KGAOLO YA 22
“Ho ke ho Etsahale Thato ya Jehova”
Pauluse o ikemiseditse ho etsa thato ya Modimo mme o ya Jerusalema
E Thehilwe ho Diketso 21:1-17
1-4. Ke hobaneng ha Pauluse a eya Jerusalema, hona o tla etsahallwa ke eng moo?
KE DILLO feela ha Pauluse le Luka ba tloha Miletase. Ruri ha ho bonolo hore ba arohane le baholo ba Efese bao ba ba ratang haholo. Baromuwa bana ba babedi ba eme ka hara sekepe. Thoto ya bona e se e loketse tsela mme ba pakile dintho tseo ba tla di hloka leetong. Hape ba nkile tjhelete e bokeletsweng bakeng sa Bakreste ba hlokang ba Judea mme ba labalabela hore e fihle moo e yang teng.
2 Ho foka moya o mosesane o isang diseile kwana le kwana mme sekepe se tloha boemakepeng bo tletseng lerata. Banna bana ba babedi le bomphato ba bona ba supileng, ba sheba barababo bona ba saretsweng ba emeng lebopong. (Dik. 20:4, 14, 15) Bara ba bo rona ba ka sekepeng ba ba tsokela matsoho ho fihlela ba se ba sa bonahale.
3 Pauluse o sebeditse haufiufi le baholo ba Efese ka dilemo tse ka bang tharo. Empa jwale moya o halalelang o mo tataisetsa ho ya Jerusalema. O na le lesedinyana la hore na o tla etsahallwa ke eng. Nakwana pele ho moo, o ile a re ho baholo bao: “Hona jwale moya o ntataisetsa Jerusalema le hoja ke sa tsebe hore na ke tla hlahelwa keng ha ke le moo. Ntho eo ke e tsebang ke hore motseng o mong le o mong moya o halalelang o dula o mpolella hore teronko le mahloriso di nkemetse.” (Dik. 20:22, 23) Ho sa tsotellehe kotsi eo a neng a tla tobana le yona, Pauluse o ne a utlwa a tataiswa ke moya o halalelang mme o ne a ikemiseditse ho latela tataiso eo ya hore a ye Jerusalema. O ananela bophelo ba hae empa ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa ho yena ke ho phetha thato ya Modimo.
4 Na ke tsela eo o ikutlwang ka yona? Ha re inehela ho Jehova re etsa kano ya hore ho phetha thato ya hae e tla ba ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa bophelong ba rona. Re ka rua molemo ka ho hlahloba mohlala wa moapostola Pauluse wa ka moo a ileng a tshepahala ka teng.
Ba Feta “Sehlekehleke sa Saeprase” (Diketso 21:1-3)
5. Pauluse le bomphato ba hae ba ile ba tsamaya ka tsela efe ha ba eya Tire?
5 Sekepe seo Pauluse le bomphato ba hae ba neng ba se palame se ile sa ‘potlaka’ Ka mantswe a mang, se ne se tsamaya hantle se sa tsukutlehe ho fihlela ba fihla Kose letsatsing lona leo. (Dik. 21:1) Ho bonahala eka sekepe se ile sa emisa moo bosiu pele se fetela Rhode le Patara. Ha bara ba bo rona ba le Patara lebopong le ka borwa la Asia Minor, ba ile ba palama sekepe se seholo sa thepa se ileng sa ba isa ka ho toba Tire, Foenisia. Ha ba le tseleng, ba ile ba feta “sehlekehleke sa Saeprase se le ka letsohong le letshehadi [la boemakepe].” (Dik. 21:3) Ke hobaneng ha Luka mongodi wa Diketso a ile a bolela ntlha ee?
6. (a) Ke hobaneng ha e ka nna yaba Pauluse o ile a kgothala ha a bona Saeprase? (b) O ikutlwa jwang ha o hopola ka moo Jehova a o hlohonolofaditseng ka teng a ba a o thusa?
6 Mohlomong Pauluse o ile a supa sehlekehleke sena mme a bolella metswalle ya hae dintho tse ileng tsa mo hlahela ha a le moo. Dilemo tse ka bang robong pele ho moo ha Pauluse a le leetong la hae la pele e le moromuwa, yena, hammoho le Barnabase le Johanne Mareka ba ile ba kopana le moloi ya bitswang Elimase, ya ileng a ba hanyetsa ha ba ne ba bolela ditaba tse monate. (Dik. 13:4-12) Ha Pauluse a bona sehlekehleke seo mme a hopola se ileng sa etsahala moo, mohlomong sena se ile sa mo kgothatsa sa ba sa mo matlafatsa bakeng sa dintho tse neng di tla mo etsahalla. Le rona re ka rua molemo ha re nahanisisa ka moo Modimo a re hlohonolofaditseng ka teng a ba a re thusa hore re mamelle diteko. Ho etsa jwalo ho ka re thusa hore re ikutlwe jwalo ka Davida ha a re: “Mathata a ya lokileng a mangata Empa Jehova o mo pholosa ho ona kaofela.”—Pes. 34:19.
“Ra Batla Barutuwa ra ba ra ba Fumana” (Diketso 21:4-9)
7. Ha Pauluse le bomphato ba hae ba fihla Tire, ba ile ba etsang?
7 Pauluse o ne a utlwisisa ka moo e leng habohlokwa ka teng ho ba hara metswalle ya Bakreste mme a labalabela ho ba le badumedimmoho le yena. Luka o re ha ba fihla Tire, ba ile ba “batla barutuwa [ba] ba [ba] ba fumana.” (Dik. 21:4) Ka ha ba ne ba tseba hore ho na le Bakrestemmoho le bona Tire, ba ile ba ba batla mme mohlomong ba dula le bona. Tlhohonolofatso e nngwe e kgolo ya ho sebeletsa Jehova ke hore ho sa tsotellehe hore na re hokae, re tla kopana le badumedimmoho le rona ba tlang ho re amohela ka diatla tse pedi. Batho ba ratang Modimo mme e le barapedi ba nnete, ba na le metswalle lefatsheng ka bophara.
8. O ka hlalosa Diketso 21:4 jwang?
8 Ha Luka a bua ka matsatsi a supileng ao ba a qetileng Tire, o bolela ntho e ka nnang ya bonahala e makatsa. O re: “Ka lebaka la ntho eo moya o halalelang o neng o e senotse, [bara ba bo rona ba Tire] ba phehella Pauluse hore a se ke a ya Jerusalema.” (Dik. 21:4) Na Jehova o ne a se a batla hore Pauluse a ye sebakeng se seng? Na o ne a se a re Pauluse a se ke a ya Jerusalema? Ha ho jwalo. Moya o ne o bontshitse hore Pauluse o tla tshwarwa hampe Jerusalema, empa o sa re a qobe ho ya teng. Ka moo ho bonahalang ka teng, moya o halalelang o ile wa thusa bara ba bo rona ba Tire hore ba lemohe ka mokgwa o nepahetseng hore Pauluse o tla kena kgathatsong Jerusalema. Ka hona, ka ha ba ne ba amehile ka Pauluse ba ile ba mo phehella hore a se ke a ya. Ho a utlwahala hore na ke hobaneng ha ba ne ba batla ho sireletsa Pauluse kotsing e larileng ka pele. Le ha ho le jwalo, ka ha Pauluse o ne a ikemiseditse ho phetha thato ya Jehova o ile a fetela Jerusalema.—Dik. 21:12.
9, 10. (a) Ha Pauluse a utlwa dintho tseo bara ba bo rona ba Tire ba amehileng ka tsona, e ka nna yaba o ile a hopola boemo bofe bo tshwanang le boo? (b) Kajeno ho tlwaelehile boikutlo bofe lefatsheng, hona bo fapane jwang le mantswe a Jesu?
9 Ha Pauluse a utlwa dintho tseo bara ba bo rona ba amehileng ka tsona, mohlomong o ile a hopola ka moo barutuwa ba Jesu ba ileng ba etsa se tshwanang ha a ba bolella hore o tla ya Jerusalema, a utlwiswe bohloko dinthong tse ngata mme a bolawe. Petrose o ile a susumetswa ke maikutlo mme a re ho Jesu: “Ikgauhele, Morena. Ho hang o ke ke wa etsahallwa ke ntho e tjena.” Jesu o ile a re ho yena: “Tloha Satane! O tshitiso ho nna hobane o nahana menahano ya batho eseng ya Modimo.” (Mat. 16:21-23) Jesu o ne a ikemiseditse ho itela e leng ntho eo Modimo a neng a batla hore a e etse. Pauluse o ne a ikutlwa ka tsela e tshwanang. Jwalo ka moapostola Petrose e tlameha ebe bara ba bo rona ba Tire ba ne ba sa bue hampe, ba ne ba mpa ba sa utlwisise thato ya Modimo.
E le hore re latele Jesu, re tlameha ho ba le moya wa boitelo
10 Batho ba bangata kajeno ba rata ho iqenehela kapa ho ja monakaladi wa kebolelwa. Ka kakaretso batho ba batla bodumedi bo dumellanang le maikutlo a bona le bo sa ba batleng dintho tse ngata. Ho fapana le hoo, Jesu o ile a kgothalletsa barutuwa ba hae hore ba be le boikutlo bo fapaneng le boo ka ho feletseng. O ile a re ho bona: “Haeba mang kapa mang a batla ho ntshala morao, a se ke a hlola a iphelela. A ikemisetse ho mamella mahloriso mme a nne a ntatele.” (Mat. 16:24) Ho kgetha ho latela Jesu ke kgato e bohlale le e nepahetseng empa ha ho bonolo.
11. Barutuwa ba Tire ba ile ba bontsha jwang hore ba rata Pauluse ebile ba a mo tshehetsa?
11 Ho eso ye kae, Pauluse, Luka le ba bang ba ile ba lokela ho kena tseleng. Se ileng sa etsahala ha ba tsamaya se ama maikutlo. Se bontsha ka moo bara ba bo rona ba Tire ba neng ba rata Pauluse ka teng ba bile ba mo tshehetsa tshebeletsong ya hae. Banna, basadi le bana ba ile ba felehetsa Pauluse le bomphato ba hae ho ya fihla lebopong. Kaofela ha bona ba ile ba kgumama, ba rapela mme ba arohana. Ka mora moo, Pauluse, Luka le bomphato ba bona ba ile ba palama sekepe se seng mme ba fetela Ptolemaise, moo ba ileng ba kopana le bara ba bo rona mme ba hlola letsatsi le bona.—Dik. 21:5-7.
12, 13. (a) Ke eng e bontshang hore Filipi o ne a sebeleditse ka botshepehi? (b) Filipi o behetse bo ntate ba Bakreste mohlala o motle jwang kajeno?
12 Ka mora moo, Luka o re Pauluse le bomphato ba hae ba ile ba kena leetong le yang Sesarea. Ha ba fihla moo, ba ile ba“dula ha moevangedi Filipi.”a (Dik. 21:8) E tlameha ebe ba ile ba thaba ha ba bona Filipi. Dilemong tse ka bang 20 pele ho moo Jerusalema, baapostola ba ne ba ile ba mo kgetha hore a hlokomele kabo ya dijo phuthehong ya Bakreste e neng e sa tswa thehwa. Filipi o ne a qetile nako e telele a bolela ditaba tse monate ka tjheseho. Hopola hore ha barutuwa ba hasana ka lebaka la mahloriso, Filipi o ile a ya Samaria mme a qala ho bolela ditaba tse monate. Ha morao, o ile a bolella letona la Ethiopia ditaba tse monate a ba a le kolobetsa. (Dik. 6:2-6; 8:4-13, 26-38) Ruri ke mohlala o motle wa ho sebeletsa ka botshepehi.
13 Filipi o ne a ntse a tjhesehela tshebeletso. O ne a se a dula Sesarea mme a ntse a tjhesehela mosebetsi wa boboledi, e leng se bontshwang ke Luka ha a re ke “moevangedi.” Hape re bolellwa hore o ne a se a ena le baradi ba bane ba profetang, e leng se bontshang hore ba ile ba latela mohlala wa ntate wa bona.b (Dik. 21:9) Ka hoo, e tlameha ebe Filipi o ile a etsa sohle se matleng a hae ho thusa ba lelapa la hae hore ba rate Jehova. Kajeno bo ntate ba Bakreste ba lokela ho latela mohlala wa hae, ba etelle pele tshebeletsong mme ba thuse bana ba bona hore ba rate mosebetsi wa ho bolela ditaba tse monate.
14. E tlameha ebe ho ne ho etsahalang ha Pauluse a etetse badumedimmoho le yena, hona ho etsahala se tshwanang jwang kajeno?
14 Hohle moo Pauluse a neng a fihla teng o ne a batla badumedimmoho le yena mme a qeta nako le bona. Ha ho pelaelo hore bara ba bo rona ba ne ba labalabela ho amohela moromuwa enwa hammoho le bomphato ba hae. Ruri maeto a jwalo a ne a etsa hore ‘ba kgothatsane.’ (Bar. 1:11, 12) Ho etsahala se tshwanang le kajeno. O ka rua molemo o moholo ka ho amohela mopotolohi le mosadi wa hae lapeng la hao ho sa tsotellehe hore na ke la boemo bo tlase hakae.—Bar. 12:13.
‘Ke Itokiseditse ho Shwa’ (Diketso 21:10-14)
15, 16. Agabase o ile a tlisa molaetsa ofe, hona ba o utlwileng ba ile ba ameha jwang?
15 Ha Pauluse a ntse a dula ha Filipi, ho ile ha fihla moeti e mong ya hlomphehang e leng Agabase. Ba neng ba bokane ha Filipi ba ne ba tseba hore Agabase ke moprofeta hobane o ne a ile a profeta hore ho tla ba le tlala e kgolo nakong ya puso ya Claudiase. (Dik. 11:27, 28) Mohlomong ba ne ba ipotsa: ‘Agabase o tlo etsang? O tlisitse molaetsa ofe?’ Ha ba ntse ba tadimile ka hloko o ile a nka sepatjhe sa Pauluse se dulang thekeng, seo motho a neng a ka tshela tjhelete le dintho tse ding ho sona. Sepatjhe sena ne se entswe ka lesela le lelelele le kang lebanta. Agabase o ile a itlama maoto le matsoho ka sona. Yaba wa bua. Molaetsa wa hae o ne o le bohloko: “Moya o halalelang o re, ‘Monga lebanta lena o tla faswa tjena ke Bajuda Jerusalema mme ba tla mo nehella batho ba ditjhaba.’”—Dik. 21:11.
16 Boprofeta bona bo ne bo tiisa hore Pauluse o tla ya Jerusalema. Bo ne bo boetse bo bontsha hore “ba tla mo nehella batho ba ditjhaba” ka lebaka la ho bolella Bajuda ba moo ditaba tse monate. Batho ba neng ba le teng moo ba ile ba ameha maikutlo ha ba utlwa boprofeta boo. Luka o re: “Ha re utlwa ditaba tsena, rona le batho ba neng ba le teng moo ra kopa Pauluse hore a se ke a ya Jerusalema. Pauluse a re: “Ke hobaneng ha le lla le bile le leka ho nnyahamisa? Le tsebe hore ke itokiseditse ho kwallwa le ho shwella Jerusalema bakeng sa lebitso la Morena Jesu.’”—Dik. 21:12, 13.
17, 18. Pauluse o ile a bontsha jwang hore o ne a ikemiseditse ho tsamaya, hona bara ba bo rona ba ile ba ikutlwa jwang?
17 Nahana ka boemo bona, Luka le bara ba bang ba bo rona ba kopa Pauluse ka tiyo hore a se ke a tsamaya. Ba bang ba a lla. A susumeditswe ke ka moo ba amehileng ka yena ka teng, ka mosa Pauluse o ba bolella hore ba ‘leka ho mo nyahamisa,’ kapa ba “utlwisa pelo [ya hae] bohloko,” ho ya ka moo Dibibele tse ding di fetolelang polelo ena ya Segerike ka teng. Le ha ho le jwalo, o ile a ema a tiile mme jwalo ka ha ho ile ha etsahala ha a kopana le bara ba bo rona ba Tire, ha a dumelle hore ho lla le ho utlwa bohloko ha bona ho mo ferekanye. Ho ena le hoo, o ba hlalosetsa hore na ke hobaneng ha a lokela ho tsamaya. Ruri o ile a ba sebete mme a bontsha hore o ikemiseditse ho tsamaya. Jwalo ka ha Jesu a ile a etsa pele ho moo, Pauluse o ne a ikemiseditse ho ya Jerusalema. (Baheb. 12:2) Hase hore Pauluse o ne a batla ho shwela tumelo, empa haeba ho ne ho ka hlokahala o ne a tla thabela ho shwa ka lebaka la ho ba molatedi wa Kreste Jesu.
18 Bara bao ba bo rona ba ile ba ikutlwa jwang? Ba ile ba bontsha tlhompho. Bibele e re: “Ha re bona hore ha re kgone ho fetola maikutlo a hae, ra tlohela ho mo phehella yaba re re: ‘Ho ke ho etsahale thato ya Jehova.’ ” (Dik. 21:14) Ba neng ba leka ho kgodisa Pauluse hore a se ke a ya Jerusalema ha ba a ka ba mo qobella hore a etse seo ba se batlang. Ho ena le hoo, ka lebaka la ho hlokomela thato ya Jehova le ho e amohela, ba ile ba mo mamela yaba ba a mo tlohela le hoja ho ne ho le thata. Pauluse o ne a kgethile bophelo bo neng bo tla qetella ka hore a bolawe. Ho ne ho tla ba bonolo hore Pauluse a tsamaye haeba batho ba mo ratang ba ne ba sa leke ho mo nyahamisa.
19. Se ileng sa etsahalla Pauluse se re ruta thuto efe ya bohlokwa?
19 Re ithuta thuto ya bohlokwa ho se ileng sa etsahalla Pauluse: Le ka mohla ha re a lokela ho nyahamisa ba bang ha ba tela dintho tse itseng e le hore ba ka kgona ho sebeletsa Modimo haholwanyane. Sena se ka sebetsa le maemong a mangata eseng a amang lefu le bophelo feela. Ka mohlala, le hoja ho bile thata ho batswadi ba bangata ba Bakreste ha bana ba bona ba tloha lapeng ba ilo sebeletsa Jehova dibakeng tse hole, batswadi bao ba ikemiseditse hore ba se ke ba nyahamisa bana ba bona. Phyllis ya dulang Engelane, o hopola ka moo a ileng a ikutlwa ka teng ha moradi wa hae ya mong e ilo ba moromuwa Afrika. Phyllis o re: “Ho ne ho le bohloko. Ke ne ke utlwiswa bohloko ke hore o tla be a le hole. Ke ne ke sulafaletswe empa ka nako e tshwanang ke le motlotlo. Ke ile ka rapella taba ena hangata. Ke ile ka ipolella hore ho tswa ho yena mme le ka mohla nke ke ka leka ho mo fetola. Etswe ke ne ke hlile ke mo rutile hore a etelletse dintho tse amanang le Mmuso pele. E se e le dilemo tse 30 a sebeletsa dinaheng tse ding mme ke leboha Jehova ka mehla hore ebe o sa ntse a tshepahala.” Ka nnete ke ntho e ntle ha re kgothatsa badumedimmoho le rona ba itetseng.
Ke ntho e ntle ho kgothatsa badumedimmoho le rona ba itetseng
“Bana ba bo Rona ba re Amohela ba Thabile” (Diketso 21:15-17)
20, 21. Ke eng e bontshang hore Pauluse o ne a batla ho ba le bara ba bo, hona ke hobaneng ha a ne a batla ho ba le bona?
20 Ho ile ha etswa ditokisetso mme Pauluse a tswela pele ka leeto la hae a ena le bara ba bo rona ba ileng ba bontsha hore ba mo tshehetsa ka dipelo tsohle. Hohle moo Pauluse le bomphato ba hae ba neng ba feta teng ha ba ya Jerusalema, ba ne ba batla ho ba le bara le baradi ba bo bona ba Bakreste. Ha ba le Tire, ba ile ba fumana barutuwa mme ba dula le bona matsatsi a supileng. Ha ba le Ptolemaise, ba ile ba dumedisa bara le baradi ba bo bona mme ba ba le bona letsatsi le le leng. Ha ba le Sesarea, ba ile ba dula lapeng la Filipi matsatsinyana. Ka mora moo barutuwa ba bang ba tswang Sesarea ba ile ba felehetsa Pauluse le bomphato ba hae ho ya Jerusalema, moo ba ileng ba amohelwa ke Mnasone eo e neng e le kgale e le morutuwa. Qetellong, Luka o re ha ba fihla Jerusalema “bana ba bo rona ba [ile ba ba] amohela ba thabile.”—Dik. 21:17.
21 Ho hlakile hore Pauluse o ne a batla ho ba le badumedimmoho le yena. O ile a kgothatswa ke bara le baradi ba bo jwalo ka ha le rona ba re kgothatsa kajeno. Ha ho pelaelo hore kgothatso eo e ile ya matlafatsa Pauluse hore a tobane le bahanyetsi ba halefileng ba neng ba tla leka ho mo bolaya.
a Sheba lebokose la sehlooho se reng “Sesarea, Motsemoholo wa Profinse ya Roma ya Judea.”
b Sheba lebokose la sehlooho se reng “Na Basadi ba ne ba ka Ruta ka Phuthehong Mehleng ya Baapostola?”