LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • wp20 No. 3 leq. 6
  • Seo Mmopi wa Rona a re Tshepisitseng Sona

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Seo Mmopi wa Rona a re Tshepisitseng Sona
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2020
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • MOLAETSA WA MODIMO O FUMANEHA LEFATSHENG LOHLE
  • Bibele e Bua ka Eng?
    Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
  • Bibele e na le Molaetsa oo Modimo a re Ngolletseng Wona
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Na ke Nnete Hore Bibele e “Buduletswe ke Modimo”?
    Fadimehang!—2017
  • Na Ruri Ditaba Tse Molemo di Tswa ho Modimo?
    Ditaba Tse Molemo Tse Tswang ho Modimo!
Tse Ding
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2020
wp20 No. 3 leq. 6
Rakgwebo o bolella mongodi wa hae hore na a ngole eng.

Feela jwalo ka ha motho ya nang le kgwebo a sebedisa mongodi wa hae hore a mo ngolle molaetsa, Modimo le yena o sebedisitse bahlanka ba hae ba tshepahalang hore ba ngole Mangolo a Halalelang

Seo Mmopi wa Rona a re Tshepisitseng Sona

Ho tloha ha Modimo a ne a bopa batho, o ne a buisana le bona a sebedisa mangeloi le baprofeta. Ho ekelletsa moo, o ile a kgetha hore melaetsa ya hae le ditshepiso tsa hae di ngolwe fatshe. Ditshepiso tsena tsa Modimo di ama bokamoso ba rona. Jwale o ka fumana dintho tseo Modimo a re tshepisitseng tsona hokae?

Molaetsa wa Modimo re ka o fumana ka Mangolong a Halalelang. (2 Timothea 3:16) Modimo o ile a sebedisa baprofeta jwang hore ba ngole molaetsa wa hae? (2 Petrose 1:21) Modimo o ile a bolella bangodi hore na ba ngole eng, yaba ha morao ba di ngola fatshe. Ho ntse ho etsahala se tshwanang le kajeno. Haeba motho ya nang le kgwebo a kopa mongodi wa hae hore a mo ngolle molaetsa o itseng, re tlo re lengolo leo le ngotswe ke rakgwebo le hoja mongodi e ne e le yena ya ngolang. Ka tsela e tshwanang, le hoja Modimo a ile a sebedisa batho hore ba ngole molaetsa wa hae, ha e le hantle ke yena Mongodi wa Mangolo a Halalelang.

MOLAETSA WA MODIMO O FUMANEHA LEFATSHENG LOHLE

Molaetsa wa Modimo ke wa bohlokwa haholo mme o batla hore batho bohle ba o bale ebile ba o utlwisise. Hona jwale, molaetsa wa hae o thabisang o bolelwa dinaheng tsohle, melokong yohle le dipuong tsohle. (Tšenolo 14:6) Modimo o hlohonolofatsa mosebetsi oo hobane molaetsa ona re ka o bala kaofela ka dipuo tse ka hodimo ho 3 000, ebile ke wona feela o fumanehang ka dipuo tse ngata ho feta dibuka tse ding lefatsheng lohle.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share