Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona
© 2023 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
LA 6-12 NOVEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JOBO 13-14
“Ha Motho a Shwa, na a ka Phela Hape?”
w99 10/15 3 ¶1-3
Ho Batla ha Rona Bophelo bo Boleletsana
ESITA le kajeno ke ba seng bakae ba ka hanyetsang polelo ena e mabapi le bokgutshwanyane ba bophelo, le hoja e ngotswe dilemong tse fetileng tse ka bang 3 500. Ka mehla batho ba nnile ba fumana ho sa kgotsofatse ho latswa bophelo bo mahlahahlaha ka nako e kgutshwanyane ebe ba se ba tsofala mme ba eshwa. Ka lebaka leo, mekgwa ya ho lelefatsa bophelo e nnile ya eketseha ho theosa le histori.
Mehleng ya Jobo Baegepeta ba ne ba eja makwalata a diphoofolo e le ha ba leka ho boela botjheng. E nngwe ya dipakane tse ka sehloohong tsa mekgwa ya ho lelefatsa bophelo tsa mehleng e bohareng e ne e le ho etsa selelefatsabophelo se neng se ka lebisa bophelong bo boleletsana. Ditsebi tse ngata tsa mekgwa ya ho lelefatsa bophelo di ne di dumela hore kgauta ya maiketsetso e ne e ka lebisa bophelong ba ho se shwe le hore ho jella dipoleiting tsa kgauta ho ne ho ka lelefatsa bophelo. Matjhaena a boholoholo a neng a latela setso le bodumedi ba Setao a ne a nahana hore a ka fetola metswako ya dintho tseo mmele o entsweng ka tsona ka ho sebedisa mekgwa e kang boikwetliso ba ho nahanisisa, ho phefumoloha le ho itima dijo mme ka hoo a finyelle boemo ba ho se shwe.
Juan Ponce de León mohlwedi wa naha wa Lesepanishe o tsebahala ka ho batlana le sediba sa botjha a sa kgotsofale. Bukeng ya hae ya Hermippus Redivivus, ngaka ya lekgolong la bo18 la dilemo e ile ya buella hore barwetsana ba sa ntseng ba le batjha ba dule ka kamoreng e nyenyane nakong ya selemo ebe phefumoloho ya bona e bokellwa ka dibotlolong mme e sebediswe e le moriana o lelefatsang bophelo. Ha ho potang hore ha ho le o mong wa mekgwa ena o ileng wa atleha.
w15 4/15 32 ¶1-2
Na Sefate se Renngweng se ka Hlomela Hape?
SEFATE sa mohlwaare se sothehileng se ka nna sa bonahala eka ha se kgahlehe ha se bapiswa le sefate se setle sa kedare ya Lebanone. Le ha ho le jwalo, difate tsa mohlwaare di kgona le ho phela maemong a thata. Tse ding di se di phetse dilemo tse ka bang sekete. Methapo ya sefate sena e tebela tlase mobung, ebile se ka boela sa hlomela le haeba se ka rengwa. Ha feela methapo e ntse e phela, se tla hlomela hape.
Monna ya tshepahalang Jobo o ne a kgodisehile hore le haeba a ka shwa o tla boela a phele. (Jobo 14:13-15) O ile a etsa mohlala ka sefate, mohlomong sefate sa mohlwaare, ho bontsha hore o kgodisehile hore Modimo a ka mo tsosa bafung. Jobo o ile a re: “Etswe le sefate se na le tshepo. Haeba se rengwa, se tla hlomela hape.” Ha se utlwa pula ka mora komello, sefate sa mohlwaare se a hlaphohelwa mme se “hlahisa lekala jwalo ka semela se setjha.”—Jobo 14:7-9.
w11 3/1 22 ¶5
“O Tla Hlolohelwa”
Mantswe a Jobo a re ruta ka moo Jehova a leng lerato ka teng: O na le kamano e kgethehileng le ba ipehang tlasa tataiso ya hae, jwalo ka Jobo, ba mo dumellang hore a ba bope hore e be batho ba ratehang ho yena. (Esaia 64:8) Jehova o nka barapedi ba hae ba tshepahalang e le ba bohlokwa haholo. O “hlolohelwa” batho ba hae ba tshepahalang ba seng ba hlokahetse. Setsebi se seng se re lentswe la Seheberu le sebedisitsweng mona “ho hlakile hore ke le leng la mantswe a matla ka ho fetisisa a hlalosang boikutlo ba ho labalabela ho itseng.” Ka sebele, Jehova ha a hopole barapedi ba hae feela empa o boetse o labalabela ho ba tsosa bafung.
Matlotlo a Patilweng
it-1-E 191
Molora
Molora o ne o boetse o tshwantshetsa dintho tse se nang thuso kapa tseo e seng tsa bohlokwa. Ka mohlala, Abrahama o ile a re ho Jehova: “Ke lerole le molora.” (Ge 18:27 nal.; sheba le Esa 44:20; Job 30:19.) Le Jobo o ile a bapisa ditaba tsa batshedisi ba hae ba bohata le “maele a se nang thuso jwalo ka molora.”—Job 13:12.
LA 13-19 NOVEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JOBO 15-17
“O se ke wa Etsisa Elifaze ha o Tshedisa ba Bang”
w05 9/15 26 ¶4-5
Hana Monahano o Fosahetseng!
Dipuong tsohle tsa hae tse tharo, Elifaze o ile a fana ka maikutlo a hore Modimo o hatella hoo ho seng letho leo bahlanka ba hae ba le etsang le mo kgotsofatsang. Elifaze o ile a re ho Jobo: “Bona! Ha a na tumelo ho bahlanka ba hae, mme o qosa mangeloi a hae ka hore a molato.” (Jobo 4:18, mongolo o botlaseng ba leqephe ho NW) Ha morao Elifaze o ile a re ka Modimo: “Ha a na tumelo ho bahalaledi ba hae, mahodimo ha a hlweka mahlong a hae.” (Jobo 15:15) Yaba o a botsa: “Na Ya Matla Ohle o thabiswa ke letho ka hore ebe o lokile?” (Jobo 22:3) Bildade o ne a dumellana le maikutlo ana, hobane o ile a re: “Ho na le kgwedi, mme ha e kganye; dinaledi ha di a hlweka mahlong a [Modimo].”—Jobo 25:5.
Re lokela ho itlhokomela hore re se ke ra susumetswa ke monahano o jwalo. O ka etsa hore re nahane hore Modimo o batla dintho tse ngata haholo ho rona. Boikutlo bona bo ka hlasela kamano ya rona le Jehova. Ho feta moo, haeba re dumellana le monahano wa mofuta ona, re tla itshwara jwang ha re fuwa tayo eo re e hlokang? Ho ena le ho amohela tayo re ikokobeditse, re ka nna ra “halefela Jehova” ka dipelong tsa rona ra ba ra mo kwetlela lehloyo. (Diproverbia 19:3) Ruri seo se ne se tla senya kamano ya rona le Modimo!
w15 2/15 8 ¶16
Etsisang Boikokobetso le Qenehelo ya Jesu
16 Re bue le ba bang ka bonolo. Boikutlo bo mofuthu bo re susumelletsa ho ‘bua ka mokgwa o tshedisang le meya e tepeletseng maikutlo.’ (1 Bathes. 5:14) Re ka reng ho kgothatsa batho ba jwalo? Re ka ba bolella ka moo re ba tsotellang ka teng. Ra ba babatsa mme ra ba thusa hore ba lemohe ditshobotsi tsa bona tse ntle le bokgoni ba bona. Hape re ka ba hopotsa hore ke Jehova ya ba thusitseng hore ba tsebe nnete, mme ka hoo ke ba bohlokwa ho yena. (Joh. 6:44) Re ka boetse ra ba tiisetsa hore Jehova o tsotella bahlanka ba hae “ba dipelo di robehileng” le “ba sithabetseng moyeng.” (Pes. 34:18) Ha re bua ka bonolo re ka kgatholla batho ba hlokang matshediso.—Diprov. 16:24.
Matlotlo a Patilweng
w06 3/15 14 ¶11
Dintlhakgolo Tsa Buka ya Jobo
7:9, 10; 10:21; 16:22—Na dipolelo tsee di bontsha hore Jobo o ne a sa dumele tsohong? Dipolelo tsena di bua ka nako eo Jobo a neng a tla tobana le yona haufinyane. Ebe o ne a bolelang? E ka nna yaba o ne a bolela hore ha a ka shwa, batho ba mehleng ya hae ba ne ba ke ke ba hlola ba mo bona. Ponong ya bona, o ne a sa tlo kgutlela tlung ya hae ebile a sa tlo hlola a amoheleha ho be ho fihle nako e behilweng ya Modimo. Ho ka etsahala hore ebe hape Jobo o ne a bolela hore motho a ke ke a ikgutlisa Sheole. Jobo 14:13-15 e hlakisa hantle hore Jobo o ne a ena le tshepo ya ho tsoha nakong e tlang.
LA 20-26 NOVEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JOBO 18-19
“O se ke wa Lahla Bakrestemmoho le Wena”
Dintho Tseo re ka Ithutang Tsona Makgetlong ao Jesu a Ileng a Lla ka Ona
9 O ka tshehetsa batho ba hlokahaletsweng. Jesu ha a ka a lla le Maria le Maretha feela empa o ile a boela a ba mamela le ho ba tshedisa. Le rona re ka etsa se tshwanang ho batho ba hlokahaletsweng ke baratuwa ba bona. Morabo rona Dan wa moholo ya dulang Australia o re: “Ka mora hore mosadi wa ka a hlokahale, ke ne ke hloka tshehetso. Bara ba bo rona ba bangata le basadi ba bona, ba ne ba dutse ba itokiseditse ho mmamela. Ba ne ba ntumella ho ntsha maikutlo ka bohloko boo ke neng ke bo utlwile mme ba ne ba sa ikutlwe ba swabile ha ke lla. Ba ile ba boela ba nthusa ka mesebetsi e meng e kang ho hlatswa koloi, ho ya mabenkeleng le ho pheha, ha ke ne ke sa kgone ho etsa dintho tsena. Hape ba ne ba rapela le nna hangata. Ba ile ba ipaka e le metswalle ya nnete le bara beso ba ‘tswaletsweng ha ho ena le mahlomola.’”—Diprov. 17:17.
Ha Motho eo re mo Ratang a Tlohela ho Sebeletsa Jehova
16 Tswela pele o tshehetsa ditho tsa lelapa. Ba hloka o ba rate o be o ba kgothatse ho feta le ha e le neng pele. (Baheb. 10:24, 25) Ka dinako tse ding, ditho tsa lelapa di a hlokomela hore ka phuthehong ho na le batho ba seng ba sa ba buise jwalo ka ha eka ke bona ba kgaotsweng. Ha re batle hore ba ikutlwe ka tsela eo. Re lokela ho babatsa le ho kgothatsa bana bao batswadi ba bona ba ileng ba kgaotsa ho sebeletsa Jehova. Moradi wa bo rona Maria eo monna wa hae a ileng a tlohela phutheho le lelapa la hae o re: “Metswalle e meng ya ka e ne e tla ha ka, e pheha ebile e nthusa hore ke ithute Bibele le bana ba ka. E ne e utlwisisa bohloko boo ke bo utlwang ebile e lla le nna. E ne e mpuella ha batho ba bua dintho tse fosahetseng ka nna. E ne e mpha matla.”—Bar. 12:13, 15.
w90 9/1 22 ¶20
Na o Hahamalla Ditokelo?
20 Sehlopha sa baholo se lokela ho hlokomela hore ho tloswa ha motho lethathamong ho ka nna ha bakela motho eo e neng e le moholo kapa mohlanka ya sebeletsang kgatello, esita le haeba a tlohela tokelo eo ka boithaopo. Haeba a sa kgaolwa, empa baholo ba bona hore moena eo o tepelletse maikutlo, ba tshwanela ho fana ka thuso ya moya e lerato. (1 Bathesalonika 5:14) Ba lokela ho mo thusa ho hlokomela hore o a hlokahala ka phuthehong. Esita le haeba keletso e matla e ile ya hlokahala, e ka nna yaba ha ho na ho feta nako e telele hakaalo pele monna ya ikokobeditseng le ya nang le kananelo a ka boela a amohela ditokelo tse eketsehileng tsa tshebeletso ka phuthehong.
Matlotlo a Patilweng
w94 10/1 32
Matla a Lentswe le Mosa
Le ha ho le jwalo, ha Jobo ka boyena a ne a hloka kgothatso, Elifaze le metswalle ya hae ha ba a ka ba bua mantswe a mosa. Ba ile ba beha Jobo molato bakeng sa mahlomola a hae, ba fana ka maikutlo a hore o tlameha a ena le molato ka sephiring. (Jobo 4:8) The Interpreter’s Bible e a hlalosa: “Seo Jobo a se hlokang ke qenehelo e tswang pelong ya motho. Seo a se fumanang ke letoto la dipolelo tsa ‘nnete’ e kgelohileng, le tsa bodumedi tse phetaphetwang ha monate le ditlhaloso tse bosula tsa boitshwaro.” Jobo o ne a ferekane haholo ha a utlwa puo ya Elifaze le metswalle ya hae hoo a ileng a qobelleha hore a bokolle: “Le tla nne le hlokofatse moya wa ka, le ho nthuhakanya ka dipolelo tsa lona ho isa kae?”—Jobo 19:2.
Le ka mohla ha re a lokela ho etsa hore mohlankammoho le rona wa Modimo a bokolle ka baka la mantswe a rona a sa kang a nahanwa, a hlokang mosa. (Bapisa le Deuteronoma 24:15.) Maele a Bibele a a lemosa: “Seo o se buang se ka boloka bophelo kapa sa bo timetsa; ka hoo o lokela ho amohela diphello tsa mantswe a hao.”—Diproverbia 18:21, TEV.
LA 27 NOVEMBER–LA 3 DECEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JOBO 20-21
“Ho Rua ha ho Bolele Hore Motho o Lokile”
w07 8/1 29 ¶12
Na o “Ruela ho Modimo”?
12 Polelong ena ya Jesu, ho ruela ho Modimo ho bapiswa le ho ipolokela letlotlo, kapa ho ipokellela dintho tse bonahalang. Ka hoo, Jesu o ne a bolela hore ho ipokellela maruo a dintho tse bonahalang kapa ho ithabisa ka dintho tseo re nang le tsona ha e a lokela ho ba yona ntho ya sehlooho bophelong ba rona. Ho ena le hoo, re lokela ho sebedisa matlotlo a rona ho ntlafatsa kapa ho matlafatsa kamano ya rona le Jehova. Ha re etsa jwalo ruri re tla ruela ho Modimo. Hobaneng? Hobane ho tla re fa monyetla wa hore re fumane mahlohonolo a mangata a tswang ho yena. Bibele e re: “Tlhohonolofatso ya Jehova—e a ruisa, mme ha a e phaelle ka bohloko.”—Diproverbia 10:22.
Matlotlo a Patilweng
w95 1/1 9 ¶19
Ho Hlola Satane le Mesebetsi ya Hae
19 Ho a thahasellisa hore ebe mohlanka wa Modimo Jobo o ile a lokela ho lwana le “dikgopolo tse tshwenyang” tseo Satane a neng a di fetisa ka Elifaze le Tsofare. (Jobo 4:13-18, NW; 20:2, 3, NW) Ka lebaka leo Jobo o ne a hlokofatswa ke “ho tshwenyeha,” ho neng ho fella ka hore a bue “puo e hlaha” ka ‘dintho tse tshosang’ tse hlasetseng kelello ya hae. (Jobo 6:2-4, NW; 30:15, 16, NW) Elihu o ile a mamela Jobo a kgutsitse mme ka tiyo a mo thusa hore a be le pono ya ditaba e bohlale ka hohle ya Jehova. Ka ho tshwanang kajeno, baholo ba utlwisisang ba bontsha hore ba tsotella ba tshwenyehileng ka ho se eketse “kgatello” ya ba jwalo. Ho ena le hoo, ho tshwana le Elihu, ba ba mamela ka hloko mme ba ba tlotsa ka oli e thobang ya Lentswe la Modimo. (Jobo 33:1-3, 7; Jakobo 5:13-15) Ka hoo motho le ha e le mang eo maikutlo a hae a tshwentsweng ke ho ferekana kelellong, ebang ke ha nnete kapa ho inahanelwang, kapa ya ‘tshoswang ke ditoro le dipono’ jwalo ka Jobo, a ka fumana matshediso a thobang a Mangolo ka phuthehong.—Jobo 7:14; Jakobo 4:7.
LA 4-10 DECEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JOBO 22-24
“Na Motho o na le Molemo ho Modimo?”
w05 9/15 27 ¶1-3
Hana Monahano o Fosahetseng!
Taba e amanang le kgopolo ya hore Modimo o a hatella ke ya hore o nka batho e le ba se nang thuso. Puong ya boraro ya Elifaze ho ile ha hlaha potso e reng: “Na monna ya shahlileng a ka ba le thuso ho Modimo, e le hore le ha e le ofe ya nang le temohisiso a ka ba le thuso ho yena?” (Jobo 22:2) Elifaze o ne a fana ka maikutlo a hore ho Modimo, motho ha a na thuso. Bildade le yena o ile a pheha kgang ka tsela e tshwanang, a re: “Motho ya shwang e ka ba ya nepileng jwang ka pela Modimo, kapa motho ya tswetsweng ke mosadi e ka ba ya hlwekileng jwang?” (Jobo 25:4) Ho ya ka kgopolo eo, Jobo, eo e neng e le motho feela ya shwang, e ne e le mang hore a ka bolela hore o lokile ka pela Modimo?
Kajeno batho ba bang ba kgathatswa ke ho se itshepe. Dintho tse kang kgodiso, dikgatello tsa bophelo kapa ho kgethollwa le ho hlouwa ka lebaka la morabe kapa botjhaba di ka nna tsa etsa hore motho a be le maikutlo a jwalo. Empa Satane le bademona ba hae le bona ba thabela ho sithabetsa motho. Haeba ba ka susumetsa motho ho nahana hore ha ho letho leo a le etsang le kgotsofatsang Modimo ya Matla Ohle, ho tla ba bonolo hore a nyahame. Ha morao motho eo a ka kgeloha, a ba a suthela hole le Modimo ya phelang.—Baheberu 2:1; 3:12.
Ho tsofala le mathata a ho kula ho lekanyetsa seo re ka kgonang ho se etsa. Seo re se etsang tshebeletsong ya Mmuso se ka bonahala se le senyenyane haholo ha se bapiswa le seo re neng re se etsa ha re ne re sa le batjha, re phetse hantle re bile re le matla. Ruri ke ha bohlokwa hore re lemohe hore Satane le bademona ba hae ba batla hore re nahane hore Modimo ha a kgotsofatswe ke seo re se etsang! Re lokela ho hana monahano o jwalo.
w95 2/15 27 ¶6
Thuto Mabapi le ho Sebetsana le Mathata
Metswalle e meraro ya Jobo e ile ya mo nyahamisa ka ho eketsehileng ka ho bua dikgopolo tsa botho ho ena le bohlale ba bomodimo. Elifaze o ile a ba a ya boholeng ba ho re ‘Modimo ha o tshepe bahlanka ba wona’ le hore ho ne ho hlile ho sa tsotellehe ho Jehova hore na Jobo o lokile kapa tjhe. (Jobo 4:18; 22:2, 3) Ho thata ho nahana ka polelo e nyahamisang—kapa e se nang bonnete—ho feta eo! Ha se ho makatsang ha ha morao Jehova a ile a kgalemela Elifaze le metswalle ya hae bakeng sa nyefolo ena. O ile a re: “Ha le a ka la bolela tsa ka hantle.” (Jobo 42:7) Empa phatlalatso e kotsi le ho feta e ne le hona e tlang.
w03 4/15 14-15 ¶10-12
Batjha ba Thabisang Pelo ya Jehova
10 Jwalo ka ha ho bontshitswe tlalehong ya Bibele, Satane ha a ka a belaella botshepehi ba Jobo feela empa o ile a belaella le botshepehi ba batho bohle ba sebeletsang Modimo—ho akarelletsa le wena. Ha e le hantle, ha Satane a ne a bua ka batho ka kakaretso o ile a re ho Jehova: “Motho [eseng Jobo feela empa mang kapa mang] o tla nehelana ka ntho e nngwe le e nngwe eo a nang le yona bakeng sa moya wa hae.” (Jobo 2:4) Na wena o a bona hore na o ameha jwang tsekong ee ya bohlokwa? Jwalo ka ha ho bontshitswe ho Diproverbia 27:11, Jehova o bolela hore ho na le seo o ka mo fang sona—e leng se ka etsang hore a arabele Satane ya mo nyedisang. A ko nahane feela—Mmusi Morena wa Bokahohle o ipiletsa ho wena hore o be le seabo tsekong ena ya bohlokwa ka ho fetisisa. O bulehetswe ke boikarabelo le tokelo tse hlollang hakaakang! Na o ka etsa seo Jehova a se kopang ho wena? Jobo o ile a se etsa. (Jobo 2:9, 10) Le Jesu o ile a se etsa haesita le ba bang ba bangata ho theosa le dilemo, ho akarelletsa le batjha ba bangata. (Bafilipi 2:8; Tshenolo 6:9) Le wena o ka se etsa. Le ha ho le jwalo, o se ke wa ithetsa, o ke ke wa dula o sa nke lehlakore. Ka diketso tsa hao, o tla bontsha hore na o tshehetsa nyediso ya Satane kapa karabo ya Jehova. O tla tshehetsa hofe?
Jehova o a o Tsotella!
11 Na ho a tsotelleha ho Jehova hore na o kgetha eng? Na e se e ntse e se batho ba bangata ba tshepahetseng ka ho lekaneng hore a ka fa Satane karabo e tshwanelehang? Ke nnete hore Diabolose o ile a bolela hore ha ho motho ya ka sebeletsang Jehova ka lerato, e leng qoso eo ho seng ho bonahetse hore ke ya bohata. Ho ntse ho le jwalo, Jehova o batla hore o eme le yena tsekong ya bobusi hobane o a o tsotella. Jesu o itse: “Ha se ntho e lakatsehang ho Ntate ya lehodimong hore e mong wa ba banyenyane bana a timele.”—Matheu 18:14.
12 Ho hlakile hore Jehova o thahasella hore na o kgetha ho ema le mang. Taba ya bohlokwa ka ho fetisisa ke hore kgetho ya hao e a mo ama. Bibele e bolela ka ho hlaka hore diketso tse ntle kapa tse mpe tsa batho di ama Jehova ka ho tebileng. Ka mohlala, ha Baiseraele ba ne ba mo fetohela kgafetsa, Jehova o ne a ‘utlwa bohloko.’ (Pesaleme ya 78:40, 41) Pele ho Morwallo wa mehleng ya Noe, ha “bobe ba motho bo [ne bo le] bongata,” “pelo ya [Jehova e ile] ya utlwa bohloko.” (Genese 6:5, 6) Nahana hore na sena se bolela eng. Haeba o ka nka tsela e fosahetseng, o tla utlwisa Mmopi wa hao bohloko. Sena ha se bolele hore Modimo o a fokola kapa hore o nkwa ke maikutlo. Ho ena le hoo, o a o rata ebile o a o tsotella. Empa ha o etsa se nepahetseng, pelo ya Jehova e a thaba. Ha a thabiswe feela ke hore ho na le se eketsehileng seo a ka arabang Satane ka sona empa hape o thabiswa ke hore jwale o motjheng wa hore e be Moputsi wa hao. Ehlile o batla ho o putsa. (Baheberu 11:6) Jehova Modimo ke Ntate wa hao ya o ratang hakaakang!
Matlotlo a Patilweng
w04 7/15 21-22
Sebedisa Dipakane Tsa Moya ho Tlotlisa Mmopi wa Hao
Nahana ka moo Jehova a ileng a phetha popo ya bokahohleng ka teng. Jehova o ile a tshwaya dinako tse latellanang tsa popo ka mantswe a reng, “ya eba mantsiboya mme ya eba hoseng.” (Genese 1:5, 8, 13, 19, 23, 31) Qalong ya nako ka nngwe ya ho bopa, o ne a tseba hantle hore na pakane kapa sepheo sa hae ke sefe letsatsing leo. Mme Modimo o ile a phetha morero wa hae wa ho bopa dintho. (Tshenolo 4:11) Mopatriareka Jobo o ile a re: “Moya wa [Jehova] o na le takatso, mme o tla e phetha.” (Jobo 23:13) E tlameha ebe Jehova o ile a kgotsofala hakaakang ha a bona “ntho e nngwe le e nngwe eo a e entseng” mme a phatlalatsa hore e “molemo haholo”!—Genese 1:31.
E le hore dipakane tsa rona di phethahale, re tlameha ho ba le takatso e matla ya ho di finyella. Ke eng e tla re thusa hore re be le takatso e matla jwalo? Esita le ha lefatshe le ne le se na sebopeho le bile le se na letho, Jehova o ne a ka bona esale pele hore qetellong, e ne e tla ba lehakwe le letle sebakeng, le mo tlotlisang le le etsang hore a hlomphuwe. Ka ho tshwanang, takatso ya rona ya ho phetha seo re ikemiseditseng ho se etsa e ka hlaolelwa ka ho nahanisisa ka diphello le ka melemo ya ho finyella pakane eo. Eo e bile phihlelo ya Tony ya dilemo di 19. Ha a ka a lebala boikutlo ba pele boo a bileng le bona ha a ne a etetse ofising e nngwe ya lekala ya Dipaki Tsa Jehova e Europe Bophirimela. Ho tloha ka nako eo ho ya pele, potso e neng e duma ka kelellong ya Tony e ne e le ho re, ‘Ho ne ho ka ba jwang haeba motho a ne a ka dula le ho sebeletsa sebakeng se tshwanang le seo?’ Tony ha a ka a tlohela ho nahana ka monyetla wa seo, empa o ile a nna a lwanela ho finyella pakane eo. O ile a thaba hakaakang ha kopo ya hae ya ho sebeletsa lekaleng e amohelwa dilemo tse mmalwa ha morao!
LA 11-17 DECEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JOBO 25-27
“Re ka Tshepahala le Hoja re Etsa Diphoso”
it-1-E 1210 ¶4
Botshepehi
Jobo. Ho bonahala eka Jobo o phetse ka mora lefu la Josefa le mehleng ya Moshe. Bibele e re “e ne e le monna ya lokileng [Seheb., tam] le ya tshepahalang. O ne a tshaba Modimo a bile a hloile dintho tse mpe.” (Job 1:1; sheba JOB.) Taba ya hore Satane o ne a belaela hore batho ba ka tshepahalla Jehova Modimo, e ile ya hlaka ha Jehova a ne a mo botsa ka Jobo nakong eo Jehova a neng a ena le seboka le mangeloi lehodimong. Satane o ile a qosa Jobo ka leshano a re Jobo o sebeletsa Modimo hobane a batla ho fumana melemo e itseng, eseng hobane a mo rata. Ka mantswe a mang, o ne a re Jobo ha a tshepahale. Le hoja Modimo a ile a dumella Satane hore a amohe Jobo dintho tsohle tsa hae ho akareletsa le bana ba hae, o ile a hloleha ho etsa hore Jobo a se ke a tshepahalla Modimo. (Job 1:6–2:3) O ile a re Jobo o amehile feela ka hore o phetse hantle hoo a neng a sa tsotelle hore na o hlokahallwa ke bana kapa o senyehelwa ke thepa ya hae. (Job 2:4, 5) Ka mora moo, o ile a otla Jobo ka bolwetse bo bohloko. Jobo o ile a boela a hanyetswa ke mosadi wa hae a ba a nyefolwa ke metswalle ya hae e neng e sa hlomphe Modimo. (Job 2:6-13; 22:1, 5-11) Le ha ho le jwalo, Jobo o ile a ba araba ka tsela e bontshang hore o ne a sa ikemisetsa ho tlohela ho tshepahalla Modimo. O ile a re: “Ke tla dula ke tshepahala ho fihlela ke shwa. Ke tla dula ke lokile. Ha feela ke ntse ke phela, nke ke ka etsa letho le tla etsa hore ke ikutlwe ke le molato.” (Job 27:5, 6) Tsela eo Jobo a ileng a tshepahala ka yona e ile ya bontsha hore Mohanyetsi wa Modimo o ne a bua leshano.
Dula o Tshepahala!
3 Bahlanka ba Modimo ba bontsha botshepehi jwang? Ka hore ba mo rate ka pelo yohle mme ba inehele ho yena ka ho felletseng. Hape ba ka etsa sena ka hore ba nahane ka thato ya hae pele ba etsa diqeto. Ela hloko ka moo lentswe lena botshepehi le sebedisitsweng ka teng ka Bibeleng. Bibele e hlalosa “botshepehi” e le ntho e felletseng le e phetseng hantle. Ka mohlala, ha Baiseraele ba ne ba fa Jehova diphoofolo e le mahlabelo, Molao o ne o re e lokela ho ba tse phetseng hantle. (Lev. 22:21, 22) Ba ne ba sa lokela ho fana ka phoofolo e neng e se na leoto, tsebe, leihlo kapa e neng e kula. Jehova o ne a batla hore phoofolo eo e be e felletseng le e phetseng hantle. (Mal. 1:6-9) Jwale re a hlokomela hore na ke hobaneng ha Jehova a batla hore re be batho ba tshepahalang. Etswe le rona ha re ilo reka ntho e itseng, e bang ke tholwana, buka kapa thulusi e itseng, ha re batle e nang le masobasoba kapa e nang le ntho e shotang. Re batla e felletseng le e ntseng e le hantle. Ka ho tshwanang, Jehova o batla hore re mo rate re be re mo tshepahalle ka ho felletseng.
4 Feela na re lokela hore re be re phethahale e le hore re tshepahale? Ke nnete hore ka nako tse ding re ye re utlwe eka re na le mefokolo e mengata. Ela hloko mabaka a mabedi a bontshang hore ho tshepahala, ha ho bolele hore motho o lokela a be a phethahale. Lebaka la pele, Jehova ha a dulellana le ho sheba mefokolo ya rona. Etswe lentswe la hae le re: “Haeba o ne o tadima diphoso, Jah, Jehova, ke mang ya neng a ka ema?” (Pes. 130:3) Jehova o tseba hantle hore ha re a phethahala, re baetsadibe mme o re tshwarela ka bolokolohi. (Pes. 86:5) Lebaka la bobedi, Jehova o a tseba hore re na le meedi, ka hoo ha a a lebella hore re etse se ka nqane ho matla a rona. (Bala Pesaleme ya 103:12-14.) Le ha ho le jwalo, ke jwang re ka kgonang ho mo tshepahalla?
5 Lerato le ka thusa bahlanka ba Jehova hore ba mo tshepahalle. Ka ha Modimo ke Ntate wa rona ya lehodimong, re lokela ho mo rata ka pelo yohle le ho mo fa boinehelo bo kgethehileng. Jwale, haeba lerato leo re ratang Jehova ka lona le sa fetohe esita le ha re le tlasa diteko, re tla be re bontsha hore re a mo tshepahalla. (1 Likron. 28:9; Mat. 22:37) Na o sa hopola Dipaki Tsa Jehova tse tharo tseo re buileng ka tsona qalong? Ebe ke hobaneng ha di ile tsa sebetsa ditaba ka tsela eo? Na seo ngwanana elwa a ileng a se etsa, se ne se bontsha hore ha a batle ho ithabisa le baithutimmoho le yena, kapa na moshanyana elwa o ne a batla ho iphethola ditsheho ho moithutimmoho le yena, kapa na ebe ntate yane wa lelapa, o ne a batla ho lahlehelwa ke mosebetsi wa hae? Tjhe, ha ho jwalo. Empa ba ne ba ikemiseditse ho mamela melao e lokileng ya Ntate wa bona ya lehodimong. Lerato leo ba ratang Jehova ka lona, le ile la ba susumelletsa hore ba mo nahane pele ba etsa diqeto. Jwale ka tsela ena, ba ne ba bontsha hore ke batho ba tshepahalang.
Matlotlo a Patilweng
w16.11 9 ¶3
Batho ba Modimo ba Hlophisitswe
3 Popo e bontsha hantle hore Modimo o hlophisehile. Bibele e re: “Jehova o ile a theha lefatshe ka bohlale. A tiisa mahodimo ka temoho.” (Diprov. 3:19) Re tseba ‘dinyane feela tsa ditsela tsa Modimo’ le ‘mohweshetso o utlwilweng ka yena.’ (Jobo 26:14) Empa dintlha tse seng kae tseo re di tsebang ka dipolanete le dinaledi di re thusa ho lemoha hore dihlodilweng tsena tsa lehodimo di hlophisehile ka tsela e hlollang. (Pes. 8:3, 4) Dihlopheng tsa dinaledi ho na le dinaledi tse dimilione tse tsamayang sepakapakeng ka tsela e hlophisehileng. Dipolanete tse setsing sa rona di potoloha letsatsi jwalo ka ha eka di latela melao ya tsela! Tsela e hlollang eo bokahohle bo hlophisehileng ka yona e re thusa ho lemoha hore re lokela ho rorisa Jehova, ya ‘entseng mahodimo le lefatshe ka kutlwisiso’ le hore re lokela ho tshepahala ho yena esita le ho mo rapela.—Pes. 136:1, 5-9.
LA 18-24 DECEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JOBO 28-29
“Na o na le Botumo bo Tshwanang le ba Jobo?”
w02 5/15 22 ¶19
Bontsha Mosa o Lerato ho ba Hlokang
19 Ditlaleho tsa Bibele tseo re di tshohlileng di boetse di hatisa nnete ya hore mosa o lerato o lokela ho bontshwa ho ba hlokang seo bona ka bobona ba ke keng ba iketsetsa sona. Abrahama o ne a hloka tshebedisanommoho ya Bethuele hore a ntshetse pele lesika la hae. Jakobo o ne a hloka thuso ya Josefa hore setopo sa hae se tle se iswe Kanana. Mme Naomi o ne a hloka thuso ya Ruthe hore a fumane mojalefa. Abrahama, Jakobo kapa Naomi ba ne ba ke ke ba iketsetsa dintho tsena tseo ba di hlokang. Ka ho tshwanang kajeno, mosa o lerato o lokela ho bontshwa ka ho kgetheha ho ba hlokang. (Diproverbia 19:17) Re lokela ho etsisa mopatriareka Jobo, ya ileng a lebisa tlhokomelo ho “ya hlorileng ya hweletsang ho kopa thuso, le moshanyana ya se nang ntate le mang kapa mang ya neng a se na mothusi” haesita le ho “ya leng lekgatheng la ho timela.” Hape Jobo o ne a “nyakallisa pelo ya mohlolohadi” hape o ile a fetoha ‘mahlo a sefofu le maoto a ya holofetseng.’—Jobo 29:12-15.
it-1-E 655 ¶10
Moaparo
Hangata ka Bibeleng moaparo o sebediswa ka tsela ya tshwantshetso. Hangata moaparo o kgetholla motho hore na ke wa mokgatlo ofe kapa hore na o tshehetsa sehlopha sefe. Ka tsela e tshwanang, le ka Bibeleng moaparo o kgetholla motho hore na o tshehetsa lehlakore lefe le hore na dintho tseo a di etsang di bontsha jwang hore o tshehetsa lehlakore leo. Taba ena e tshwana le papiso eo Jesu a ileng a e etsa ya motho ya tlang lenyalong empa a sa aparela ho tla lenyalong. (Mat 22:11, 12; sheba HEADDRESS; SANDAL.) Ho Tshenolo 16:14, 15, Morena Jesu Kreste o re lemosa hore re dule re fadimehile le hore re dule re apere moaparo o bontshang hore re dipaki tsa Modimo wa nnete tse tshepahalang. Haeba moaparo wa rona o sa bontshe hore re ka lehlakoreng la Modimo, re ka iphumana re le kotsing bosiung ba pele ho “ntwa ya letsatsi le leholo la Modimo ya Matla Ohle.”
w09 2/1 15 ¶3-4
Mabitso a Mang a na le Seo a se Bolelang
Ha ho letho leo re ka le etsang ka mabitso ao re a rehilweng ha re hlaha. Le ha ho le jwalo, ke rona feela ba ka iketsetsang botumo ka tsela eo re phelang ka yona. (Diproverbia 20:11) A ko ipotse: ‘Haeba Jesu le baapostola ba hae ba ne ba ena le monyetla, ba ne ba tla ntheha lebitso lefe? Ke ne ke tla tshwanelwa ke lebitso lefe le neng le tla hlalosa tshobotsi ya ka e ka sehloohong kapa tsela eo ke tummeng ka yona?’
Re lokela ho nahanisisa ka thata ka potso ena. Hobaneng? Morena Solomone ya bohlale o ile a ngola tjena: “Lebitso le lokela ho kgethwa ho ena le maruo a mangata.” (Diproverbia 22:1) Ka sebele, haeba motseng re ena le lebitso le letle, kapa botumo bo botle, re na le letlotlo la bohlokwa. Le ha ho le jwalo, haeba re iketsetsa lebitso le letle le Modimo, re tla be re ena le letlotlo la ka ho sa feleng. Ka tsela efe? Modimo o re o tla ngola mabitso a ba mo tshabang ‘bukeng ya hae ya kgopotso’ a be a ba fe tshepo ya bophelo bo sa feleng.—Malakia 3:16; Tshenolo 3:5; 20:12-15.
Matlotlo a Patilweng
g00 7/8 29 ¶3
Ho Bososela—Ho o Tswela Molemo!
Na ho bososela ho hlile ho etsa phapang? Na o hopola nakong eo motho e mong a neng a bososela le wena o ileng wa ikutlwa o imoloha kapa hona ho kgatholoha ka teng? Kapa nakong eo o ileng wa tshoha kapa hona ho ikutlwa o sa batlehe ha motho a ne a sa bososele? E, pososelo e etsa phapang. E ama motho ya bososelang ha mmoho le eo ho bososelwang le yena. Motho wa Bibeleng, Jobo, o ile a re ka dira tsa hae: “Ke ne ke ba bososella—ba ne ba sa dumele—lesedi la sefahleho sa ka ba ne ba sa le fetole maswabi.” (Jobo 29:24, NW) “Lesedi” la sefahleho sa Jobo e ka nna yaba le ne le bolela ho kganya ha sona le ho nyakalla.
LA 25-31 DECEMBER
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JOBO 30-31
“Jobo o Ile a Etsang Hore a Dule a Itshwere Hantle?”
w10 4/15 21 ¶8
Tlosa Mahlo a Hao Dinthong Tse e Nang Thuso!
8 Bakreste ba nnete le bona ba ntse ba angwa ke takatso ya mahlo le ya nama. Ka hoo, Lentswe la Modimo le re kgothalletsa hore re itshware mabapi le seo re se shebang le seo re se lakatsang. (1 Bakor. 9:25, 27; bala 1 Johanne 2:15-17.) Monna ya kgabane, e leng Jobo o ile a lemoha hore ho bona ho amana haholo le ho lakatsa. O ile a re: “Ke hlabile selekane le mahlo a ka. Ka hoo nka ela morwetsana hloko jwang?” (Jobo 31:1) Jobo o ne a sa qobe feela ho ama mosadi ka tsela ya boitshwaro bo bobe empa o ne a sa dumelle kelello ya hae hore e nahane ka ntho e jwalo. Jesu o ile a hatisa hore kelello e lokela ho dula e hlwekile mabapi le menahano ya boitshwaro bo bobe ha a ne a re: “Ke re ho lona e mong le e mong ya ntseng a tswela pele ho sheba mosadi e le hore a be le takatso e matla bakeng sa hae o se a febile le yena ka pelong ya hae.”—Mat. 5:28.
w08 9/1 11 ¶4
Nahana ka ‘Qetello ha Morao’
Pele o tsamaya tseleng e jwalo, ipotse, ‘Tsela ee e tla ntebisa hokae?’ Ho ema motsotswana feela o nahana ka kotsi e tla hlaha ‘qetellong ha morao’ e ka ba ho lekaneng ho etsa hore o se ke wa tsamaya tseleng e tla o isa kotsing. AIDS le mafu a mang a tshwaetsanwang ka ho kopanela diphate, ho ima o sa rera, ho ntsha mpa, ho qhalana ha malapa, le ho kgwebethwa ke letswalo ke dintho tse hlahelang bao ka boomo ba sa eleng dikeletso tse jwalo hloko. Moapostola Pauluse o boletse ka ho hlaka hore na ba etsang boitshwaro bo bobe ba tla fella hokae. O re “ba ke ke ba rua mmuso wa Modimo.”—1 Bakorinthe 6:9, 10.
w10 11/15 6 ¶15-16
Batjha—Tataiswang ke Lentswe la Modimo
15 O nahana hore botshepehi ba hao ho Modimo bo tla lekwa haholo nakong efe—ha o ena le batho ba bang kapa ha o le mong? Ha o le sekolong kapa mosebetsing, ho ka etsahala hore ebe o dula o itebetse moyeng. O ela hloko dintho tse ka nnang tsa o ntsha kotsi moyeng. Ha o iketlile mme o sa fadimeha, ke hona ha boitshwaro ba hao bo ba kotsing le ho feta.
16 Ke hobaneng ha o lokela ho batla ho mamela Jehova esita le ha o le mong? Hopola sena: O ka utlwisa Jehova bohloko kapa o ka thabisa pelo ya hae. (Gen. 6:5, 6; Diprov. 27:11) Diketso tsa hao di ama Jehova hobane ‘o a o tsotella.’ (1 Pet. 5:7) O batla hore o mo mamele e le hore o itswele molemo. (Esa. 48:17, 18) Ha bahlanka ba bang ba Jehova ba Iseraele ya boholoholo ba ne ba iphapanyetsa keletso ya hae, ba ne ba mo utlwisa bohloko. (Pes. 78:40, 41) Ka lehlakoreng le leng, Jehova o ne a rata moprofeta Daniele ka ha lengeloi le ile la re ke “monna ya kgahlehang haholo.” (Dan. 10:11) Hobaneng? Hobane Daniele o ile a dula a tshepahala ho Modimo, eseng feela ha a ne a le hara batho empa le ha a ne a le mong.—Bala Daniele 6:10.
Matlotlo a Patilweng
w05 11/15 11 ¶3
Tsebo ya ho Mamela ka Thahasello
Metswalle ya monna ya bitswang Jobo e ile ya utlwa ha a bua le yona bonyane ka makgetlo a leshome. Le ha ho le jwalo, Jobo o ile a re: “Hoja ho ne ho ena le ya mmametseng.” (Jobo 31:35) Ke hobaneng ha a ile a bua jwalo? Hobane ho mamela ha bona ha ho a ka ha mo tshedisa ka letho. Ha ba a ka ba tsotella Jobo ebile ha ba a ka ba batla ho utlwisisa maikutlo a hae. Ka sebele ha ya ka ya eba bamamedi ba nahanelang le ba nang le qenehelo. Empa moapostola Petrose o fana ka keletso ena: “Kaofela ha lona le be le kelello e jwalo, le bontsha ho utlwelana bohloko, le ena le boikutlo bo mofuthu ba bara ba motho, le ena le qenehelo e bonolo, le ikokobeditse kelellong.” (1 Petrose 3:8) Re ka bontsha jwang hore re a qenehelana? Re ka bontsha hore re a qenehelana ka ho ameha ka maikutlo a motho e mong le ka ho leka ho a utlwisisa. Tsela e nngwe hape eo ka yona re ka bontshang kameho ke ka ho bua ka qenehelo re re, “ke dumela hore o ile wa halefa,” kapa “o ile wa bona hore ha o utlwisiswe.” Ntle ho moo, re ka pheta ka mantswe a rona seo motho eo a se buang e le hore re bontshe hore re utlwisisitse seo a se buileng. Ho mamela ka thahasello ho bolela ho ela hloko mantswe le morero oo a buuwang ka wona.