-
Mareka 4:37-41Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
37 Ho ile ha tsoha sefefo se matla ’me metsi a ’na a otla sekepe hampe le ho kena ka har’a sona hoo se neng se le haufi le ho tlala.+ 38 Empa o ne a le karolong e ka morao ea sekepe a robetse mosamong. Kahoo, ba mo tsosa ba re ho eena: “Mosuoe, na ha u bone hore rea shoa?” 39 Eaba oa tsoha o khalemela sefefo ka matla ’me o re ho leoatle: “Thola! Khutsa!”+ Eaba moea oa kokobela ’me ha thola tu! 40 Kahoo, a re ho bona: “Ke hobane’ng ha le tšohile* hakaale? Na ha le na tumelo?” 41 Empa ba ikutloa ba tšohile ka tsela e sa tloaelehang ’me ba buisana ba re: “Hantle-ntle motho eo ke mang? Esita le sefefo le leoatle lia mo mamela.”+
-
-
Luka 8:23-25Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
23 Empa ha ba ntse ba tsamaea ka sekepe a khaleha. Ha e-ba le sefefo se matla leoatleng eaba sekepe se qala ho tlala metsi ’me sa batla se teba.+ 24 Kahoo, ba ea ho eena ’me ba mo tsosa ba re: “Mosuoe, Mosuoe, rea shoa!” Ha a tsoha, a khalemela sefefo le metsi a loebehlanang ’me sefefo sa kokobela, ha thola tu!+ 25 Joale a re ho bona: “Ke hobane’ng ha le se na tumelo?” Empa ba ne ba tšohile ba bile ba maketse, ba botsana ba re: “Hantle-ntle motho eo ke mang hobane o laela lifefo le metsi ’me lia mo mamela?”+
-