2 O ne a e-na le mora eo lebitso la hae e leng Saule,+ a le mocha ebile a le motle, ’me ho ne ho se monna ho bara ba Iseraele ea neng a le motle ho mo feta; o ne a le molelele ho feta batho bohle ho tloha mahetleng ho ea holimo.+
11 Eitse ha bohle ba neng ba mo tseba ba mo bona, bonang! o ne a profeta le baprofeta. Ka lebaka leo batho ba buisana ba re: “Ke eng sena se etsahetseng ka mora oa Kishe? Na Saule le eena o har’a baprofeta?”+
15 Kahoo sechaba sohle sa ea Gilgale, eaba se etsa Saule morena ka pel’a Jehova Gilgale. Joale sa etsa mahlabelo a kopanetsoeng moo ka pel’a Jehova,+ ’me moo Saule le batho bohle ba Iseraele ba tsoela pele ho thaba ka tekanyo e khōlō.+
47 Saule a nka borena holim ’a Iseraele+ eaba o qala ho loantša ka hohle lira tsohle tsa hae, le Moabe+ le bara ba Ammone+ le Edomo+ le marena a Zoba+ le Bafilista;+ kae kapa kae moo a neng a retelehela teng o ne a fana ka kahlolo.+
23 etsoe borabele+ bo tšoana le sebe sa bonohe,+ ’me ho iketelletsa pele ka ho inkela molao matsohong ho tšoana le ho sebelisa matla a boselamose le terafime.+ Kaha u lahlile lentsoe la Jehova,+ ka lebaka leo oa u lahla hore u se ke ua ba morena.”+