Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 28:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Jehova o tla u bulela ntlo ea hae e molemo ea polokelo, maholimo, hore a fane ka pula naheng ea heno ka nako ea eona+ le ho hlohonolofatsa mosebetsi o mong le o mong oa letsoho la hao;+ ’me ka sebele u tla alima lichaba tse ngata, le hoja uena u ke ke ua alima+ letho.

  • Esaia 30:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 Ka sebele o tla fana ka pula bakeng sa peō ea lōna eo le e jalang mobung,+ le bohobe e le lihlahisoa tsa naha, bo tlang ho nona bo be mafura.+ Letsatsing leo liphoofolo tsa lōna tse ruiloeng li tla fula makhulong a maholo.+

  • Ezekiele 34:26
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 26 Ke tla etsa hore tsona le libaka tse potolohileng leralla la ka e be tlhohonolofatso,+ ’me ke tla etsa hore pula e tšolohang e theohe ka nako ea eona. Ho tla ba le lipula tse tšolohang tsa tlhohonolofatso.+

  • Joele 2:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 Lōna bara ba Sione, thabang ’me le nyakalle ho Jehova Molimo oa lōna;+ kaha o tla tlameha ho le neha pula ea lehoetla ka tekanyo e nepahetseng,+ ’me o tla theolela holim ’a lōna pula ea litloebelele, pula ea lehoetla le pula ea selemo, joaloka pele.+

  • Amose 4:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 “‘Ha e le ’na, ke ile ka boela ka le hanela ka pula ea litloebelele ha ho sa ntse ho e-na le likhoeli tse tharo pele ho kotulo;+ ’me ka nesa pula motseng o mong, empa motseng o mong ke ne ke sa nese pula. Ho ne ho e-ba le tšimo e neng e neloa ke pula, empa tšimo eo ke neng ke etsa hore e se ke ea neloa ke pula e ne e omella.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela