Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Marena 25:9-11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 A chesa ntlo ea Jehova,+ ntlo ea morena*+ le matlo ’ohle a Jerusalema.+ A boela a chesa matlo a banna bohle ba hlomphehang.+ 10 Masole ’ohle a Bakalde a neng a e-na le mookameli oa balebeli a heletsa marako a neng a pota-potile Jerusalema.+ 11 Nebuzaradane mookameli oa balebeli a nka batho bohle ba neng ba setse motseng, batho ba neng ba balehetse ho morena oa Babilona le sechaba sohle a ba isa botlamuoeng.+

  • 2 Likronike 36:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 A etsa hore morena oa Bakalde a ba hlasele+ a be a bolaee bahlankana ba bona ka sabole+ ka sehalalelong.+ Ha aa ka a qenehela mohlankana kapa moroetsana, ea tsofetseng kapa ea kulang.+ Molimo a etsa hore a felise lintho tsohle.+

  • 2 Likronike 36:19
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 A chesa ntlo ea Molimo oa ’nete,+ a liha lerako la Jerusalema,+ a chesa litora tsohle tsa eona tse sireletsehileng ’me a senya lintho tsohle tsa bohlokoa.+

  • Nehemia 1:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Ba re: “Ba setseng moo profinseng, ba phonyohileng botlamuoeng ba maemong a hlobaetsang ebile ba theotsoe seriti.+ Marako a Jerusalema a oele+ le likeiti tsa eona li chesitsoe ka mollo.”+

  • Jeremia 52:13-15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 A chesa ntlo ea Jehova,+ ntlo ea morena* le matlo ’ohle a Jerusalema. A boela a chesa matlo ’ohle a maholo. 14 Masole ’ohle a Bakalde a neng a e-na le mookameli oa balebeli a heletsa marako a neng a pota-potile Jerusalema.+

      15 Nebuzaradane mookameli oa balebeli a hapa ba bang ba batho ba futsanehileng, a isa batho bohle ba neng ba setse motseng botlamuoeng. A hapa le ba balehetseng ka lehlakoreng la morena oa Babilona le ba bang kaofela bao e leng litsebi tsa mesebetsi ea matsoho.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela