LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • wp21 No. 3 maq. 4-5
  • O ka Tseba Bokamoso ba Hao Jwang?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • O ka Tseba Bokamoso ba Hao Jwang?
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2021
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • SEO BATHO BA BANGATA BA SE DUMELANG
  • DITLAMORAO E BA DIFE?
  • Motho e Mong le e Mong o Batla ho Phela ha Monate
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2021
  • Na ho ba Motho ya Lokileng ho ka Etsa Hore o Dule o Thabile?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2021
  • Na Thuto e Phahameng le Tjhelete di ka Etsa Hore o Dule o Phela ha Monate?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2021
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2021
wp21 No. 3 maq. 4-5
Ditshwantsho: 1. Senohe se bolella motho bokamoso ba hae se sebedisa dikarete. 2. Boto e bontshang bokamoso ya feng shui le moralo wa ntlo. 3. Motho o fana ka dipalesa le dijo ho motho ya hlokahetseng.

O ka Tseba Bokamoso ba Hao Jwang?

Batho ba bangata ba dumela hore bophelo ba bona bo laolwa ke matla a sa bonahaleng kapa bo rerilwe esale pele. Ditumelo tseo di etsa hore ba etse dintho tse ngata tseo ba nahanang hore di tla ba tlisetsa lehlohonolo kapa di ntlafatse bophelo ba bona ka tsela e itseng.

SEO BATHO BA BANGATA BA SE DUMELANG

BONOHE BA DINALEDI: Batho ba bang ba dumela hore tsela eo dinaledi di neng di dutse ka yona ha ba ne ba hlaha e ne e bontsha hore na bokamoso ba bona bo tla ba jwang. Ba bua le dinohe tsa dinaledi kapa ba bala ditaba tse buang ka bonohe ba dinaledi hore di ba bolelle dintho tse tlo ba etsahalla, ebe ka mora moo ba leka ho fumana ditsela tsa ho itshireletsa kapa ho atleha.

DIKARETE: Batho ba bang ba dumela hore haeba ba buisana le batho ba sebedisang dikarete ho ba bolella bokamoso ba bona, ba tla tseba hore na ke hobaneng ha ba hlahelwa ke dintho tse itseng le hore na ba lokela ho etsang. Ha ba se ba tseba hore na ba tlo etsahallwa ke eng ba qoba dintho tse ka ba ntshang kotsi, ebe ba leka ho fumana tharollo ya mathata a bona le hore ba atlehe.

HO RAPELA BADIMO: Batho ba bang ba dumela hore ba lokela ho hlompha batho ba hlokahetseng kapa ba rapele medimo e fapaneng e le hore e ba sireletse le ho ba hlohonolofatsa. Vana ya dulang Vietnam o re: “Ke ne ke dumela hore haeba ke hlompha badimo, ba tla etsa hore nna le bana ba ka re phele ha monate hona jwale le nakong e tlang.”

HO TSWALWA HANGATA: Batho ba bangata ba dumela hore nako le nako ha motho a hlokahala o tswalwa hape. Ba dumela hore dintho tse ntle kapa tse mpe tse ba etsahallang hona jwale ke ditlamorao tsa dintho tseo ba ileng ba di etsa bophelong ba bona bo fetileng.

Batho ba bangata ba re ha ba dumele dinthong tsena, empa ba ntse ba etsa dintho tse kang ho bala mela ya matsoho, ho bala ditaba tse buang ka bonohe ba dinaledi, ho buisana le badimo le tse ding. Ba nahana hore mohlomong ho etsa dintho tsena ho ka ba thusa hore ba tsebe bokamoso ba bona.

DITLAMORAO E BA DIFE?

Na batho ba dumelang dintho tsee ba atlehile bophelong, hona ba tla dula ba thabile?

Nahana ka se ileng sa etsahalla Hào ya dulang Vietnam. O ne a kopa thuso ho dinohe tsa dinaledi, a rapela badimo hore ba mo tataise, a bile a phela ka moetlo o bitswang feng shui o tlwaelehileng dinaheng tsa Asia. Na o ile a atleha? Hào o re: “Ke ile ka lahlehelwa ke tjhelete e ngata, ka kena dikolotong, ka ba le mathata a lelapa le ho ba le kgatello ya maikutlo.”

Qiuming ya dulang Taiwan le yena o ne a dumela ho bonohe ba dinaledi, ho tswalwa hangata, hore bophelo bo rerilwe esale pele, a phela ka moetlo wa feng shui a bile a rapela badimo. Ka mora ho hlahloba dintho tsena tseo a neng a di dumela o ile a re: “Ke ile ka hlokomela hore dithuto tsena ha di dumellane ebile di a ferekanya le hore hangata seo dinohe tsa dinaledi di neng di se bua se ne se sa etsahale. Ha e le tabeng ya ho tswalwa hangata, haeba motho a sa hopole dintho tse ileng tsa etsahala bophelong bo fetileng a ka fetoha jwang mme a etsa dintho ka tsela e nepahetseng bophelong bo latelang?”

“Ke ile ka hlokomela hore dithuto tsena le meetlo ena ha e dumellane ebile e ya ferekanya.”​—QIUMING, TAIWAN

Hào, Qiuming le batho ba bang ba bangata ba hlokometse hore ba ke ke ba tseba bokamoso ba bona ka ho sebedisa bonohe ba dinaledi, ho buisana le batho ba hlokahetseng kapa ho tswalwa hangata. Na see se bolela hore ha re kgone ho laola dintho tse tla re etsahalla nakong e tlang?

RE LOKELA HO ETSA DIQETO TSE NEPAHETSENG

Ka dinako tse ding ho etsahala dintho tseo re ke keng ra kgona ho di laola empa maemong a mangata re kgona ho bona hore diqeto tseo re di etsang di ka ama bokamoso ba rona. Ka mohlala, ke hobaneng ha o hlapa matsoho kapa o kenya maske haeba lefu le tshwaetsanang jwalo ka Coronavirus le ntse le ata? Hobane haeba re etsa jwalo re tla be re sireletsa bophelo ba rona. Ho hlakile hore diqeto tseo o di etsang ke tsa bohlokwa.

Ke ha bohlokwa hore re etse diqeto tse bohlale e le hore re se ke ra ikwahlaela ditlamorao tse bohloko. Dilemo tse ka bang 2 000 tse fetileng mosuwe ya bohlale o ile a re: “Seo motho a se jalang o tla se kotula.”b

Batho ba bangata ba nahana hore ba lokela ho ya diyunivesithi le ho ba barui e le hore ba phele ha monate. Ditlamorao e bile dife ho batho ba ileng ba etsa qeto eo?

a Sehloohong sena le tse latelang mabitso a mang a fetotswe

b Mantswe ana a hlaha Bibeleng e Halalelang ho Bagalata 6:7. Mantswe ana a nkuwe mantsweng a tlwaelehileng a reng: “Ha o jala lehapu, o tla kotula lehapu mme ha o jala dinawa, o tla kotula dinawa.”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share