3 Jehova Molimo oa lona o tla le lata botlamuoeng+ a le bontše mohau+ ’me a boele a le bokelle ho tsoa lichabeng tsohle tseo Jehova Molimo oa lona a le hasantseng ho tsona.+
12 Letsatsing leo, Jehova o tla hlohlora litholoana ho tloha molapong o phallang oa Noka* ho ea khohlong* ea Egepeta+ ’me le tla nkoa ka ho latellana, lona batho ba Iseraele.+
11 Batho ba Juda le ba Iseraele ba tla bokana ba be ’moho.+ Ba tla ikhethela moeta-pele ’me ba tsoe naheng hobane letsatsi la Jezriele+ le tla ba leholo.”