Sefela sa Lifela
Sefela sa Lifela
1 Pina e monate ka ho fetisisa,+ ea Solomone:+ 2 “E se eka a ka nkaka ka likako tsa molomo oa hae,+ etsoe lipontšo tsa hao tsa lerato li molemo ho feta veine.+ 3 Li-oli+ tsa hao li ntle bakeng sa monko o monate. Lebitso+ la hao le joaloka oli e tšolotsoeng. Ke ka lebaka leo baroetsana ba u ratileng. 4 Nkhule;+ a re mathe. Morena o nkentse ka likamoreng tsa hae tse ka hare!+ A re nyakalle ’me re ithabele ho uena. A re bolele lipontšo tsa hao tsa lerato ho feta veine.+ Ba u ratile ka mokhoa o tšoanelang.+
5 “’Na ke ngoanana e motšoana, empa ea khahlehang, Lōna barali ba Jerusalema,+ ho tšoana le litente tsa Kedare,+ empa leha ho le joalo ho tšoana le masela a tente+ a Solomone. 6 Le se ke la ntalima kahobane ke motšoana, hobane letsatsi le mpone. Bara ba ’Mè ba ile ba nkhalefela; ba mpeha mohlokomeli oa lirapa tsa morara, le hoja serapa sa ka sa morara,+ seo e neng e le sa ka, ke sa ka ka se hlokomela.
7 “Uena eo moea oa ka o mo ratileng,+ mpolelle moo u lisetsang teng,+ moo u bothisang mohlape teng har’a motšehare. Hantle-ntle ke hobane’ng ha ke lokela ho ba joaloka mosali ea apereng tšiamo har’a sehlopha sa balekane ba hao?”
8 “Haeba u sa tsebe, Uena e motle ka ho fetisisa har’a basali,+ u ee le mehlala ea mohlape ’me u fulise lipotsanyane haufi le litabernakele tsa balisa.”
9 “Ke u tšoantšitse le pere ea ka e tšehali likoloing tsa Faro,+ Uena kharebe ea ka.+ 10 Marama a hao aa khahleha har’a lithapo tsa moriri, molala oa hao o khahleha sefaheng.+ 11 Re tla u etsetsa mekhabiso e chitja ea khauta,+ hammoho le likonopo tsa silevera.”
12 “Hafeela morena a ntse a le tafoleng ea hae e chitja nareda+ ea ka e ntšitse monko oa eona o monate.+ 13 Moratuoa oa ka o joaloka mokotla oa myra+ ho ’na; o tla hlola bosiu pakeng tsa matsoele a ka.+ 14 Moratuoa oa ka o joaloka lesihla la hena+ ho ’na, har’a lirapa tsa morara tsa Ene-gedi.”+
15 “Bona! U motle, Uena kharebe ea ka.+ Bona! U motle. Mahlo a hao ke a maeba.”+
16 “Bona! U motle,+ moratuoa oa ka, ’me ua khahleha. Moalo+ oa rōna le oona ke oa makhasi. 17 Libalaka tsa ntlo ea rōna e khahlehang ke likedare,+ maballo a rōna ke lifate tsa junipere.