Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Matheu 8:24-27
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 24 Ha ba le leoatleng, ha tsoha sefefo se matla hoo sekepe se neng se koaheloa ke maqhubu. Empa Jesu eena o ne a robetse.+ 25 Eaba baa tla ’me baa mo tsosa ba re: “Morena, re thuse rea shoa!” 26 Empa a re ho bona: “Ke hobane’ng ha le tšohile* hakaale? Tumelo ea lona e fokola hakaakang!”+ Eaba oa ema o khalemela sefefo le leoatle ka matla ’me ha thola tu!+ 27 Kahoo, banna bao ba makala ba re: “Motho eo ke oa mofuta ofe? Esita le lifefo le leoatle lia mo mamela.”

  • Mareka 4:37-41
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 37 Ho ile ha tsoha sefefo se matla ’me metsi a ’na a otla sekepe hampe le ho kena ka har’a sona hoo se neng se le haufi le ho tlala.+ 38 Empa o ne a le karolong e ka morao ea sekepe a robetse mosamong. Kahoo, ba mo tsosa ba re ho eena: “Mosuoe, na ha u bone hore rea shoa?” 39 Eaba oa tsoha o khalemela sefefo ka matla ’me o re ho leoatle: “Thola! Khutsa!”+ Eaba moea oa kokobela ’me ha thola tu! 40 Kahoo, a re ho bona: “Ke hobane’ng ha le tšohile* hakaale? Na ha le na tumelo?” 41 Empa ba ikutloa ba tšohile ka tsela e sa tloaelehang ’me ba buisana ba re: “Hantle-ntle motho eo ke mang? Esita le sefefo le leoatle lia mo mamela.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela