Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 26:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 26 “‘Le se ke la iketsetsa melimo ea lefeela,+ ’me le se ke la ikemisetsa setšoantšo se betliloeng+ kapa tšiea e halalelang, ’me le se ke la emisa lejoe e le setšoantšo+ naheng ea lōna hore le le inamele;+ etsoe ke ’na Jehova Molimo oa lōna.

  • Baahloli 17:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Ka lebaka leo a khutlisetsa likotoana tseo tsa silevera tse sekete le lekholo ho ’m ’ae;+ eaba ’m ’ae o tsoela pele ho re: “Ruri ke tla halaletsa silevera ena e letsohong la ka ho Jehova bakeng sa mora oa ka, e le hore ke etse setšoantšo se betliloeng+ le seemahale se entsoeng ka ho qhibilihisoa;+ joale ke tla e khutlisetsa ho uena.”

  • Baahloli 18:30
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 30 Ka mor’a moo bara ba Dane ba ikemisetsa setšoantšo se betliloeng;+ ’me Jonathane+ mora oa Gershome,+ mora oa Moshe, eena le bara ba hae ea e-ba baprista ba moloko oa Badane ho fihlela letsatsing la ho isoa ha naha eo kholehong.+

  • 2 Marena 21:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Ho ekelletsa moo, a beha setšoantšo+ se betliloeng sa palo e halalelang seo a neng a se entse ka tlung+ eo ka eona Jehova a neng a itse ho Davida le ho mora oa hae Solomone: “Ka tlung ena le Jerusalema, eo ke e khethileng melokong eohle ea Iseraele, ke tla beha lebitso la ka ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+

  • Nahume 1:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Malebana le uena Jehova o laetse, ‘Ha ho letho la lebitso la hao le sa tla hlola le jaloa.+ Ho tsoa ntlong ea melimo ea hao ke tla felisa setšoantšo se betliloeng le seemahale se entsoeng ka ho qhibilihisoa.+ Ke tla u etsetsa sebaka sa lepato,+ hobane u bile eo e seng oa bohlokoa.’

  • Habakuke 2:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Setšoantšo se betliloeng se bile le molemo ofe,+ ha moetsi oa sona a se betlile, seemahale se entsoeng ka ho qhibilihisoa, le morupeli oa leshano?+ ha moetsi oa sebōpeho sa sona a se tšepile,+ ho isa tekanyong ea ho etsa melimo ea lefeela e sa khoneng ho bua?+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela