Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • nwt 2 Bathessalonika 1:1-3:18
  • 2 Bathesalonika

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • 2 Bathesalonika
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
2 Bathesalonika

LENGOLO LA BOBELI LE EANG HO BATHESALONIKA

1 ’Na Pauluse, ke na le Silvanase* le Timothea.+ Ke ngolla phutheho ea Bathesalonika e ikarabellang ho Molimo Ntate oa rona le Morena Jesu Kreste.

2 E se eka Molimo Ntate le Morena Jesu Kreste ba ka ba mosa* ho lona le ho le fa khotso.

3 Bana beso, kamehla re tlamehile ho leboha Molimo ka lebaka la lona. Ho loketse ho etsa joalo hobane tumelo ea lona e ntse e matlafala haholo le lerato leo le ratanang ka lona le ntse le eketseha.+ 4 Ka lebaka leo, ha re le liphuthehong tsa Molimo, rea le rorisa+ hobane leha le hlorisoa ebile le hlaheloa ke mathata, lea mamella ebile lea bontša hore le na le tumelo.+ 5 Taba ena ke bopaki ba hore Molimo o ahlola ka tsela e lokileng. Ka lebaka leo, o nka le tšoaneleha hore le amohele ’Muso oa hae, oo le utloang bohloko ka lebaka la oona.+

6 Ke ntho e nepahetseng hore Molimo a iphetetse ho ba le bakelang mahlomola.+ 7 Ha e le lona ba mameletseng mahlomola, le tla imoloha le rona mohla Morena Jesu a senoloang+ a tsoa leholimong le mangeloi a hae a matla+ 8 a bile a tla ka mollo o tukang. O tla tlela ho iphetetsa ho batho ba sa tsebeng Molimo le ba sa mameleng litaba tse monate tse buang ka Morena oa rona Jesu.+ 9 Batho bana ba tla ahloloa, kotlo ea bona e tla ba hore ba felisetsoe ruri.+ Ka tsela eo, ba tla tlosoa ka pel’a Morena ’me ba ke ke ba hlola ba bona matla a hae a maholo. 10 Mohla Morena a tlang, o tla tlotlisoa hammoho le bahalaleli ’me bohle ba ileng ba bontša hore ba na le tumelo ho eena ba tla be ba hloletsoe ka lebaka la hae. Kaha le ile la lumela lintho tseo re le boleletseng tsona, le tla ba har’a bona.

11 Ka lebaka leo, re lula re le rapella hore Molimo a le nke le tšoaneleha hore ebe o le khethile.*+ Hape re lula re rapella hore Molimo a etse lintho tsohle tse ntle tseo a batlang ho li etsa ka matla a hae le hore a atlehise lintho tsohle tseo le li etsang hobane le e-na le tumelo. 12 Re rapella lintho tsena tsohle e le hore lebitso la Morena oa rona Jesu le ka tlotlisoa ka lebaka la lona le hore le lona le tlotlisoe ka lebaka la hae. Sena se tla bontša hore Molimo oa rona le Morena Jesu Kreste ba mosa.

2 Ha e le tabeng ea ho ba teng ha Morena oa rona Jesu Kreste+ le ea ho bokelloa ha rona hore re be le eena,+ bana beso re etsa kopo ena: 2 Le se ke la lumella likelello tsa lona hore li ferekanngoe habonolo kapa la tšoenyeha ha motho e mong a le bolella hore letsatsi la Jehova*+ le se le fihlile. Le haeba motho eo a ka re molaetsa oo o tsoa ho Molimo*+ kapa a re o o balile lengolong leo a reng le ngotsoe ke rona, le se ke la tšoenyeha.

3 Le se ke la lumella mang kapa mang ho le khelosa ka tsela leha e le efe hobane pele letsatsi leo le fihla ho tla ba le bokoenehi.+ Le monna ea tlolang molao,+ e leng mora oa timetso,+ o tla senoloa. 4 Ke mohanyetsi ea iphahamisetsang motho e mong le e mong eo batho ba mo nkang e le molimo le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo batho ba e rapelang. Ka lebaka leo, o lula ka tempeleng ea Molimo, o iketsa molimo moo batho bohle ba mo bonang. 5 Na ha le hopole hore ke ne ke hlola ke le bolella lintho tsee ha ke ntse ke e-na le lona?

6 Lea tseba hore na ke eng e mo thibelang hore a se ke a senoloa pele nako e loketseng e fihla. 7 Ke ’nete hore monna enoa ea tlolang molao o se a ntse a qalile ho etsa tlolo ea molao+ empa lintho tseo a li etsang e tla lula e le lekunutu ho fihlela ea mo thibelang a se a le sieo. 8 Ka mor’a moo, monna eo ea tlolang molao o tla senoloa. Morena Jesu o tla mo felisa ka matla a mantsoe a hae*+ ’me a mo timetse ha boteng ba Morena bo bonahatsoa.+ 9 Monna enoa ea tlolang molao o teng ka lebaka la Satane.+ O fuoa matla ke Satane e le hore a etse mehlolo, lipontšo le limakatso tse ngata tsa leshano+ 10 le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e sa lokang+ e le hore a khelose batho ba tla felisoa. Ba tla felisoa hobane ha baa ka ba amohela le ho rata ’nete e le hore ba ka pholosoa. 11 Ka lebaka leo, Molimo oa ba tlohela hore ba susumetsoe ke mashano ’me ba kholoe mashano ao+ 12 e le hore kaofela ha bona ba ahloloe hobane ha baa ka ba lumela ’nete empa ba ne ba thabela ho etsa lintho tse sa lokang.

13 Leha ho le joalo, re tlamehile ho lula re leboha Molimo ka lebaka la lona, bana ba bo rona ba ratoang ke Jehova* hobane ho tloha qalong Molimo o ile a le khethela hore le pholosoe.+ O entse joalo ka hore a le halaletse+ ka moea oa hae hobane le lumela ’nete. 14 O le khethetse* hore le pholosoe ka litaba tse monate tseo re li bolelang e le hore le lona le ka tlotlisoa joaloka Morena oa rona Jesu Kreste.+ 15 Kahoo, bana beso, le eme le tiile+ ’me le khomarele lintho tseo le ileng la li rutoa+ ebang le li boleletsoe kapa re le ngoletse tsona. 16 Molimo Ntate oa rona o ile a re rata+ eaba o re fa matšeliso a sa feleng le tšepo+ hobane a le mosa.* E se eka eena le Morena oa rona Jesu Kreste 17 ba ka le tšelisa le ho le matlafatsa e le hore le ka lula le bua le ho etsa lintho tse ntle.

3 Kahoo bana beso, le lule le re rapella+ e le hore lentsoe la Jehova* le ka fihla ho batho ba bangata ka potlako+ ’me la ’na la tlotlisoa feela joalokaha le le tlotlisa. 2 Hape le rapelle hore re sireletsoe ho batho ba kotsi le ba khopo+ kaha ha se batho bohle ba nang le tumelo.+ 3 Morena oa tšepahala, o tla le matlafatsa le ho le sireletsa ho ea khopo. 4 Re le balateli ba Morena, re kholisehile hore le mamela litaelo tseo re faneng ka tsona ebile le tla ’ne le li mamele. 5 E se eka Morena a ka tsoela pele ho le thusa ho rata Molimo+ le ho mamella+ e le hore le khone ho sebeletsa Kreste.

6 Bana beso, re le fa litaelo ka lebitso la Morena oa rona Jesu Kreste. Le suthele hole le ngoan’abo rona ea sa etseng lintho hantle+ ho ea ka tsela eo re le* rutileng eona.*+ 7 Lea tseba hore na le lokela ho re etsisa joang+ hobane re ne re etsa lintho hantle ha re e-na le lona. 8 Ha ho na motho eo re jeleng lijo tsa hae mahala.+ Re ne re sebetsa ka thata bosiu le motšehare e le hore re se ke ra le imetsa.+ 9 Ha se hore re ne re se na tokelo ea ho le kopa hore le re thuse+ empa re ne re batla ho le behela mohlala e le hore le re etsise.+ 10 Ha re ne re e-na le lona, re ne re hlola re le fa taelo ena: “Motho ea sa batleng ho sebetsa, le ho ja a se ke a ja.”+ 11 Re utloile hore ba bang ba lona ba tsoile taolong,+ ha ba sebetse ho hang ebile ba kena-kenana le litaba tse sa ba tlameng.+ 12 Re laela le ho eletsa batho bao ka lebitso la Morena Jesu Kreste hore ba sebetse, ba tsoe litabeng tsa batho ba bang le hore ba je lijo tseo ba li sebelelitseng.+

13 Ha e le lona bana beso, le se ke la tlohela ho etsa lintho tse nepahetseng. 14 Mang kapa mang ea sa mameleng litaba tsa lengolo lena, le mo tšoae le be le khaotse ho tloaelana le eena+ e le hore a ka soaba. 15 Leha ho le joalo, le se ke la mo hloea empa le ’ne le mo eletse+ kaha ke ngoan’abo lona.

16 E se eka Morena oa khotso a ka le fa khotso kamehla linthong tsohle.+ Morena a be le lona kaofela.

17 ’Na Pauluse, ke le ngolla tumeliso ena ka letsoho la ka.+ Ona ke mongolo oa ka ’me le tla tseba mangolo ’ohle a ka ka mongolo ona.

18 E se eka Morena oa rona Jesu Kreste a ka ba mosa* ho lona kaofela.

Lebitso le leng la hae ke Silase.

Sheba Tlhaloso.

Ka Segerike: “bitsitse.”

Sheba Ntlha ea A5.

Sheba Tlhaloso ea Moea.

Ka Segerike: “ka moea oa molomo oa hae.”

Sheba Ntlha ea A5.

Ka Segerike: “bitselitse.”

Sheba Tlhaloso.

Sheba Ntlha ea A5.

Kapa mohlomong: “re ba.”

Kapa: “re le laetseng.”

Sheba Tlhaloso.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela