka etsang haeba ho se na tsela e ka rarollang bothata boo ka kgotso? O tla etsang haeba o lekile sohle seo o ka se kgonang ho bo rarolla ka kgotso? O se ke wa iphetetsa hobane ha o etsa jwalo maemo a ka mpefala. O tla kgona ho hlola lehloyo haeba o sa iphethetse. Tshepa tsela eo Modimo a reng re rarolle bothata ka yona. “O itshetlehe ka yena, mme o tla nka bohato.”​—Pesaleme ya 37:​3-⁠5.

Pale ya Bophelo​—ADRIÁN

O Ile a Tlohella ho Iphetetsa

Adrián.

Ha Adrián e sa le motjha, o ne a rata ho lwantsha batho ba bang, a tletse lehloyo ebile a batla ho iphetetsa ho mang kapa mang ya mo utlwisitseng bohloko. O re: “Hangata ke ne ke kenella dintweng tsa dithunya mme ka makgetlo ke ne ke lemala haholo hoo batho bao ke neng ke lwana le bona ba ileng ba ntshiya ba nahana hore ke shwele.”

Adrián o qadile ho ithuta Bibele le Dipaki Tsa Jehova ha a le dilemo di 16. O re: “Ha ke ntse ke ithuta Bibele, ke ile ka hlokomela hore ke lokela ho fetola botho ba ka.” O ne a lokela ho hlola lehloyo le hore a kgaotse ho ba mabifi. O ile a ananela keletso eo a ithutileng yona lengolong la Baroma 12:​17-19 le buang ka ho se iphethetse. O re: “Ke ile ka ithuta hore Jehova o tla fedisa ho hloka toka ka nako ya hae. Butlebutle ke ile ka kgaotsa ho lwantsha batho ba bang.”

Bosiung bo bong, Adrián o ile a hlaselwa ke batjha ba kenke eo a neng a tlwaetse ho lwana le yona. Moetapele wa kenke eo o ile a re: “Itwanele!” Adrián o re: “Ke ne ke utlwa ke batla ho itwanela.” Ho ena le hore a iphethetse o ile a rapela Jehova yaba o tloha sebakeng seo.

Adrián o tswela pele ho re: “Letsatsing le hlahlamang ke ile ka kopana le moetapele wa kenke eo. Le hoja ke ne ke halefile, ke ile ka boela ka rapela Jehova ka pelong e le hore a nthuse hore ke itshware. Ke ile ka makatswa ke ha a re: “Ke kopa o ntshwarele ka se etsahetseng maobane. Ho bua nnete, ke batla ho tshwana le wena. Ke batla ho ithuta Bibele.” Ke ile ka thaba hore ke kgonne ho laola bohale ba ka mme seo sa nnolofalletsa hore ke qale ho ithuta Bibele le yena.”

O ka bala pale ya Adrián ho Molula-Qhooa wa No. 5 2016, leqhepheng la 14 ho ya ho la 15, o fumanehang ho jw.org/st.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share