Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Samuele 11
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

Kakaretso ea 1 Samuele

      • Saule o hlola Baamone (1-11)

      • Ho phatlalatsoa hore Saule ke morena hape (12-15)

1 Samuele 11:1

Linaletsana

  • *

    Kapa: “tumellano.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 2:19
  • +Bhl 21:8; 1Sa 31:11, 12

1 Samuele 11:2

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa (1995),

    12/15/1995, maq. 9-10

1 Samuele 11:4

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “Gibea ea Saule.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 10:26; 14:2

1 Samuele 11:6

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Bhl 3:9, 10; 6:34; 11:29; 14:5, 6; 1Sa 10:10, 11; 16:13

1 Samuele 11:10

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 11:3

1 Samuele 11:11

Linaletsana

  • *

    E leng hoo e ka bang pakeng tsa hora ea bobeli mesong ho ea ho ea botšelela hoseng.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 11:1

1 Samuele 11:12

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 10:26, 27

1 Samuele 11:13

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 19:22

1 Samuele 11:14

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 7:15, 16
  • +1Sa 10:17, 24

1 Samuele 11:15

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Le 7:11
  • +1Ma 1:39, 40; 2Ma 11:12, 14; 1Kr 12:39, 40

Libibele tse Ling

Penya nomoro ea temana ho hlahisa liphetolelo tse ling tsa temana eo.

Litemana Tse Ling

1 Sam. 11:1De 2:19
1 Sam. 11:1Bhl 21:8; 1Sa 31:11, 12
1 Sam. 11:41Sa 10:26; 14:2
1 Sam. 11:6Bhl 3:9, 10; 6:34; 11:29; 14:5, 6; 1Sa 10:10, 11; 16:13
1 Sam. 11:101Sa 11:3
1 Sam. 11:111Sa 11:1
1 Sam. 11:121Sa 10:26, 27
1 Sam. 11:132Sa 19:22
1 Sam. 11:141Sa 7:15, 16
1 Sam. 11:141Sa 10:17, 24
1 Sam. 11:15Le 7:11
1 Sam. 11:151Ma 1:39, 40; 2Ma 11:12, 14; 1Kr 12:39, 40
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Bala le Phetolelo ea Lefatše le Lecha (bi12)
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
1 Samuele 11:1-15

Buka ea Pele ea Samuele

11 Nahashe morena oa Baamone+ a nyoloha ho ea loantša motse oa Jabeshe+ o Gileade. Banna bohle ba Jabeshe ba re ho Nahashe: “Etsa selekane* le rona ’me re tla u sebeletsa.” 2 Nahashe morena oa Baamone a re ho bona: “Ke tla etsa tumellano le lona haeba kaofela ha lona le ka lumela hore re le ntše mahlo a lona a matona. Ke tla etsa sena hore ke tlotlolle Baiseraele kaofela.” 3 Baholo ba Jabeshe ba re ho eena: “Re fe matsatsi a supileng hore re tle re romele baromuoa naheng eohle ea Iseraele. Haeba ho se na motho ea re pholosang, re tla inehela ho uena.” 4 Ka mor’a nako baromuoa ba fihla Gibea+ moo Saule a neng a lula teng* ’me ba bolella sechaba mantsoe ana eaba batho bohle ba lla ba hoelelitse.

5 Saule o ne a tsoa naheng a ntse a khanna mohlape eaba o re: “Molato ke’ng ka sechaba? Se llela’ng?” Ba mo bolella hore na banna ba Jabeshe ba itseng. 6 Moea oa Molimo oa fa Saule matla+ ha a utloa litaba tsena eaba o halefa haholo. 7 Kahoo, a nka lipoho tse peli eaba o li poma likoto ’me o roma baromuoa hore ba li ise naheng eohle ea Iseraele. Ba ne ba re: “Mang kapa mang ea sa lateleng Saule le Samuele, a lebelle hore ho tla etsoa tjena ka likhomo tsa hae.” Jehova a etsa hore batho ba tšohe hoo ba ileng ba lumellana ho ea ntoeng. 8 A ba bala ha ba le Bezeke ’me ho ne ho e-na le Baiseraele ba 300 000 le banna ba Juda ba 30 000. 9 Ba re ho baromuoa ba neng ba tlile: “Le tle le re ho banna ba Jabeshe e Gileade, ‘Hosane ha letsatsi le qala ho chesa, le tla pholosoa.’” Kahoo, baromuoa ba tla ’me ba bolella banna ba Jabeshe litaba tseo eaba ba thaba haholo. 10 Banna ba Jabeshe ba re ho Baamone: “Hosane re tla inehela ho lona ’me le ka etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo le e batlang ka rona.”+

11 Letsatsing le hlahlamang Saule a arola batho ka lihlopha tse tharo. Hoseng* ba kena har’a litente tsa Baamone+ ’me ba ba bolaea ho fihlela ha letsatsi le chesa. Ba ileng ba phonyoha ba hasana ’me e mong le e mong oa bona a sala a le mong moo a leng teng. 12 Eaba sechaba se re ho Samuele: “Ke bo-mang ba neng ba ntse ba re, ‘Na Saule e tl’o ba morena oa rona?’+ Tlisang banna bao mona re tl’o ba bolaea.” 13 Leha ho le joalo, Saule a re: “Ho se ke ha e-ba le motho ea bolaoang letsatsing lena+ hobane kajeno Jehova o pholositse Baiseraele.”

14 Hamorao Samuele a re ho sechaba: “A re eeng Gilgale+ re e’o phatlalatsa hape hore Saule ke morena.”+ 15 Eaba sechaba sohle se ea Gilgale, se etsa Saule morena ka pel’a Jehova moo. Sa etsa mahlabelo a kopanetsoeng moo ka pel’a Jehova+ ’me Saule le Baiseraele bohle ba keteka ba thabile haholo.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela