4 ka sebele ke tla boela ke le fe lipula ka nako ea tsona e tšoanetseng,+ ’me naha e tla fana ka lihlahisoa tsa eona,+ ’me sefate sa naha se tla fana ka litholoana+ tsa sona.
14 ka sebele le ’na ke tla fa naha ea lōna pula ka nako ea eona e behiloeng,+ pula ea lehoetla le pula ea selemo,+ ’me ruri le tla bokella lijo-thollo tsa lōna le veine ea lōna e monate le oli ea lōna.
22 Na har’a litšoantšo tse rapeloang tsa lefeela+ tsa lichaba ho na le se ka nesang pula, kapa na le maholimo a ka fana ka lipula tsa melupe?+ Jehova Molimo oa rōna,+ na hase Uena ea ka etsang joalo? Re u tšepile, etsoe u entse lintho tsena tsohle.+