LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • g23 No. 1 maq. 9-11
  • Meru

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Meru
  • Fadimehang!—2023
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Dintho Tse ka Behang Meru Kotsing
  • Lefatshe le Etseditswe ho Dula le le Teng
  • Ho Etswang ho Sireletsa Meru
  • Bibele e Fana ka Tshepo Efe?
  • Dihlooho Tse Makasineng Ena
    Fadimehang!—2023
Fadimehang!—2023
g23 No. 1 maq. 9-11
Mosadi o tsamaya borokgong bo ka morung.

NA BATHO BA TLA SENYA LEFATSHE KA HO FELETSENG?

MERU

BORASAENSE ba bapisa meru le matshwafo. Lebaka ke hobane jwalo ka matshwafo, meru e hlwekisa moya. E etsa jwalo ka ho monya carbon dioxide e ka bang kotsi ho batho ebe e ntsha oxygen, e leng karolo ya bohlokwa ya moya oo re o hemang. Hoo e ka bang diphesente tse 80 tsa diphoofolo le dimela tse phelang lefatsheng di fumaneha merung. Haeba ho ne ho se na meru, re ne re ke ke ra kgona ho phela.

Dintho Tse ka Behang Meru Kotsing

Selemo se seng le se seng, ho sakgwa difate tse dibilione e le hore ho hlekelwe sebaka sa ho lema. Hoo e ka bang halofo ya meru yohle e fumanehang dibakeng tse tjhesang moo pula e nang haholo, e ile ya fela ho tloha dilemo tse 75 tse fetileng.

Ha moru o sakgwa, melemo yohle ya wona e a fela.

Lefatshe le Etseditswe ho Dula le le Teng

Ho a makatsa hore ebe meru e ileng ya sakgwa e kgona ho hlaha hape ha nako e ntse e ya ebile e ka hlaha e le meholo le ho feta. Ditsebi di makatswa ke ka moo meru e sakgilweng e kgonang ho itlhahisa le ho atleha kapele ka teng. Nahana ka mehlala e latelang:

  • Bafuputsi ba ile ba sheba hore na ho tla etsahalang ka sebaka seo ho ileng ha sakgwa moru ho sona e le hore ho hlekelwe ho lema. Ho ile ha hlahlojwa dibaka tse 2 200 Amerika le Afrika e Bophirimela yaba ho fumanwa hore pele dilemo tse leshome di feta, moru o ka qala ho mela hape.

  • Ho latela diphuputso tse tlalehilweng makasineng o bitswang Science, ho hakanngwa hore dilemong tse ka bang lekgolo, dibakeng tse jwalo ho ka mela difate tse ngata tse sa tshwaneng le dimela tse ding tse hlahang merung.

  • Borasaense ba Brazil ba ile ba bapisa hore na meru e itlhahisa kapele hakae dibakeng tse ileng tsa sakgwa yaba di a tlohelwa le tseo batho ba ileng ba leka ho di tsosolosa.

  • Ha National Geographic e bua ka diphuputso tsa borasaense e re: “Ba ile ba thaba ha ba fumana hore ba ne ba sa hloke ho lema difate hape.” Ka mora dilemo tse hlano, ho ne ho se ho ena le difate tse ngata tse itlhahisitseng.

    NA O NE O TSEBA?

    Masimo a Fetoha Meru

    Setshwantsho se bontshang moru o ileng wa sakgwa e le ho hlekela ho lema ebe ka mora moo masimo ao a a tlohelwa. Ka mora dilemo tse leshome mobu o ka ba maemong a matle hape. Ka mora dilemo tse fetang 100 ho lebeletswe difate tse seng di hodile.

    Ho a hlolla hore ebe meru e ileng ya sakgwa e le ho hlekela ho lema ebe ka mora moo masimo ao a a tlohelwa, e kgona ho itlhahisa hape. Meru e ileng ya senyeha ka mabaka a mang le yona e kgona ho itlhahisa hape.

Ho Etswang ho Sireletsa Meru

Lefatsheng lohle, batho ba etsa dintho tse ngata ho leka ho sireletsa meru e setseng le e seng e sakgilwe boholo. Ka lebaka la sena, mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng o ile wa re: Ka dilemo tse 25, “sekgahla sa meru e sakgwang se fokotsehile ka diphesente tse 50.”

Le ha ho le jwalo, boiteko bona ha bo a lekana. Mokgatlo wa Global Forest Watch o re: “Le hoja ho etswa boiteko, meru e dibakeng tse tjhesang moo pula e nang haholo e ntse e senyeha ho ya pele.

Dikgwebo tse sakgang difate ntle ho tumello ebe di rekisa mapolanka di etsa tjhelete e ngata, ka hoo di ba meharo ebe di senya meru e mengata.

Setsebi se ntse se hlahloba moru.

Batho ba bang ba sireletsa meru ka hore ba se ke ba sakga difate tse ngata haholo le ka hore ha ba qeta ho di sakga ba leme tse ding

Bibele e Fana ka Tshepo Efe?

“Jehovaa Modimo a medisa difate tsohle tse ntle le tseo ditholwana tsa tsona di ka jewang.”—Genese 2:9.

Jehova o entse hore le hoja batho ba ka senya meru, e kgone ho itlhahisa hape. Ka hoo, e dula e le teng ebile e tswela batho molemo. O batla hore meru le dintho tse phelang ka hara yona di dule di le teng.

Bibele e re Modimo a ke ke a dumella batho ba meharo ho senya lefatshe le dintho tse phelang ho lona. Sheba sehlooho se reng: “Modimo o Tshepisa Hore Lefatshe le Tla Dula le le Teng” leqepheng la 15.

a Jehova ke lebitso la Modimo.—Pesaleme ya 83:18.

ITHUTE DINTLHA TSE EKETSEHILENG

Banyalani ba thabetse paradeise.

Re tseba jwang hore batho ba meharo ba ke ke ba atleha ho senya lefatshe ka ho feletseng? Shebella video ya Ke Hobaneng ha Modimo a Bopile Lefatshe? ho jw.org/st-za.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share