Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
LA 7-13 NOVEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 2 MARENA 5-6
“Ba Nang le Rona ba Bangata ho Feta ba Nang le Bona”
it-1-E 716 ¶4
Elisha
Baiseraele ba Pholoswa ho Basiria. Nakong ya puso ya Morena Jorame wa Iseraele, Basiria ba ile ba rera ho hlasela Baiseraele ba sa lebella. Ka mehla ha Ben-hadade wa Bobedi a ne a rera ho lwantsha Baiseraele, Elisha o ne a bolella Morena Jorame ntho e nngwe le e nngwe eo Basiria ba neng ba e rerile. Qalong Ben-hadade o ne a nahana hore ho na le mpimpi hara masole a hae. Empa ha a ne a fumana hore ha e le hantle e ne e le Elisha ya neng a senya merero ya hae, o ile a romela lebotho la hae la sesole Dothane le ena le dipere le dikariki tsa ntwa e le hore le yo lata Elisha. (SETSHWANTSHO, Vol. 1, leq. 950) Mohlanka wa Elisha o ile a tshoha haholo ha a ne a bona lebotho la sesole empa Elisha o ile a rapela mme a kopa Modimo hore a mo thuse hore a bone se etsahalang. Mohlanka eo o ile bona ‘sebaka se dithaba se tletse dipere le dikariki tsa ntwa tsa mollo ho potapota Elisha.’ Ha Basiria ba se ba atametse ho kena motseng, Elisha o ile a rapella se fapaneng le seo a ileng a se rapella pejana. O ile a re: “Ka kopo, otla setjhaba sena ka bofofu.” Elisha o ile a re ho Basiria: “Ntateleng.” Taba ya hore ho ne ho sa hlokahale hore a ba tataise a ba tshwere ka matsoho, e ne e bontsha hore ba ne ba sa foufala e le ka nnete empa ba ne ba foufetse dikelello hoo ba neng ba sa kgone ho hlokomela se etsahalang. Ba ne ba sa elellwe hore ba ne ba bua le Elisha, eo ba neng ba yo mo lata ba bile ba sa tsebe le hore na o ba isa hokae.—2Ma 6:8-19.
w13 8/15 30 ¶2
Elisha o Ile a Bona Dikoloi Tsa Mollo—Wena?
Le hoja ba ne ba dikadikeditswe ke dira Dothane, Elisha o ne a kgobile matshwafo. Hobaneng? Hobane o ne a ena le tumelo e matla ho Jehova. Le rona re hloka tumelo e jwalo. Ka hoo, a re rapelleng moya o halalelang wa Modimo e le hore re bontshe tumelo le ditshobotsi tse ding tsa tholwana ya moya.—Luka 11:13; Bagal. 5:22, 23.
it-1-E 343 ¶1
Bofofu
Ho bonahala bofofu boo Modimo a ileng a otla lebotho la Basiria ka bona ho ya ka kopo ya Elisha e ne e le bofofu ba kelello. Haeba lebotho la sesole la Basiria le ne le sa bone mahlong, ho ne ho tla hlokahala hore le tataiswe le tshwerwe ka matsoho. Empa tlaleho ya Bibele e re Elisha o ile a re ho lona: “Ena ha se tsela, mme ona ha se motse. Ntateleng.” Ha William James a bua ka taba ena bukeng ya hae e bitswang Principles of Psychology (1981, Vol. 1, leq. 59), o ile a re: “Ntho e thahasellisang ka ho fetisisa e etsahalang ha motho a ena le bothata bokong, ke ho ba le bofofu ba kelello. Sena ha se bolele hakaalo hore motho ha a kgone ho bona ditshwantsho kapa ho di utlwisisa. Batho ba sebetsanang le mafu a kelello ba hlalosa bothata bona e le ha motho a kgona ho bona empa a sa kgone ho amahanya seo a se bonang le hore na se bolelang. Hape ba re ho ka bolela hore karolo e itseng ya boko e etseditsweng ho bona dintho, e bile le bothata bo itseng bo etsang hore motho a se ke a kgona ho bona dintho ka tsela e nepahetseng kapa ho nahana ka tsela e nepahetseng.” Bofofu bona ho bonahala e le boo Jehova a ileng a bo tlosa ho masole a Basiria ha a ne a fihla Samaria. (2Ma 6:18-20) Ho ka etsahala hore ebe bofofu bona ke boo Jehova a ileng a otla banna ba Sodoma ka bona. Jwalo ka ha tlaleho eo e bontsha, ho ena le hore ba ferekangwe ke ho se bone, ba ile ba tswela pele ba ntse ba batlana le lemati la ntlo ya Lota.—Ge 19:11.
Matlotlo a Patilweng
w05 8/1 9 ¶2
Dintlhakgolo Tsa Buka ya Marena a Bobedi
5:15, 16—Ke hobaneng ha Elisha a sa ka a amohela mpho ya Naamane? Elisha o ile a hana mpho eo hobane a ne a hlokomela hore mohlolo wa ho phekola Naamane o ne o entswe ka matla a Jehova, eseng a hae. Ho hang o ne a ke ke a nahana hore a rue ka boemo boo Modimo a mo fileng bona. Kajeno barapedi ba nnete ha ba sebeletse Jehova e le hore ba rue. Ba nka ka botebo keletso ena ya Jesu: “Le amohetse ntle ho tefo, le fane ntle ho tefo.”—Matheu 10:8.
LA 14-20 NOVEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 2 MARENA 7-8
“Jehova o Ile a Etsa Dintho Tse sa Lebellwang”
it-1-E 716-717
Elisha
Le ha ho le jwalo, Ben-hadade wa Bobedi o ile a kgutla ho yo dikadiketsa Samaria empa ha a ka a kgutla le bafutuhi, ho ena le hoo, o ile a kgutla le lebotho la hae. Ba ile ba e dikadiketsa nako e telele hoo ho ileng ha eba le mosadi ya ileng a ja mora wa hae. Jwalo ka ntate wa hae Akabe, “mora eo wa mmolai” e leng Morena Jorame, le yena o ile a rera ho bolaya Elisha empa a hloleha. Morena Jorame o ile a ya ho Elisha a tsamaya le molaodi wa hae mme a bolella Elisha hore o lahlehetswe ke tshepo yohle ya hore Jehova o tla ba thusa. Elisha o ile a bolella morena hore dijo di tla ba ngata letsatsing le hlahlamang. Molaodi wa morena o ne a sa kgolwe taba eo, ka hoo Elisha o ile a re ho yena: “Bona! o iponela ka mahlo, empa o ke ke wa e ja.” Jehova o ile a etsa hore ho utlwahale lerata kampong ya Basiria hoo ba ileng ba nahana hore ba hlaselwa ke lebotho le ikopantseng la ditjhaba. Ka hoo, ba ile ba baleha mme ba siya kampo ya bona le dijo tsa bona. Ha morena a utlwa hore Basiria ba balehile, o ile a beha molaodi wa hae hore e be molebedi keiting ya Samaria. Ha sehlopha sa Baiseraele se ya kampong ya Basiria ho yo nka dijo tseo ba neng ba di siile, se ile sa hatakela molaodi eo hoo a ileng a shwa. Ka hoo, o ile a bona dijo tseo empa ha a ka a di ja.—2Ma 6:24–7:20.
Matlotlo a Patilweng
it-2-E 195 ¶7
Lebone
Marena a Hlahang Lelokong la Davida. Jehova o ile a kgetha Davida hore e be morena wa Iseraele. O ile a mo tataisa hoo qetellong e ileng ya eba moetapele ya bohlale wa Iseraele. Ka hoo, o ile a bitswa “lebone la Iseraele.” (2Sa 21:17) Ka lebaka la selekane sa mmuso seo Jehova a ileng a se etsa le Davida, o ile a re ho yena: “Terone ya hao e tla tiiswa ka thata ho isa nakong e sa lekanyetswang.” (2Sa 7:11-16) Ka hona, marena a ileng a latela ho tloha ho Davida le Solomone mora wa hae, a ile a eba jwalo ka “lebone” ho setjhaba sa Iseraele.—1Ma 11:36; 15:4; 2Ma 8:19; 2Kr 21:7.
LA 21-27 NOVEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 2 MARENA 9-10
“O Ile a Bontsha Sebete, Boikemisetso le Tjheseho”
w11 11/15 3 ¶2
Jehu o Tshehetsa Borapedi bo Hlwekileng ka Tjheseho
Jehu o ile a rongwa nakong eo dintho di neng di sa tsamaye hantle setjhabeng sa Iseraele. Naha ya Iseraele e ne e le tlasa tshusumetso e kgopo ya Jezebele, eo e neng e le mohlolohadi wa Akabe e bile e le mme wa morena Jorame ya neng a ntse a busa. Jezebele o ile a kgothalletsa batho ho rapela Baale ho ena le ho rapela Jehova, a bolaya baprofeta ba Modimo a ba a silafatsa batho ka “bohlola” le “boloi” ba hae. (2 Mar. 9:22; 1 Mar. 18:4, 13) Jehova o ile a laela hore bohle ba ntlo ya Akabe ba bolawe, ho akarelletsa Jorame le Jezebele. Jehu e ne e le yena ya neng a tla etella pele ha taelo eo e phethahatswa.
w11 11/15 4 ¶2-3
Jehu o Tshehetsa Borapedi bo Hlwekileng ka Tjheseho
Ka mora hore a hane ho tswa ka ditaba ho manqosa a mabedi a neng a rometswe ho yena, Jehu o ile a kopana le Morena Jorame le motswalle wa hae Akazia, e leng morena wa Juda, e mong le e mong a le koloing ya hae. Ha Jorame a botsa Jehu a re, “Na kgotso e teng, Jehu?” Jehu o ile a mo araba ka bohale a re: “Ke kgotso ya eng e ka bang teng hafeela ho ena le bohlola ba mmao Jezebele le boloi ba hae bo bongata?” A tshositswe ke karabo eo, Jorame o ile a baleha. Empa Jehu o ile a mo potlakela! O ile a ntsha seqha a fula Jorame ka motsu pelong yaba o shwella koloing ya hae. Le hoja Akazia a ile a baleha, hamorao Jehu o ile a sala mohlala wa hae morao yaba le yena o a mmolaya.—2 Mar. 9:22-24, 27.
E mong wa ntlo ya Akabe ya neng a lokela ho bolawa e ne e le Mofumahadi Jezebele ya kgopo. Ka nepo Jehu o ile a re ke “enwa ya rohakilweng.” Ha Jehu a fihla Jezriele, o ile a bona Jezebele a tadimile tlase ka fensetere ntlong ya borena. A sa hlathe kwana le kwana, Jehu o ile a laela balaodi ba lekgotla hore ba dihele Jezebele fensetereng. Ka mora moo, dipere tsa Jehu di ile tsa hatakela Jezebele ya neng a silafaditse Iseraele. Ka mora moo, Jehu o ile a tswela pele ho bolaya ba bang ba bangata ba ntlo ya Akabe ya kgopo.—2 Mar. 9:30-34; 10:1-14.
w11 11/15 5 ¶3-4
Jehu o Tshehetsa Borapedi bo Hlwekileng ka Tjheseho
Ke nnete hore Jehu o ile a tsholla madi a mangata. Le ha ho le jwalo, Mangolo a bolela hore e ne e le monna ya sebete ya ileng a lokolla Baiseraele tlasa puso e hatellang ya Jezebele le ba lelapa la hae. E le hore moetapele ofe kapa ofe wa Iseraele a atlehe ho etsa seo, o ne a lokela ho ba sebete, a be le boikemisetso a be a tjhesehe. Dikishinari e nngwe ya Bibele e re: “E ne e le mosebetsi o boima mme o ne o lokela ho phethwa ka botlalo. Haeba motho a ne a ka sebetsa dintho ka tsela e bonolo ho feta eo, o ne a ka nna a se ke a atleha ho fedisa borapedi ba Baale naheng ya Iseraele.”
Ha ho pelaelo hore o a hlokomela hore maemo ao Bakreste ba thulanang le ona kajeno a hloka hore ba bonahatse tse ding tsa ditshobotsi tseo Jehu a neng a ena le tsona. Ka mohlala, re lokela ho etsang haeba re lekeha hore re etse ntho efe kapa efe eo Jehova a e nyatsang? Re lokela ho nka bohato hanghang, re be sebete mme re tjhesehele ho hana ho etsa seo Jehova a se nyatsang. Mabapi le boinehelo ba rona ho Modimo, re ke ke ra mamella tlhodisano ya letho e lebisitsweng ho Jehova.
Matlotlo a Patilweng
w11 11/15 5 ¶6-7
Jehu o Tshehetsa Borapedi bo Hlwekileng ka Tjheseho
E ka nna yaba Jehu o ne a nahana hore taba ya hore ebe mmuso wa Iseraele o ne o arohile ho wa Juda e ne e bolela hore mebuso eo e lokela le ho arohana bodumeding. Ka hoo, jwalo ka marena a Iseraele a fetileng, o ile a leka ho arola mebuso eo e mmedi ka ho kgothalletsa borapedi ba namane. Empa sena se ne se tla be se bontsha hore ha a na tumelo ho Jehova ya neng a mo behile hore e be morena.
Jehova o ile a babatsa Jehu ka ha o ile a ‘etsa hantle ka ho etsa se nepahetseng mahlong a Modimo.’ Le ha ho le jwalo, Jehu “ha a ka a hlokomela ho tsamaya molaong wa Jehova Modimo wa Iseraele ka pelo ya hae yohle.” (2 Mar. 10:30, 31) Ha o nahana ka dintho tsohle tseo Jehu a ileng a di etsa pejana, sena se ka nna sa o makatsa sa ba sa o swabisa. Le ha ho le jwalo, ho na le seo re ithutang sona ho sena. Le ka mohla ha re a lokela ho kgella kamano ya rona le Jehova fatshe. Letsatsi le leng le le leng, re lokela ho lwanela ho tshepahala ho Modimo ka ho ithuta Lentswe la hae, ka ho thuisa ka lona le ka hore re rapele Ntate wa rona ya lehodimong ho tswa botebong ba pelo. Ka hoo, e se eka re ka ba hlokolosi hore re tswele pele re tsamaya molaong wa Jehova ka dipelo tsohle tsa rona.—1 Bakor. 10:12.
LA 28 NOVEMBER–LA 4 DECEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 2 MARENA 11-12
“Mosadi ya Kgopo ya Ratang Botumo o Fumana Kotlo”
it-1-E 209
Athalia
Athalia o ile a etsisa mme wa hae Jezebele ka hore a susumetse monna wa hae Jorame ho etsa se sebe mahlong a Jehova nakong ya puso ya hae ya dilemo tse robedi. (1Ma 21:25; 2Kr 21:4-6) Jwalo ka mme wa hae, Athalia o ile a bolaya batho ba se nang molato. Ka mora hore mora wa hae ya kgopo Akazia a shwe a ena le selemo feela a busa, o ile a bolaya bara bohle ba morena. Ke Joase feela ya sa kang a bolawa hobane o ile a patwa e sa le lesea ke moprista ya phahameng le mosadi wa hae, eo e neng e le rakgadi wa hae. Ho tloha ka nako eo, Athalia o ile a ipeha hore e be mofumahadi ka dilemo tse tsheletseng, ho tloha ka selemo sa 905 ho ya ho 899 B.C.E. (2Kr 22:11, 12) Bara ba hae ba ile ba utswa dintho tse halalelang tempeleng ya Jehova mme ba di nyehela ho Baale.—2Kr 24:7.
it-1-E 209
Athalia
Ha Joase a ne a le dilemo di supileng, Moprista ya Phahameng Jehojada ya neng a tshaba Modimo, o ile a kgaotsa ho mo pata mme a mo hlomamisa hore e be morena. Ha Athalia a utlwa lerata le neng le le tempeleng, o ile a potlakela teng mme ha a ne a bona se neng se etsahala, o ile a hweletsa a re: “Borabele! Borabele!” Moprista ya Phahameng Jehojada o ile a laela hore Athalia a ntshetswe ka ntle ho tempele mme a bolaelwe monyako wa keiti ya dipere paleising ya morena. Ho ka etsahala hore e ne e le yena wa ho qetela lelokong la Akabe. (2Ma 11:1-20; 2Kr 22:1–23:21) Ketsahalo ena e ile ya phethahatsa mantswe a reng: “Ha ho na lentswe le le leng leo Jehova a le buileng ka lelapa la Akabe leo Jehova a ke keng a le phetha”!—2Ma 10:10, 11; 1Ma 21:20-24.
Matlotlo a Patilweng
it-1-E 1265-1266
Joase
Ha Moprista ya Phahameng Jehojada a ne a ntse a phela, o ile a tswela pele a eletsa Joase jwalo ka ntate mme seo se ile sa etsa hore Joase a atlehe. Ha a ne a le dilemo di 21, o ne a se a nyetse mme a ena le basadi ba babedi, eo e mong wa bona e neng e le Joadane. Basadi bana ba hae ba ile ba mo tswalla bara le baradi. Sena se ile sa etsa hore leloko la Davida, le batlileng le fediswa, le boele le be matla ho ya fihla ho Mesia.—2Ma 12:1-3; 2Kr 24:1-3; 25:1.
LA 5-11 DECEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 2 MARENA 13-15
“Ho Sebeletsa Jehova ka Tjheseho ho Tlisa Ditlhohonolofatso”
w10 4/15 26-27 ¶11
Na o Latela Kreste ka Botlalo?
11 E le ho bontsha hore ke habohlokwa ho sebeletsa Modimo ka tjheseho, hlokomela ketsahalo e ileng ya etsahala bophelong ba Morena Joase wa Iseraele. Ka ha o ne a amehile ka hore Syria e ne e ka nna ya hapa Iseraele, Joase o ile a ya ho Elisha a lla. Moprofeta Elisha o ile a mo laela hore a fulele motsu nqa Syria ka fensetere, e le ho bontsha hore setjhaba seo se ne se tla hlolwa ka thuso ya Jehova. Ka sebele sena se ne se lokela ho tsosa morena eo molota. Ka mora moo, Elisha o ile a bolella Joase hore a nke metsu ya hae ebe o otla fatshe ka yona. Joase o ile a otla fatshe ka makgetlo a mararo. Sena se ile sa halefisa Elisha, hobane ho otla fatshe ka makgetlo a mahlano kapa a tsheletseng ho ne ho tla bontsha hore o ne a tla “hlasela Syria ho fihlela e fedile.” Jwale, Joase o ne a tla hlola ka makgetlo a mararo feela, empa a sa hlole ka botlalo. Ka ha Joase o ile a etsa ka monyebe, ha a ka a hlola ka ho felletseng. (2 Marena 13:14-19) Re ka ithutang tlalehong eo? Hore Jehova o tla re hlohonolofatsa haholo hafeela re etsa mosebetsi wa hae ka pelo yohle le ka tjheseho.
w13 11/1 11 ¶5-6
“Moputsi wa ba mo Batlang ka Tiyo”
Jehova o putsa batho ba jwang? Pauluse o re “ba mo batlang ka tiyo.” Buka e nngwe ya bafetoledi ba Bibele e bontsha hore lentswe la Segerike le fetoletsweng e le ho ‘batla ka tiyo,’ ha le bolele “ho batla ho tseba” ka Modimo, ho ena le hoo, le bolela “borapedi” ba rona ho Modimo. Buka e nngwe e re leetsi lena la Segerike le bolela ketso e matla le boiteko bo etswang ka tiyo. Ka sebele, Jehova o putsa batho bao tumelo ya bona e ba susumelletsang ho mo etsetsa borapedi ka lerato le tjheseho tse tswang botebong ba pelo.—Matheu 22:37
Jehova o putsa barapedi ba hae ba tshepahalang jwang? O tshepisitse ho re putsa ka bokamoso bo ke keng ba lekanngwa—bophelo bo sa feleng Paradeiseng lefatsheng—e leng se bontshang lerato la hae le tebileng le ho fana ha hae ka seatla se bulehileng. (Tšenolo 21:3, 4) Esita le hona jwale, batho ba batlang Jehova ka tiyo ba fumana mahlohonolo a mangata. Ka thuso ya moya wa Modimo le bohlale bo fumanwang Lentsweng la hae, ba phela bophelo bo thabileng le bo kgotsofatsang.—Pesaleme ya 144:15; Matheu 5:3.
Matlotlo a Patilweng
w05 8/1 11 ¶4
Dintlhakgolo Tsa Buka ya Marena a Bobedi
13:20, 21—Na mohlolo oo o tshehetsa borapedi ba masapo a bahalaledi? Tjhe. Bibele ha e bontshe hore ho na le mohla masapo a Elisha a kileng a hlomphuwa ka tsela ya borapedi. Mohlolo ona o ne o entswe ka matla a Modimo, jwalo ka ha ho ne ho le jwalo ka mehlolo yohle eo Elisha a neng a e entse ha a sa ntse a phela.
LA 12-18 DECEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 2 MARENA 16-17
“Mamello ya Jehova e a Fela”
it-2-E 908 ¶5
Shalmanesere
Iseraele e a Hapuwa. Nakong ya puso ya Morena Hoshea wa Iseraele (c. 758-740 B.C.E.), Shalmanesere wa Bohlano o ile a kena Palestina mme Hoshea ya eba mohlanka wa hae ka hoo a lokela ho ntsha sethabathaba selemo le selemo. (2Ma 17:1-3) Le ha ho le jwalo, hamorao Hoshea o ile a hloleha ho patala mme a fumanwa a etsa bolotsana le Morena So wa Egepeta. (Sheba SO.) Ka lebaka la sena Shalmanesere o ile a kwalla Hoshea teronkong. Ka mora moo a thibella Samaria ka dilemo tse tharo mme motse oo o sireleditsweng ka thata o ile wa wela ka hoo Baiseraele ba iswa kgolehong.—2Ma 17:4-6; 18:9-12; bapisa le Hos 7:11; Eze 23:4-10.
it-1-E 414-415
Botlamuwa
Mmuso o ka leboya wa Iseraele wa meloko e leshome, le mmuso o ka borwa wa Juda wa meloko e mmedi, e ile ya ya botlamuweng ka lebaka le tshwanang, e leng, ho rapela medimo ya bohata ho e na le ho rapela Jehova. (De 28:15, 62-68; 2Ma 17:7-18; 21:10-15) Jehova o ile a romela baprofeta ba hae ka makgetlo ho ba lemosa empa ha ba a ka ba mamela. (2Ma 17:13) Mmusong wa meloko e leshome, ha ho le ya mong wa marena a Iseraele a ileng a tlosa ka ho felletseng borapedi ba bohata bo neng bo ile ba qalwa ke morena wa pele Jeroboame. Mmuso o ka borwa wa Juda o ile wa hloleha ho mamela ditemoso tse tobileng tsa Jehova, wa ba wa hloleha ho ithuta mohlaleng wa Iseraele ha e ne e dihuwa le ho iswa botlamuweng. (Jer 3:6-10) Qetellong baahi ba mebuso ena ka bobedi ba ile ba iswa botlamuweng ka dihlopha tse fapaneng.
Matlotlo a Patilweng
it-2-E 847
Samaria
Lentswe “Basamaria” le ile la qala ho hlaha ka lekgetlo la pele ka mangolong ka mora hore mmuso wa meloko e leshome wa Samaria o hlolwe ka selemo sa 740 pele ho mehla ya Jesu. Le ne le sebediswa ho batho ba neng ba dula mmusong o ka leboya e le ho ba kgetholla ho baditjhaba ba ileng ba tliswa hamorao ho tswa dikarolong tsa mmuso wa Asiria. (2Ma 17:29) Ho bonahala hore Asiria ha e a ka ya tlosa baahi bohle ba Iseraele hobane tlaleho e hlahang ho 2 Likronike 34:6-9 (bapisa le 2Ma 23:19, 20) e bontsha hore ho ne ho ntse ho ena le Baiseraele naheng eo pusong ya Morena Josiase. Hamorao ha ho ne ho buuwa ka “Basamaria” ho ne ho bolelwa ditloholo tsa Baiseraele ba neng ba setse Samaria le batho ba ileng ba tliswa ho tswa Asiria. Ka hoo ba bang e ne e le ditloholo tsa Baiseraele ba nyalaneng le Baasiria. Le ha ho le jwalo, lentswe lena le ile la sekamela haholo bodumeding ho ena le ho bolela mmuso o itseng kapa morabe o itseng. Lentswe Mosamaria le ne le bolela hore motho ke setho sa bodumedi bo neng bo atile Shikeme ya boholoholo le Samaria mme tumelo ya bona e ne e fapane le ya Sejuda—Joh 4:9
LA 19-25 DECEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 2 MARENA 18-19
“Bahanyetsi ba Rona ba ka Leka ho re Nyahamisa Jwang?”
w05 8/1 11 ¶6
Dintlhakgolo Tsa Buka ya Marena a Bobedi
18:19-21, 25—Na Ezekiase o ne a entse selekane le Egepeta? Tjhe. Mantswe ana a Rabshake a ne a fosahetse, feela jwalo ka ha polelo ya hae ya hore o tlile ka “tumello ya Jehova” e ne e fosahetse. Morena Ezekiase ya tshepahalang o ne a tshepile Jehova ka ho felletseng.
w10 7/15 13 ¶3
“O se ke Wa Tshoha. Ke Tla O Thusa”
Rabshake o ile a sebedisa bomenemene e le hore a jale dipelaelo dikelellong tsa setjhaba. O ile a re: “Na [Jehova] hase yena eo Ezekiase a tlositseng dibaka tsa hae tse phahameng le dialetare tsa hae? . . . Jehova o itse ho nna, ‘Futuhela naha ena, mme o e fedise.’ ” (2Ma 18:22, 25) Ka hoo, Rabshake o ile a beha lebaka la hore Jehova o ne a ke ke a lwanela setjhaba sa Hae hobane o ne a se halefetse. Empa ho ne ho se jwalo. Jehova o ne a thabiswa ke Ezekiase le Bajuda ba neng ba kgutletse borapeding ba nnete.—2 Ma. 18:3-7.
w13 11/15 19 ¶14
Se Emelwang ke Badisa ba Supileng le Babusisi ba Robedi Kajeno
14 Morena wa Asiria o ile a hloma diahelo Lakishe, ka borwa-bophirimela ho Jerusalema. Ha a le moo, o ile a romela manqosa a mararo, mme a laela baahi hore ba inehele. mmuelli wa hae ya neng a bitswa Rabshake, o ile a sebedisa maqiti a sa tshwaneng. A bua ka Seheberu, o ile a phehella setjhaba hore se tswe morena tlase mme se ikokobeletse Baasiria, a se tshepisa hore o tla se isa naheng eo se tla phela hamonate ho yona. (Bala 2 Marena 18:31, 32.) Ka mora moo, Rabshake o ile a re feela jwalo ka ha medimo ya ditjhaba e sitilwe ho sireletsa barapedi ba yona, Jehova le yena o tla sitwa ho pholosa Bajuda ditleneng tsa Baasiria. Empa setjhaba se ile sa etsa ka bohlale, ka ha ha sea ka sa leka ho araba leshano leo, e leng seo le kajeno bahlanka ba Jehova ba atisang ho se etsa.—Bala 2 Marena 18:35, 36.
yb74-E 177 ¶1
Karolo ya Bobedi—Jeremane
Ho a makatsa hore ebe masole a ma SS ka makgetlo a ne a qhekella Dipaki Tsa Jehova hore di tekene hore ha e sa le Dipaki empa hang ha ba qeta ho tekena ba ne ba ba kwenehela ebe ba ba sotla ho feta pele. Karl Kirscht o tiisa sena ka ho re: “Dipaki Tsa Jehova e ne e le tsona tse qhekellwang ka ho fetisisa dikampong tsa mahloriso. Ka ho etsa jwalo masole ana a ne a nahana hore a tla di susumelletsa ho tekena hore ha e sa le Dipaki. Ba ne ba re bolella ka makgetlo hore re e tekene. Ba bang ba ile ba tekena empa ha ngata ba ne ba tlameha ho ema selemo pele ba ka lokollwa. Ka nako ena masole a ma SS a ne a ba hobosa a re ke makwala le baikaketsi. Masole a ile a boela a ba hobosa a re pele ba ka lumelloa ho tsoa kampong, ba lokela ho tsamaea ka pela bara babo rona ba ntseng ba le teronkong.”
Matlotlo a Patilweng
it-1-E 155 ¶4
Baepolli
Jwalo ka ha ho hlalositswe, tlaleho ya Bibele e bontsha hore Morena Sankeribe wa Asiria o ile a bolawa ke bara ba hae ba babedi e leng Adrameleke le Sharezere mme a hlahlangwa ke mora wa hae e mong ya bitswang Esare-hadone. (2Ma 19:36, 37) Le ha ho le jwalo, ditlaleho tsa Babilona di bontsha hore mora wa hae o ile a mo fetohela mme a mo bolaya ka di 20 tsa kgwedi ya Tebethe. Berossus eo e neng e le moprista wa Babilona dilemo tse ke bang 200 ho ya ho 300 pele ho mehla ya Jesu le morena Nabonidus eo e e neng e le morena dilemo tse ka bang 500 ho ya ho 600 pele ho mehla ya Jesu, ka bobedi ba dumellana le tlaleho eo ya hore Sankeribe o ile a bolawa ke mora wa hae a le mong. Le ha ho le jwalo, sekgetjhaneng se fumanweng haufinyane sa Prism of Esar-haddon e leng mora ya ileng a hlahlama Sankeribe boreneng o hlalosa ka ho hlaka hore bara babo ba ile ba fetohela le ho bolaya ntate wa bona mme ba qetella ba balehile. Bukeng ya Universal Jewish History (1948, Vol. I, leq. 27), Philip Biberfeld o fane ka maikutlo a hae mme o re: “Tlalehong ya Babilona, Nabonid le Berossus ba ne ba fositse, ke tlaleho ya Bibele feela e bonahetseng e nepahetse. Seo Esare-hadone a se ngotseng se netefatsa ka ho feletseng tlaleho ena ya histori dipakeng tsa Babilona le Asiria ho feta ditlaleho tsa Bababilona. Ke taba ya bohlokwa ho hlahlobisisa ditlaleho tsa histori tse buang ka nako e tshwanang, haholo ha ditlwaelo tseo di sa dumellane le Bibele.”
LA 26 DECEMBER–LA 1 JANUARY
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | 2 MARENA 20-21
“Thapelo e Ile ya Susumetsa Jehova Hore a Kenelle”
ip-1 394 ¶23
Tumelo ya Morena e a Putswa
23 Hoo e ka bang nakong ya ha Sankeribe a qala ho futuhela Juda, Ezekiase o kula hampe. Esaia o mo bolella hore o tlilo shwa. (Esaia 38:1) Morena enwa ya dilemo di 39 o sithabetse maikutlo. Ha a tshwenyeha feela ka boiketlo ba hae empa o tshwenyehile le ka bokamoso ba setjhaba. Jerusalema le Juda di kotsing ya ho hlaselwa ke Baasiria. Haeba Ezekiase a eshwa, ke mang ya tlang ho etella pele ntweng? Ka nako eo, Ezekiase ha a na mora ya ka mo hlahlamang boreneng. Ka thapelo e tiileng Ezekiase o kopa Jehova hore a mo bontshe mohau.—Esaia 38:2, 3
Sebeletsa Jehova ka Pelo e Feletseng
16 Hamorao Ezekiase o ile a kulela lefu. O ile a kopa Jehova hore a hopole nako eo a ileng a mo sebeletsa ka yona. (Bala 2 Marena 20:1-3.) Re a tseba hore re phela dinakong tseo ka tsona re ke keng ra lebella hore Modimo a re thuse ka mohlolo haeba re kula kapa re batla ho lelefatsa bophelo ba rona. Ka hoo, jwalo ka Ezekiase re ka rapela Jehova ra re: “Hopola ka moo ke tsamaileng ka pela hao ka nnete le ka pelo e feletseng.” Na o a dumela hore Jehova a ka o thusa le ha o kula?—Pes. 41:3.
g01 8/8 23 ¶4
Thapelo e ka Nthusa Jwang?
Mehleng ya ha ho ne ho ngolwa Bibele dithapelo tsa batho ba neng ba ena le tumelo di ne di arajwa ka ho toba mme ka dinako tse ding e ne e eba ka tsela e mohlolo. Mohlala, ha Morena Ezekiase a ne a kulela lefu o ile a kopa Jehova hore a mo fodise. Modimo o ile a re: “Ke utlwile thapelo ya hao. Ke bone meokgo ya hao. Bona! ke a o fodisa.” (2 Marena 20:1-6) Banna le basadi ba tshabang Modimo le bona ba ile ba bona letsoho la Jehova.—1 Samuele 1:1-20; Daniele 10:2-12; Liketso 4:24-31; 10:1-7.
Matlotlo a Patilweng
it-2-E 240 ¶1
Disebediswa tse Methang
Disebediswa tse methang di ka nna tsa sebediswa ho haha mohaho hantle kapa ho hlahloba hore na mohaho o maemong a nepahetseng. Jehova o ile a bolella baahi ba Jerusalema esale pele hore haeba ba sa mamele o tla ba ‘ahlola a sebedisa disebediswa tseo sehahi se methang ka tsona.’ Ha Modimo a metha o ile a fumana boitshwaro bo bobe Samaria le ntlong ya Morena Akabe mme ka lebaka leo ba ile ba fediswa. Ka tsela e tshwanang, Modimo o ne a tla ahlola Jerusalema le babusi ba yona, a pepese bokgopo ba bona mme a fedise motse oo. Diketsahalo tsena di etsahetse ka selemo sa 607 pele ho mehla ya Jesu. (2Ma 21:10-13; 10:11) Esaia o ile a bolella babusi ba kgopo le ba ipoledisang ba Jerusalema ka ho fediswa ha bona ho tlang ho ba lebile le ka phatlalatso ya Jehova e reng: “Ke tla etsa hore toka e be kgwele e methang mme ho loka e be sesebediswa se otlollang.” Melao ya toka le ho loka e ne e tla bontsha hore na ke bomang ba sebeletsang Jehova le hore na ke bomang ba sa mo sebeletseng mme seo se felle ka hore ba bolokwe kapa ba fediswe.—Esa 28:14-19.