Ditshupiso tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
7-13 JANUARY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | LIKETSO 21-22
“Ho ke ho Etsahale Thato ya Jehova”
(Liketso 21:8-12) Letsatsing le hlahlamang ra tswa yaba re fihla Cesarea, mme ra kena ka tlung ya Filipi moevangedi, eo e neng e le e mong wa banna ba supileng, mme ra dula le yena. 9 Monna enwa o ne a e na le baradi ba bane, barwetsana, ba neng ba profeta. 10 Empa ha re ntse re dutse matsatsi a mangata, moprofeta ya itseng ya bitswang Agabase a theoha Judea, 11 yaba o tla ho rona mme o nka senyepa sa Pauluse, o itlama maoto le matsoho mme o re: “Moya o halalelang o bolela tjena, ‘Monna eo senyepa sena e leng sa hae Bajuda ba tla mo tlama ka mokgwa ona Jerusalema mme ba nehelane ka yena matsohong a batho ba ditjhaba.’” 12 Jwale ha re utlwa sena, rona le ba sebaka seo ra qala ho mo kopa ka tiyo hore a se ke a nyolohela Jerusalema.
“Ho ke ho Etsahale Thato ya Jehova”
15 Ha Pauluse a ntse a dula ha Filipi, ho ile ha fihla moeti e mong ya hlomphehang e leng Agabase. Ba neng ba bokane ha Filipi ba ne ba tseba hore Agabase ke moprofeta; o ne a ile a profeta hore ho tla ba le tlala e kgolo nakong ya puso ya Claudiase. (Liketso 11:27, 28) Mohlomong ba ne ba ipotsa: ‘Agabase o tlilo etsang? O tlisitse molaetsa ofe?’ Ha ba ntse ba tadimile ka hloko, a nka senyepa sa Pauluse e leng lesela le lelelele le kang lebanta leo motho a neng a ka tshela tjhelete ho lona, dintho tse ding, le ho itlama ka lona thekeng. Agabase o ile a itlama maoto le matsoho ka sona. Yaba wa bua. Molaetsa wa hae o ne o le bohloko: “Moya o halalelang o bolela tjena, ‘Monna eo senyepa sena e leng sa hae, Bajuda ba tla mo tlama ka mokgwa ona Jerusalema mme ba nehelane ka yena matsohong a batho ba ditjhaba.’”—Liketso 21:11.
16 Boprofeta bona bo ne bo tiisa hore Pauluse o tla ya Jerusalema. Bo ne bo boetse bo bontsha hore ‘ho tla nehelanwa ka yena matsohong a batho ba ditjhaba’ ka lebaka la ho bolella Bajuda ba moo ditaba tse molemo. Batho ba neng ba le teng moo ba ile ba ameha maikutlo ha ba utlwa boprofeta boo. Luka o re: “Jwale ha re utlwa sena, rona le ba sebaka seo ra qala ho mo kopa ka tiyo hore a se ke a nyolohela Jerusalema. Jwale Pauluse a araba: ‘Ke eng seo le se etsang ka ho lla le ho mphokodisa pelong? Kgodisehang, ha ke a itokisetsa feela ho tlangwa empa ke itokiseditse le ho shwella Jerusalema bakeng sa lebitso la Morena Jesu.’”—Liketso 21:12, 13.
(Liketso 21:13) Jwale Pauluse a araba: “Ke eng seo le se etsang ka ho lla le ho mphokodisa pelong? Kgodisehang, ha ke a itokisetsa feela ho tlangwa empa ke itokiseditse le ho shwella Jerusalema bakeng sa lebitso la Morena Jesu.”
“Ho ke ho Etsahale Thato ya Jehova”
17 Nahana ka boemo bona. Barababo rona, ho akarelletsa le Luka, ba kopa Pauluse ka tiyo hore a se ke a tsamaya. Ba bang ba a a bokolla. Ha a hlokomela ka moo ba neng ba amehile ka teng, ka mosa Pauluse o ba bolella hore ba mo ‘fokodisa pelo’ kapa ba “utlwisa pelo [ya hae] bohloko,” ho ya ka moo Dibibele tse ding di fetolelang polelo ena ya Segerike. Le ha ho le jwalo, Pauluse ha a a ka a dumella hore dikopo tse tiileng le dillo di fetole qeto ya hae jwalo ka ha a ile a etsa ho barababo ba Tyre. Ho e na le hoo, o ile a ba hlalosetsa hore na ke hobaneng ha a lokela ho tsamaya. Ruri o ile a ba sebete mme a bontsha hore o ikemiseditse! Pauluse o ne a ikemiseditse ho ya Jerusalema feela jwalo ka ha Jesu a ile a etsa pele. (Baheb. 12:2) Ha se hore Pauluse o ne a batla ho shwela tumelo empa haeba ho ne ho hlokahala, o ne a tla ho nka e le tlotla ho shwa ka lebaka la ho ba molatedi wa Kreste Jesu.
(Liketso 21:14) Ha a sa nyahamiswe, ra inehela ntle ho kgang ka mantswe ana: “Ho ke ho etsahale thato ya Jehova.”
“Ho ke ho Etsahale Thato ya Jehova”
18 Barababo rona ba ile ba ikutlwa jwang? Ba ile ba bontsha tlhompho. Bibele e re: “Ha a sa nyahamiswe, ra inehela ntle ho kgang ka mantswe ana: ‘Ho ke ho etsahale thato ya Jehova.’” (Liketso 21:14) Ba neng ba leka ho susumelletsa Pauluse hore a se ke a ya Jerusalema ha ba a a ka ba mo qobella hore a etse seo ba se batlang. Le hoja ho ne ho le thata, ba ile ba mo mamela yaba ba a a mo tlohela, ba hlokomela hore ke thato ya Jehova mme ba e amohela. Pauluse o ne a kgethile bophelo bo neng bo tla qetella ka hore a bolawe. Ho ne ho tla ba bonolo ha batho bao ba mo ratang ba sa leke ho mo nyahamisa.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Liketso 21:23, 24) Ka hona etsa sena seo re o bolellang sona: Re na le banna ba bane ba nang le boitlamo. 24 Nka banna bana o tsamaye le bona mme o itlhwekise ha mmoho le bona ka mokgwa o laetsweng mme o lefelle ditshenyehelo tsa bona, e le hore ba ka beolwa dihlooho. Ka hoo e mong le e mong o tla tseba hore ha ho letho ditabeng tsa bobare tseo ba ileng ba di bolellwa ka wena, empa hore o tsamaya ka ho laolehileng, o boetse o boloka Molao.
‘Utlwang ha ke Itshireletsa’
10 Le ha ho le jwalo, Pauluse o ile a bontsha hore o nahanela ba bang ba neng ba thabela ho boloka meetlo e itseng ya Bajuda e kang ho se sebetse ka Sabatha kapa ho se je dijo tse itseng. (Bar. 14:1-6) Ha a a ka a ba behela melao ka lebollo. Ha e le hantle, Pauluse o ile a bolotsa Timothea e le hore Bajuda ba tle ba mo amohele ka ha ntate wa hae e ne e le Mogerike. (Liketso 16:3) Ho ne ho itswela ho motho hore na wa bolla kapa tjhe. Pauluse o ile a re ho Bagalata: “Ho bolla kapa ho se bolle ha se tsa bohlokwa le ha e le bofe, empa tumelo e sebetsang ka lerato ke ya bohlokwa.” (Bagal. 5:6) Le ha ho le jwalo, haeba motho a ne a nahana hore e le hore a boloke Molao kapa a amohelwe ke Jehova o ne a lokela ho bolla, o ne a tla be a haellwa ke tumelo.
11 Le hoja ditaba tseo tsa bobare e ne e le mashano, di ile tsa ferekanya badumedi ba Bajuda. Ke ka lebaka leo banna ba baholo ba ileng ba eletsa Pauluse ba re: “Re na le banna ba bane ba nang le boitlamo. Nka banna bana o tsamaye le bona mme o itlhwekise ha mmoho le bona ka mokgwa o laetsweng mme o lefelle ditshenyehelo tsa bona, e le hore ba ka beolwa dihlooho. Ka hoo e mong le e mong o tla tseba hore ha ho letho ditabeng tsa bobare tseo ba ileng ba di bolellwa ka wena, empa hore o tsamaya ka ho laolehileng, o boetse o boloka Molao.”—Liketso 21:23, 24.
12 Pauluse a ka be a ile a re bothata bo ne bo sa bakwe ke ditaba tsa bobare empa bo bakilwe ke hore badumedi bao ba Bajuda ba tjhesehela Molao wa Moshe. Le ha ho le jwalo, o ne a ikemiseditse ho etsa seo ba reng a se etse, ha feela a sa tlole molao wa Modimo. Pele ho moo o ile a re: “Ho ba tlasa molao ka ba jwalo ka ya tlasa molao, le hoja ke se tlasa molao, e le hore nka rua ba tlasa molao.” (1 Bakor. 9:20) Boemong bona Pauluse o ile a sebedisana le baholo ba Jerusalema mme a ba “jwalo ka ya tlasa molao.” Ka ho etsa jwalo, o ile a re behela mohlala o motle wa hore re sebedisane le baholo mme re se ke ra tsitlella ho etsa dintho ka moo re ratang ka teng.—Baheb. 13:17.
(Liketso 22:16) Jwale ke hobaneng ha o dieha? Ema, o kolobetswe mme o hlatswe dibe tsa hao ka hore o ipiletse lebitsong la hae.’
nwtsty study note se ho Lik 22:16
o hlatswe dibe tsa hao ka hore o ipiletse lebitsong la hae: Kapa “o hlatswe dibe tsa hao mme o ipiletse lebitsong la hae.” Ho kolobetswa ka metsi ha se hona ho tlosang dibe tsa motho empa o lokela ho ipiletsa lebitsong la Jesu. Ho etsa sena ho akarelletsa hore motho a dumele ho Jesu le ho bontsha seo ka diketso.—Lik 10:43; Jak 2:14, 18.
Mmalo wa Bibele
(Liketso 21:1-19) Jwale ha re tlohile ho bona mme re tsamaile ka sekepe, ra tloha ka potlako ka tsela e otlolohileng mme ra fihla Kose, empa letsatsing le hlahlamang ra fihla Rhode, mme ho tloha moo ra tla Patara. 2 Ha re fumane sekepe se neng se tshelela Foenisia, ra palama yaba re tloha ka sekepe. 3 Ka mora hore re bone sehlekehleke sa Cyprase ra se siya ka lehlakoreng le letshehadi yaba re tswela pele ho tsamaya ka sekepe ho ya Syria, mme ra emisa Tyre, ka ha sekepe se ne se lokela ho laolla thepa ya sona moo. 4 Ha re ntse re batla ra fumana barutuwa mme ra dula mona matsatsi a supileng. Empa ka moya ba bolella Pauluse ka ho phetapheta hore a se ke a beha leoto Jerusalema. 5 Ka hoo ha re phethile matsatsi a itseng, ra tloha mme ra tsamaya; empa bona kaofela, ha mmoho le basadi le bana, ba re felehetsa ho ya fihla ka ntle ho motse. Ha re kgumama lebopong ra etsa thapelo 6 yaba re a dumedisana, mme re hlwella ka sekepeng empa bona ba kgutlela malapeng a bona. 7 Jwale ra phetha leeto ka sekepe ho tloha Tyre mme ra fihla Ptolemaise, yaba re dumedisa barababo rona mme re dula letsatsi le le leng le bona. 8 Letsatsing le hlahlamang ra tswa yaba re fihla Cesarea, mme ra kena ka tlung ya Filipi moevangedi, eo e neng e le e mong wa banna ba supileng, mme ra dula le yena. 9 Monna enwa o ne a e na le baradi ba bane, barwetsana, ba neng ba profeta. 10 Empa ha re ntse re dutse matsatsi a mangata, moprofeta ya itseng ya bitswang Agabase a theoha Judea, 11 yaba o tla ho rona mme o nka senyepa sa Pauluse, o itlama maoto le matsoho mme o re: “Moya o halalelang o bolela tjena, ‘Monna eo senyepa sena e leng sa hae Bajuda ba tla mo tlama ka mokgwa ona Jerusalema mme ba nehelane ka yena matsohong a batho ba ditjhaba.’” 12 Jwale ha re utlwa sena, rona le ba sebaka seo ra qala ho mo kopa ka tiyo hore a se ke a nyolohela Jerusalema. 13 Jwale Pauluse a araba: “Ke eng seo le se etsang ka ho lla le ho mphokodisa pelong? Kgodisehang, ha ke a itokisetsa feela ho tlangwa empa ke itokiseditse le ho shwella Jerusalema bakeng sa lebitso la Morena Jesu.” 14 Ha a sa nyahamiswe, ra inehela ntle ho kgang ka mantswe ana: “Ho ke ho etsahale thato ya Jehova.” 15 Jwale ka mora matsatsi ana ra lokisetsa leeto mme ra qala ho nyolohela Jerusalema. 16 Empa ba bang ba barutuwa ba tswang Cesarea le bona ba tsamaya le rona, ho re tlisa ho monna eo re neng re lokela ho amohelwa lapeng la hae, Mnasone ya itseng wa Cyprase, e mong wa barutuwa ba pele. 17 Ha re kena Jerusalema, barababo rona ba re amohela ka nyakallo. 18 Empa letsatsing le latelang Pauluse a kena le rona ho ya ho Jakobo; mme banna ba baholo kaofela ba ne ba le teng. 19 A ba dumedisa mme a qala ho fana ka tlaleho e qaqileng ya dintho tseo Modimo a ileng a di etsa hara ditjhaba ka bosebeletsi ba hae.
14-20 JANUARY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | LIKETSO 23-24
“O Qoswa ka ho ba Motho ya Kotsi Haholo le ya Hlohlelletsang Bofetohedi”
(Liketso 23:12) Jwale ha e eba motshehare, Bajuda ba etsa morero wa bolotsana mme ba itlama ka bomadimabe, ba re ba ne ba ke ke ba ja kapa ba nwa ho fihlela ba bolaile Pauluse.
(Liketso 23:16) Le ha ho le jwalo, mora wa kgaitsedi ya Pauluse a utlwa ka ho lalla ha bona, yaba o a tla mme o kena bodulong ba masole mme o tlalehela Pauluse.
“Eba Sebete!”
5 Kgothatso eo Pauluse a ileng a e fuwa e ile ya tla ka nako e loketseng. Letsatsing le latelang, banna ba Bajuda ba fetang 40 ba ile ba etsa ‘morero wa bolotsana mme ba itlama ka bomadimabe, ba re ba ke ke ba ja kapa ba nwa ho fihlela ba bolaile Pauluse.’ Bajuda bao ba ne ba ikemiseditse ho bolaya moapostola Pauluse hoo ba ileng ba etsa “morero ona wa bolotsana o tlamilweng ka kano.” Haeba morero wa bona o mobe o ne o ke ke wa atleha, ba ne ba dumela hore ba tla welwa ke bomadimabe. (Liketso 23:12-15) Baprista ba ka sehloohong le banna ba baholo ba ne ba ba dumelletse ho ntshetsa pele morero wa bona wa hore Pauluse a kgutlisetswe lekgotleng la Sanhedrine hore a boele a hlongwe dipotso, jwalo ka ha eka ho netefatswa dintho tseo a qoswang ka tsona. Empa ha a le tseleng, batho bao ba ne ba tla mo lalla e le hore ba mo bolaye.
6 Le ha ho le jwalo motjhana wa Pauluse o ile a utlwela ka morero ona yaba o bolella Pauluse. Yaba Pauluse o re mohlankana enwa a bolelle molaodi wa sesole wa Moroma e leng Claudiase Lysiase. (Liketso 23:16-22) Ruri Jehova o rata batjha bao ka sebete ba behang bophelo ba batho ba Modimo ka pele ho ba bona mme ka botshepehi ba etsa sohle seo ba ka se kgonang ho etsa mesebetsi e amanang le Mmuso jwalo ka motjhana enwa wa Pauluse ya sa bolelwang ka lebitso.
(Liketso 24:2) Ha a bitswa, Tertulase a qala ho mo qosa, a re:“Ka ha re thabela kgotso e kgolo ka wena le hore diphetoho di a etsahala setjhabeng sena ka ho nahanela pele ha hao,
(Liketso 24:5, 6) Etswe re fumane monna enwa e le motho ya kotsi haholo a bile a hlohlelletsa bofetohedi hara Bajuda bohle ho pholletsa le lefatshe leo ho ahilweng ho lona mme e le moetapele wa lequlwana la Banazaretha, 6 ya ileng a leka ho silafatsa tempele le eo re ileng ra mo tshwara.
“Eba Sebete!”
10 Ha Pauluse a le Cesarea, o ne a “lebetswe ka tlung ya mmuso ya moemphera ya Heroda” a letetse hore baqosi ba hae ba tswang Jerusalema ba fihle. (Liketso 23:35) Ba ile ba tla ka mora matsatsi a mahlano, Moprista ya Phahameng Ananiase, mmuelli ya bitswang Tertulase le sehlopha sa banna ba baholo. Tertulase o ile a qala ka ho rorisa Felixe ka seo a neng a se etsetsa Bajuda, mohlomong a mo rorisa le ho mo qekisa. Jwale, ha Tertulase a kena tabeng, o ile a re Pauluse ke ‘motho ya kotsi haholo ya bileng a hlohlelletsang bofetohedi hara Bajuda bohle ho pholletsa le lefatshe leo ho ahilweng ho lona mme e le moetapele wa lequlwana la Banazaretha, ya ileng a leka ho silafatsa tempele le eo re ileng ra mo tshwara.’ Bajuda ba bang ba ile ba “kopanela tlhaselong, ba tiisa hore dintho tsena di jwalo.” (Liketso 24:5, 6, 9) Ho hlohlelletsa bofetohedi, ho etella pele lequlwana le kotsi le ho silafatsa tempele, e ne e le diqoso tse tebileng tse neng di ka etsa hore a ahlolelwe lefu.
(Liketso 24:10-21) Pauluse, ha mmusisi a mo qhwaya ka hlooho hore a bue, a araba: “Ka ho tseba hantle hore o bile moahlodi wa setjhaba sena ka dilemo tse ngata, ke bua ka ho se tsilatsile dintho tse mabapi le nna ho itshireletsa, 11 Ka ha o boemong ba ho fumana hore ha e eso be matsatsi a leshome le metso e mmedi ho tloha ha ke nyoloha ho ya rapela Jerusalema; 12 mme ha ba a ka ba mphumana ka tempeleng ke phehisana le mang kapa mang kapa ke kgobokanya mokgopi, kapa ka disynagogeng kapa ho pholletsa le motse. 13 Le ha e le hore ba ka o pakela dintho tseo ba nqosang ka tsona hona jwale. 14 Empa ke fela ke dumela sena ho wena, hore, ho ya ka tsela eo ba e bitsang ‘lequlwana,’ ke etsetsa Modimo wa baholoholo ba ka tshebeletso e halalelang ka mokgwa ona, Ka ha ke dumela dintho tsohle tse behilweng Molaong le tse ngotsweng Baprofeteng; 15 ke na le tshepo ho Modimo, e leng tshepo eo batho bana le bona ba nang le yona, ya hore ho tla ba le tsoho ya ba lokileng le ba sa lokang. 16 Tabeng ena, ka sebele, ke ikwetlisa ke sa kgaotse hore ke be le kelohloko ya hore ke se ke ka sitelwa Modimo le batho. 17 Ka hoo ka mora dilemo tse ngata ke ile ka fihla ho tlisa dimpho tsa mohau setjhabeng sa heso, le dinyehelo. 18 Ha ke ntse ke le ditabeng tsena ba mphumana ke hlwekisitswe ka mokgwa o laetsweng ka tempeleng, empa eseng ke e na le bongata kapa ke le morusung. Empa ho ne ho e na le Bajuda ba itseng ba tswang seterekeng sa Asia, 19 ba tshwanelang ho ba teng ka pela hao ho nqosa haeba ba ka ba le ntho le ha e le efe kgahlanong le nna. 20 Kapa, banna bana ba ke ba bolele hore na ke phoso efe eo ba e fumaneng ha ke eme ka pela Sanhedrine, 21 haese mabapi le polelo ena e le nngwe eo ke ileng ka e hweletsa ha ke ntse ke eme hara bona, ‘Kajeno ke ntse ke ahlolwa ka pela lona mabapi le tsoho ya bafu!’”
“Eba Sebete!”
13 Pauluse o re behetse mohlala oo re ka o latelang haeba ho etsahala hore re iswe ka pela balaodi ba lefatshe ka lebaka la bodumedi ba rona mme re qoswa ka bohata ka dintho tse kang ho hlohlelletsa morusu, bofetohedi kapa hore re ditho tsa “lequlwana le kotsi.” Ha a a ka a iqekisetsa ho mmusisi ka ho mo rorisa jwalo ka Tertulase. O ile a dula a kgobile matshwafo a bile a hlompha. O ile a kgetha mantswe a hae ka hloko mme a fana ka bopaki bo utlwahalang le ba nnete. Pauluse o ile a re “Bajuda . . . ba tswang seterekeng sa Asia” ba neng ba mo qositse ka hore o silafatsa tempele ha ba yo le hore ka molao ba lokela ho ba teng e le hore a utlwe diqoso tsa bona.—Liketso 24:18, 19.
14 Ho tsotehang le ho feta ke hore Pauluse ha a a ka a tsilatsila ho fana ka bopaki bo mabapi le seo a se dumelang. O ile a bolela ka sebete hore o dumela tsohong, e leng taba e neng e bakile pherekano e kgolo ha a le Sanhedrine. (Liketso 23:6-10) Ha Pauluse a ipuella, o ile a hatisa tshepo ya tsoho. Hobaneng? Hobane Pauluse o ne a fana ka bopaki mabapi le Jesu le hore O tsohile bafung e leng seo bahanyetsi bao ba neng ba sa se amohele. (Liketso 26:6-8, 22, 23) Ka sebele, ho ne ho tsekwa taba ya tsoho ya bafu mme ka ho toba, ho tsekwa tumelo ho Jesu le tsoho ya hae.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Liketso 23:6) Jwale ha Pauluse a ela hloko hore karolo e nngwe e ne e le ya Basaduse empa e nngwe e le ya Bafarisi, a qala ho hweletsa ka hara Sanhedrine: “Banna, barabeso, ke Mofarisi, mora wa Bafarisi. Ke ntse ke ahlolwa mabapi le tshepo ya tsoho ya bafu.”
nwtsty study note se ho Lik 23:6
Ke Mofarisi: Batho ba bang ba neng ba le teng moo ba ne ba tseba Pauluse. (Lik 22:5) E ka nna yaba ba ne ba tla utlwisisa hore ha Pauluse a re ke mora wa Bafarisi, o ne a dumela hore nakong e fetileng e ne e le Mofarisi. Ba ne ba tseba hore Pauluse o ne a sa bue leshano ka ha Bafirisi ba Sanhedrine ba ne ba tseba hore o ile a fetoha Mokreste ya tjhesehang. Le ha ho le jwalo, tabeng ena mantswe a Pauluse ha a ne a re ke mofarisi a ka utlwisiswa ka tsela e nngwe, Pauluse o ne a itsebahatsa e le Mofarisi ho e na le Mosaduse hobane o ne a dumela tsohong jwalo ka Bafarisi. Ka ho etsa jwalo, o ne a batla ntho eo a dumellanang le Bafarisi ka yona. O ne a tshepile hore ho bua ka taba ena e neng e ka baka pherekano, ho ne ho ka etsa hore ditho tse ding tsa Lekgotla la Sanhedrine di mo tshehetse, e leng se ileng sa etsahala. (Lik 23:7-9) Seo Pauluse a ileng a se bua ho Liketso 23:6 se dumellana le seo a ileng a se bua ha a ne a itllhalosa ka pela Morena Agripa. (Lik 26:5) Hape ha Pauluse a le Roma, o ile a ngolla Bakrestemmoho le yena ba Filipi mme a hlahisa taba ya hore ke Mofarisi. (Fil 3:5) Ho a thahasellisa hore ebe Liketso 15:5 e bua ka Bakreste bao pele e neng e le Bafirisi.—Sheba study note se ho Lik 15:5.
(Liketso 24:24) Matsatsi a itseng hamorao Felixe a fihla ha mmoho le mosadi wa hae Drusila, eo e neng e le Mojuda, mme a romeletsa hore ho bitswe Pauluse yaba o a mo mamela mabapi le ho dumela ho Kreste Jesu.
(Liketso 24:27) Empa, ha dilemo tse pedi di fetile, Felixe a hlahlangwa ke Porkiase Festase; ka hobane Felixe a ne a lakatsa ho fumana kamohelo ho Bajuda, a tlohela Pauluse a tlamilwe.
nwtsty study note se ho Lik 24:24
Drusila: Ke moradi wa Heroda Agripa I eo ho buuwang ka yena ho Liketso 12:1 mme ke ngwana wa boraro bananeng. O hlahile hoo e ka bang ka 38 C.E. mme bana babo ke Agripa II le Bernice. (Sheba study note se ho Lik. 25:13 le Glossary, “Herod.”) Mmusisi Felixe e ne e le monna wa hae wa bobedi. Monna wa hae wa pele e ne e le Morena wa Syria e leng Azizus wa Emesa empa o ile a mo hlala mme a nyalana le Felixe hoo e ka bang ka selemo sa 54 C.E kapa ha a le dilemo di ka bang 16. Ho ka etsahala hore o ne a le teng ha Pauluse a bua le Felixe “ka ho loka le boitshwaro le kahlolo e tlang ho tla.” (Lik 24:25) Ha Felixe a ne a fetisetsa bobusi ho Festase, o ile a tlohela Pauluse a le ditlamong e le hore a ka “fumana kamohelo ho Bajuda” mme ba bang ba nahana hore o ile a etsa sena ho thabisa mosadi wa hae eo e neng e le Mojuda.—Lik 24:27.
Mmalo wa Bibele
(Liketso 23:1-15) A tadimile Sanhedrine ka hloko Pauluse a re: “Banna, barabeso, ke itshwere ka letswalo le hlwekileng ka ho phethahetseng ka pela Modimo ho fihlela letsatsing lena.” 2 Yaba moprista ya phahameng Ananiase o laela ba emeng haufi le yena hore ba mo otle molomo. 3 Jwale Pauluse a re ho yena: “Modimo o tla o otla, wena lerako le sweufaditsweng. Na ka nako e le nngwe o dutse bakeng sa ho nkahlola tumellanong le Molao mme, ka ho tlola Molao, o laela hore ke otlwe?” 4 Ba emeng haufi ba re: “Na o hlapaola moprista ya phahameng wa Modimo?” 5 Pauluse a re: “Barabeso, ke ne ke sa tsebe hore ke moprista ya phahameng. Etswe ho ngodilwe, ‘O se ke wa bua hampe ka mmusi wa batho ba heno. ’” 6 Jwale ha Pauluse a ela hloko hore karolo e nngwe e ne e le ya Basaduse empa e nngwe e le ya Bafarisi, a qala ho hweletsa ka hara Sanhedrine: “Banna, barabeso, ke Mofarisi, mora wa Bafarisi. Ke ntse ke ahlolwa mabapi le tshepo ya tsoho ya bafu.” 7 Kahobane a ile a bua sena, ha tsoha ho hloka kutlwano pakeng tsa Bafarisi le Basaduse, mme letshwele la arohana. 8 Etswe Basaduse ba re ha ho na tsoho kapa lengeloi kapa moya, empa Bafarisi ba di bolela kaofela phatlalatsa. 9 Ka hoo ha tsoha ho tleroha ho hoholo, mme ba bang ba bangodi ba sehlopha sa Bafarisi ba ema mme ba qala ho pheha kgang ka bohale bo tshosang, ba re: “Ha re fumane letho le fosahetseng ho motho enwa; empa haeba moya kapa lengeloi le buile le yena,—.” 10 Jwale ha ho hloka kutlwano ho hola, molaodi wa sesole a tshoha hore ba ne ba tla tsekolla Pauluse dikoto, yaba o laela lebotho la masole hore le theohe mme le mo hloibile hara bona mme le mo tlise bodulong ba masole. 11 Empa bosiung bo latelang Morena a ema haufi le yena a re: “Eba sebete! Etswe jwalo ka ha o nnile wa fana ka bopaki bo phethahetseng dinthong tse mabapi le nna Jerusalema, ka hoo o tla boela o pake Roma.” 12 Jwale ha e eba motshehare, Bajuda ba etsa morero wa bolotsana mme ba itlama ka bomadimabe, ba re ba ne ba ke ke ba ja kapa ba nwa ho fihlela ba bolaile Pauluse. 13 Ho ne ho e na le banna ba fetang mashome a mane ba neng ba entse morero ona wa bolotsana o tlamilweng ka kano; 14 yaba ba ya ho baprista ba ka sehloohong le banna ba baholo mme ba re: “Re itlamile ka tiyo ka bomadimabe hore re se ke ra ja dijo ho fihlela re bolaile Pauluse. 15 Ka hona, jwale lona ha mmoho le Sanhedrine hlakisetsang molaodi wa sesole hore na ke hobaneng ha a lokela ho mo theolela ho lona jwalo ka ha eka le rerile ho fumana hantle ka mokgwa o nepahetseng haholwanyane ditaba tse mo amang. Empa pele a atamela re tla be re loketse ho mo bolaya.”
21-27 JANUARY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | LIKETSO 25-26
“Pauluse o Ipiletsa ho Cesare Ebe ka Mora Moo o Pakela Morena Heroda Agripa”
(Liketso 25:11) Ka lehlakoreng le leng, haeba kannete ke mofosi mme ke entse ntho le ha e le efe e tshwanelwang ke lefu, ha ke ikgule ho shweng; ka lehlakoreng le leng, haeba ha ho letho le teng la dintho tseo banna bana ba nqosang ka tsona, ha ho motho ya ka nehelanang ka nna ho bona ho ba thabisa. Ke ipiletsa ho Cesare!”
“Ke Ipiletsa ho Cesare!”
6 Festase o batlile a beha bophelo ba Pauluse kotsing hobane feela a batla ho qekisa Bajuda. Ka hoo, Pauluse o ile a sebedisa tokelo ya hae ya ho ba moahi wa Roma. O ile a re ho Festase: “Ke eme ka pela setulo sa kahlolo sa Cesare, moo ke tshwanelang ho ahlolwa teng. Ha ke a fosetsa Bajuda, jwalo ka ha le wena o fumana hantle. . . . Ke ipiletsa ho Cesare!” Hangata ha motho a itse o ipiletsa ho Cesare, ho ne ho se motho ya ka mo hanelang. Festase o ile a totobatsa ntlha ena a re: “O ipileditse ho Cesare; o tla ya ho Cesare.” (Liketso 25:10-12) Pauluse o behetse Bakreste ba nnete ba kajeno mohlala ka ho ipiletsa ho ba nang le matla a phahameng molaong. Ha bahanyetsi ba Dipaki Tsa Jehova ba leka ho “rera kgathatso ka molaotaelo,” di sebedisa molao ho sireletsa ditaba tse molemo.—Pes. 94:20.
(Liketso 26:1-3) Agripa a re ho Pauluse: “O dumeletswe ho ipuella.” Jwale Pauluse a otlolla letsoho mme ha a itshireletsa a qala ho re: 2 “Malebana le dintho tsohle tseo Bajuda ba nqosang ka tsona, Morena Agripa, ke inka ke le ya thabileng hore ebe ke tla itshireletsa ka pela hao letsatsing lena, 3 haholoholo ka ha o le setsebi ditlwaelong tsohle ha mmoho le ditsekong hara Bajuda. Ka hona ke kopa hore o nkutlwe ka ho se fele pelo.
“Ke Ipiletsa ho Cesare!”
10 Ka tlhompho Pauluse o ile a leboha Morena Agripa ka monyetla wa ho ipuella ka pela hae, a re morena ke setsebi ditlwaelong tsohle ha mmoho le ditsekong hara Bajuda. Yaba Pauluse o hlalosa bophelo ba hae ba nakong e fetileng o re: “Ke ile ka phela ke le Mofarisi ho ya ka lequlwana la mofuta wa rona wa borapedi le latelang ditaelo tse thata ka ho fetisisa.” (Liketso 26:5) Ka ha Pauluse e ne e le Mofarisi, o ne a e na le tshepo ya hore Mesia o tla tla. Ha e se e le Mokreste, ka sebete o ile a tsebahatsa hore Jesu Kreste ke yena eo e neng e le kgale a lebeletswe. Letsatsing leo, Pauluse o ne a qosetswa ntho eo yena le baqosi ba hae ba dumellanang ka yona e leng tshepo ya hore tshepiso ya Modimo ho baholoholo ba bona e tla phethahala. Sena se ile sa etsa hore Agripa a labalabele haholwanyane ho utlwa seo Pauluse a se buang.
11 Ha Pauluse a hopola ka moo a neng a sotla Bakreste ka teng, o ile a re: “Ka sebele ke ne ke nahana hore ke tshwanela ho etsa diketso tse ngata tsa kganyetso kgahlanong le lebitso la Jesu Monazaretha . . . Ka ha ke ne ke halefetse [balatedi ba Kreste] ka ho fetisisa, ka ba ka ya boholeng ba ho ba hlorisa esita le metseng e ka ntle.” (Liketso 26:9-11) Pauluse o ne a sa fetelletse ditaba. Batho ba bangata ba ne ba tseba ka moo a ileng a sotla Bakreste ka teng. (Bagal. 1:13, 23) E ka nna yaba Agripa o ne a ipotsa hore na motho ya jwalo o fetotswe ke eng.
12 O ile a fumana karabo ha Pauluse a tswela pele, a re: “Yare ha ke eya Damaseka ka bolaodi le taelo e tswang ho baprista ba ka sehloohong, morena, hara motshehare tseleng, ka bona lesedi le fetang phatsimo ya letsatsi le hadima ho tswa lehodimong ho mpotapota le ho potapota ba tsamayang le nna. Ha re wetse fatshe kaofela ka utlwa lentswe le re ho nna ka puo ya Seheberu, ‘Saule, Saule, o ntlhorisetsang? Ho nna o raha ditsenene ho thatafaletsa wena.’ Empa ka re, ‘O mang, Morena?’ Yaba Morena o re, ‘Ke nna Jesu, eo o mo hlorisang.’”—Liketso 26:12-15.
13 Pele Pauluse a bona pono ena ya mohlolo, ka tsela ya tshwantshetso o ne a ntse a “raha ditsenene.” Jwalo ka ha phoofolo e ne e ka intsha kotsi ka ho raha tsenene, Pauluse o ne a intshitse kotsi moyeng ka ho ema thato ya Modimo ka pele. Ka hore Jesu ya tsositsweng bafung a hlahe ho Pauluse tseleng e yang Damaseka, o ile a etsa hore monna enwa ya pelo e ntle, ya mpang a sa tsebe seo a se etsang, a fetole maikutlo.—Johanne. 16:1, 2.
14 Ruri Pauluse o ile a fetola bophelo ba hae. Ha a bua le Agripa o ile a re: “Ha ke a ka ka ba ya sa mameleng pono eo ya lehodimo, empa ho ba Damaseka pele ha mmoho le ho ba Jerusalema, le naheng yohle ya Judea, le ditjhabeng ka qala ho tlisa molaetsa wa hore ba lokela ho baka le ho retelehela ho Modimo ka ho etsa mesebetsi e tshwanelang pako.” (Liketso 26:19, 20) Ka dilemo tse ngata, Pauluse o ne a ntse a phetha mosebetsi oo Jesu Kreste a mo fileng ona ponong eo ya hara motshehare. Diphello ya eba dife? Ba ileng ba amohela ditaba tse molemo tse bolelwang ke Pauluse, ba ile ba bakela boitshwaro ba bona bo bobe, ba ho se tshepahale mme ba sokolohela ho Modimo. E ile ya eba baahi ba molemo, ba bolokang molao le ba laolehileng.
15 Le ha ho le jwalo, Bajuda ba neng ba hanyetsa Pauluse ba ne ba se na taba le melemo eo. Pauluse o ile a re: “Ka lebaka la dintho tsena Bajuda ba ile ba ntshwara ka tempeleng mme ba leka ho mpolaya. Le ha ho le jwalo, ka hobane ke fumane thuso e tswang ho Modimo ke tswela pele ho fihlela letsatsing lena ho pakela ba banyenyane ha mmoho le ba baholo.”—Liketso 26:21, 22.
16 Ka ha re Bakreste ba nnete, re tlameha hore ‘ka mehla re lokele ho ikarabella’ bakeng sa tumelo ya rona. (1 Pet. 3:15) Ha re bolella baahlodi le babusi seo re se dumelang, ho ka nna ha eba molemo ho latela mokgwa oo Pauluse a ileng a o sebedisa ha a bua le Agripa le Festase. Ha re hlalosetsa balaodi ba phahameng ka tlhompho hore na dinnete tsa Bibele di ntlafaditse bophelo ba batho jwang, ba rona ha mmoho le ba batho ba amohelang molaetsa wa rona, re ka nna ra etsa hore ba fetole maikutlo a bona.
(Liketso 26:28) Empa Agripa a re ho Pauluse: “Ka nako e kgutshwanyane o ne o tla ntshusumelletsa hore ke be Mokreste.”
“Ke Ipiletsa ho Cesare!”
18 Empa Pauluse o ile a araba mmusisi eo a re: “Ha ke hlanye, Mohlomphehi ya Kgabane Festase, empa ke bua dipolelo tsa nnete le tsa ho hlaphohelwa kelellong. Ha e le hantle, morena eo ke buang le yena ka bolokolohi o tseba hantle ka dintho tsena . . . Morena Agripa, na o dumela Baprofeta? Ke a tseba hore o a dumela.” Agripa a araba a re: “Ka nako e kgutshwanyane o ne o tla ntshusumelletsa hore ke be Mokreste.” (Liketso 26:25-28) Ho sa tsotellehe hore na morena o ne a bua mantswe ana a tiile kapa tjhe, a bontsha hore bopaki boo Pauluse a ileng a fana ka bona bo ile ba mo ama pelo.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Liketso 26:14) Ha re wetse fatshe kaofela ka utlwa lentswe le re ho nna ka puo ya Seheberu, ‘Saule, Saule, o ntlhorisetsang? Ho nna o raha ditsenene ho thatafaletsa wena.’
nwtsty study note se ho Lik 26:14
ho raha ditsenene: Tsenene ke molamu o motsu o sebedisetswang ho tataisa phoofolo. (Bhl 3:31) Polelo e reng “ho raha ditsenene” ke maele a fumanehang dingolweng tsa Segerike. Maele ana a hlalosa poho e manganga e rahang tsenene hobane e sa batle ho tataiswa mme sena se etsa hore e intshe kotsi. Saule o ne a itshwere ka tsela ena pele e eba Mokreste. Pauluse o ne a ka intsha kotsi ka ho lwantsha balatedi ba Jesu ba neng ba tsheheditswe ke Jehova Modimo. (Bapisa le Lik 5:38, 39; 1Ti 1:13, 14.) Ho Moeklesia 12:11, “ditsenene tsa dikgomo” di sebedisitswe ka tsela ya tshwantshetso ha ho buuwa ka mantswe a motho ya bohlale a susumelletsang motho hore a mamele keletso.
nwt glossary
Tsenene. Molamu o nang le motsu o entsweng ka tshepe e sebediswang ke molemi ha a tataisa phoofolo. Tsenene e bapiswa le mantswe a motho ya bohlale a sususmelletsang motho hore a mamele keletso. Mantswe a reng “ho raha ditsenene” a hlalosa ketso ya poho e manganga e rahang tsenene hobane e sa batle ho tataiswa mme sena se etsa hore e intshe kotsi.—Lik 26:14; Bhl 3:31.
(Liketso 26:27) Morena Agripa, na o dumela Baprofeta? Ke a tseba hore o a dumela.”
w03 11/15 16-17 ¶14
Thusa ba Bang ho Amohela Molaetsa wa Mmuso
14 Pauluse o ne a tseba hore Agripa e ne e le Mojuda feela ka lebitso. Ha Pauluse a ipiletsa tsebong ya Agripa ya tsamaiso ya bodumedi ya Sejuda, o ile a fana ka lebaka la hore boboledi ba hae bo ne bo akarelletsa ho se “bolele letho haese dintho tseo Baprofeta ha mmoho le Moshe ba ileng ba bolela hore di ne di tla etsahala” malebana le lefu la Mesia le tsoho ya hae. (Liketso 26:22, 23) Ha Pauluse a bua le Agripa ka ho toba, o ile a mo botsa: “Morena Agripa, na o dumela Baprofeta?” Agripa o ile a qakeha. Haeba a ne a ka bolela hore ha a dumele ho baprofeta, o ne a tla be a sentse botumo ba hae ba hore ke modumedi wa Sejuda. Empa haeba a ne a ka dumellana le tsela eo Pauluse a behang mabaka ka yona, o ne a tla be a bontsha phatlalatsa hore o dumellana le Pauluse mme o ne a tla be a ipeha kotsing ya ho bitswa Mokreste. Pauluse o ile a araba potso ya hae ka bohlale a re: “Ke a tseba hore o a dumela.” Pelo ya Agripa e ile ya mo susumelletsa ho araba jwang? O ile a re: “Ka nako e kgutshwanyane o ne o tla ntshusumelletsa hore ke be Mokreste.” (Liketso 26:27, 28) Le hoja Agripa e sa ka ya eba Mokreste, ho hlakile hore ka tsela e itseng, Pauluse o ile a ama pelo ya Agripa ka molaetsa wa hae.—Baheberu 4:12.
Mmalo wa Bibele
(Liketso 25:1-12) Ka hona Festase, ka mora hore a hlwelle mmusong wa profinse, a nyoloha matsatsi a mararo hamorao ho ya Jerusalema ho tloha Cesarea; 2 mme baprista ba ka sehloohong le banna ba ka sehloohong ba Bajuda ba mo fa boitsebiso kgahlanong le Pauluse. Ka hoo ba qala ho mo kopa ka tiyo, 3 ba ikopela mosa wa hore ho romeletswe hore monna eo a tle Jerusalema, ka ha ba ne ba laletse ho mo bolaya tseleng. 4 Le ha ho le jwalo, Festase a araba ka hore Pauluse o ne a lokela ho bolokwa Cesarea le hore o ne a tla tloha a eya moo haufinyane. 5 A re: “Ka hoo ba leng pusong hara lona, ba ke ba theohe le nna mme ba mo qose, haeba ho e na le ntho le ha e le efe e tswileng tseleng mabapi le monna eo.” 6 Ka hoo ha a qetile matsatsi a ka bang robedi kapa leshome hara bona, a theohela Cesarea, mme letsatsing le hlahlamang a dula setulong sa kahlolo yaba o laela hore Pauluse a tliswe. 7 Ha a fihla, Bajuda ba neng ba theohile Jerusalema ba ema ba mo potapotile, ba tobisa diqoso tse ngata le tse tebileng kgahlanong le yena tseo ba neng ba sa kgone ho hlahisa bopaki bakeng sa tsona. 8 Empa ha Pauluse a itshireletsa a re: “Ha ke a sitelwa Molao wa Bajuda kapa tempele kapa Cesare.” 9 Festase, ka ho lakatsa ho fumana kamohelo ho Bajuda, a re ha a araba Pauluse: “Na o lakatsa ho nyolohela Jerusalema mme o ahlolwe ka pela ka hona teng malebana le dintho tsee?” 10 Empa Pauluse a re: “Ke eme ka pela setulo sa kahlolo sa Cesare, moo ke tshwanelang ho ahlolwa teng. Ha ke a fosetsa Bajuda, jwalo ka ha le wena o fumana hantle. 11 Ka lehlakoreng le leng, haeba kannete ke mofosi mme ke entse ntho le ha e le efe e tshwanelwang ke lefu, ha ke ikgule ho shweng; ka lehlakoreng le leng, haeba ha ho letho le teng la dintho tseo banna bana ba nqosang ka tsona, ha ho motho ya ka nehelanang ka nna ho bona ho ba thabisa. Ke ipiletsa ho Cesare!” 12 Jwale Festase, ka mora hore a bue le sehlopha sa baeletsi, a araba: “O ipileditse ho Cesare; o tla ya ho Cesare.”
28 JANUARY–3 FEBRUARY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | LIKETSO 27-28
“Pauluse o ya Roma ka Sekepe”
(Liketso 27:23, 24) Etswe bosiung bona haufi le nna ho ile ha ema lengeloi la Modimo eo ke leng wa hae le eo ke mo etsetsang tshebeletso e halalelang, 24 le re, ‘Pauluse, o se ke wa tshaba. O tla ema ka pela Cesare, mme, bona! ka bolokolohi Modimo o o file bohle ba tsamayang le wena ka sekepe.’
“Ha ho Moya ho Lona o Tla Lahleha”
15 Mohlomong Pauluse o ne a pakela ba bangata ka sekepeng seo ka “tshepo ya tshepiso e ileng ya etswa ke Modimo.” (Liketso 26:6; Bakol. 1:5) Ka ha sekepe se ne se ka nna sa swahlamana, Pauluse o ile a ba fa lebaka la hore ba be le tshepo. O ile a re: “Bosiung bona haufi le nna ho ile ha ema lengeloi . . . , le re, ‘Pauluse, o se ke wa tshaba. O tla ema ka pela Cesare, mme, bona! ka bolokolohi Modimo o o file bohle ba tsamayang le wena ka sekepe. ’” Pauluse o ile a re ho bona: “Ka hona hlasimolohang, banna; etswe ke dumela Modimo hore ho tla ba hantle feela jwalo ka ha ke boleletswe. Le ha ho le jwalo, ka sebele re tla lahlelwa lebopong sehlekehlekeng se itseng.”—Liketso 27:23-26.
(Liketso 28:1, 2) Ha re fihlile moo ho sireletsehileng, jwale ra tseba hore sehlekehleke seo se ne se bitswa Malta. 2 Batho ba buang puo esele ba re bontsha mosa o fetang o tlwaelehileng, ka ha ba ile ba hotetsa mollo mme ba re amohela kaofela ha molemo ka lebaka la pula e neng e na le ka lebaka la ho bata.
“Ha ho Moya ho Lona o Tla Lahleha”
18 Ba ile ba iphumana ba le sehlekehlekeng sa Malta, se ka borwa ho Sicily. (Sheba lebokose la sehlooho se reng “Malta e ne e le Hokae?” leqepheng la 209) Batho ba buang puo esele sehlekehlekeng sena ba ile ba ba bontsha “mosa o fetang o tlwaelehileng.” (Liketso 28:2) Ba ile ba besa mollo bakeng sa batho ba neng ba le metsi tee!, ba qhaqhasela. Mollo o ile wa ba futhumatsa ka ha ho ne ho bata mme pula e na. Hape ho ile ha etsahala mohlolo.
“Ha ho Moya ho Lona o Tla Lahleha”
21 Sebakeng seo ho ne ho dula monna wa morui ya nang le masimo ya bitswang Pabliase. Mohlomong e ne e le mohlanka wa mmuso ya ka sehloohong wa Moroma Malta. Luka o re e ne e le “monna ya ka sehloohong wa sehlekehleke,” mme o sebedisa tlotla e fumanweng mengolong e mmedi ya Malta. O ile a amohela Pauluse le bao a tsamayang le bona ka matsatsi a mararo. Le ha ho le jwalo, ntate wa Pabliase o ne a kula. Le tabeng ena Luka o ile a hlalosa bolwetse boo ka nepo. O re monna eo “o ne a robetse a tshwerwe ke feberu le letshollo,” mme o hlalosa bolwetse ba hae hantle. Pauluse o ile a rapella monna eo a mo beha matsoho, yaba o a fola. Batho ba ile ba thabela mohlolo ona hoo ba ileng ba tlisa batho ba kulang hore ba fodiswe, mme ba fa Pauluse le bao a tsamayang le bona dimpho.—Liketso 28:7-10.
(Liketso 28:16, 17) Qetellong, ha re kena Roma, Pauluse a dumellwa ho dula a le mong le lesole le mo lebetseng. 17 Le ha ho le jwalo, matsatsi a mararo hamorao a bokella banna ba ka sehloohong ba Bajuda. Ha ba bokane, a qala ho re ho bona: “Banna, barabeso, le hoja ke ne ke sa etsa letho le kgahlanong le batho kapa ditlwaelo tsa baholoholo ba rona, ho ile ha nehelanwa ka nna matsohong a Baroma ke le motshwaruwa ya tswang Jerusalema.
“Ho Paka ka ho Phethahetseng”
10 Qetellong ha barababo rona ba kena Roma, “Pauluse a dumellwa ho dula a le mong le lesole le mo lebetseng.” (Liketso 28:16) Hangata batshwaruwa ba sa kwallwang tjhankaneng ba ne ba tlamellwa ka ketane ho molebedi hore ba se ke ba baleha. Le ha ho le jwalo, Pauluse e ne e le mmoledi wa Mmuso, mme ho hang ketane e ne e ke ke ya mo kwala molomo. Ka lebaka leo, ka mora hore a phomole ka matsatsi a mararo feela, a bokella banna ba ka sehloohong ba Bajuda ba Roma e le hore a itsebise bona mme a fane ka bopaki.
Batlisisa Matlotlo a Patilweng
(Liketso 27:9) Ka ha ho ne ho fetile nako e telele mme jwale ho ne ho le kotsi ho sesisa sekepe hobane esita le ho itima dijo [ha letsatsi la ho kwahelwa ha dibe] ho ne ho se ho fetile, Pauluse a ba eletsa
nwtsty study note se ho Lik 27:9
ho itima dijo ha Letsatsi la ho Kwahelwa ha Dibe: Kapa “ho itima dijo ka hwetla.” Ha e le hantle mantswe ana a bolela “ho itima dijo.” Lentswe la Segerike bakeng sa “ho itima dijo” le bua ka ho itima dijo ho hlahang Molaong wa Moshe, e leng ho itima dijo ho amanang le Letsatsi la ho Kwahelwa ha Dibe selemo le selemo, le boetseng le bitswang Yom Kippur (ka Seheberu, yohm hak·kip·pu·rimʹ, “letsatsi la ho kwahelwa [ha dibe]”). (Le 16:29-31; 23:26-32; Nu 29:7; sheba Glossary, “Day of Atonement.”) Mantswe a reng ho “hlorisa meya ya lona,” a sebedisitsweng ha ho buuwa ka Letsatsi la ho Kwahelwa ha Dibe, a ka utlwisiswa e le ho itima dintho tse itseng ho akarelletsa le ho itima dijo. (Le 16:29.) Mantswe a sebedisitsweng ho Liketso 27:9 a reng “ho itima dijo” a tshehetsa taba ya hore ho itima dintho tse itseng ka Letsatsi la ho Kwahelwa ha Dibe ho ne ho akarelletsa ho itima dijo. Letsatsi la ho Kwahelwa ha Dibe le ne le e ba qetellong ya September kapa qalong ya October.
(Liketso 28:11) Dikgwedi tse tharo hamorao ra qadisa leeto ka sekepe se tswang Alexandria se neng se hlotse mariha sehlekehlekeng seo le se nang le setshwantsho sa “Bara ba Zeuse.”
nwtsty study note se ho Lik 28:11
Bara ba Zeuse: Ho latela ditshomo tsa Segerike le tsa Seroma, “Bara ba Zeuse” (ka Segerike, Di·oʹskou·roi) e ne e le Castor le Pollux, bara ba mafahla ba modimotsana Zeus (Jupiter) le Spartan Queen Leda. Ho feta moo, ba ne ba nkwa e le basireletsi ba pholosang basesisi ba dikepe ba maqakabetsing lewatleng. Tlhaloso ena e mabapi le setshwantsho sa Bara ba Zeuse se sekepeng, ke bopaki ba hore tlaleho ena e ngotswe ke motho ya boneng sekepe seo.
Mmalo wa Bibele
(Liketso 27:1-12) Ka ha jwale ho ile ha etswa qeto ya hore re tlohe ka sekepe ho ya Italy, ba qala ho nehelana ka Pauluse ha mmoho le batshwaruwa ba bang ho molaodi wa lebotho ya bitswang Juliase wa sehlopha sa Augustase. 2 Ha re palama sekepe se tswang Adramithiame se neng se le haufi le ho sesetsa dibakeng tse ikgohlileng ka lebopo la setereke sa Asia, ra qadisa leeto ka sekepe, re e na le Aristakase wa Macedonia ya tswang Thesalonika. 3 Letsatsing le hlahlamang ra emisa Sidone, mme Juliase a tshwara Pauluse ka mosa mme a mo dumella ho ya ho metswalle ya hae le ho thabela tlhokomelo ya yona. 4 Ha re tloha moo ka sekepe ra tsamaya tlasa tshireletso ya Cyprase, kahobane meya e ne e le kgahlanong le rona; 5 ra sesisa sekepe ho pholletsa le lewatle le bulehileng re ikgohlile ka Silisia le Pamfilia mme ra ema koung Myra e Lycia. 6 Empa molaodi wa lebotho a fumana sekepe se tswang Alexandria moo se neng se sesetsa Italy, yaba o re palamisa sona. 7 Jwale, ka mora hore re tsamaye butle ka sekepe matsatsi a mangata mme re fihle Kinidase ka thata, kahobane moya ha wa ka wa re dumella ho tswela pele, ra tsamaya ka sekepe tlasa tshireletso ya Kreta Salmone, 8 mme ra sesa re ikgohlile ka yona ra fihla ka thata sebakeng se itseng se bitswang Kou e Ntle, seo motse wa Lasea o neng o le haufi le sona. 9 Ka ha ho ne ho fetile nako e telele mme jwale ho ne ho le kotsi ho sesisa sekepe hobane esita le ho itima dijo [ha letsatsi la ho kwahelwa ha dibe] ho ne ho se ho fetile, Pauluse a ba eletsa, 10 a re ho bona: “Banna, ke lemoha hore ho sesisa sekepe ho tla ba le tshenyehelo le tahlehelo e kgolo eseng feela ya thepa le sekepe empa le ya meya ya rona.” 11 Le ha ho le jwalo, molaodi wa lebotho a qala ho ela hloko motsamaisi wa sekepe le monga sekepe ho e na le dintho tse bolelwang ke Pauluse. 12 Ka ha jwale kou ya dikepe e ne e sa lokela bakeng sa ho hlola mariha, bongata ba eletsa hore ho qadiswe leeto ka sekepe ho tloha moo, ho bona hore na ka tsela e itseng ba ka fihla Finixe bakeng sa ho hlola mariha, koung ya dikepe ya Kreta e bulehelang ka nqa leboya botjhabela le ka nqa borwa botjhabela.