Ezekiele
30 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 2 “Mor’a motho, profeta, ’me u re,+ ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Bokollang, ‘Jo! letsatsi leo!’+ 3 etsoe letsatsi le haufi, e, letsatsi la Jehova le haufi.+ Letsatsi la maru,+ e tla ba nako e behiloeng ea lichaba.+ 4 Ka sebele sabole e tla tla Egepeta,+ ’me bohloko bo boholo bo tla ba teng Ethiopia ha motho a oa e le ea bolailoeng Egepeta ’me ba nka leruo la eona ’me metheo ea eona e qhaqhoa.+ 5 Ethiopia+ le Pute+ le Lude le sehlopha sohle se tsoakaneng+ le Kube le bara ba naha ea selekane—ba tla oa hammoho le bona ka sabole.”’+
6 “Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Batšehetsi ba Egepeta le bona ba tla oa, ’me boikakaso ba matla a eona bo tla theoha.’+
“‘Ho tloha Migdole+ ho ea Siene+ ba tla oela ho eona ka sabole,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova. 7 ‘Le bona ba tla etsoa lesupi har’a linaha tse entsoeng lesupi, ’me metse ea eona e tla ba har’a metse e ripitliloeng.+ 8 Ba tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova ha ke hotetsa mollo Egepeta ’me batšehetsi bohle ba eona ba robeha.+ 9 Letsatsing leo manģosa a tla tsoa ka pel’a ka ka likepe, e le hore a thothometse Ethiopia e itšepileng.+ Ho tla ba le bohloko bo boholo har’a bona letsatsing la Egepeta, etsoe, bonang! le tla tla.’+
10 “Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ke tla boela ke felise bongata ba Egepeta ka letsoho la Nebukadrezare morena oa Babylona.+ 11 Eena hammoho le batho ba hae, bahatelli ba lichaba,+ ba tlisoa hore ba etse naha lesupi. Ba tla tsomula lisabole tsa bona khahlanong le Egepeta ba tlatse naha ka ba bolailoeng.+ 12 Ke tla etsa hore melatsoana+ ea Nile e be mobu o omileng ’me ke tla rekisa naha matsohong a batho ba babe,+ ke tla etsa hore naha le botlalo ba eona e etsoe lesupi ke matsoho a basele.+ ’Na, Jehova, ke boletse.’+
13 “Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ke tla boela ke senye litšoantšo tse rapeloang tse nyonyehang+ ’me ke felise melimo ea lefeela Nofe,+ ’me ha ho sa tla hlola ho e-ba le morenana ea tsoang naheng ea Egepeta; ka sebele ke tla tlisa tšabo naheng ea Egepeta.+ 14 Ke tla etsa hore Pathrose+ e be lesupi ke hotetse mollo Zooane+ ’me ke phethise liketso tsa kahlolo No.+ 15 Ke tla tšollela khalefo ea ka+ holim ’a Sine, qhobosheane ea Egepeta, ke felise bongata ba No.+ 16 Ke tla hotetsa mollo Egepeta. Ruri Sine e tla utloa bohloko bo boholo, ’me No e tla hapuoa ka makhalo; ha e le Nofe—ho tla ba le bahanyetsi nakong ea motšehare! 17 Ha e le bahlankana ba One+ le Pibesethe, ba tla oa ka sabole, ’me metse e tla ea kholehong. 18 Letsatsi le tla fifala Takpanese,+ ha ke roba lijoko tsa Egepeta moo.+ Boikakaso ba matla a eona bo tla felisoa.+ Ha e le eona, maru a tla e koahela,+ ’me metse e itšetlehileng ka eona e tla ea kholehong.+ 19 Ke tla phethisa liketso tsa kahlolo Egepeta;+ ’me ba tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.’”
20 Ka selemo sa leshome le motso o mong, ka khoeli ea pele, ka letsatsi la bosupa la khoeli, lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 21 “Mor’a motho, ka sebele ke tla roba letsoho la Faro morena oa Egepeta,+ ’me, bonang! ho hang le ke ke la tlamisoa e le hore le fole ka ho le tlamisa ka lesela le tlamisang,+ hore le be le matla a ho tšoara sabole.”
22 “Ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Bonang! ke khahlanong le Faro morena oa Egepeta,+ ’me ke tla roba matsoho a hae,+ le matla le le robehileng,+ ke etse hore sabole e oe letsohong la hae.+ 23 Ke tla hasanya Baegepeta har’a lichaba ke ba qhalakanye har’a linaha.+ 24 Ke tla matlafatsa matsoho a morena oa Babylona+ ’me ke fane ka sabole ea ka letsohong la hae,+ ke robe matsoho a Faro, ’me joaloka ea ntšitsoeng maqeba a bolaeang ka sebele o tla bobola haholo ka pel’a hae.+ 25 Ke tla matlafatsa matsoho a morena oa Babylona, ’me matsoho a Faro a tla oa; ’me ba tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova ha ke fana ka sabole ea ka letsohong la morena oa Babylona ’me a e otlolla khahlanong le naha ea Egepeta.+ 26 Ke tla hasanya Baegepeta har’a lichaba+ ke ba qhalakanye har’a linaha; ’me ba tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.’”