PHELA JWALO KA MOKRESTE
Na o ka Hlalosa Seo o se Dumelang?
O ka reng haeba motho a ka o botsa hore na ke hobaneng ha o dumela hore Modimo o bopile dintho tsohle? E le hore o tle o arabe o kgodisehile, o lokela ho etsa dintho tsena tse pedi: Ya pele, o lokela ho ikgodisa hore dintho tsohle di bopilwe. (Bar 12:1, 2) E be jwale o nahana ka hore na o ka hlalosetsang motho e mong seo o se dumelang jwang.—Lipr 15:28.
SHEBELLA VIDEO E RENG NGAKA YA MASAPO E HLALOSA TUMELO YA YONA LE E RENG SETSEBI SA BOPHELO BA DIPHOOFOLO SE HLALOSA TUMELO YA SONA E LE HORE O BONE HORE NA KE HOBANENG HA BATHO BA BANG BA DUMELA HORE DINTHO DI BOPILWE, EBE O ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:
Ke hobaneng ha Irène Hof Laurenceau a sa dumele hore dintho di ikentse empa a dumela hore di bopilwe ke Modimo?
Ke hobaneng ha Yaroslav Dovhanych a sa dumele hore dintho di ikentse empa a dumela hore di bopilwe ke Modimo?
O ka hlalosetsa motho e mong jwang hore na ke hobaneng ha o dumela hore Modimo o bopile dintho?
Ke dintho dife tseo mokgatlo wa Jehova o nang le tsona ka puo ya hao tseo o ka di sebedisang ho ikgodisa le kgodisa batho ba bang hore dintho tsohle di bopilwe ke Modimo?