LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • wp22 No. 1 maq. 12-13
  • 4 | O ka Hlola Lehloyo ka Thuso ya Modimo

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • 4 | O ka Hlola Lehloyo ka Thuso ya Modimo
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2022
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Seo Bibele e se Rutang:
  • Seo Temana Ena e se Bolelang:
  • Seo o ka se Etsang:
  • Re ka Etsang Hore re Hlole Lehloyo?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2022
  • Re ka Kgona ho Hlola Lehloyo
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2022
  • Ke Hobaneng ha Batho ba Hloyane Hakaale?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2022
  • Lehloyo le Tla Fela ka ho sa Feleng
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2022
Tse Ding
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2022
wp22 No. 1 maq. 12-13
Batho ba ya Bibeleng e ba kgantsheditseng. Diriti tsa bona di bontsha dintho tse mpe tseo ba neng ba di etsa pele.

RE KA ETSANG HORE RE HLOLE LEHLOYO?

4 | Modimo A Ka O Thusa Hore O Hlole Lehloyo

Seo Bibele e se Rutang:

“Ditholwana tsa moya ke lerato, thabo, kgotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo, boitshwaro.”​—BAGALATA 5:​22, 23.

Seo Temana Ena e se Bolelang:

Re ka kgona ho hlola lehloyo ka thuso ya Modimo. Moya wa hae o halalelang o ka re thusa hore re be le makgabane ao re ke keng ra kgona ho ba le ona ka borona. Ho ena le ho leka ho hlola lehloyo ka matla a rona, ho molemo hore re kope thuso ya Modimo. Haeba re etsa jwalo, re tla ikutlwa ka tsela eo moapostola Pauluse a neng a ikutlwa ka yona. O ile a re: “Bakeng sa dintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ya mphang bonatla.” (Bafilipi 4:​13) Le rona re ka kgona hore re re: “Thuso ya ka e tswa ho Jehova.”​—Pesaleme ya 121:⁠2.

Seo o ka se Etsang:

“Jehova o fetotse bophelo ba ka, ha ke sa le motho ya mabifi empa ke se ke le motho wa kgotso.”​—WALDO

Rapela Jehova ka tiyo mme o mo kope moya wa hae o halalelang. (Luka 11:​13) Kopa hore a o thuse ho ba le makgabane a tshwanang le a hae. Ithute seo Bibele e se rutang ka makgabane a ka re thusang hore re se ke ra ba le lehloyo, a kang lerato, kgotso, tiisetso le boitshwaro. Leka ho bonahatsa makgabane ana bophelong ba hao. Eba motswalle wa batho ba lekang hore ba be le makgabane ana. Metswalle e jwalo e tla “[o] susumelletsa leratong le mesebetsing e metle.”​—Baheberu 10:⁠24.

Pale ya Bophelo​—WALDO

O Ile a Kgaotsa ho ba Mabifi

Waldo.

Waldo o hotse ka thata mme seo se ile sa etsa hore a be le lehloyo. O re: “Ke ne ke atisa ho lwana le bahwebi ba dithethefatsi . . . Ka lekgetlo le leng, sehlopha se seng sa ditlokotsebe se ile sa hira motho ya neng a tsebahala ka hore ke mmolai hore a mpolaye empa ke ile ka pholoha ke ena le leqeba la thipa feela.”

Waldo o ne a sa thaba ha mosadi wa hae a qala ho ithuta Bibele le Dipaki Tsa Jehova. O re: “Ke ne ke hloile Dipaki mme hangata ke ne ke di rohaka. Empa ha ho mohla di neng di iphetetsa.”

Ha nako e ntse e ya, Waldo le yena o ile a qala ho ithuta Bibele. O re: “Ho ne ho se bonolo ho sebedisa seo ke ithutang sona. Ke ne ke kgodisehile hore nke ke ka hlola ke kgona ho laola bohale ba ka.” Le ha ho le jwalo, dintho tseo a ithutileng tsona ka Bibeleng di ile tsa mo thusa hore a etse diphetoho.

Waldo o re: “Ka letsatsi le leng, Alejandro e leng motho ya neng a ithuta le nna o ile a nkopa hore ke bale Bagalata 5:​22, 23. . . . Alejandro o ile a re nke ke ka kgona ho ba le makgabane ao ka matla a ka empa nka thuswa ke moya o halalelang wa Modimo. Seo se ile sa fetola tsela eo ke neng ke ikutlwa ka yona ka ho felletseng.”

Waldo o ile a kgaotsa ho hloya batho ba bang hobane o ile a amohela thuso e tswang ho Modimo. O re: “Beng ka nna le metswalle ya ka ya nakong e fetileng ha ba kgolwe ka moo ke entseng diphetoho ka teng.” O boetse o re: “Jehova o fetotse bophelo ba ka, ha ke sa le motho ya mabifi empa ke se ke le motho wa kgotso.”

O ka bala pale ya Waldo ho Molula-Qhooa wa October 1, 2013, leqepheng la  12 ho ya ho la 13, o fumanehang ho jw.org/st.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share