16 Manase a boela a tšolla+ mali a mangata haholo a hlokang molato, ho fihlela a tlatsitse Jerusalema ho tloha pheletsong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe, ntle ho sebe sa hae seo ka sona a ileng a etsa hore Bajuda ba sitoe ka ho etsa se sebe mahlong a Jehova.+
4 le ka lebaka la mali+ a hlokang molato ao a neng a a tšolotse, hoo a ileng a tlatsa Jerusalema ka mali a hlokang molato, ’me Jehova ha aa ka a lumela ho tšoarela.+
34 Hape, liaparong tsa hao ho fumanoe maqaphaqapha a mali a meea+ ea mafutsana a hlokang molato.+ Ha kea a fumana ketsong ea ho thuha, empa a holim ’a tsena tsohle.+
17 ‘Kea u tiisetsa hore mahlo a hao le pelo ea hao ha li ho letho haese phaellong ea hao ea ho hloka toka,+ le maling a ea hlokang molato e le hore u a tšolle,+ le bolotsaneng le ho hanyapetseng e le hore u li ntšetse pele.’
9 Kahoo a re ho ’na: “Phoso ea ba ntlo ea Iseraele le ea Juda+ e khōlō haholo,+ ’me naha e tletse tšollo ea mali+ le motse o tletse ho se tšepahale;+ etsoe ba itse, ‘Jehova o tlohetse naha,+ ’me Jehova ha a bone.’+
2 Ho hlahile ho phatlalatsa bomalimabe+ le thetso+ le ho bolaea+ le ho utsoa+ le ho feba,+ ’me liketso tsa tšollo ea mali li amile liketso tse ling tsa tšollo ea mali.+