PINA YA 151
O Tla ba Bitsa
1. Bophelo bo tshwana le mohodi,
Hosane bo fedile.
Re robala lefung ka potlako
Mme ho sala maswabi.
Ha motho a shwa, na a ka phela?
Utlwa tshepiso ya Jah:
(KHORASE)
H’a bitsa, ba tla araba,
Ba tla tsoha, ba phele.
O tla ba hlolohelwa
Hoba o ba bopile.
Ka hoo, ebang le tumelo,
Mmopi a ka re tsosa
Hore re tle re phele
Lefatsheng la hae le tlang.
2. Le ha metswalle ya hae e ka shwa,
A ke ke a e lahla.
Bahlanka ba hae ba tshepahetseng,
Kaofela ba tla tsoswa.
Ebe re phela ka ho sa feleng
Re sa shwe Paradeiseng.
(KHORASE)
H’a bitsa, ba tla araba,
Ba tla tsoha, ba phele.
O tla ba hlolohelwa
Hoba o ba bopile.
Ka hoo, ebang le tumelo,
Mmopi a ka re tsosa
Hore re tle re phele
Lefatsheng la hae le tlang.
(Sheba le Joh. 6:40; 11:11, 43; Jak. 4:14.)