Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 6:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Eaba ke re: “E tla ba halelele hakae, Jehova?”+ Joale a re: “Ho fihlela metse e heleha hore e be lithako, e hloka baahi, le matlo a hloka motho oa lefatše, le naha e senngoa hore e be lesupi;+

  • Esaia 17:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Letsatsing leo metse ea hae ea qhobosheane e tla ba joaloka sebaka se tlohetsoeng ka ho feletseng morung, lekala leo ba le tlohetseng ka ho feletseng ka lebaka la bara ba Iseraele; ’me e tla fetoha lesupi.+

  • Jeremia 26:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 “Mikea+ oa Moreshethe+ o ne a profeta matsatsing a Ezekiase morena oa Juda+ ’me a tsoela pele ho re ho sechaba sohle sa Juda, ‘Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng: “Sione e tla lengoa joaloka tšimo feela,+ ’me Jerusalema e tla fetoha qubu feela ea lithako,+ ’me thaba ea Ntlo e tla ba libaka tse phahameng tsa moru.”’+

  • Lillo Tsa Jeremia 2:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  5 Jehova o fetohile ea joaloka sera.+ O metsitse Iseraele.+

      O metsitse litora tsohle tsa eona tsa bolulo;+ o sentse libaka tsa eona tse etselitsoeng liqhobosheane.+

      O etsa hore ho siama le sello li ate ho morali oa Juda.+

  • Ezekiele 36:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 ka hona, Lōna lithaba tsa Iseraele,+ utloang lentsoe la ’Musi Morena Jehova! Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boleletseng lithaba le maralla, likotopo le liphula le libaka tse ripitliloeng tse neng li entsoe lesupi+ le metse e tlohetsoeng e fetohileng e tlatlapuoeng le sesomo ho ba setseng ba lichaba tse pota-potileng;+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela