11 Letsatsing leo Jehova o tla boela a fane ka letsoho la hae, ka lekhetlo la bobeli,+ bakeng sa ho fumana masala a batho ba hae ba setseng Assyria+ le Egepeta+ le Pathrose+ le Kushe+ le Elame+ le Shinare+ le Hamathe le lihlekehlekeng tsa leoatle.+
3 “Ke tla bokella masala a linku tsa ka linaheng tsohle tseo ke li qhalakanyelitseng ho tsona,+ ’me ke tla li khutlisetsa lekhulong la tsona,+ ’me ka sebele li tla ata li ngatafale.+
37 ‘Bonang! ke ba bokella ho tsoa linaheng tsohle tseo ke tla beng ke ba qhalakanyelitse ho tsona ka bohale ba ka le ka khalefo ea ka le ka tlhonamo e khōlō;+ ke tla ba khutlisetsa sebakeng sena ’me ke etse hore ba lule ba sireletsehile.+
27 Ha ke ba khutlisa lichabeng ’me ke ba bokella ho tsoa linaheng tsa lira tsa bona,+ ke tla boela ke ikhalaletse har’a bona ka pel’a mahlo a lichaba tse ngata.’+
14 Ke tla khutlisa baholehuoa ba batho ba ka ba Iseraele,+ ’me ba tla haha metse e entsoeng lesupi le ho lula ho eona,+ ’me ba leme lirapa tsa morara le ho noa veine ea tsona, ’me ba etse lirapa le ho ja litholoana tsa tsona.’+