Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 27
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

Kakaretso ea Levitike

      • Ho lopolloa lintho tse neng li etselitsoe kano (1-27)

        • Batho (1-8)

        • Liphoofolo (9-13)

        • Matlo (14, 15)

        • Masimo (16-25)

        • Letsibolo (26, 27)

      • Lintho tse filoeng Jehova ka ho sa feleng (28, 29)

      • Ho lopolloa lintho tsa karolo ea leshome (30-34)

Levitike 27:2

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 23:21; Bhl 11:30, 31; 1Sa 1:11

Levitike 27:3

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “lishekele tse 50.” Shekele e lekana le likramo tse 11,4. Sheba Ntlha ea B14.

  • *

    Kapa: “shekele.”

Levitike 27:4

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “lishekele tse 30.” Sheba Ntlha ea B14.

Levitike 27:5

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “lishekele tse 20.” Sheba Ntlha ea B14.

  • *

    Ka Seheberu: “lishekele tse leshome.” Sheba Ntlha ea B14.

Levitike 27:6

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “lishekele tse hlano.” Sheba Ntlha ea B14.

  • *

    Ka Seheberu: “lishekele tse tharo.” Sheba Ntlha ea B14.

Levitike 27:7

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “lishekele tse 15.” Sheba Ntlha ea B14.

  • *

    Ka Seheberu: “lishekele tse hlano.” Sheba Ntlha ea B14.

Levitike 27:8

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Le 5:7, 11; 12:8; 14:21
  • +Lu 21:2-4; 2Ko 8:12

Levitike 27:11

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Le 20:25; De 14:7, 8

Levitike 27:13

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Le 27:19

Levitike 27:14

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “halaletsa.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Le 27:11, 12

Levitike 27:16

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “homere e le ’ngoe.” Homere e lekana le lilithara tse 220. Sheba Ntlha ea B14.

  • *

    Ka Seheberu: “lishekele tse 50.” Sheba Ntlha ea B14.

Levitike 27:17

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “Jubile.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Le 25:10

Levitike 27:18

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Le 25:15, 16

Levitike 27:21

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Nu 18:8, 14

Levitike 27:22

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Le 25:25

Levitike 27:23

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Le 27:11, 12, 18

Levitike 27:24

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Le 25:10, 28

Levitike 27:25

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “shekele.”

  • *

    Ka Seheberu: “ligera tse 20.” Gera e lekana le likramo tse 0,57. Sheba Ntlha ea B14.

Levitike 27:26

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 13:2; Nu 18:17
  • +Ex 22:30; De 15:19

Levitike 27:27

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Le 27:11-13

Levitike 27:28

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Nu 18:8, 14

Levitike 27:29

Linaletsana

  • *

    Kapa: “ea behelletsoeng ka thoko bakeng sa ho felisoa.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Nu 21:2
  • +Jos 6:17; 1Sa 15:3, 18

Levitike 27:30

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ge 14:20; 28:22; Nu 18:21, 26; De 14:22; 2Kr 31:5; Ne 13:12; Mal 3:10; Lu 11:42; Heb 7:5

Levitike 27:32

Linaletsana

  • *

    Kapa: “hlooho.”

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    11/15/2008, leq. 9

Levitike 27:33

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Le 27:9, 10

Levitike 27:34

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 3:1; Nu 1:1

Libibele tse Ling

Penya nomoro ea temana ho hlahisa liphetolelo tse ling tsa temana eo.

Litemana Tse Ling

Lev. 27:2De 23:21; Bhl 11:30, 31; 1Sa 1:11
Lev. 27:8Le 5:7, 11; 12:8; 14:21
Lev. 27:8Lu 21:2-4; 2Ko 8:12
Lev. 27:11Le 20:25; De 14:7, 8
Lev. 27:13Le 27:19
Lev. 27:14Le 27:11, 12
Lev. 27:17Le 25:10
Lev. 27:18Le 25:15, 16
Lev. 27:21Nu 18:8, 14
Lev. 27:22Le 25:25
Lev. 27:23Le 27:11, 12, 18
Lev. 27:24Le 25:10, 28
Lev. 27:26Ex 13:2; Nu 18:17
Lev. 27:26Ex 22:30; De 15:19
Lev. 27:27Le 27:11-13
Lev. 27:28Nu 18:8, 14
Lev. 27:29Nu 21:2
Lev. 27:29Jos 6:17; 1Sa 15:3, 18
Lev. 27:30Ge 14:20; 28:22; Nu 18:21, 26; De 14:22; 2Kr 31:5; Ne 13:12; Mal 3:10; Lu 11:42; Heb 7:5
Lev. 27:33Le 27:9, 10
Lev. 27:34Ex 3:1; Nu 1:1
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Bala le Phetolelo ea Lefatše le Lecha (bi12)
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
  • 27
  • 28
  • 29
  • 30
  • 31
  • 32
  • 33
  • 34
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Levitike 27:1-34

Levitike

27 Jehova a re ho Moshe: 2 “Bua le Baiseraele u re ho bona, ‘Haeba motho a etsa boitlamo+ bo khethehileng ba ho nyehela ho Jehova chelete e lekanngoang le boleng ba motho, 3 chelete e lekantsoeng bakeng sa motho e motona ea lilemo li 20 ho ea ho tse 60 e tla ba likotoana tsa silevera tse etsang boima ba likramo tse 570* ho ea ka tekanyo* e sebelisoang sebakeng se halalelang. 4 Empa haeba ke motho e motšehali, chelete e lekantsoeng e tla ba likotoana tse etsang boima ba likramo tse 342.* 5 Haeba ke motho ea lilemo li hlano ho isa ho tse 20, chelete e lekantsoeng bakeng sa e motona e tla ba likotoana tse etsang boima ba likramo tse 228* ’me bakeng sa e motšehali e be likotoana tse etsang boima ba likramo tse 114.* 6 Haeba ke motho ea nang le khoeli ho isa ho lilemo tse hlano, chelete e lekantsoeng bakeng sa e motona e tla ba likotoana tse etsang boima ba likramo tse 57* tsa silevera ’me bakeng sa e motšehali e be likotoana tse etsang boima ba likramo tse 34* tsa silevera.

7 Haeba ke motho ea lilemo li 60 ho ea holimo, chelete e lekantsoeng bakeng sa e motona e tla ba likotoana tse etsang boima ba likramo tse 171* ’me bakeng sa e motšehali e be likotoana tse etsang boima ba likramo tse 114.* 8 Empa haeba a futsanehile haholo hoo a sa khoneng ho ntša chelete+ e lekantsoeng, a ee ho moprista ’me moprista a mo bolelle hore na a patale bokae. Moprista a mo lekanyetse chelete eo a lokelang ho e patala ho ea ka seo a ka khonang ho se ntša.+

9 Haeba a etsa boitlamo ba ho fana ka phoofolo e ka nyeheloang ho Jehova, phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe eo a e fang Jehova e tla ba ntho e halalelang. 10 A ke ke a fana ka e ’ngoe bakeng sa eona kapa a fapanyetsana ka eona ka e ntle bakeng sa e mpe kapa e mpe bakeng sa e ntle. Empa haeba a fapanyetsana ka phoofolo e ’ngoe joale liphoofolo tseo ka bobeli e tla ba tse halalelang. 11 Haeba e le phoofolo e sa hloekang+ e ke keng ea tlisoa e le nyehelo ho Jehova joale a tlise phoofolo eo ka pel’a moprista. 12 Moprista a bolele hore na ke bokae ho latela hore na e ntle kapa e mpe. Theko eo moprista a e behileng ke eona e tla ntšoa. 13 Empa haeba a se a batla ho e reka, a e reke ka chelete eo moprista a itseng e ntšoe.+ Ho likotoana tse ling le tse ling tse hlano tsa silevera a eketse ka se le seng ka holimo.

14 Joale haeba motho a fa* Jehova ntlo ea hae, moprista a lekanye boleng ba eona ho latela hore na e ntle kapa e mpe. Moprista a bolele hore na e tla ba bokae+ ho latela boleng ba eona. 15 Empa haeba motho ea faneng ka ntlo ea hae a se a e batla hape, a fane ka chelete e lekantsoeng ebile ho lichelete tse hlano a boele a fane ka chelete e le ’ngoe ka holimo ’me ntlo e tla ba ea hae.

16 Haeba motho a fa Jehova karolo ea tšimo ea hae, theko ea eona e tla lekanngoa ho ea ka hore na ho hlokahala peo e kae ho e lema: Linkho tse leshome tse kholohali* tsa peo ea harese e tla ba likotoana tse etsang boima ba likramo tse 570* tsa silevera. 17 Haeba a fana ka eona Selemong sa Tokoloho,*+ theko ea eona e ke ke ea fetoha. 18 Haeba a fana ka tšimo ea hae ka mor’a Selemo sa Tokoloho, moprista a mo lekanyetse theko ea eona ho latela hore na ho setse lilemo tse kae pele Selemo sa Tokoloho se latelang se fihla ’me theko+ ea eona e lokela ho fokotsoa. 19 Empa haeba ho ka etsahala hore ea faneng ka tšimo ea hae a e lopolle, a fane ka chelete e lekantsoeng, ho lichelete tse hlano a boele a fane ka chelete e le ’ngoe ka holimo ’me e tla lula e le ea hae. 20 Haeba a sa lopolle tšimo ea hae ’me e rekisetsoa motho e mong, e ke ke ea hlola e lopolloa. 21 Ha tšimo e lokolloa ka Selemo sa Tokoloho, e tla fuoa Jehova e le ntho e halalelang. E tla ba ea baprista.+

22 Haeba motho a fa Jehova masimo ao a a rekileng empa masimo ao e se karolo ea lefa la hae,+ 23 moprista a mo lekanyetse hore na ho fihlela Selemong sa Tokoloho masimo ao ke bokae ’me hona letsatsing leo a fane ka chelete e lekantsoeng.+ Masimo ao aa halalela ho Jehova. 24 Ka Selemo sa Tokoloho, masimo a khutlele ho motho eo a rekiloeng ho eena e leng mong’a masimo.+

25 Chelete e pataloang e lekanngoe ho ea ka tekanyo* e sebelisoang sebakeng se halalelang. Tekanyo e sebelisoang e be boima ba likramo tse ka bang 11.*

26 Leha ho le joalo, ho se ke ha e-ba le motho ea fanang ka letsibolo la phoofolo kaha letsibolo ke la Jehova.+ Ebang ke la poho kapa la nku, e se e ntse e le la Jehova.+ 27 Haeba letsibolo e le la liphoofolo tse sa hloekang ’me a le lokolla ho ea ka chelete e lekantsoeng, a fane ka chelete e lekantsoeng, ho lichelete tse hlano a boele a fane ka e le ’ngoe ka holimo.+ Empa haeba le sa lopolloe le rekisoe ho ea ka chelete e lekantsoeng.

28 Haeba motho a fa Jehova phoofolo kapa motho kapa masimo, li ke ke tsa rekisoa kapa tsa lopolloa. Ke tsa Jehova ’me lia halalela ho eena.+ 29 Ho feta moo, ha ho na motho ea ahloletsoeng lefu* ea ka lopolloang+ empa o lokela ho bolaoa.+

30 Le fe Jehova tse ling tsa lihlahisoa tsa naha ea lona ebang ke tse tsoang masimong kapa ke litholoana tsa lifate. Ho tse leshome+ le mo fe e le ’ngoe. Ke ntho e halalelang ho Jehova. 31 Haeba motho a batla ho reka ntho e le ’ngoe eo a faneng ka eona, a boele a fane ka karoloana ea eona ka holimo. 32 Ha e le karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea leshome ea mohlape oa likhomo le oa linku le lipoli e leng phoofolo* e ’ngoe le e ’ngoe ea leshome e fetang tlas’a molamu oa molisa, e fuoe Jehova. 33 A se ke a hlahloba hore na e ntle kapa e mpe ’me a se ke a e chencha. Empa haeba a ka leka ho e chencha, eona le phoofolo eo a e chenchang ka eona ka bobeli li fuoe Molimo.+ Li se ke tsa lopolloa.’”

34 Tsena ke litaelo tseo Jehova a li fileng Moshe bakeng sa Baiseraele Thabeng ea Sinai.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela