-
Matheu 8:24-27Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
24 Ha ba le leoatleng, ha tsoha sefefo se matla hoo sekepe se neng se koaheloa ke maqhubu. Empa Jesu eena o ne a robetse.+ 25 Eaba baa tla ’me baa mo tsosa ba re: “Morena, re thuse rea shoa!” 26 Empa a re ho bona: “Ke hobane’ng ha le tšohile* hakaale? Tumelo ea lona e fokola hakaakang!”+ Eaba oa ema o khalemela sefefo le leoatle ka matla ’me ha thola tu!+ 27 Kahoo, banna bao ba makala ba re: “Motho eo ke oa mofuta ofe? Esita le lifefo le leoatle lia mo mamela.”
-
-
Luka 8:23-25Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
23 Empa ha ba ntse ba tsamaea ka sekepe a khaleha. Ha e-ba le sefefo se matla leoatleng eaba sekepe se qala ho tlala metsi ’me sa batla se teba.+ 24 Kahoo, ba ea ho eena ’me ba mo tsosa ba re: “Mosuoe, Mosuoe, rea shoa!” Ha a tsoha, a khalemela sefefo le metsi a loebehlanang ’me sefefo sa kokobela, ha thola tu!+ 25 Joale a re ho bona: “Ke hobane’ng ha le se na tumelo?” Empa ba ne ba tšohile ba bile ba maketse, ba botsana ba re: “Hantle-ntle motho eo ke mang hobane o laela lifefo le metsi ’me lia mo mamela?”+
-