LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • g23 No. 1 maq. 3-5
  • Metsi a Hlwekileng

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Metsi a Hlwekileng
  • Fadimehang!—2023
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Metsi a Ntse a Silafala
  • Lefatshe le Etseditswe ho Dula le le Teng
  • Ho Etswang Hore ho Dule ho Ena le Metsi a Hlwekileng?
  • Bibele e Fana ka Tshepo Efe?
  • Bibele e Reng ka Bothata ba ho Haellwa ke Metsi a Hlwekileng Lefatsheng Lohle?
    Dihlooho Tse Ding
Fadimehang!—2023
g23 No. 1 maq. 3-5
Mosadi o kga metsi ka matsoho nokaneng.

NA BATHO BA TLA SENYA LEFATSHE KA HO FELETSENG?

METSI A HLWEKILENG

HA HO letho le neng le ka kgona ho phela lefatsheng ha ho ne ho se na metsi, haholoholo metsi a hlwekileng. Ha e le hantle karolo e kgolo ya dintho tse phelang e entswe ka metsi. Metsi a tswang matamong, dinokeng, mekgwabong le metsi a tjhekilweng fatshe a nowa ke batho le diphoofolo ebile batho ba nosetsa dijalo ka ona.

Metsi a Ntse a Silafala

Karolo e kgolo ya lefatshe e tletse metsi. Le ha ho le jwalo, World Meteorological Organization e re: “Metsi a hlwekileng le a ka nowang ke a manyenyane haholo, ke diphesente tse 0.5 feela.” Le hoja ho utlwahala eka metsi ana a manyenyane, a ka kgona ho thusa dintho tsohle tse phelang lefatsheng. Bothata ke hore boholo ba ona a ntse a silafala ebile ho ntse ho eba thata hore a fumanehe hobane dintho tse phelang tse hlokang metsi a hlwekileng, di a eketseha hape batho ba ntse ba tswelapele ho senya lefatshe. Sena se etsa hore metsi a hlwekileng a sokolehe le ho feta. Ditsebi di hakanya hore ka mora dilemo tse 30, batho ba ka bang dibilione tse hlano ba tla sokola metsi a hlwekileng.

Lefatshe le Etseditswe ho Dula le le Teng

Lefatshe le etseditswe ho dula le ena le metsi. Dintho tse kang mobu, diphoofolo tse phelang ka metsing le kganya ya letsatsi di sebedisana mmoho ho hlwekisa metsi. Nahana ka mehlala e latelang:

  • Mobu o ka hlwekisa metsi. Dibakeng tse mokgwabo, ho na le dimela tse tlosang dintho tse kotsi metsing, tse kang nitrogen le phosphorus tse sa hlokahaleng ha mmoho le tjhefo e bolayang dikokwanyana dijalong.

  • Borasaense ba ithutile hore na metsi a itlhwekisa jwang. Ba hlokometse hore ha ditshila di kopana le metsi a phallang, ho na le dikokwana tse jang ditshila tseo.

  • Ho na le diphoofolo tse nang le di shell [dikgetla] tse fumanehang metsing a hlwekileng tse bitswang di clam le di mussel. Diphoofolo tsena di ka kgona ho tlosa dikhemikhale tse kotsi metsing ho feta metjhine e entsweng ke batho.

  • Potoloho ya metsi e thusa hore a dule a le teng lefatsheng. Haeba ho ne ho se na potoloho ena ya metsi le dintho tse ding tse thusang hore metsi a dule a le teng, a ne a tla fela.

    NA O NE O TSEBA?

    Mobu o Hlwekisa Metsi

    Ha mobu o monya metsi, o kgona ho a hlwekisa ka hore o tlose dikhemikhale tse kotsi, manyolo le dintho tse ding tse ka silafatsang metsi. Ha metsi ana a fihla ka fatshe mobu o se o a hlwekisitse, a ka kgona le ho nowa.

    Setshwantsho se bontshang hore na mobu o hlwekisa metsi jwang ka tlasa lefatshe.

    Mahlohlojane le Lehlabathe

    Mahlohlojane le lehlabathe di hlwekisa metsi jwalo ka ha eka ke sefe e tshwarang dintho tse silafatsang metsi.

    Dikokwana

    Di ja dintho tse ka etsang hore metsi a be kotsi ho batho. Ho na le dikokwana tse ding tse kgonang ho ja oli e kotsi ebe qetellong di e etsa moya le metsi.

    Dikhemikhale Tse Kotsi ha di Kgone ho Feta Mobung

    Mobu o kgona ho tshwara dikhemikhale tse ka bang kotsi e le hore metsi a fete a hlwekile. Ka mohlala, letsopa le kgona ho tshwara dintho tse kotsi tse kang ammonium e le hore metsi a fete a hlwekile.

Ho Etswang Hore ho Dule ho Ena le Metsi a Hlwekileng?

Ditshwantsho: 1. Monna o lokisa koloi ya hae e dutlang oli. O a e kgakeletsa hore e se ke ya qhalanela fatshe. 2. Monna o isa dibotlolo tse neng di tshetse dikhemikhale tse kotsi moo ho qhallwang toti.

Haeba re lokisa dikoloi hore di se ke tsa qhala oli, re bile re lahla dintho tse kotsi ka tsela e nepahetseng, sena se tla thusa hore ho dule ho ena le metsi a hlwekileng

Ditsebi di re kgothaletsa ho sebedisa metsi hantle. Di kgothaletsa hore dikoloi di lokiswe hore di se ke tsa qhala oli le hore meriana e se ke ya lahlelwa ka matlwaneng kapa ha qhallwa dintho tse tjhefo ka metsing a tsamaiswang ka diphaephe hore metsi a dule a hlwekile.

Dienjiniere di fumane mekgwa e metjha ya ho tlosa letswai metsing a lewatle. Morero wa bona ke ho etsa hore ho be le metsi a mangata a hlwekileng.

Le ha ho le jwalo, dintho tsena ha di a lekana. Ho tlosa letswai metsing a lewatle ha ho rarolle bothata ka ho feletseng hobane ho hloka tjhelete le motlakase o mongata. Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng ha o bua ka ho boloka metsi a hlwekileng tlalehong e nngwe e ileng ya etswa ka 2021, o ile wa re: “Lefatsheng ho hlokahala boiteko bo eketsehileng ho feta bo ntseng bo etswa hona jwale ho boloka metsi.”

Bibele e Fana ka Tshepo Efe?

“Modimo . . . o hulela marothodi a metsi hodimo ebe marothodi ao a fetoha maru. Ka mora moo, pula e a na. E nesetswa batho.”—Jobo 36:​26-28.

Modimo o entse hore ho be le potoloho ya metsi e le hore a se ke a fela lefatsheng.—Moeklesia 1:7.

Nahana ka sena: Haeba Mmopi o entse lefatshe le ena le bokgoni ba ho boloka metsi a hlwekile, na ha se ho utlwahalang ho dumela hore o na le matla ebile o ikemiseditse ho lokisa mathata a bakilweng ke batho? Sheba sehlooho se reng: “Modimo o Tshepisa Hore Lefatshe le Tla Dula le le Teng” leqepheng la  15.

ITHUTE DINTLHA TSE EKETSEHILENG

Metsi a hlahileng tlasa microscope.

Metsi a na le dintho tse ikgethang tse etsang hore ho be le bophelo. Shebella video e reng: The Wonders of Creation Reveal God’s Glory—Water ho jw.org.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share