Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jeremia 30:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 “Ha e le uena, u se ke ua tšaba, Uena mohlanka oa ka Jakobo,” ho bolela Jehova, “’me u se ke ua tšoha, Uena Iseraele.+ Etsoe bona! ke u pholosa u le hōle le bana ba hao naheng ea kholeho ea bona.+ Ka sebele Jakobo o tla khutla ’me a se ke a khathatsoa ’me a lule ka boiketlo, ’me ha ho na ea tla baka ho thothomela.”+

  • Jeremia 46:27
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 27 “‘Ha e le uena, u se ke ua tšaba, Uena mohlanka oa ka Jakobo, ’me u se ke ua tšoha, Uena Iseraele.+ Etsoe bona! ke u pholosa u le hōle ’me bana ba hao ke ba pholosa naheng ea kholeho ea bona.+ Ka sebele Jakobo o tla khutla ’me a se ke a ba le khathatso ’me a lule ka boiketlo ho se ea bakang ho thothomela.+

  • Ezekiele 28:25
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 25 “‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Ha ke bokella ba ntlo ea Iseraele ho tsoa lichabeng tseo ba hasantsoeng ho tsona,+ ke tla boela ke halaletsoe har’a bona mahlong a lichaba.+ Ka sebele ba tla lula naheng ea bona+ eo ke e fileng mohlanka oa ka, Jakobo.+

  • Amose 9:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Ke tla khutlisa baholehuoa ba batho ba ka ba Iseraele,+ ’me ba tla haha metse e entsoeng lesupi le ho lula ho eona,+ ’me ba leme lirapa tsa morara le ho noa veine ea tsona, ’me ba etse lirapa le ho ja litholoana tsa tsona.’+

  • Sofonia 3:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 Nakong eo ke tla le tlisa, esita le nakong ea ha ke le phutha. Etsoe ke tla etsa hore le be lebitso le thoriso har’a lichaba tsohle tsa lefatše, ha ke khutlisa baholehuoa ba lōna ka pel’a mahlo a lōna,” ho boletse Jehova.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela