Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jeremia 47:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 47 Lentsoe la Jehova e bile lena ho moprofeta Jeremia malebana le Bafilista+ pele Faro a hlasela Gaza.+

  • Ezekiele 25:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Bona! ke otlolla letsoho khahlanong le Bafilista,+ ke tla felisa Bakerethe+ ’me ke timetse le ba bang kaofela lebōpong la leoatle.+

  • Joele 3:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 “Hape, taba ea lōna le ’na ke efe, Lōna Tyre le Sidone+ le lōna libaka tsohle tsa Filistia?+ Na ke eona tšoaro eo le ’nehang eona e le moputso? Haeba le ntšoara ka tšoaro e joalo, kapele, ka potlako ke tla busetsa tšoaro ea lōna lihloohong+ tsa lōna.

  • Amose 1:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘“Ka lebaka la ho etsa bofetoheli ha Gaza+ hararo, le ka lebaka la ho bo etsa hane, nke ke ka e khutlisa, ka lebaka la ho isa ha bona kholehong sehlopha se feletseng sa baholehuoa+ ho nehelana ka sona ho Edomo.+

  • Sofonia 2:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Etsoe, ha e le Gaza, e tla ba motse o tlohetsoeng;+ le Ashkelone e tla ba lesupi.+ Ha e le Ashdode,+ motšehare o moholo ba tla mo leleka;+ ha e le Ekrone, o tla fotholoa.+

  • Zakaria 9:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Ashkelone e tla bona ’me e tšohe; ha e le Gaza, le eona e tla utloa bohloko bo boholo haholo; le Ekrone,+ hobane tšepo ea eona eo e e lebeletseng+ e tla lokela ho hlajoa ke lihlong. Ka sebele morena o tla timetsoa Gaza, ’me Ashkelone e ke ke ea e-ba le baahi.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela