Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
1-7 MARCH
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | NUMERE 7-8
“Re Ithutang Diahelong Tsa Baiseraele?”
it-1 E 497 ¶3
Phutheho
Iseraeleng ho ne ho na le banna ba neng ba kgethilwe bakeng sa ho emela setjhaba. (Esd 10:14) Ke ka hoo “marenana a meloko” a ileng a etsa nyehelo ka mora hore tabernakele e fele. (Nu 7:1-11) Ka tsela ya tshwantshetso, mehleng ya Nehemia baemedi bana ba setjhaba e leng Baprista, Balevi le “dihlooho tsa malapa,” ba ile ba tiisa tumellano ya bona e ngotsweng. (Ne 9:38–10:27) Ha Baiseraele ba ne ba le lefelleng, ho ne ho na le banna ba 250 bao e neng e le “marenana a phutheho, ba bitsitsweng hara ba bokaneng, banna ba tummeng” ba ileng ba ikopanya le Kora, Dathane, Abirame le One mme ba ba kgahlanong le Moshe le Arone. (Nu 16:1-3) Modimo o ile a tataisa Moshe hore a kgethe banna ba baholo ba setjhaba ba 70 hore e be balaodi e le hore ba mo thuse ho “jara mojaro wa setjhaba” ka ha o ne a ke ke a kgona ho o jara a le mong. (Nu 11:16, 17, 24, 25) Levitike 4:15 e bua ka “banna ba baholo ba phutheho” mme ho bonahala e ka e ne e le banna ba baholo ba setjhaba, dihlooho tsa ntlo, baahlodi le balaodi.—Nu 1:4, 16; Jos 23:2; 24:1.
it-2 E 796 ¶1
Rubene
Diahelong tsa Baiseraele, Barubene ba ne ba hlomme tsa bona ka borwa ho tabernakele. Ba boetse ba bapile le diahelo tsa ditloholo tsa Simeone le Gade. Ha Baiseraele ba tsamaya, sehlopha sena sa meloko e meraro se neng se etellwa pele ke leloko la Rubene, se ne se tsamaya ka mora sehlopha se seng sa meloko e meraro sa Juda, Isakare le Zabulone. (Nu 2:10-16; 10:14-20) Meloko ena e ile ya etsa dinyehelo tsa yona ka tatellano ena letsatsing leo ho neng ho kgakolwa tabernakele.—Nu 7:1, 2, 10-47.
w04 8/1 25 ¶1
Dintlhakgolo Tsa Buka ya Numere
8:25, 26. E le ho kwala dikgeo tshebeletsong ya Balevi ka tsela e loketseng le ho nahanela ba seng ba hodile, banna ba baholo ba ne ba laetswe hore ba kgaotse ho etsa tshebeletso e tlamang. Le ha ho le jwalo, ba ne ba ka ithaopela ho thusa Balevi ba bang. Le hoja motho a ke ke a kgaotsa ho ba mmoledi wa Mmuso kajeno, molao ona o re ruta molaomotheo wa bohlokwa. Haeba Mokreste a sitwa ho phetha boikarabelo bo itseng hobane a se a hodile, a ka nna a etsa mofuta o mong wa tshebeletso oo matla a hae a mo dumellang hore a o phethe.
Matlotlo a Patilweng
it-1 E 835
Letsibolo
Bara bao e neng e le matsibolo e ne e tla ba dihlooho tsa malapa a fapaneng, ka hoo ba ne ba emela setjhaba kaofela. Jehova o ile a ba a re setjhaba sohle sa Iseraele ke ‘letsibolo’ la hae ka lebaka la selekane seo a neng a se entse le Abrahama. (Ex 4:22) Ka ha Jehova o ne a sireleditse bophelo ba bona, o ile a ba laela a re: “Halaletsang bakeng sa ka letsibolo le leng le le leng le letona le bulang popelo e nngwe le e nngwe hara bara ba Iseraele, hara batho le diphoofolo.” (Ex 13:2) Ke ka lebaka leo bara ba matsibolo e neng e le ba Modimo.
8-14 MARCH
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | NUMERE 9-10
“Ka moo Jehova a Tataisang Batho ba Hae ka Teng”
it-1-E 398 ¶3
Diahelo
Ho ne ho hlokahala hore ho be le tlhophiseho e tsotehang ho fallisa batho ba bangata hakaalo (ho Numere kgaolo ya 33 ho buuwa ka diahelo tse ka bang 40). Ha feela leru le ne le le ka hodima tabernakele, Baiseraele ba ne ba tsitsa moo ba hlommeng diahelo teng. Ha le ne le tloha, le Baiseraele ba ne tsamaya. “Ba ne ba hloma diahelo ka taelo ya Jehova, mme ka taelo ya Jehova ba ne ba tsamaya.” (Nu 9:15-23) Diterompeta tse pedi tsa silivera tse entsweng ka thepa e theilweng ka hamore di ne di sebediswa bakeng sa ho fetisa taelo tseo tsa Jehova ho batho. (Nu 10:2, 5, 6) Modumo o tlerolang o fetofetohang o ne o sebediswa bakeng sa ho tsebisa setjhaba ha e le nako ya ho tsamaya. Lekgetlo la pele e ne e le “ka selemo sa bobedi [1512 pele ho mehla ya Jesu], kgweding ya bobedi ka letsatsi la mashome a mabedi.” Sehlopha sa meloko e meraro se ileng sa tsamaya pele ke se neng se etellwa pele ke moloko wa Juda, o latelwa ke wa Isakare ebe eba wa Zabulone mme se ne se etelletswe pele ke areka ya selekane. Sehlopha seo se ile sa latelwa ke Bagershone le Bamerari ba neng ba jere thepa ya tabernakele eo ba neng ba abetswe hore ba e jare. Ho ile ha latela sehlopha se seng sa meloko e meraro mme se ne se etelletswe pele ke moloko wa Rubene, ho latela wa Simeone yaba ho tla wa Gade. Ka mora sehlopha seo, ho ile ha latela Bakohathe ba nkile sehalalelo. Sehlopheng sa meloko e meraro se ileng sa latela, moloko wa Efraime e ne e le wona o di hulang pele, o latelwa ke wa Manase ho be ho tla wa Benjamine. Sehlopha sa ho qetela e ne e le balebedi mme se ne se etellwa pele ke moloko wa Dane, o latelwa ke wa Ashere ka mora moo ya eba wa Nefthali. Dihlopha tse neng di le matla ebile di na le batho ba bangata e ne le tsona tse ka pele le ka morao bakeng sa ho lebela setjhaba.—Nu 10:11-28.
w11 4/15 4-5
Na o Lemoha Bopaki ba Tataiso ya Modimo?
Re ka bontsha jwang hore re ananela tataiso ya Modimo? Moapostola Pauluse o ile a re: “Mamelang ba etellang pele hara lona mme le ipehe tlase.” (Baheb. 13:17) Ha se ka mehla ho etsa jwalo ho leng bonolo. Ho etsa mohlala: Ipehe boemong ba Moiseraele wa mehleng ya Moshe. A re re le se le tsamaile ka nako e itseng, ebe topallo ya ema. Ebe e tla ema moo nako e kae? Letsatsi? Beke? Kapa dikgwedi tse mmalwa? Mohlomong wa ipotsa, ‘Ebe ke lokela ho pakolla morwalo wohle wa ka?’ Qalong o ka nna wa pakolla feela dintho tseo o di hlokang ka ho fetisisa. Le ha ho le jwalo, ka mora matsatsi a mmalwa o ka nna wa qala ho pakolla dintho kaofela hobane o kgathetse ke ho phahlolla ha o batla ntho. Empa jwale ha o le haufi le ho qeta ho pakolla, o bone topallo e phahama ebe o tlameha ho paka hape! Hoo ho ne ho ke ke ha e ba bonolo. Ho ntse ho le jwalo, Baiseraele ba ne ba lokela ho “tsamaya hanghang ka mora moo.”—Num. 9:17-22.
Jwale, re etsa jwang ha re fumana tataiso e tswang ho Modimo? Na re leka ho e sebedisa “hanghang ka mora moo”? Kapa re tswela pele re etsa dintho ka tsela eo re neng re tlwaetse ho di etsa ka yona? Na re a tseba hore na tataiso ya moraorao ke efe, e kang e mabapi le ho kganna dithuto tsa mahae tsa Bibele, ho pakela batho ba buang dipuo tsa dinaheng tse ding, ho kopanela borapeding ba lelapa ka mehla, ho sebedisana le Dikomiti Tsa Bohokahanyi le Dipetlele le ho itshwara hantle dikopanong? Re boetse re bontsha hore re ananela tataiso ya Modimo ka hore re amohele keletso. Ha re tlameha ho etsa diqeto tsa bohlokwa, ha re tshepe bohlale ba rona empa re batla tataiso ya Jehova le mokgatlo wa hae. Hape, feela jwalo ka ha ngwana a batla tshireletso ho batswadi ba hae ha sefefo se tla, le rona re batla tshireletso mokgatlong wa Jehova ha re hlahelwa ke mathata a kang sefefo a lefatshe lena.
Matlotlo a Patilweng
it-1-E 199 ¶3
Kopano
Bohlokwa ba ho Kopana. Ditaelo tse neng di fanwe bakeng sa Paseka ya selemo le selemo di ne di hatisa bohlokwa ba ho bokana ha mmoho le bahlanka ba bang ba Jehova ho rutwa ke yena. Haeba monna ofe kapa ofe ya neng a hlwekile ebile a se leetong a ne a ke ke a keteka Paseka, o ne a lokela ho bolawa. (Nu 9:9-14) Ha Morena Ezekiase a bitsa baahi bohle ba Juda le Jerusalema bakeng sa ho keteka Paseka, molaetseng wa hae o ile a re: “Lona bara ba Iseraele, kgutlelang ho Jehova . . . le se ke la satalatsa melala jwalo ka ha baholoholo ba lona ba entse. Fang Jehova sebaka mme le tle sehalalelong sa hae seo a se halaleditseng ho isa nakong e sa lekanyetswang mme le sebeletse Jehova Modimo wa lona, e le hore bohale ba hae bo tukang bo ka tloha ho lona. . . . Jehova Modimo wa lona o mosa ebile o mohau, mme a ke ke a reteletsa sefahleho hole le lona haeba le kgutlela ho yena.” (2Likr 30:6-9) Ha motho a ne a ke ke a ba teng moketeng ona ka boomo, o ne a bontsha hore ha a mamele Modimo. Le hoja kajeno Bakreste ba sa keteke Paseka, Pauluse o ile a ba kgothalletsa hore ba se ke ba tlohella ho bokana ha mmoho. O ile a re: “A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle, re sa tlohele ho bokana ha rona, jwalo ka ha ba bang ba e na le tlwaelo eo, empa re kgothatsana, mme re etsa jwalo haholo ka ha le bona letsatsi le ntse le atamela.”—Baheb. 10:24, 25; sheba le CONGREGATION.
15-21 MARCH
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | NUMERE 11-12
“Ke Hobaneng ha re sa Lokela ho Korotla?”
w01 6/15 17 ¶20
Le se ke la ba Bautlwi ba Lebalang
20 Bakreste ba bangata ha ho mohla ba welang boitshwarong bo bobe ba ho etsa thobalano. Empa ho hlokahala hore re ele hloko hore re se ke ra phehella tsela e tla re bakela ho korotla ka mehla, e ka fellang ka ho se amohelwe ke Modimo. Pauluse o a re eletsa, o re: “Hape re se ke ra leka Jehova, jwalo ka ha ba bang ba [Baiseraele] ba ile ba mo leka, hore feela ba timetswe ke dinoha. Hape le se ke la ba bakorotli, feela jwalo ka ha ba bang ba bona ba ile ba korotla, hore feela ba timetswe ke motimetsi.” (1 Bakorinthe 10:9, 10) Baiseraele ba ile ba korotla ka Moshe le Arone, haesita le ka Modimo ka boyena, ba belaela ka manna a neng a fanwe ka mohlolo. (Numere 16:41; 21:5) Na bohlola ba bona bo ile ba kgopisa Jehova ho feta ho korotla ha bona? Tlaleho ya Bibele e bontsha hore bakorotli ba bangata ba ile ba bolawa ke dinoha. (Numere 21:6) Ketsahalong ya pejana, ho ile ha timetswa bakorotli ba bafetohedi ba fetang 14 700. (Numere 16:49) Ka hoo, a re se keng ra leka mamello ya Jehova ka ho hlompholla ditokisetso tsa hae.
w06 7/15 15 ¶7
‘Le se ke la Korotla’
7 Boikutlo ba Baiseraele bo ne bo fetohile hakaakang! Kananelo eo ba neng ba na le yona qalong ha ba ne ba lokollwa Egepeta le ha ba lopollwa Lewatleng le Lefubedu, e ne e ile ya ba susumetsa hore ba rorise Jehova. (Exoda 15:1-21) Le ha ho le jwalo, ha batho ba Modimo ba tobane le maemo a sa thabiseng a lefeelleng ebile ba tshohile Bakanana, kananelo eo ba neng ba na le yona e ile ya nkelwa sebaka ke boikutlo ba ho se kgotsofale. Ho e na le hore ba lebohe Modimo ka tokoloho ya bona, ba ile ba etsa phoso ka hore ba mo beha molato ka seo ba neng ba nka hore ke tahlehelo. Ka hoo ho korotla e ne e le pontsho ya ho hloka kananelo ka ditokisetso tsa Jehova. Ha se feela a ileng a re: “Phutheho ena e mpe e tla ntshetsa pele ho korotla hona hoo e ho etsang kgahlanong le nna halelele hakae?”—Numere 14:27; 21:5.
it-2-E 719 ¶4
Qabang
Ho Korotla. Ho korotla ho a nyahamisa ebile ho baka tshenyo. Nakwana ka mora hore Baiseraele ba tswe naheng ya Egepeta, ba ile ba korotlela Jehova ka hore banna bao a ba kgethileng, Moshe le Arone, ha ba ba etelle pele ka tsela e molemo. (Ex 16:2, 7) Ho korotla hona ha Baiseraele ho ile ha nyahamisa Moshe hoo a ileng a kopa ho shwa. (Nu 11:13-15) Le motho ya korotlang a ka ba kotsing e mpe haholo. Ha Baiseraele ba ne ba korotlela Moshe, Jehova o ile a nka ketso eo e le ho korotlela boetapele ba Hae bo halalelang. (Nu 14:26-30) Ba bangata ba ile ba lahlehelwa ke bophelo ka lebaka la ho tsomana le diphoso.
Matlotlo a Patilweng
it-2-E 309
Manna
Tlhaloso. Manna a ne a le masweu, a le boholo ba peo a bile a shebahala jwalo ka mamina a sefate. Tatso ya ona e ne e ka bapiswa le “diphaphatha tse nang le mahe a dinotshi” kapa “bohobe bo monate bo nang le oli.” Ka mora hore a silwe ka lelwaleng la letsoho kapa a tulwe, a ne a bediswa kapa a etswa dipolokwe e le hore a ka bakwa.—Ex 16:23, 31; Nu 11:7, 8.
22-28 MARCH
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | NUMERE 13-14
“Ka moo Tumelo e re Thusang ho ba Sebete ka Teng”
w06 10/1 16-17 ¶5-6
Ho ba Sebete ka Lebaka la Tumelo le ho Tshaba Modimo
5 Le ha ho le jwalo, Joshua le Kalebe, e leng banna ba babedi ba dihlwela, ba ne ba labalabela ho kena Naheng e Tshepisitsweng. Ba ile ba re Bakanana “ke bohobe ho rona. Tshireletso ya bona e tlohile hodima bona, mme Jehova o na le rona. Le se ke la ba tshaba.” (Numere 14:9) Na tshepo eo Joshua le Kalebe ba neng ba na le yona e ne e se na motheo? Tjhe! Bona ha mmoho le setjhaba kaofela, ba ne ba ile ba bona ha Jehova a tlotlolla Egepeta e matla le medimo ya yona ka Dikotlo Tse Leshome. Jwale ba ile ba bona ha Jehova a ne a etsa hore Faro le lebotho la hae la sesole ba kgangwe ke metsi Lewatleng le Lefubedu. (Pesaleme ya 136:15) Ho hlakile hore dihlwela tseo tse leshome ha mmoho le batho ba ileng ba di kgolwa, ba ne ba se na lebaka le utlwahalang la ho ba le tshabo. Jehova o ile a bua mantswe a latelang a utlwile bohloko haholo: “[Setjhaba] se ke ke sa beha tumelo ho nna bakeng sa dipontsho tsohle tseo ke di entseng hara sona halelele hakae?”—Numere 14:11.
6 Jehova o ile a bolela sesosa sa bothata ba sona, ho ba boi ha setjhaba ho ile ha bontsha hore se hloka tumelo. Ka sebele tumelo le sebete di amana haholo hoo moapostola Johanne a ileng a ngola mantswe a latelang mabapi le phutheho ya Bokreste le ka ntwa ya yona ya moya: “Ena ke tlholo e hlotseng lefatshe, tumelo ya rona.” (1 Johanne 5:4) Kajeno, tumelo e kang ya Joshua le Kalebe e entse hore Dipaki Tsa Jehova tse ka hodimo ho dimilione tse tsheletseng, tsa batjha le batho ba baholo, tse matla le tse fokolang mmeleng, di bolele ditaba tse molemo tsa Mmuso lefatsheng lohle. Ha ho sera se atlehileng ho kwala melomo ya lebotho lena le matla le le sebete.—Baroma 8:31.
Matlotlo a Patilweng
it-1-E 740
Naha eo Jehova a ileng a e fa Iseraele
NAHA eo Modimo a ileng a e fa Baiseraele e ne e le ntle bo tsotehang. Dihlwela tseo Moshe a neng a di romme hore di ilo hlwela Naha e Tshepisitsweng le ho tlisa tse ding tsa ditholwana tsa yona, di ile tsa tla le difeiga, dikgarenate le morara o motenya hoo ntho e neng e o tshetse e neng e nkwa ke banna ba babedi! Le hoja di ile tsa ikgula ka lebaka la ho se be le tumelo, di ile tsa re: Naha eo “ruri e phalla lebese le mahe a dinotshi.”—Nu 13:23, 27.
29 MARCH–4 APRIL
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | NUMERE 15-16
Qoba ho Itshepa ho Feta Tekano
w11 9/15 27 ¶12
Na o Tsejwa ke Jehova?
12 Le ha ho le jwalo, ha setjhaba sa Iseraele se ne se le tseleng e yang Naheng e Tshepisitsweng, Kora o ile a bona dintho tseo a neng a nahana hore di baka mathata tokisetsong ya Modimo. Ka hoo, banna ba bang ba 250 ba etellang setjhaba pele ba ile ba tshehetsa Kora ha a ne a leka ho etsa diphetoho. E tlameha e be Kora le ba bang ba ne ba kgodisehile hore ba ne ba na le kamano e haufi le Jehova. Ba ile ba re ho Moshe: “Ho lekane ka lona, hobane phutheho yohle ya halalela mme Jehova o hara yona.” (Num. 16:1-3) Boo e ne e le boikgohomoso bo bokaakang! Moshe o ile a re ho bona: “Jehova o tla tsebahatsa eo e leng wa hae.” (Bala Numere 16:5.) Qetellong ya letsatsi le hlahlamang, Kora le bohle ba ileng ba mo tshehetsa borabeleng ba hae ba ile ba shwa.—Num. 16:31-35.
w11 9/15 27 ¶11
Na o Tsejwa ke Jehova?
11 Moshe le Kora ba ne ba fapane haholo mabapi le ho hlompha tokisetso ya Jehova le diqeto tsa hae. Diketso tsa bona di ile tsa ama tsela eo Jehova a neng a ba tadima ka yona. Kora e ne e le Molevi wa Mokohathe mme o ne a thabela ditokelo tse ngata tsa tshebeletso, tseo e ka nnang yaba di ne di akarelletsa ho bona ha setjhaba se ne se lopollwa Lewatleng le Lefubedu, ho tshehetsa kahlolo ya Jehova Thabeng ya Sinai kgahlanong le Baiseraele ba neng ba sa mamele le ho ba le kabelo ya ho tsamaisa areka ya selekane. (Ex. 32:26-29; Num. 3:30, 31) Ho hlakile hore o ne a ile a tshepahala ho Jehova ka dilemo tse ngata mme ka lebaka leo ba bangata diahelong tsa Iseraele ba ne ba mo hlompha.
Matlotlo a Patilweng
w98 9/1 20 ¶1-2
Tiisa Hore o Beha Dintho Tse Tlang Pele Sebakeng sa Pele!
Jehova o ile a nka taba eo ka ho teba haholo. Bibele e re: “Yaba Jehova o re ho Moshe: ‘Motho eo o tshwanetse ho bolawa.’” (Numere 15:35) Ke hobaneng ha Jehova a ile a nka seo monna eo a se entseng ka ho teba hakaalo?
Batho ba ne ba na le matsatsi a tsheletseng bakeng sa ho rwalla patsi esita le ho hlokomela ditlhoko tsa bona tsa dijo, diaparo le bodulo. Letsatsi la bosupa ba ne ba lokela hore ba le sebedisetse ho matlafatsa setswalle sa bona le Jehova. Le hoja ho ne ho se phoso ho rwalla patsi, ho ne ho le phoso ho etsa seo ka ho sebedisa nako e neng e lokela ho behellwa ka thoko bakeng sa borapedi ba Jehova. Le hoja Bakreste ba se tlasa Molao oo Modimo a neng a file Moshe, na ketsahalo eo ha e re rute thuto ya hore re lokela ho hlophisa dintho tse tlang pele bophelong ba rona kajeno ka mokgwa o nepahetseng?—Bafilipi 1:10.
5-11 APRIL
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | NUMERE 17-19
“Ke Nna . . . Lefa la Hao”
w11 9/15 13 ¶9
Na o Etsa Hore Jehova e be Kabelo ya Hao?
9 Nahana ka Balevi ba sa kang ba fumana lefa la naha. Ka ha borapedi bo hlwekileng e ne e le yona ntho e ka sehloohong eo ba neng ba amehile ka yona, ba ne ba lokela ho tshepa Jehova hore a ba hlokomele ka dintho tseo ba di hlokang, mme Jehova o ile a re ho bona: “Ke nna kabelo ya hao.” (Num. 18:20) Le hoja re sa sebeletse tempeleng ya sebele jwalo ka baprista le Balevi, re ka etsisa mohlala wa bona mme ra kgodiseha hore Jehova o tla re hlokomela. Ha matsatsi a ho qetela a ntse a atamela, ke ha bohlokwa le ho feta hore re tshepe hore Modimo o na le matla a ho re hlokomela.—Tšen. 13:17.
w11 9/15 7-8 ¶4
Jehova ke Kabelo ya ka
4 Jehova e ile ya ba kabelo ya Balevi ka tsela efe ha a ne a ba kgetha hore ba mo sebeletse? Ho e na le hore Jehova a ba fe naha e le lefa o ile a ba fa mosebetsi wa bohlokwa haholo oo ba neng ba lokela ho o etsa. “Boprista ba Jehova” e ne e le lefa la bona. (Josh. 18:7) Ditemana tse potolohileng Numere 18:20 di bontsha hore sena ha se a ka sa etsa hore ba futsanehe. (Bala Numere 18:19, 21, 24.) Balevi ba ne ba lokela ho fuwa “karolo e nngwe le e nngwe ya leshome Iseraeleng e le lefa bakeng sa puseletso ya tshebeletso ya bona.” Ba ne ba tla fuwa karolo ya leshome ya dihlahiswa tsa Iseraele le ya palo eo diphoofolo di neng di tla ata ka yona. Balevi le bona ba ne ba lokela ho fana ka karolo ya leshome ya seo ba se fumaneng, e leng “wa tse ntlehadi ho tsona,” ho tshehetsa baprista. (Num. 18:25-29) Baprista ba ne ba boetse ba fuwa “menehelo yohle e halalelang” eo bara ba Iseraele ba neng ba e tlisa ho Modimo sebakeng sa hae sa borapedi. Ka hoo, baprista ba ne ba na le lebaka le letle la ho dumela hore Jehova o ne a tla ba hlokomela.
Matlotlo a Patilweng
g02 E 6/8 14 ¶2
Letswai ke Ntho ya Bohlokwa
Letswai le ka boela la emela ntho e tsitsitseng kapa ntho ya ka ho sa feleng. Ho ekelletsa moo, ka Bibeleng selekane se tlamang se ne se bitswa “selekane sa letswai” mme batho ba neng ba kene selekaneng seo ba ne ba ja ha mmoho dijo tse nang le letswai ho tiisa selekane. (Numere 18:19) Molao oo Modimo a neng a o file Moshe o ne o re ha ho nehelwa mahlabelo aletareng, ho lokelwa ho tshelwa letswai ho bontsha hore mahlabelo ao a hlwekile ebile ha a silafala.
12-18 APRIL
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | NUMERE 20-21
“Dula o le Bonolo le ha o le Tlasa Kgatello”
Eba Bonolo e le Hore o Thabise Jehova
19 Haeba re le batho ba bonolo, re tla qoba ho etsa diphoso. A ko nahane hape ka Moshe. O ile a dula a le bonolo ka dilemolemo ebile a mamela Jehova. Le ha ho le jwalo, ho elella qetellong ya leeto le boima la dilemo tse 40 lefeelleng, o ile a hloleha ho bontsha bonolo. Ausi wa hae o ne a sa tswa hlokahala mme a patwa Kadeshe. Ha ka nqena, Baiseraele ba ipelaetsa ka hore ha ba tshwarwe hantle. Lekgetlong lena ba ne ba se ba lla ka hore ba bolawa ke lenyora. Ke hore ba ne ba se ba lebetse tsohle tse ntle tseo Moshe a di entseng le mehlolo eo Jehova a ileng a mo sebedisa hore a e etse. Ha ba a ka ba korotlela taba ya metsi feela, empa ba ne ba se ba tshwayatshwaya Moshe diphoso, jwalo ka ha e ka ke yena ya entseng hore ba hloke metsi.—Num. 20:1-5, 9-11.
Eba Bonolo e le Hore o Thabise Jehova
20 Sena se ile sa etsa hore Moshe a halefe haholo. Ho e na le hore a bue le lefika jwalo ka ha Jehova a ne a mo laetse, o ile a tlakoloha ka bohale. Yaba o otla lefika habedi mme ha tswa metsi a mangata. Boikgohomoso le bohale di ile tsa etsa hore a etse phoso e kgolo. (Pes. 106:32, 33) Ka lebaka la hore o ile a hloleha ho ba bonolo ka nakwana, ha a a ka a dumellwa ho kena Naheng e Tshepisitsweng.—Num. 20:12.
21 Hona le dintho tsa bohlokwa tseo re ka ithutang tsona ketsahalong ena. Ntlha ya pele, re lokela ho sebetsa ka thata hore re dule re le batho ba bonolo. Hobane haeba re ka hloleha esita le hanyenyane feela, boikgohomoso bo tla itshohlometsa ebe jwale re se re iphumana re buile kapa re entse dintho ka bowatla. Ntlha ya bobedi, ho ka ba thata hore re be batho ba bonolo ha re le tlasa kgatello ya maikutlo.
w09 9/1 19 ¶5
Moahlodi ya sa Fetoheng Tabeng ya se Nepahetseng
Lebaka la pele, Modimo o ne a sa laela Moshe hore a bue le batho, ebile o ne a sa mo laela hore a ba ahlole ka borabele ba bona. La bobedi, Moshe le Arone ha ba a ka ba tlotlisa Modimo. Modimo o ile a re: ‘Ha le a ka la . . . nkgalaletsa.’ (Temana ya 12) Ha Moshe a ne a re “re tla le ntshetsa metsi,” o ne a bua jwalo ka ha e ka ke yena le Arone ba tla ntsha metsi ka mohlolo eseng Modimo. La boraro, kahlolo eo ba neng ba e fuwe e ne e tshwana le eo ba bang ba neng ba ile ba e fuwa nakong e fetileng. Modimo o ne a ile a hanela marabele a moloko wa pele hore a kene Kanana, ka hoo o ile a etsa se tshwanang le ka Moshe le Arone. (Numere 14:22, 23) La bone, Moshe le Arone e ne e le baetapele ba Baiseraele. Ba fuweng boikarabelo bo bongata ba tla ikarabella le ho feta ka pela Modimo.—Luka 12:48.
Matlotlo a Patilweng
w14 6/15 26 ¶12
Na o Tadima ba Fokolang ka Tsela eo Jehova a ba Tadimang ka Yona?
12 Maemong ana ohle, Jehova a ka be a ile a fa Arone kotlo hanghang. Empa o ile a hlokomela hore Arone ha se motho ya mobe le hore o entse phoso e se ka morero. Ho bonahala eka Arone o ile a dumella ba bang hore ba mo kgelose tseleng e nepahetseng. Empa ha a bontshwa diphoso tsa hae, o ile a di dumela a ba a amohela dikahlolo tsa Jehova. (Ex. 32:26; Num. 12:11; 20:23-27) Jehova o ile a kgetha ho tsepamisa mohopolo tabeng ya hore Arone o ne a na le tumelo a bile a bakile. Le ka mora dilemo tse makgolo, Arone le ditloholo tsa hae ba ne ba ntse ba balellwa hara batho ba tshabang Jehova.—Pes. 115:10-12; 135:19, 20.
19-25 APRIL
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | NUMERE 22-24
“Jehova o Etsa Hore Thohako e be Tlhohonolofatso”
Ho Bolela “Ditaba Tse Molemo Mabapi le Jesu”
5 Jwalo ka lekgolong la pele la dilemo, le kajeno mahloriso ha a kwala batho ba Modimo molomo. Kgafetsa, ha Bakreste ba qobellwa ho fallela sebakeng se seng ebang ba tswa teronkong kapa naheng e nngwe ho ya ho e nngwe seo se ba thusitse ho bolella batho ba sebakeng seo se setjha molaetsa wa Mmuso. Ka mohlala, nakong ya Ntwa ya II ya Lefatshe, Dipaki Tsa Jehova di ile tsa fana ka bopaki bo matla dikampong tsa mahloriso tsa Manazi. Mojuda e mong ya ileng a kopana le Dipaki dikampong tseo tsa mahloriso, o re: “Sebete sa batshwaruwa bao e neng e le Dipaki Tsa Jehova se ile sa nkgodisa hore tumelo ya bona e thehilwe Mangolong mme le nna ka ba Paki.”
it-2 E 291
Bohlanya
Bohlanya Kgahlanong le Jehova. Moprofeta Balame o ne a batla ho profeta kgahlanong le Baiseraele e le hore a fumane tjhelete e tswang ho morena wa Bamoabe e leng Balake, empa Jehova ha a ka dumella seo ho etsahala. Ha Moapostola Petrose a ngola ka Balame o ile a re: “Pelesa e sa tsebeng ho bua, ha e bua ka lentswe la motho, ya sitisa tsela ya bohlanya ya moprofeta eo.” Moapostola Petrose ha a bua ka bohlanya ba Balame, o ile a sebedisa lentswe la Segerike e leng pa·ra·phro·niʹa, le bolelang “motho ya lahlehetsweng ke kelello.”—2 Pet. 2:15, 16; Num. 22:26-31.
Matlotlo a Patilweng
w04 8/1 27 ¶2
Dintlhakgolo Tsa Buka ya Numere
22:20-22—Ke hobaneng ha bohale ba Jehova bo ile ba tukela Balame? Jehova o ne a boleletse moprofeta Balame hore a se ke a rohaka Baiseraele. (Numere 22:12) Le ha ho le jwalo, moprofeta eo o ile a tsamaya le banna ba Balake a ikemiseditse ka ho felletseng hore o ilo rohaka Iseraele. Balame o ne a batla ho kgahlisa morena wa Moabe le ho putswa ke yena. (2 Petrose 2:15, 16; Juda 11) Esita le ha Balame a se a qobeletswe ho hlohonolofatsa Iseraele ho fapana le ho e rohaka, o ile a batla ho ithatisa morena ka ho kgothalletsa hore ho sebediswe basadi ba rapelang Baale ho eka banna ba Baiseraele. (Numere 31:15, 16) Ka hona, lebaka le ileng la etsa hore Modimo a halefele Balame ke ho se tshepahale ho meharo ha moprofeta eo.
26 APRIL–2 MAY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | NUMERE 25-26
“Na Diketso Tsa Motho a le Mong di ka Tswela ba Bang Molemo?”
“Balehelang Bohlola!”
MOTSHWASI wa ditlhapi o kgetha sebaka seo a tsebang hantle hore ha a le ho sona, a ka tshwasa mofuta wa tlhapi oo a o batlang. Jwale o kgetha leraba le loketseng mme o akgela kgwele e nang le huku ka metsing. O leta ka mamello mme hang ha tlhapi e loma kgwele feela, o potlakela ho hula huku hore e tsebe ho tshwara tlhapi ebe o se a sotha kgwele a e ntshetsa ka ntle.
2 Ka tsela e tshwanang, le batho ba ka tshwaseha. Ka mohlala, Baiseraele ba ne ba se ba le haufi le ho kena Naheng e Tshepisitsweng ha ba hloma ditente Dithoteng Tsa Moabe. Jwale, morena wa Moabe o ne a ile a tshepisa monna e mong ya bitswang Balame ho mo fa tjhelete e ngata haeba a ne a ka bitsetsa Baiseraele bomadimabe. Qetellong, Balame o ile a atleha ho etsa hore Baiseraele ba ipitsetse bomadimabe. Ho bonahala hantle hore o ne a tsebile ho kgetha leraba. O ile a romela banana ba Bamoabe hore ba ilo kgelosa bahlankana ba Baiseraele.—Numere 22:1-7; 31:15, 16; Tšenolo 2:14.
“Balehelang Bohlola!”
4 Ke hobaneng ha Baiseraele ba bangata hakaale ba ile ba wela leqhekeng la Balame? Lebaka ke hore ba ne ba inahanetse feela ka ho kgotsofatsa ditakatso tsa bona, ba lebetse ka tsohle tseo Jehova a ba etseditseng tsona. Ka sebele ba ne ba na le mabaka a mangata a ho tshepahalla Modimo. O ne a ba lopollotse bokgobeng Egepeta, a ba fepile lefeelleng, a bile a ba sireleditse ho tla fihlela moo ba neng ba se ba le hona teng haufi le Naha e Tshepisitsweng. (Baheberu 3:12) Ho ntse ho le jwalo, ba ile ba inehella boitshwarong bo bobe ba ho etsa thobalano. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Hape re se ke ra tlwaela ho etsa bohlola, jwalo ka ha ba bang ba bona ba ile ba etsa bohlola, hore feela ba we.”—1 Bakorinthe 10:8.
Matlotlo a Patilweng
it-1 E 359 ¶1-2
Moedi
Ho bonahala e ka ho ne ho sebediswa dintho tsena tse pedi ha ho ne ho arolwa naha: ho lahlelwa ha lotho le hore na moloko o ne o le monyane kapa o le mongata hakae. Lotho e ne e kgona ho hakanya hore na meloko e ne e tla rua naha e kae le hore na naha eo e ne e tla ba sebakeng se feng. E ne e boetse e hlalosa hore na sebaka seo se ka Leboya, Borwa, Botjhabela kapa ka Bophirimela le hore na sebaka seo se pela lebopo la lewatle kapa dithaba. Qeto ya lotho e entsweng ke Jehova, e ne e thusa meloko hore e se ke ya lwantshana kapa ya jellana mona. (Lipr 16:33) Ka hoo, Modimo o ne a tla etsa hore boemo ba moloko o mong le o mong o dumellane le boprofeta ba mopatriareka Jakobo bo tlalehilweng ho Genese 49:1-33.
Ka mora hore lotho e bolele hore na moloko o itseng o tla dula sebakeng sefe, e ne e tla ba hantle hore hape ho hlahlojwe hore na naha eo e ne e tla lekana moloko oo. “Le ikarolele naha eo ka lotho e le leruo ho ya ka malapa a lona. Ya nang le baahi ba bangata le eketse lefa la hae, mme ya fokolang ka palo le fokotse lefa la hae. Moo lotho e tla tswela teng bakeng sa hae, e tla ba ha hae.” (Nu 33:54) Qeto ya lotho e neng e bontsha hore na moloko o itseng o ne o lokela ho dula hokae, e ne e lokela ho latelwa empa ho ne ho ka kgonahala hore ho etswe diphetoho ha ho tluwa tabeng ya hore na moloko o fumane sebaka se se kae. Ka mohlala, ha ho ne ho fumanwa hore sebaka sa moloko wa Juda se ne se le seholo bakeng sa bona, ho ilwe ha fokotswa karolo ya sona mme ya fuwa moloko wa Simeone.—Jos 19:9