Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 12:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 ke tla u etsa sechaba se seholo ’me ke tla u hlohonolofatsa ke hōlise lebitso la hao; u be tlhohonolofatso.+

  • Levitike 26:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 ka sebele ke tla boela ke le fe lipula ka nako ea tsona e tšoanetseng,+ ’me naha e tla fana ka lihlahisoa tsa eona,+ ’me sefate sa naha se tla fana ka litholoana+ tsa sona.

  • Deuteronoma 28:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Jehova o tla u bulela ntlo ea hae e molemo ea polokelo, maholimo, hore a fane ka pula naheng ea heno ka nako ea eona+ le ho hlohonolofatsa mosebetsi o mong le o mong oa letsoho la hao;+ ’me ka sebele u tla alima lichaba tse ngata, le hoja uena u ke ke ua alima+ letho.

  • Pesaleme 68:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  9 Molimo, u ile ua qala ho nesa pula ea litloebelele;+

      Lefa la hao, esita leha le ne le tepeletse—u ile ua boela ua le matlafatsa.+

  • Liproverbia 10:22
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 22 Tlhohonolofatso ea Jehova—ea ruisa,+ ’me ha a e phaelle ka bohloko.+

  • Zakaria 8:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Feela joalokaha le ile la ba bomalimabe har’a lichaba,+ Lōna ba ntlo ea Juda le ba ntlo ea Iseraele,+ ka ho tšoanang ke tla le pholosa, ’me le tla ba tlhohonolofatso.+ Le se ke la tšoha.+ E se eka matsoho a lōna a ka ba matla.’+

  • Malakia 3:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Tlisang likarolo tsohle tsa leshome+ ka tlung ea polokelo, hore ho be le lijo ka tlung ea ka;+ ka kōpo, ntekeng tabeng ena,”+ ho boletse Jehova oa mabotho, “hore na ebe nke ke ka le bulela likhoro tsa moroallo tsa maholimo+ ’me ke le tšollele tlhohonolofatso ho fihlela ho se ho se letho le hlokoang.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela