LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • hf karolo 9 maq. 29-31
  • Rapelang Jehova le le Lelapa

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Rapelang Jehova le le Lelapa
  • Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • 1 MATLAFATSA KAMANO YA HAO LE JEHOVA
  • 2 THABELANG BORAPEDI BA LELAPA
  • Borapedi ba Nnete bo Tla Eketsa Thabo ya Hao
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2022
  • Thusa Lelapa la Hao Hore le Hopole Jehova
    Bophelo le Tshebeletso ya Rona—Bukana ya Seboka—2017
  • Ananela ho ba Setho sa Lelapa la Jehova
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2021
  • Dula o le Motswalle wa Jehova
    Bibele e re Rutang?
Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
hf karolo 9 maq. 29-31
Banyalani ba ithuta Bibele hammoho

KAROLO YA 9

Rapelang Jehova le le Lelapa

“Le rapele Ya entseng lehodimo le lefatshe.”​—Tšenolo 14:7

Jwalokaha le ithutile bukaneng ena, Bibele e na le melao e mengata e tla le thusa le le lelapa. Jehova o batla hore le thabe. O le tshepisa hore haeba le etelletsa borapedi ba hae pele, “dintho tsena tse ding tsohle le tla di ekeletswa.” (Matheu 6:33) Ruri o batla hore le be metswalle ya hae. Kahoo, etsang sohle seo le ka se kgonang ho matlafatsa setswalle sa lona le Modimo. Ena ke tlotla e kgolo ka ho fetisisa eo le ka bang le yona.​—Matheu 22:37, 38.

1 MATLAFATSA KAMANO YA HAO LE JEHOVA

Banyalani ba sebetsa mmoho tshimong

SEO BIBELE E SE BUANG: “‘Ke tla ba ntata lona, mme le tla ba bara le baradi ba ka,’ ho bolela Jehova.” (2 Bakorinthe 6:18) Modimo o batla hore o be motswalle wa hae wa sebele. E nngwe ya dintho tse ka o thusang ho etsa seo ke thapelo. Jehova o o mema hore o ‘rapele o sa phetse.’ (1 Bathesalonika 5:17) O labalabela ho utlwa maikutlo a hao a tebileng le dintho tse o tshwenyang. (Bafilipi 4:6) Ha o rapela hammoho le ba lelapa la hao, ba tla hlokomela hore ruri Modimo ke motho wa sebele ho wena.

Ho phaella tabeng ya ho buisana le Modimo, o lokela ho mo mamela. O ka etsa sena ka ho bala Lentswe la hae le dingolwa tse thehilweng Bibeleng. (Pesaleme ya 1:1, 2) Thuisa ka seo o ithutang sona. (Pesaleme ya 77:11, 12) Ho mamela Modimo ho boetse ho akarelletsa hore o ye dibokeng tsa Bokreste kamehla.​—Pesaleme ya 122:1-4.

Tsela e nngwe ya bohlokwa eo ka yona o ka matlafatsang kamano ya hao le Jehova ke ka ho bolella ba bang ka yena. Ha o bua ka yena kamehla, o tla ba le kamano e haufiufi le yena.​—Matheu 28:19, 20.

SEO LE KA SE ETSANG:

  • Ipheng nako ya ho rapela le ho bala Bibele letsatsi le letsatsi

  • Le le lelapa, etsang hore mesebetsi e amanang le borapedi e tle pele ho boithabiso le boikgathollo

2 THABELANG BORAPEDI BA LELAPA

Ntate o lokisetsa ho ithuta le lelapa la hae mme hamorao ba tshwara borapedi ba lelapa

SEO BIBELE E SE BUANG: “Atamelang ho Modimo, mme o tla atamela ho lona.” (Jakobo 4:8) Le lokela ho ba le kemiso ya kamehla ya borapedi ba lelapa mme le e kgomarele. (Genese 18:19) Empa ho hlokahala ho fetang hoo. Le lokela ho ameha ka Modimo bophelong ba lona kamehla. Matlafatsang kamano ya ba lelapa la lona le Modimo ka hore le bue ka yena ‘ha le dutse ka tlung le ha le tsamaya tseleng le ha le robala le ha le tsoha.’ (Deuteronoma 6:6, 7) E bang le sepheo se tshwanang le sa Joshua ya ileng a re: “Ha e le nna le ba ntlo ya ka, re tla sebeletsa Jehova.”—Joshua 24:15.

SEO LE KA SE ETSANG:

  • Ebang le lenaneo la ka mehla la ho ithuta le buang ka mathata ao e mong le e mong ka lapeng a tobanang le ona

Mme o balla mora wa hae ya monyenyane; lelapa le etsa terama ya tlaleho e hlahang ka Bibeleng; ntate o ruta ngwana wa hae

BAHLANKA BA JEHOVA BA THABILENG

Ha ho letho le molemo ho feta ho rapela Jehova Modimo. O thabela ho bona le ikitlaelletsa ho mo sebeletsa le le lelapa. Ha le ntse le etsa sena, le tla rata Jehova mme le mo etsise haholwanyane. (Mareka 12:30; Baefese 5:1) Ha le tlotlisa Modimo lenyalong la lona, kamano ya hao le molekane wa hao e tla ba matla haholo. (Moeklesia 4:12; Esaia 48:17) Wena le ba lelapa la hao le ka thaba ka ho sa feleng, le tseba hore “Jehova Modimo wa lona o le hlohonolofaditse.”​—Deuteronoma 12:7.

IPOTSE . . .

  • Re qetetse neng ho rapela hammoho re le banyalani?

  • Ke eng eo nka ithutang yona le ba lelapa la ka e ka matlafatsang tumelo ya rona ho Jehova?

MOLAETSA HO DIHLOOHO TSA MALAPA

  • Le se ke la dumella ntho leha e le efe ho sitisa borapedi ba lona ba lelapa

  • Tsebisang ba lelapa la lona esale pele seo le tla se tshohla e le hore ba ka lokisetsa

  • Tiisang hore bohle ba ba teng borapeding ba lelapa

  • Etsang hore ho rene moya wa kgotso e le hore bohle ba thabele borapedi ba lelapa

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share