LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • g22 No. 1 maq. 7-9
  • 2 | Boloka Tjhelete ya Hao le Dintho Tsohle Tseo o Nang le Tsona

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • 2 | Boloka Tjhelete ya Hao le Dintho Tsohle Tseo o Nang le Tsona
  • Fadimehang!—2022
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • SEO E LENG SA BOHLOKWA
  • Seo o Lokelang ho se Tseba
  • Seo o ka se Etsang Hona Jwale
  • O ka Phela ka Tjhelete e Nyenyane Jwang?
    Dihlooho Tse Ding
  • Ho Sebedisa Tjhelete Hantle
    Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
  • Ho Sebedisa Tjhelete Hantle
    Fadimehang!—2019
  • Nka Sebedisa Tjhelete Hantle Jwang?
    Batjha ba a Botsa
Fadimehang!—2022
g22 No. 1 maq. 7-9
Mmetli wa mapolanka o kokotela sepekere lepolankeng.

KENG E KA RE THUSANG HO MAMELLA MATHATA?

2 | Sireletsa Tjhelete ya Hao le Dintho Tseo o Nang le Tsona

SEO E LENG SA BOHLOKWA

Letsatsi le letsatsi batho ba bangata ba sokola ho fumana dintho tseo ba di hlokang. Ka maswabi, mathata a etsahalang mona lefatsheng a ka etsa hore seo se be thata le ho feta. Hobaneng?

  • Ha ho ena le mathata sebakeng se itseng, theko ya dintho tse kang dijo le bodulo e a phahama.

  • Mathata a ka etsa hore batho ba lahlehelwe ke mosebetsi le hore ba fumane tjhelete e nyenyane.

  • Dikoduwa di ka etsa hore batho ba lahlehelwe ke dikgwebo, matlo le dintho tse ding tseo ba nang le tsona mme sena se ka etsa hore ba sotlehe.

Seo o Lokelang ho se Tseba

  • Haeba o sebedisa tjhelete ya hao ka bohlale, o tla kgona ho mamella mathata.

  • Hopola hore mokgolo wa hao, tjhelete eo o e bolokileng le dintho tse ding tseo o nang le tsona di ka lahlehelwa ke boleng ba tsona.

  • Ho na le dintho tseo tjhelete e ke keng ya di reka tse kang thabo le lelapa le momahaneng.

Seo o ka se Etsang Hona Jwale

Seo Bibele e se buang: “Ha re ena le dintho tsa ho iphedisa le diaparo le tshireletso, re tla di kgotsofalla.”​—1 Timothea 6:8.

Ha o kgotsofalla dintho tseo o nang le tsona o a thaba. Sena se bohlokwa haholo haeba o ena le tjhelete e nyenyane.

E le hore o kgotsofale, o lokela ho ithuta ho sebedisa tjhelete e nyenyane. Haeba o leka ho reka dintho tseo o ke keng wa kgona ho di patalla, o tla ba le mathata a mangata.

O KA THUSWA KE ENG​—Dintho Tse ka o Thusang

Ha ho eba le mathata, boloka tjhelete ya hao le dintho tsohle tseo o nang le tsona ka ho sebedisa dintlha tsena

SEBEDISA TJHELETE HANTLE

  • Mme ya hodileng o kotula dihwete serapeng sa meroho.

    Fokotsa ditshenyehelo

    Qoba ho sebedisa tjhelete dinthong tseo o sa di hlokeng. Ipotse: ‘Na ehlile ke hloka koloi? Na nka fokotsa tjhelete eo ke rekang dijo ka yona ka hore ke leme?’

  • Pele o reka ntho e itseng, ipotse: ‘Na ke a e hloka? Na ke na le tjhelete e lekaneng bakeng sa ho e reka?’

  • Kopa thuso ho mmuso kapa mekgatlong e meng haeba ho kgoneha.

Gift o re: “Re ile ra dula fatshe re le lelapa e le hore re shebe tsela eo re phelang ka yona. Re ile ra fokotsa tjhelete eo re e sebedisang bakeng sa boithabiso. Re ile ra boela ra ja dijo tse seng turu.”

ETSA BAJETE

Mme o sebedisa calculator mme o ngola leqhepeng.

Etsa bajete

Seo Bibele e se buang: “Ka sebele merero ya ya kgothetseng e tlisa molemo empa ka sebele e mong le e mong ya lepotlapotla o leba bohloking.” (Liproverbia 21:5) Ho rera esale pele ho tla o thusa hore ditshenyehelo tsa hao di se ke tsa feta tjhelete eo o e fumanang.

  • Qala pele ka ho ngola hore na o tla fumana tjhelete e kae kgweding eo.

  • Ka mora moo sheba hore na ditshenyehelo tsa hao tsa kgwedi ke dife ebe o sheba le tsela eo o sebedisang tjhelete ka yona.

  • Etsa bonnete ba hore o na le tjhelete e lekaneng bakeng sa ho patalla dintho tsohle tseo o di hlokang. Haeba o hlokomela hore ha o na tjhelete e lekaneng, fokotsa dintho tseo o sa di hlokeng.

Carlos o re: “Ka kgwedi re kopanya tjhelete eo re e fumanang ebe re ngola lethathamo la dintho tseo re di hlokang. Re leka ho boloka tjhelete bakeng sa dintho tse ka hlahang ka tshohanyetso ebe re etsa lethathamo la dintho tseo re tsebang hore re tla di reka nakong e tlang. Ho etsa sena ho re thusa hore re se ke ra tshwenyeha hobane re se re ntse re tseba hore na re tla sebedisa tjhelete ya rona jwang.”

QOBA DIKOLOTO MME O BOLOKE TJHELETE

  • Mme o thusa moradi wa hae hore a kenye tjhelete ka botlolong.

    Qoba ho etsa dikoloto mme o boloke tjhelete

    Hlophisa dintho tsa hao e le hore o fokotse dikoloto. Haeba ho kgoneha, qoba dikoloto ka ho feletseng. Ho ena le hoo, boloka tjhelete bakeng sa dintho tseo o di batlang.

  • Boloka tjhelete kgwedi le kgwedi bakeng sa dintho tse ka hlahang ka tshohanyetso le tseo o tla di hloka nakong e tlang.

SEBETSA KA THATA MME O BOLOKE MOSEBETSI WA HAO

Seo Bibele e se buang: “Ka mofuta o mong le o mong wa ho sehla ho ba le molemo.”​—Liproverbia 14:23.

  • Mmetli wa mapolanka o kokotela sepekere lepolankeng.

    Sebetsa ka thata mme o boloke mosebetsi wa hao

    Eba le pono e nepahetseng ka mosebetsi wa hao. Le haeba o sebetsa mosebetsi oo o sa o thabeleng, bonyane o ntse o fumana tjhelete bakeng sa ho phela.

  • Leka ka matla ho sebetsa ka thata le hore o dule o fumaneha mosebetsing. Sena se tla etsa hore o se ke wa lahlehelwa ke mosebetsi le hore haeba o ka lahlehelwa ke wona o nolofallwe ke ho fumana o mong.

Dmitriy o re: “Ke amohela mosebetsi le ha e le ofe le haeba ke sa o rate kapa ke fumana mokgolo o sa kgotsofatseng. Ke dula ke fumaneha mme ke etsa mosebetsi o tswileng matsoho jwalo ka ha eka ke a itshebeletsa.”

O ka etsang haeba o batla mosebetsi?

  • Nka kgato. Letsetsa dikgwebo tseo e ka nnang yaba ho na le mosebetsi oo o ka o etsang le haeba di sa bapatsa mosebetsi oo. Bolella metswalle le ba lelapa hore o ntse o batla mosebetsi.

  • Fetofetoha le maemo. Ho ka nna ha etsahala hore o se ke wa fumana mosebetsi o nang le ntho e nngwe le e nngwe eo o e thabelang.

Batswadi ba buisana ka hore na ba tlo sebedisa tjhelete jwang, ha bana ba bapalla ka ntle.

BAKENG SA HO ITHUTA DINTLHA TSE DING. Bala sehlooho se reng “O ka Phela ka Tjhelete e Nyenyane Jwang?”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share