Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 28:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 “Jehova o tla etsa hore lira tsa hao tse u tsohelang matla li hlōloe ka pel’a hao.+ Li tla u futuhela ka tsela e le ’ngoe, empa li tla baleha ka pel’a hao ka litsela tse tharo.+

  • Deuteronoma 32:30
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 30 Ke joang motho a le mong a ka lelekisang ba sekete,

      ’Me ba babeli ba balehisa ba likete tse leshome?+

      Ntle le hore ebe Lefika la bona le ba rekisitse+

      ’Me Jehova o nehelane ka bona.

  • Joshua 23:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Motho a le mong feela ho lōna o tla lelekisa ba sekete,+ hobane Jehova Molimo oa lōna ke eena ea le loanelang,+ feela joalokaha a le tšepisitse.+

  • Baahloli 7:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Joale a arola banna ba makholo a mararo ka lihlopha tse tharo ’me a beha manaka+ matsohong a bona kaofela le linkho tse khōlō tse se nang letho, le lirumula ka har’a linkho tse khōlō.

  • Baahloli 15:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 Joale a fumana lesapo la mohlahare le mongobo la esele e tona eaba o otlolla letsoho oa le nka ’me o qala ho bolaea banna ba sekete ka lona.+

  • 1 Likronike 11:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 Ha e le Abishai+ mor’abo Joabe,+ ea e-ba hlooho ea ba bararo; o ne a tsoka lerumo la hae holim ’a ba makholo a mararo ba bolailoeng, ’me o ne a e-na le botumo bo tšoanang le ba bao ba bararo.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela