Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 8:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 U hopole Jehova Molimo oa hao, hobane ke eena ea u fang matla a ho etsa leruo;+ e le hore a phethe selekane sa hae seo a hlapanyelitseng baholo-holo ba hao ka sona, joaloka letsatsing lena.+

  • Deuteronoma 28:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Jehova o tla u bulela ntlo ea hae e molemo ea polokelo, maholimo, hore a fane ka pula naheng ea heno ka nako ea eona+ le ho hlohonolofatsa mosebetsi o mong le o mong oa letsoho la hao;+ ’me ka sebele u tla alima lichaba tse ngata, le hoja uena u ke ke ua alima+ letho.

  • 2 Likronike 1:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 u fuoa bohlale le tsebo;+ hape ke tla u fa moeno le maruo le tlhompho tseo ho seng marena a bileng teng pele a kileng a e-ba le tsona,+ le tseo ho seng le ea mong ea tlang ho ba le tsona ka mor’a hao.”+

  • Jobo 42:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Ha e le Jehova, ka mor’a moo a hlohonolofatsa+ qetello ea Jobo ho feta tšimoloho+ ea hae, hoo a ileng a ba le linku tse likete tse leshome le metso e mene le likamele tse likete tse tšeletseng le lipane tse sekete tsa likhomo le liesele tse tšehali tse sekete.

  • Liproverbia 10:22
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 22 Tlhohonolofatso ea Jehova—ea ruisa,+ ’me ha a e phaelle ka bohloko.+

  • 2 Bakorinthe 9:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Le ntse le ruisoa nthong e ’ngoe le e ’ngoe bakeng sa ho fana ka seatla se bulehileng ha mofuta o mong le o mong, ho hlahisang ka rōna polelo ea teboho ho Molimo;+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela