12 Ka sebele o tla hlahisetsa lichaba pontšo ’me a bokelle ba qhalakantsoeng ba Iseraele;+ ba hasantsoeng ba Juda o tla ba bokella ho tsoa lipheletsong tse ’nè tsa lefatše.+
18 “Matsatsing ao ba ntlo ea Juda ba tla tsamaea haufi le ba ntlo ea Iseraele,+ ’me ba tla tsoa hammoho+ naheng ea leboea ba kene naheng eo ke e fileng baholo-holo ba lōna e le lefa.+
3 Etsoe, “bona! matsatsi aa tla,” ho bolela Jehova, “’me ke tla bokella baholehuoa ba sechaba sa ka, Iseraele le Juda,”+ ho boletse Jehova, “’me ke tla ba khutlisetsa naheng eo ke e fileng baholo-holo ba bona, ’me ka sebele ba tla e rua hape.”’”+
12 “‘Ka sebele ke tla bokella Jakobo, kaofela ha lōna;+ ruri ke tla phutha ba setseng ba Iseraele.+ Ke tla ba beha bonngoeng, joaloka mohlape ka lesakeng, joaloka mohlape o leng har’a lekhulo la oona;+ moo ho tla tlala lerata la batho.’+
26 ’me ka mokhoa ona Baiseraele+ bohle ba tla pholosoa. Feela joalokaha ho ngoliloe: “Molopolli o tla tsoa Sione+ ’me a tlose litloaelo tse se nang bomolimo ho Jakobo.+