Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
4-10 FEBRUARY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | BAROMA 1-3
“Tswela Pele o Kwetlisa Letswalo la Hao”
(Baroma 2:14, 15) Ka ha neng kapa neng ha batho ba ditjhaba ba se nang molao ba etsa ka tlhaho dintho tsa molao, batho bana, le hoja ba se na molao, ke molao ka bobona. 15 Ke bona ba bontshang hore boitsebiso ba molao bo ngotswe ka dipelong tsa bona, ha matswalo a bona a ntse a ba pakela mme, menahanong ya bona, ba ntse ba qoswa kapa ba bile ba emelwa.
Eba le Letswalo le Letle Mahlong a Modimo
6 Esita le batho ba sa tsebeng Jehova, ba kgona ho lemoha hore ho na le phapang pakeng tsa se nepahetseng le se fosahetseng. Bibele e re: “Menahanong ya bona, ba ntse ba qoswa kapa ba bile ba emelwa.” (Baroma 2:14, 15) Ka mohlala, batho ba bangata ba a tseba hore ho fosahetse ho bolaya kapa ho utswa. Le hoja ba sa elellwe, ba mamela matswalo a bona, e leng bokgoni boo ba bopelletsweng le bona ba ho kgetholla se nepahetseng le se fosahetseng. Ba boetse ba latela melaomotheo eo Jehova a re fileng yona ho re thusa ho etsa diqeto tse bohlale.
(Baroma 2:15) Ke bona ba bontshang hore boitsebiso ba molao bo ngotswe ka dipelong tsa bona, ha matswalo a bona a ntse a ba pakela mme, menahanong ya bona, ba ntse ba qoswa kapa ba bile ba emelwa.
Eba le Letswalo le Letle Mahlong a Modimo
8 Batho ba bang ba nka hore ho mamela matswalo a bona ho bolela ho latela maikutlo a bona. Ba nahana hore ba ka etsa seo ba se batlang ha feela se dumellana le maikutlo a bona. Empa ka ha maikutlo a rona ha a phethahala, a ka re kgelosa. A ka ba matla haholo hoo a ka bang a ama matswalo a rona. Ke ka hona Bibele e reng: “Pelo e bolotsana ho feta ntho le ha e le efe mme e tsitlella seo e se batlang. Ke mang ya ka e tsebang?” (Jeremia 17:9) Ka hoo, re ka qala ho nahana hore ntho e fosahetseng e nepahetse. Ka mohlala, pele Pauluse e ba Mokreste, o ne a hlorisa batho ba Modimo ka sehloho mme a dumela hore o etsa se nepahetseng. Ho ya ka maikutlo a hae, o ne a dumela hore o na le letswalo le letle. Empa ha morao o ile a re: “Ya ntlhahlobang ke Jehova.” (1 Bakorinthe 4:4; Liketso 23:1; 2 Timothea 1:3) Ha Pauluse a ne a ithuta ka moo Jehova a ikutlwang ka teng ka seo a neng a se etsa, o ile a lemoha hore o hloka ho fetoha. Ka hona, ho hlakile hore pele re etsa qeto le ha e le efe, re lokela ho ipotsa, ‘Ke eng seo Jehova a batlang hore ke se etse?’
9 Ha o rata motho, ha o batle ho etsa ntho le ha efe e tla mo kwatisa. Ka ha re rata Jehova, ha re batle ho etsa ntho le ha e le efe e tla mo kwatisa. Re lokela ho tshaba ho etsa ntho e tla mo kwatisa. Re bona sena mohlaleng wa Nehemia. Ha a ka a dumella ho nka monyetla ka boemo ba hae ba ho ba tonakgolo hore e be morui. Hobaneng? “Ka lebaka la ho tshaba Modimo.” (Nehemia 5:15) Nehemia o ne a sa batle ho etsa eng kapa eng e ka kwatisang Jehova. Jwalo ka Nehemia, le rona re lokela ho tshaba ho kwatisa Jehova ka ho etsa se sebe. E le hore re tsebe se thabisang Jehova, re lokela ho bala le ho ithuta Bibele.—Sheba Ntlha ya 6 e hlahang qetellong ya buka.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Baroma 3:4) Le ka mohla hoo ho se ke ha etsahala! Empa Modimo a ke a fumanwe a e na le nnete, le hoja motho e mong le e mong a fumanwa a le leshano, esita le jwalo ka ha ho ngodilwe: “E le hore o ka pakwa hore o lokile ka mantswe a hao le hore o ka hlola ha o ntse o ahlolwa.”
w08 6/15 30 ¶5
Dintlhakgolo Tsa Lengolo le Yang ho Baroma
3:4. Haeba motho a bua ntho e kgahlanong le seo Modimo a se buang Lentsweng la hae, re etsa hore “Modimo a ke a fumanwe a e na le nnete” ka hore re tshepe molaetsa wa Bibele re be re etse dintho tse dumellanang le thato ya Modimo. Ha re kopanela ka tjheseho mosebetsing wa ho bolela ka Mmuso le wa ho etsa barutuwa, re ka thusa ba bang hore ba fumane Modimo a e na le nnete.
(Baroma 3:24, 25) mme ho jwalo ka mpho e sa lefellweng hore ebe ka mosa wa hae o sa tshwanelang ho ntse ho bolelwa hore ba lokile ka tokollo e tlisitsweng ke thekollo e lefilweng ke Kreste Jesu. 25 Modimo o ile a mo beha hore e be nyehelo bakeng sa poelano ka tumelo mading a hae. Hona e ne e le hore a bonahatse ho loka ha hae, hobane a ne a tshwarela dibe tse etsahetseng nakong e fetileng ha Modimo a ne a bontsha mamello.
w08 6/15 29 ¶6
Dintlhakgolo Tsa Lengolo le Yang ho Baroma
3:24, 25—“Thekollo e lefilweng ke Kreste Jesu” e ne e ka kwahela “dibe tse etsahetseng nakong e fetileng” jwang? Boprofeta ba pele bo mabapi le Mesia, bo tlalehilweng ho Genese 3:15, bo ile ba phethahala ka 33 C.E. ha Jesu a ne a bolawa thupeng ya tlhokofatso. (Bagal. 3:13, 16) Le ha ho le jwalo, hang ha Jehova a phatlalatsa boprofeta boo, mahlong a hae ho ne ho tshwana le ha thekollo e se e lefilwe, hobane ha ho letho le ka thibelang Modimo ho phetha seo a se rerileng. Ka hoo, motheong wa sehlabelo se neng se tla etswa ka Jesu Kreste, Jehova o ne a ka tshwarela ditloholo tsa Adama dibe ha di bontsha tumelo tshepisong eo. Thekollo e boetse e bula monyetla wa hore batho ba shweleng pele ho mehla ya Bokreste ba kgone ho tsoswa.—Liketso 24:15.
Mmalo wa Bibele
(Baroma 1:1-17) Pauluse, lekgoba la Jesu Kreste le ya bitseditsweng ho ba moapostola, ya kgethetsweng ditaba tse molemo tsa Modimo, 2 tseo a ileng a di tshepisa nakong e fetileng ka baprofeta ba hae ka Mangolong a halalelang, 3 malebana le Mora wa hae, ya ileng a hlaha peong ya Davida ho ya ka nama, 4 empa eo ka matla ho ileng ha bolelwa hore ke Mora Modimo ho ya ka moya wa kgalalelo ka ho tsoha bafung—e, Jesu Kreste Morena wa rona, 5 eo ka yena re ileng ra amohela mosa o sa tshwanelang le baapostola e le hore hara ditjhaba tsohle ho ka ba le ba mamelang tumelo mabapi le lebitso la hae, 6 e leng ditjhaba tseo le bitsitsweng hara tsona hore le be ba Jesu Kreste—7 ho bohle ba leng Roma e le baratuwa ba Modimo, ba bitseditsweng ho ba bahalaledi: E se eka le ka ba le mosa o sa tshwanelang le kgotso e tswang ho Modimo Ntate le Morena Jesu Kreste. 8 Pele ho tsohle, ke leboha Modimo wa ka ka Jesu Kreste malebana le lona bohle, hobane ho buuwa ka tumelo ya lona ho pholletsa le lefatshe lohle. 9 Etswe Modimo, eo ke mo etsetsang tshebeletso e halalelang ka moya wa ka mabapi le ditaba tse molemo tse mabapi le Mora wa hae, ke paki ya ka ya ka moo ke le bolelang ka mehla dithapelong tsa ka ke sa phetse, 10 ke kopa hore jwale haeba ho kgoneha qetellong nka atlehiswa thatong ya Modimo e le hore ke tle ho lona. 11 Etswe ke hlolohetswe ho le bona, e le hore nka le fa mpho e nngwe ya moya e le hore le tiiswe; 12 kapa, ho e na le hoo, e le hore ho ka ba le ho kgothatsana hara lona, e mong le e mong ka tumelo ya e mong, ya lona le ya ka. 13 Empa barabeso, ha ke batle hore le hlolehe ho tseba, hore ka makgetlo a mangata ke ile ka rera ho tla ho lona, empa ke nnile ka sitiswa ho fihlela jwale, e le hore nka fumana ditholwana tse itseng le hara lona esita le jwalo ka ha ho bile jwalo hara ditjhaba tse ding kaofela. 14 Ke na le molato ho Bagerike le ho Babarebare, ho ba bohlale le ho ba se nang kelello: 15 ka hoo ke na le tabatabelo ya ho bolela ditaba tse molemo le ho lona moo Roma. 16 Etswe ha ke dihlong ka ditaba tse molemo; ha e le hantle, ke matla a Modimo a poloko ho e mong le e mong ya nang le tumelo, ho Mojuda pele le ho Mogerike; 17 Ka ha ho loka ha Modimo ho ntse ho senolwa ho tsona ka lebaka la tumelo le mabapi le tumelo, feela jwalo ka ha ho ngodilwe: “Empa ya lokileng—o tla phela ka tumelo.”
11-17 FEBRUARY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | BAROMA 4-6
“Modimo o Buella Lerato la Hae ho Rona”
(Baroma 5:8) Empa Modimo o buella lerato la hae ho rona ka hore, ha re sa ntse re le baetsadibe, Kreste o ile a re shwela.
(Baroma 5:12) Ke ka lebaka leo, feela jwalo ka ha sebe se ile sa kena lefatsheng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, mme ka hoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe—.
w11 6/15 12 ¶5
Modimo o Buella Lerato la Hae ho Rona
5 Ha Pauluse a bua ka taba ena o ile a qala ka ho re: “Sebe se ile sa kena lefatsheng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, mme ka hoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.” (Bar. 5:12) Re kgona ho utlwisisa taba ena ka ha Modimo o ile a etsa hore ho ngolwe tlaleho ya hore na bophelo ba motho bo qadile jwang. Jehova o ile a bopa batho ba babedi, e leng Adama le Eva. Mmopi o phethahetse, mme batho bao ba pele, e leng baholoholo ba rona, le bona ba ne ba phethahatse. Modimo o ile a ba fa molao o ba hanelang ka ntho e le nngwe feela mme a ba bolella hore haeba ba ne ba ka o tlola, kotlo ya bona e ne e tla ba lefu. (Gen. 2:17) Le ha ho le jwalo, ba ile ba kgetha ho etsa ka mokgwa o senyang, ba tlola molao wa Modimo o utlwahalang, ka hoo ba bontsha hore ha ba mo nke e le Monehimolao le Mmusi wa bona.—Deut. 32:4, 5.
(Baroma 5:13, 14) Etswe ho fihlela Molao o fihla sebe se ne se le lefatsheng, empa sebe ha se ballwe le ha e le mang ha ho se na molao. 14 Le ha ho le jwalo, lefu le ile la busa e le morena ho tloha ho Adama ho fihlela ho Moshe, esita le hodima ba neng ba sa etsa sebe ho latela tlolo e tshwanang le e entsweng ke Adama, ya tshwanang le ya neng a tla tla.
w11 6/15 12 ¶6
Modimo o Buella Lerato la Hae ho Rona
6 Adama o ile a ba le bana ka mora hore e be moetsadibe, ka hoo o ile a fetisetsa sebe le diphello tsa sona ho bona kaofela. Ke nnete hore ba ne ba sa tlola molao wa Modimo jwalo ka Adama, ka hoo ha ba a a ka ba behwa molato wa sebe seo, ebile ho ne ho eso be le molao o behilweng. (Gen. 2:17) Ho ntse ho le jwalo, bana ba Adama ba ile ba futsa sebe. Ka hoo, sebe le lefu di ile tsa busa ho fihlela Modimo a fa Baiseraele molao o ileng wa bontsha ka ho hlakileng hore ke baetsadibe. (Bala Baroma 5:13, 14.) Phello ya sebe seo re se futsitseng e ka nna ya tshwantshwa le mafu a itseng ao re ka a futsang ho batswadi ba rona. Le hoja bana ba bang ka lapeng ba ka futsa lefu le itseng ho batswadi ba bona, hase bana bohle lelapeng leo ba ka le futsang. Empa ha ho jwalo tabeng ya sebe. Kaofela re futsitse sebe ho Adama, ka lebaka leo kaofela re tla shwa. Na re tla ke re lokolohe maqakabetsing aa?
(Baroma 5:18) Ka hoo, jwale, jwalo ka ha ka tshito e le nngwe phello ho batho ba mefuta yohle e ile ya eba tsuo, ka ho tshwanang ka ketso e le nngwe ya tokafatso phello ho batho ba mefuta yohle ke ho bolela hore ba lokile bakeng sa bophelo.
(Baroma 5:21) Ka phello efe? Ya hore, feela jwalo ka ha sebe se ile sa busa e le morena le lefu, ka ho tshwanang le mosa o sa tshwanelang o ka busa e le morena ka ho loka ka tebello ya bophelo bo sa feleng ka Jesu Kreste Morena wa rona.
w11 6/15 13 ¶9-10
Modimo o Buella Lerato la Hae ho Rona
9 Moelelo wa mantswe a Segerike a ka sehloohong dipolelwaneng tsee tse reng “phatlalatso ya ho loka” le “ho bolela hore ba lokile” ke ofe? Mofetoledi e mong wa Bibele o ile a ngola ka taba eo a re: “Ke mokgabopuo wa thehello o nang le moelelo wa dintlha tse itseng tsa molao. E bua ka phetoho e mabapi le kamano ya motho le Modimo, eseng ho fetoha ha motho . . . Mokgabopuo ona wa thehello o hlahisa Modimo e le moahlodi ya entseng qeto e ka lehlakoreng la moqosuwa, eo ka puo ya tshwantshetso a tlisitsweng ka pela lekgotla la Modimo a qoswa ka leeme. Empa Modimo o bolela hore moqosuwa ha a na molato.”
10 “Moahlodi [ya lokileng] wa lefatshe lohle” o ne a ka bolela hore motho ya sa lokang ha a na molato a ipapisitse le eng? (Gen. 18:25) Modimo o ile a rala motheo wa sena ka hore ka lerato a romele Mora wa hae ya nnotshi lefatsheng. Jesu o ile a etsa thato ya Ntate wa hae ka tsela e phethahetseng, ho sa tsotellehe diteko, ho songwa ka ho feteletseng le ho hlekefetswa. O ile a dula a tshepahala ho fihlela a shwela thupeng ya tlhokofatso. (Baheb. 2:10) Ka hore Jesu a tele bophelo ba hae bo phethahetseng e le motho, o fane ka thekollo e ka lokollang kapa ya rekolla bana ba Adama sebeng le lefung.—Mat. 20:28; Bar. 5:6-8.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Baroma 6:3-5) Kapa ha le tsebe hore kaofela ha rona ba ileng ba kolobetswa ho kena ho Kreste Jesu re ile ra kolobetswa ho kena lefung la hae? 4 Ka hona re ile ra patwa le yena ka kolobetso ya rona ho kena lefung la hae, e le hore, feela jwalo ka ha Kreste a ile a tsoswa bafung ka kganya ya Ntate, le rona ka ho tshwanang re ka tsamaya boemong bo botjha ba bophelo. 5 Etswe haeba re kopantswe le yena lefung le tshwanang le la hae, ka sebele re tla boela re kopanngwe le yena tsohong e tshwanang le ya hae.
w08 6/15 29 ¶7
Dintlhakgolo Tsa Lengolo le Yang ho Baroma
6:3-5—Ho bolelwang ha ho thwe motho o kolobetswa ho kena ho Kreste Jesu le ha ho thwe o kolobetswa ho kena lefung la hae? Ha Jehova a tlotsa balatedi ba Kreste ka moya o halalelang, ba kopanngwa le Jesu e leng hlooho ya phutheho mme e ba ditho tsa phutheho e leng mmele wa Kreste. (1 Bakor. 12:12, 13, 27; Bakol. 1:18) Sena ke sona se bolelwang ha ho thwe ba kolobetswa ho kena ho Kreste Jesu. Bakreste ba tlotsitsweng ba boetse ba “kolobetswa ho kena lefung” la Kreste ka ho phela bophelo ba ho intsha sehlabelo le ho tela tshepo ya bophelo bo sa feleng lefatsheng. Ka hona, lefu la bona ke la sehlabelo jwalo ka lefu la Jesu, le hoja lefu la bona le se na matla a ho rekolla. Kolobetso ena ya ho kena lefung la Kreste e phethwa ha ba shwa mme ba tsosetswa ho ya phela lehodimong.
(Baroma 6:7) Etswe ya shweleng o hlakotswe molato wa sebe sa hae.
w14 6/1 11 ¶1
Na Baholoholo ba ka ba Shweleng ba ka Boela ba Phela?
Ha ba sa lokang ba tsoswa, na ba tla ahlolelwa dintho tseo ba ileng ba di etsa nakong e fetileng? Tjhe. Baroma 6:7 e re: “Etswe ya shweleng o hlakotswe molato wa sebe sa hae.” Ha ba sa lokang ba shwa, ba lefella dibe tsa bona. Ka hoo, ba tla ahlolwa ka lebaka la seo ba se etsang ka mora hore ba tsoswe, eseng ka lebaka la seo ba ileng ba se etsa pele ba shwa hobane ba ne ba sa tsebe. Seo se tla ba thusa jwang?
Mmalo wa Bibele
(Baroma 4:1-15) Ha ho le jwalo, re tla reng ka Abrahama moholoholo wa rona ho ya ka nama? 2 Ka mohlala, haeba ho ne ho boletswe hore Abrahama o lokile ka lebaka la mesebetsi, o ne a tla ba le lebaka la ho ithorisa; empa eseng ho Modimo. 3 Etswe lengolo le reng? “Abrahama o ile a bontsha tumelo ho Jehova, mme a ho ballwa e le ho loka.” 4 Jwale motho ya sebetsang ha a ballwe moputso e le mosa o sa tshwanelang, empa o o ballwa e le molato. 5 Ka lehlakoreng le leng, motho ya sa sebetseng empa a beha tumelo ho ya bolelang hore ya se nang bomodimo o lokile, tumelo ya hae e balwa e le ho loka. 6 Feela jwalo ka ha Davida le yena a bua ka thabo ya motho eo Modimo a mo ballang ho loka kantle le mesebetsi: 7 “Ho thaba bao diketso tsa bona tse sa yeng ka molao di tshwaretsweng le bao dibe tsa bona di kwahetsweng; 8 ho thaba motho eo ho hang Jehova a ke keng a ela sebe sa hae hloko.” 9 Jwale, na thabo ye e tlela batho ba bolotseng kapa le bona batho ba sa bollang? Etswe re re: “Abrahama o ile a ballwa tumelo ya hae e le ho loka.” 10 Jwale, ke tlasa maemo afe e ileng ya balwa? Ha a ne a le lebollong kapa ho se bolleng? Eseng lebollong, empa ho se bolleng. 11 O ile a amohela pontsho, e leng, lebollo, e le tiiso ya ho loka ka tumelo eo a neng a e na le yona ha a ntse a le boemong ba hae ba ho se bolle, e le hore e ka ba ntata bohle ba nang le tumelo ha ba ntse ba le ho se bolleng, e le hore ba ballwe ho loka; 12 le ntata bana ba bolotseng, eseng feela ba kgomarelang lebollo, empa le ba tsamayang ka ho laolehileng mehatong ya tumelo eo ha ba ntse ba le boemong ba ho se bolle eo ntata rona Abrahama a neng a e na le yona. 13 Etswe e ne e se ka molao Abrahama kapa peo ya hae a ileng a ba le tshepiso ya hore e ne e tla ba mojalefa wa lefatshe, empa e ne e le ka ho loka ka tumelo. 14 Etswe haeba ba kgomarelang molao e le majalefa, tumelo e entswe e se nang thuso mme tshepiso e fedisitswe ka ho feletseng. 15 Ha e le hantle Molao o hlahisa kgalefo, empa moo ho se nang molao, ha ho na tlolo le ha e le efe.
18-24 FEBRUARY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | BAROMA 7-8
“Na o na le ‘Tebello e Nang le Tabatabelo’?”
(Baroma 8:19) Etswe tebello e nang le tabatabelo ya popo e letetse ho senolwa ha bara ba Modimo.
w12 7/15 11 ¶17
Dumella Jehova Hore a o Tataisetse Tokolohong ya Nnete
17 Ha Pauluse a bua ka tokoloho eo Jehova a e lokiseditseng bahlanka ba hae ba tla phela lefatsheng, o ile a ngola a re: “Etswe tebello e nang le tabatabelo ya popo e letetse ho senolwa ha bara ba Modimo.” O ile a phaella ka ho re: “Popo le yona e tla lokollwa bokgobeng ba ho bola mme e be le tokoloho e kganyang ya bana ba Modimo.” (Bar. 8:19-21) “Popo” ke batho ba nang le tshepo ya ho phela lefatsheng, ba tla rua molemo ha “ho senolwa” bara ba Modimo ba tlotsitsweng ka moya. Ho senolwa hoo ho tla qala ha “bara” bana ba tsoseditsweng ho ya phela lehodimong ba sebetsa le Kreste ho tlosa bobe lefatsheng le ho pholosa “bongata bo boholo” hore bo lo phela tsamaisong e ntjha.—Tšen. 7:9, 14.
(Baroma 8:20) Kaha popo e ile ya behwa tlasa lefeela, eseng ka thato ya yona empa ka ya ileng a e beha tlaase, ka tshepo
w12 3/15 23 ¶11
A re Thabeng Tshepong
11 Jehova o file batho “tshepo” ha a ne a ba tshepisa hore o tla ba lokolla ho “noha ya pele” e leng Satane Diabolose, ka “peo” e tshepisitsweng. (Tšen. 12:9; Gen. 3:15) Karolo e ka sehloohong ya “peo” eo, e ne e le Jesu Kreste. (Bagal. 3:16) Ka lefu la hae le tsoho ya hae, Jesu o ile a fana ka tshepo e tiileng ya hore batho ba tla lokollwa bokgobeng ba sebe le lefu. Ho phethahala ha tshepiso eo ho amana le “ho senolwa ha bara ba Modimo.” Batlotsuwa ke karolo ya bobedi ya “peo.” Ba tla “senolwa” ha ba sebetsa le Kreste ho timetsa tsamaiso e kgopo ya Satane. (Tšen. 2:26, 27) Sena se tla etsa hore ba dinku tse ding ba tswang matshwenyehong a maholo ba pholohe.—Tšen. 7:9, 10, 14.
(Baroma 8:21) ya hore popo le yona e tla lokollwa bokgobeng ba ho bola mme e be le tokoloho e kganyang ya bana ba Modimo.
w12 3/15 23 ¶12
A re Thabeng Tshepong
12 Ruri batho ba tla imoloha haholo nakong ya Puso ya Kreste ya Dilemo Tse Sekete! Nakong eo, “bara ba Modimo” ba tlotlisitsweng ba tla tswela pele ba “senolwa” ha e eba baprista ha mmoho le Kreste mme ba thusa batho hore ba fumane melemo ya sehlabelo sa hae. Ha Mmuso wa Modimo o busa lefatsheng, butlebutle batho ba mamelang Modimo ba “tla lokollwa bokgobeng ba ho bola.” Ba tla lokollwa diphellong tsa sebe le lefu. Haeba ba ka dula ba tshepahala ho Jehova nakong eo ya Dilemo Tse Sekete le nakong ya teko ya ho qetela e tla tla qetellong ya dilemo tseo, mabitso a bona a tla dula a ngotswe ‘moqolong wa bophelo.’ Ba tla kena ‘tokolohong e kganyang ya bana ba Modimo.’ (Tšen. 20:7, 8, 11, 12) Ruri ena ke tshepo e kganyang!
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Baroma 8:6) Etswe ho beha kelello nameng ho bolela lefu, empa ho beha kelello moyeng ho bolela bophelo le kgotso;
Na o Ntse o Hopola?
Phapang ke efe pakeng tsa “ho beha kelello nameng” le “ho beha kelello moyeng”? (Bar. 8:6)
Motho ya ‘behang kelello nameng’ o laolwa kapa o ikemiseditse ho kgotsofatsa ditakatso tsa hae tsa boetsadibe, o dula a nahana ka dintho tsa nama, a bua ka tsona ebile a di etsa. Motho ya ‘behang kelello moyeng’ o dumella kelello ya hae hore e susumetswe ke moya o halalelang mme e dumellane le monahano wa Modimo. Sena se etsa hore a be le kgotso mme a tle a fumane bophelo bo sa feleng, empa yane ya behang kelello ya hae nameng seo se mo lebisa lefung.—w16.12, leq. 15-17.
(Baroma 8:26, 27) Ka mokgwa o tshwanang moya le ona o kopanela ka thuso bakeng sa bofokodi ba rona; etswe ha re tsebe bothata ba seo re lokelang ho se rapella jwalo ka ha ho hlokahala hore re rapele, empa moya o re kopela ka tiyo ka dipobodi tse sa buweng. 27 Empa le ha ho le jwalo ya phenyang dipelo o a tseba hore na sepheo sa moya ke sefe, hobane ona o kopa ka tiyo tumellanong le Modimo bakeng sa bahalaledi.
w09 11/15 7 ¶20
Dithapelo Tsa Hao di Senola Eng ka Wena?
20 Ka dinako tse ding ho ka etsahala hore re se ke ra tseba seo re lokelang ho se rapella dithapelong tseo re di etsang boinotshing. Pauluse o ile a ngola a re: “Ha re tsebe bothata ba seo re lokelang ho se rapella jwalo ka ha ho hlokahala hore re rapele, empa moya [o halalelang] o re kopela ka tiyo ka dipobodi tse sa buuweng. Empa le ha ho le jwalo [Modimo] ya phenyang dipelo o a tseba hore na sepheo sa moya ke sefe.” (Bar. 8:26, 27) Jehova o entse hore ho ngolwe dithapelo tse ngata ka Mangolong. O amohela dikopo tsena tse matla tse buduletsweng jwalo ka ha eka ke tsa rona mme ka hoo o a di phethahatsa. Modimo o a re tseba mme o boetse o tseba le se bolelwang ke dintho tseo a ileng a etsa hore moya wa hae o di bue ka bangodi ba Bibele. Jehova o araba dithapedi tsa rona ha moya o re “kopela ka tiyo,” kapa o re buella. Empa ha re ntse re tswela pele tsebong ya Lentswe la Modimo, ho ka nna ha eba bonolo ho tseba seo re lokelang ho se rapella.
Mmalo wa Bibele
(Baroma 7:13-25) Jwale, na se molemo se ile sa fetoha lefu ho nna? Le ka mohla hoo ho se ke ha etsahala! Empa sebe se ile sa ho etsa, e le hore se ka bonahatswa e le sebe se ntlhahisetsang lefu ka se molemo; e le hore sebe se ka ba seholo ka ho fetisisa ka taelo. 14 Etswe re a tseba hore Molao ke wa moya; empa nna ke wa nama, ke rekisitswe tlasa sebe. 15 Etswe seo ke se hlahisang ha ke se tsebe. Ka ha seo ke se lakatsang, ha ke a tlwaela ho se etsa; empa seo ke se hloileng ke sona seo ke se etsang. 16 Le ha ho le jwalo, haeba seo ke sa se lakatseng ke sona seo ke se etsang, ke a dumela hore Molao o motle. 17 Empa jwale ya se hlahisang ha e sa le nna, empa ke sebe se dulang ho nna. 18 Etswe ke a tseba hore ho nna, ke hore, nameng ya ka, ha ho dule letho le molemo; ka ha matla a ho lakatsa a teng ho nna, empa matla a ho hlahisa se setle ha a yo. 19 Etswe molemo oo ke o lakatsang ha ke o etse, empa bobe boo ke sa bo lakatseng ke bona boo ke tlwaetseng ho bo etsa. 20 Jwale, haeba seo ke sa se lakatseng ke sona seo ke se etsang, ya se hlahisang ha e sa le nna, empa ke sebe se dutseng ho nna. 21 Jwale, ke fumana molao ona tabeng ya ka: hore ha ke lakatsa ho etsa se nepahetseng, se sebe se teng ho nna. 22 Ka sebele ke thabela molao wa Modimo ho ya ka motho eo ke leng yena ka hare, 23 empa dithong tsa ka ke bona molao o mong o lwanang kgahlanong le molao wa kelello ya ka le o nkisang ke holehilwe molaong wa sebe o dithong tsa ka. 24 Ke monna ya soto hakaakang! Ke mang ya tla mpholosa mmeleng ona o fetang lefung lee? 25 Ho lebohuwe Modimo ka Jesu Kreste Morena wa rona! Ka hoo, jwale, ke lekgoba la molao wa Modimo ka kelello ya ka, empa ke lekgoba la molao wa sebe ka nama ya ka.
25 FEBRUARY–3 MARCH
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | BAROMA 9-11
“Papiso ya Sefate sa Mohlware”
(Baroma 11:16) Ho feta moo, haeba karolo e nkwang e le ditholwana tsa pele e halalela, hlama le yona ya halalela; mme haeba motso wa halalela, makala le ona a a halalela.
w11 5/15 23 ¶13
‘O! Botebo ba Bohlale ba Modimo!’
13 Moapostola Pauluse o tswela pele ho bapisa bao e bang karolo ya peo ya Abrahama le makala a sefate sa mohlware sa tshwantshetso. (Bar. 11:21) Sefate sena sa mohlware se lenngweng se emela ho phethahala ha morero wa Modimo mabapi le selekane sa Abrahama. Motso wa sefate seo wa halalela mme o emela Jehova ka ha ke yena ya phedisang Baiseraele ba tshwantshetso. (Esa. 10:20; Bar. 11:16) Kutu e tshwantshetsa Jesu ka ha ke karolo e ka sehloohong ya peo ya Abrahama. Makala kaofela a tshwantshetsa “palo e feletseng” ya ba akarelletswang karolong ya bobedi ya peo ya Abrahama.
(Baroma 11:17) Le ha ho le jwalo, haeba a mang a makala a ile a kgethulwa empa wena, le hoja o le mohlware wa naheng, o ile wa hlomathiseletswa hara ona mme wa ba le karolo motsong wa mohlware wa monono,
(Baroma 11:20, 21) Ke nnete! Ka lebaka la ho hloka tumelo ha ona a ile a kgethulwa, empa o eme ka tumelo. Kgaotsa ho ba le dikgopolo tsa boiphahamiso, empa o be tshabong. 21 Etswe haeba Modimo a sa ka a qenehela makala a tlhaho, le wena a ke ke a o qenehela.
w11 5/15 24 ¶15
‘O! Botebo ba Bohlale ba Modimo!’
15 Jwale, Jehova o ile a etsang ho phethahatsa morero wa hae? Pauluse o hlalosa hore makala a sefate sa mohlware sa naheng a ile a hlomathiseletswa sefateng sa mohlwaare se lenngweng e le ho nka sebaka sa makala a kgethutsweng. (Bala Baroma 11:17, 18.) Ka hona, jwalo ka ba bang ba neng ba le phuthehong ya Roma, Bakreste ba ditjhaba ba tlotsitsweng ka moya ba ile ba hlomathiseletswa ka tsela ya tshwantshetso sefateng sena sa mohlware sa tshwantshetso. Ka tsela ena, ba ile ba e ba karolo ya peo ya Abrahama. Qalong, ba ne ba le jwalo ka makala a sefate sa mohlware sa naheng, ba se na monyetla wa ho ba karolo ya selekane sena se kgethehileng. Empa Jehova o ile a ba bulela tsela ya hore e be Bajuda ba tshwantshetso.—Bar. 2:28, 29.
(Baroma 11:25, 26) Etswe ha ke batle hore lona, barabeso, le hloke tsebo ya sephiri sena se halalelang, e le hore le se ke la ba masene mahlong a lona: hore ho thotofala ha maikutlo ho etsahaletse karolo e itseng ya Baiseraele ho fihlela palo e feletseng ya batho ba ditjhaba e kene, 26 mme ka mokgwa ona Baiseraele bohle ba tla pholoswa. Feela jwalo ka ha ho ngodilwe: “Molopolli o tla tswa Sione mme a tlose ditlwaelo tse se nang bomodimo ho Jakobo.
w11 5/15 25 ¶19
‘O! Botebo ba Bohlale ba Modimo!’
19 Ka sebele, morero wa Jehova mabapi le “Iseraele ya Modimo” o phethahala ka tsela e tsotehang. (Bagal. 6:16) Jwalo ka ha Pauluse a boletse, “Baiseraele bohle ba tla pholoswa.” (Bar. 11:26) Ka nako e loketseng ya Jehova, “Baiseraele bohle” ka mantswe a mang, palo e feletseng ya Baiseraele ba tshwantshetso, ba tla sebeletsa e le marena le baprista lehodimong. Ha ho letho le ka senyang morero wa Jehova!
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Baroma 9:21-23) Eng? Na sebopi ha se na matla hodima letsopa ho etsa ka kgwabi e tshwanang sejana se seng bakeng sa tshebediso e hlomphehang, se seng bakeng sa tshebediso e sa hlompheheng? 22 Jwale, haeba Modimo, le hoja a e na le takatso ya ho bontsha kgalefo ya hae le ho tsebahatsa matla a hae, a mameletse ka tiisetso e kgolo dijana tsa kgalefo tse entsweng hore di lokele timetso, 23 e le hore a ka tsebahatsa maruo a kganya ya hae dijaneng tsa mohau, tseo a ileng a di lokisa esale pele bakeng sa kganya,
w13 6/15 25 ¶5
Dumella Tayo ya Jehova Hore e o Bope
5 Ho etsahalang haeba batho ba hana ho boptjwa ke Sebopi se Seholo? Modimo o sebedisa bolaodi ba hae jwang? Nahana hore na ho etsahalang haeba letsopa le sa tshwanelehe ho etsa ntho eo sebopi se batlang ho e etsa. Sebopi se ka etsa sejana se seng se fapaneng kapa se hle se le lahle. Le ha ho le jwalo, hangata ha letsopa le se na thuso ke sebopi se molato. Ha ho na mohla seo se etsahalang ka Sebopi sa rona. (Deut. 32:4) Ha motho a sa ikokobelletse ho boptjwa ke Jehova, ka mehla motho eo ke yena ya molato. Jehova o fetola tsela eo a bopang batho ka yona ho itshetlehile ka hore na ba itshwara jwang ha a ba bopa. Batho ba mo mamelang ba rua molemo. Ka mohlala, Bakreste ba tlotsitsweng ke ‘dijana tsa mohau’ tse bopetsweng hore e be ‘dijana bakeng sa tshebediso e hlomphehang.’ Ka lehlakoreng le leng, batho ba hanyetsang Modimo ka manganga ba fetoha “dijana tsa kgalefo tse entsweng hore di lokele timetso.”—Bar. 9:19-23.
(Baroma 10:2) Etswe ke a ba pakela hore ba tjhesehela Modimo; empa eseng ho ya ka tsebo e nepahetseng.
it-1 1260 ¶2
Poulelo
Tjheseho e Fosahetseng. Motho a ka tjhesehella kapa a boulella ntho e itseng empa seo se be se fosahetse ebile se sa thabise Modimo. Ke sona se ileng sa etsahalla Bajuda ba bangata ba mehleng ya moapostola Pauluse. Ba ne ba batla ho ho iponahatsa ba lokile hobane ba ne ba boloka Molao wa Moshe. Empa Pauluse o ile a bontsha hore tjheseho ya bona e ne e fosahetse ka lebaka la ho hloka tsebo e nepahetseng. Ka hoo, mahlong a Modimo ba ne ba sa loka. Ho ya ka Molao, e le hore ba fumane tokoloho le hore ba loke ba ne ba lokela ho hlokomela diphoso tsa bona mme ba kgutlele ho Modimo ka Kreste. (Bar 10:1-10) Saule wa Tarsase e ne e le e mong wa ba neng ba tjhesehela Bojuda ho isa boholeng ba hore a ‘hlorise phutheho ya Modimo le ho e ripitla.’ O ne a sa ‘tshwauwe phoso’ ka ha o ne a boloka Molao ka hohlehohle. (Gal 1:13, 14; Fil 3:6) Le ha ho le jwalo, poulelo ya hae ka Bojuda e ne e fosahetse. Ka ha o ne a e na le pelo e lokileng, Jehova o ile a mo bontsha mohau ka ho mo tlisa borapeding ba nnete a sebedisa Kreste.—1Ti 1:12, 13.
Mmalo wa Bibele
(Baroma 10:1-15) Ka sebele, barabeso, kgahleho ya pelo ya ka le thapedi ya ka ho Modimo bakeng sa bona e bakeng sa poloko ya bona. 2 Etswe ke a ba pakela hore ba tjhesehela Modimo; empa eseng ho ya ka tsebo e nepahetseng; 3 etswe, ka lebaka la ho se tsebe ho loka ha Modimo empa ba batla ho tiisa ha bona, ha ba a ka ba ipeha tlasa ho loka ha Modimo. 4 Etswe Kreste ke pheletso ya Molao, e le hore e mong le e mong ya bontshang tumelo a ka ba le ho loka. 5 Etswe Moshe o ngola hore motho ya entseng ho loka ha Molao o tla phela ka hona. 6 Empa ho loka ho hlahiswang ke tumelo ho bua ka mokgwa ona: “O se ke wa re ka pelong ya hao, ‘Ke mang ya tla nyolohela lehodimong?’ ke hore, ho theola Kreste; 7 kapa, ‘Ke mang ya tla theohela ka mohohlong?’ ke hore, ho nyolla Kreste bafung.” 8 Empa le reng? “Lentswe le haufi le wena, le molomong wa hao mme le ka pelong ya hao”; ke hore, “lentswe” la tumelo, leo re le bolelang. 9 Etswe haeba o bolela phatlalatsa ‘lentswe leo le molomong wa hao,’ hore Jesu ke Morena, mme o bontsha tumelo ka pelong ya hao hore Modimo o ile a mo tsosa bafung, o tla pholoha. 10 Ka ha ka pelo motho o bontsha tumelo bakeng sa ho loka, empa ka molomo motho o bolela phatlalatsa hore a bolokehe. 11 Etswe Lengolo le re: “Ha ho le ya mong ya behang tumelo ya hae ho yena ya tla swetseha.” 12 Etswe ha ho kgethollo pakeng tsa Mojuda le Mogerike, ka ha ho na le Morena ya tshwanang hodima bohle, ya ruileng ho bohle ba ipiletsang ho yena. 13 Etswe “e mong le e mong ya ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha.” 14 Le ha ho le jwalo, ba tla ipiletsa jwang ho eo ba sa behang tumelo ho yena? Hape, ba tla beha tumelo jwang ho eo ba eso utlwele ka yena? Hape, ba tla utlwa jwang ha ho se ya bolelang? 15 Hape, ba tla bolela jwang ntle le ha ba romilwe? Feela jwalo ka ha ho ngodilwe: “A kgahleha hakaakang maoto a ba bolelang ditaba tse molemo tsa dintho tse molemo!”