Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 26:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 ka sebele ke tla boela ke le fe lipula ka nako ea tsona e tšoanetseng,+ ’me naha e tla fana ka lihlahisoa tsa eona,+ ’me sefate sa naha se tla fana ka litholoana+ tsa sona.

  • Deuteronoma 28:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Jehova o tla u bulela ntlo ea hae e molemo ea polokelo, maholimo, hore a fane ka pula naheng ea heno ka nako ea eona+ le ho hlohonolofatsa mosebetsi o mong le o mong oa letsoho la hao;+ ’me ka sebele u tla alima lichaba tse ngata, le hoja uena u ke ke ua alima+ letho.

  • Pesaleme 65:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Litsela tsa lona tsa mehoma lia tlala, makote a lona aa batalatsoa;+

      U le nolofatsa ka lipula tsa melupe; u hlohonolofatsa mahlōmela a lona.+

  • Esaia 30:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 Ka sebele o tla fana ka pula bakeng sa peō ea lōna eo le e jalang mobung,+ le bohobe e le lihlahisoa tsa naha, bo tlang ho nona bo be mafura.+ Letsatsing leo liphoofolo tsa lōna tse ruiloeng li tla fula makhulong a maholo.+

  • Jeremia 14:22
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 22 Na har’a litšoantšo tse rapeloang tsa lefeela+ tsa lichaba ho na le se ka nesang pula, kapa na le maholimo a ka fana ka lipula tsa melupe?+ Jehova Molimo oa rōna,+ na hase Uena ea ka etsang joalo? Re u tšepile, etsoe u entse lintho tsena tsohle.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela