Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • nwt Baheberu 1:1-13:25
  • Baheberu

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Baheberu
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Baheberu

LENGOLO LE EANG HO BAHEBERU

1 Mehleng ea khale Molimo o ile a bua le baholo-holo ba rona ka makhetlo a mangata a sebelisa baprofeta le litsela tse ling tse ngata.+ 2 Qetellong ea matsatsi ana, o buile le rona a sebelisa Mora+ eo a mo khethileng hore e be mojalefa oa lintho tsohle+ le eo a mo sebelisitseng ho bopa lintho tsohle.*+ 3 O bonahatsa khanya ea Molimo+ ebile o tšoana le eena hantle.+ O etsa hore lintho tsohle li lule li le teng ka matla a lentsoe la hae. Ka mor’a hore a re hloekise libe,+ o ile a lula ka letsohong le letona la Molimo e Moholo ea holimo-limo.+ 4 O moholo ho feta mangeloi+ hobane o fuoe lebitso le hlomphehang ho a feta.+

5 Mohlala, ke lengeloi lefe leo Molimo a kileng a re ho lona: “U mora oa ka, ho tloha kajeno ke ntate oa hao”?+ kapa a re: “Ke tla ba ntate oa hae ’me eena e tla ba mora oa ka”?+ 6 Empa ha Molimo a tlisa Letsibolo+ la hae lefatšeng hape, o re: “Mangeloi ’ohle a ke a mo khumamele.”

7 Hape o re ka mangeloi: “O etsa hore mangeloi a hae a be matla le basebeletsi ba hae+ e be lelakabe la mollo.”+ 8 Empa Molimo o re ka Mora: “Molimo o u fa matla+ a ho busa* ka ho sa feleng. Lere la Puso ea hao ke lere la toka. 9 U rata toka ’me u hloile tlolo ea molao. Ke ka lebaka leo Molimo, Molimo oa hao, a u tlotsitseng+ ka oli ’me a entseng hore u thabe ho feta lithaka tsa hao.”+ 10 Hape o re: “Morena, qalong u ile oa etsa metheo ea lefatše, oa etsa maholimo ka matsoho a hao. 11 Li tla fela empa uena u tla lula u le teng. Kaofela li tla tsofala joaloka seaparo. 12 U tla li phutha joaloka seaparo, u li fetole joalokaha motho a hlobola seaparo a apara se seng. Empa uena ha u fetohe ebile u tla lula u le teng.”+

13 Ke lengeloi lefe leo Molimo a kileng a re ka lona: “Lula ka letsohong la ka le letona ho fihlela ke beha lira tsa hao tlas’a maoto a hao”?+ 14 Na mangeloi ha se meea e sebeletsang Molimo?+ Molimo o a laela hore a thuse ba tla pholosoa.

2 Ke kahoo ho hlokahalang hore re nahanisise ka lintho tseo re li utloileng+ e le hore re se ke ra kheloha.+ 2 Haeba mantsoe a ileng a buuoa ke mangeloi+ e ne e le ’nete ’me motho ea tlotseng molao le ea sa mameleng a ne a fuoa kotlo e mo tšoanetseng,+ 3 joale rona re tla phonyoha kotlo joang haeba re iphapanyetsa molaetsa o bohlokoa hakaale oa poloko?+ Morena oa rona ke eena oa pele oa ho bua ka oona+ ’me batho ba mo utloileng ba ile ba re bolella oona. 4 Molimo o ile a paka hore molaetsa oo ke ’nete ka ho etsa lipontšo, limakatso, mehlolo e fapaneng+ le ka ho fana ka moea o halalelang ho ea ka thato ea hae.+

5 Molimo ha aa khetha mangeloi hore a laole lefatše le tlang+ leo re buang ka lona. 6 Paki e ’ngoe e ile ea ngola ea re: “Motho ke’ng hore u ’ne u mo hopole le mora oa motho ke’ng hore u mo hlokomele?+ 7 U mo entse ea tlasana ho mangeloi, oa mo fa khanya le ho hlompheha eaba u mo fa matla a ho laola lintho tseo u li bopileng. 8 U behile lintho tsohle tlas’a taolo ea hae.”*+ Ha Molimo a mo fa matla a ho laola lintho tsohle,+ ha aa ka a etsa hore ho be le ntho leha e le ’ngoe eo a sa e laoleng.+ Hona joale ha re e-s’o bone lintho tsohle tseo a li laolang.+ 9 Empa re bona Jesu, ea neng a entsoe ea tlasana ho mangeloi+ empa a putsoa ka khanya le tlhompho hobane o ile a shoa.+ Ka lebaka la mosa* oa Molimo, o ile a shoela motho e mong le e mong.+

10 Lintho tsohle li bile teng ka Molimo le ka lebaka la hae. Kahoo, e le hore a tlotlise bara ba hae ba bangata,+ ho ne ho loketse hore a tlohele Moeta-pele e Moholo+ hore a utloe bohloko e le hore a ka ba pholosa.+ 11 Jesu le bohle bao a ba halaletsang+ ba na le Ntate a le mong.+ Kahoo, ha a soabele ho ba bitsa bana babo.+ 12 Etsoe o re: “Ke tla bolella bana beso lebitso la hao. Ke tla u rorisa har’a phutheho.”+ 13 Hape o re: “Ke tla mo tšepa.”+ O boetse o re: “Bonang ’na le bana bao Jehova* a mphileng bona.”+

14 Kaha bana bao ke batho ba nama le mali le eena e kile ea e-ba motho oa nama le mali+ e le hore ka lefu la hae a ka felisa Diabolose+ ea khonang ho baka lefu.+ 15 Ka ho etsa joalo, o lokolotse bohle bao e neng e le makhoba bophelo bohle ba bona ka lebaka la ho tšaba lefu.+ 16 Ha e le hantle, o ne a tletse ho thusa litloholo* tsa Abrahama+ eseng mangeloi. 17 Ka lebaka leo, o ile a tlameha ho tšoana le “bana babo” ka litsela tsohle+ e le hore e ka ba moprista ea phahameng ea mohau le ea tšepahalang ha a etsa mosebetsi oa Molimo. Hape o ile a fana ka sehlabelo+ se hlakolang libe tsa batho e le hore ba ka ba le khotso le Molimo.+ 18 Kaha o ile a utloa bohloko ha a lekoa,+ o khona ho thusa ba ntseng ba lekoa.+

3 Ka lebaka leo, bana beso ba halalelang ba bitselitsoeng ho ea phela leholimong,+ nahanang ka moapostola le moprista ea phahameng eo re bolelang hore re na le tumelo ho eena e leng Jesu Kreste.+ 2 O ne a tšepahalla Molimo ea mo khethileng+ joalokaha Moshe le eena a ne a tšepahalla Molimo ha a ne a sebetsa ntlong ea hae.+ 3 Jesu o nkoa a tšoaneloa ke tlotla+ e fetang ea Moshe feela joalokaha motho ea hahang ntlo a hlomphuoa ho feta ntlo ka boeona. 4 Ntlo e ’ngoe le e ’ngoe e hahoa ke motho ea itseng empa ea hahileng lintho tsohle ke Molimo. 5 Moshe e ne e le mohlokomeli ea tšepahalang oa ntlo ea Molimo. Mosebetsi oo a o entseng e ne e le bopaki ba lintho tseo Molimo a neng a tla li bua hamorao. 6 Empa Kreste e ne e le mora ea tšepahalang+ ea okametseng ntlo ea Molimo.+ Re ntlo ea Molimo haeba re lula re e-na le sebete sa ho bua ebile re lula re e-na le tšepo ho fihlela qetellong ’me re le motlotlo ka eona.

7 Ka lebaka lena, moea o halalelang o re:+ “Haeba le mamela lentsoe la ka kajeno, 8 le se ke la ba manganga joaloka baholo-holo ba lona mohla ba neng ba nkhalefisa haholo le joaloka mohla ba neng ba nteka lefeelleng.+ 9 Baholo-holo ba lona ba ile ba nteka le hoja ba bone mesebetsi ea ka ka lilemo tse 40.+ 10 Ka lebaka lena, ke ile ka nyonya moloko oo eaba ke re: ‘Sechaba sena se lula se ntlhanohela ka lipelong tsa sona. Ha se tsebe litsela tsa ka.’ 11 Kahoo, ka ikana ke halefile ka re: ‘Ba ke ke ba phomola le ’na.’”+

12 Hlokomelang bana beso hore ho se ke ha e-ba le ea bang le pelo e mpe e se nang tumelo ka lebaka la ho suthela hole le Molimo ea phelang.+ 13 Le khothatsane letsatsi le letsatsi hafeela ho sa na le letsatsi le bitsoang “kajeno”+ e le hore ho se ke ha e-ba le eo pelo ea hae e thatafalang ka lebaka la ho thetsoa ke sebe. 14 Re tla fuoa seo Kreste a ileng a se fuoa haeba feela re lula re e-na le tšepo ho fihlela qetellong e leng tšepo eo re neng re e-na le eona ho tloha qalong.+ 15 Mangolo a re: “Haeba le mamela lentsoe la ka kajeno, le se ke la ba manganga joaloka baholo-holo ba lona mohla ba neng ba nkhalefisa haholo.”+

16 Ke bo-mang ba utloileng lentsoe la Molimo eaba ba mo halefisa ho ntse ho le joalo? Na ha se bohle ba ileng ba tsoa Egepeta ba etelloa pele ke Moshe?+ 17 Hape ke bo-mang bao Molimo a ileng a ba nyonya ka lilemo tse 40?+ Na ha se ba ileng ba etsa sebe, ba ileng ba shoella lefeelleng?+ 18 Ke bo-mang bao Molimo a ileng a ikana hore ba ke ke ba phomola le eena? Na ha se ba ileng ba hana ho mo mamela? 19 Rea bona hore ba hlotsoe ho phomola le Molimo hobane ba ne ba se na tumelo.+

4 Ka hona, kaha tšepiso ea hore batho ba Molimo ba tla phomola le eena e ntse e eme, a re itlhokomeleng* esere e mong oa lona a hloleha ho phomola le eena.+ 2 Le rona re boleletsoe litaba tse monate+ joaloka baholo-holo ba rona empa litaba tseo ba ileng ba li utloa ha lia ka tsa ba tsoela molemo hobane ba ne ba se na tumelo e matla joaloka ba ileng ba li mamela. 3 Rona ba bontšitseng hore re na le tumelo, re phomola le eena hobane o ile a re ka ba sa kang ba mamela: “Kahoo, ka ikana ke halefile ka re: ‘Ba ke ke ba phomola le ’na.’”+ O ile a cho joalo le hoja a ile a qeta mesebetsi ea hae ho tloha ha lefatše le thehoa.+ 4 Lengolong le leng o ile a bua tjena ka letsatsi la bosupa: “Molimo o ile a phomola mesebetsing eohle ea hae ka letsatsi la bosupa.”+ 5 Le mona hape o re: “Ba ke ke ba phomola le ’na.”+

6 Ba ileng ba bolelloa litaba tse monate pele ha baa ka ba phomola le eena hobane ba sa mamele.+ Empa ho ntse ho ka khoneha hore ba bang ba phomole le eena. 7 Ke kahoo ka mor’a nako e telele Molimo a buileng mantsoe ana a hlahang pesalemeng ea Davida a seng a boletsoe ka holimo a reng, “Haeba le mamela lentsoe la ka kajeno, le se ke la ba manganga.”+ Ka ho cho joalo, o tšoaea letsatsi le bitsoang “kajeno.” 8 Hoja Joshua+ a ne a isitse Baiseraele sebakeng sa phomolo sa Molimo, Molimo a ka be a sa bua ka letsatsi le leng la phomolo ka mor’a moo. 9 Kahoo, batho ba Molimo ba ntse ba e-na le letsatsi la ho phomola le tšoanang le letsatsi la Sabatha.+ 10 Etsoe motho ea phomotseng le Molimo o phomotse mesebetsing ea hae feela joalokaha Molimo le eena a ile a phomola ho ea hae.+

11 Ka hona, a re etseng sohle se matleng a rona ho phomola le eena e le hore re se ke ra etsisa batho ba sa kang ba mamela.+ 12 Lentsoe la Molimo lea phela, le fana ka matla+ ’me le bohale ho feta sabole leha e le efe e sehang ka mahlakore a mabeli.+ Le kenella ka hare-hare ho motho hoo le senolang seo motho a leng sona ka ntle* le ka hare* le bile le fihla le manonyellong le ’mokong oa ’ona. Le khona ho senola* menahano le boikemisetso ba pelo ea motho. 13 Molimo o bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe,+ lintho tsohle lia bonahala ’me li pepesitsoe ka pel’a mahlo a ea tla re ahlola ho ea ka mesebetsi ea rona.+

14 Moprista oa rona ea phahameng ke Jesu Mora oa Molimo+ ’me o kene leholimong. Kahoo, a re tsoeleng pele re bolela hore re lumela ho eena.+ 15 Moprista oa rona ea phahameng o utloisisa* mefokolo ea rona+ hobane o lekiloe ka litsela tsohle joaloka rona empa eena a se na sebe.+ 16 Ka hona, a re atameleng terone ea Molimo ea re bontšang mosa* ’me re mo rapele ka bolokolohi+ bohle e le hore a ka re hauhela le ho re bontša mosa ka nako e nepahetseng ha re hloka thuso.

5 Motho e mong le e mong ea khethoang hore e be moprista ea phahameng, o sebeletsa batho linthong tse amanang le borapeli ba bona ho Molimo+ e le hore a nyehele limpho le mahlabelo bakeng sa libe tsa bona.+ 2 O khona ho ba mosa* ho batho ba etsang liphoso hobane ba sa tsebe kaha le eena oa hopola hore o etsa liphoso. 3 Ka lebaka leo, o tlameha ho etsa linyehelo bakeng sa libe tsa hae joalokaha a etsa bakeng sa libe tsa sechaba.+

4 Motho a ke ke a ikhetha hore e be moprista ea phahameng empa ke Molimo ea mo khethang joalokaha a ile a khetha Arone.+ 5 Ka tsela e tšoanang, Kreste ha aa ka a inkela tlotla+ ea ho ba moprista ea phahameng empa o ile a tlotlisoa ke Molimo ea ileng a re ho eena: “U mora oa ka, ho tloha kajeno ke ntate oa hao.”+ 6 Lengolong le leng o boetse o re: “U moprista ka ho sa feleng ka tsela e tšoanang le ea Melkizedeke.”+

7 Ha Kreste a ntse a le lefatšeng, o ile a etsa lithapelo tse matla le likopo tse tsoang pelong tse eang ho Molimo ea neng a khona ho mo pholosa lefung. O ile a etsa lithapelo le likopo tseo a hoelelitse a bile a lla+ ’me lithapelo tsa hae li ile tsa utluoa hobane o ne a hlompha Molimo. 8 Le hoja e ne e le Mora, o ile a ithuta ho mamela linthong tse bohloko tse ileng tsa mo hlahela.+ 9 O ile a mamela nthong e ’ngoe le e ’ngoe.*+ Ka lebaka la hae, batho bohle ba mo mamelang ba na le monyetla oa ho pholosoa le ho fumana bophelo bo sa feleng+ 10 hobane Molimo o ile a mo khetha hore e be moprista ea phahameng ka tsela e tšoanang le ea Melkizedeke.+

11 Ho na le lintho tse ngata tseo re ka li buang ka eena empa ho thata ho li hlalosa hobane le lieha ho utloisisa. 12 Le ne le tšoanela hore ebe le mesuoe hona joale empa le boetse le hloka motho ea tla le qala fatše, a le rute lintho tsa motheo+ tsa lentsoe la Molimo le halalelang. Le se le boetse le le batho ba hlokang lebese eseng lijo tse tiileng. 13 E mong le e mong ea noang lebese ha a tloaelana le lentsoe la Molimo le lokileng hobane ke ngoana.+ 14 Empa lijo tse tiileng ke tsa batho ba holileng kelellong, ba khonang ho khetholla se nepahetseng ho se fosahetseng hobane ba ithutile ho sebelisa likelello tsa bona.

6 Kaha joale re se re ithutile lithuto tsa motheo tse mabapi+ le Kreste, a re tsoeleng pele ho hola.+ Re se ke ra khutlela lithutong tsa motheo* e leng thuto ea ho bakela mesebetsi e se nang thuso, ea ho lumela ho Molimo, 2 thuto ea likolobetso tse fapaneng, ea ho behoa matsoho,+ ea tsoho ea bafu+ le ea kahlolo e sa feleng. 3 Ka thuso ea Molimo re tla tsoela pele ho hola.

4 Ho na le ba ileng ba bontšoa leseli,+ ba ileng ba fuoa mpho e tsoang leholimong le moea o halalelang. 5 Ba ne ba filoe lentsoe le molemo la Molimo le litlhohonolofatso* tsa lefatše le lecha* le tlang 6 empa joale ha ba sa na tumelo.+ Batho ba joalo ha ho khonehe hore re ba thuse ho baka hape hobane ho tšoana le ha ba khokhothela Mora oa Molimo palong hape le ho mo tlotlolla ka pel’a batho.+ 7 Pula e nang hangata ke tlhohonolofatso e tsoang ho Molimo bakeng sa mobu haeba mobu oo o monya metsi a pula ’me o hlahisa lijalo tse ntle bakeng sa ba li lemmeng. 8 Empa haeba mobu o hlahisa meutloa le lihlabahlabane, o tla be o se na thuso, Molimo o haufi le ho phatlalatsa hore ha o tšoanelehe hore o ka lengoa ’me qetellong tšimo eo e tla chesoa.

9 Baratuoa, leha re bua joalo, re kholisehile hore lona le tla fumana litlhohonolofatso ebile le boemong bo botle ba ho pholosoa. 10 Molimo o lokile, ka lebaka leo a ke ke a lebala mosebetsi oa lona le kamoo le bontšitseng kateng hore le rata lebitso la hae+ ka hore ebe le sebelelitse balumeli-’moho le lona* ’me le hona joale le ntse le ba sebeletsa. 11 Re lakatsa hore e mong le e mong oa lona a sebetse ka thata feela joaloka pele e le hore le ka letela seo le se lebeletseng le sa belaele+ ho fihlela qetellong.+ 12 Le se ke la ba botsoa+ empa le etsise ba ileng ba fumana litšepiso ka lebaka la tumelo le mamello ea bona.

13 Molimo o ile a ikana ka eena+ ha a ne a tšepisa Abrahama hore o tla mo hlohonolofatsa hobane ha ho motho e moholo ho mo feta. 14 Molimo o ile a re: “Ke tla u hlohonolofatsa ’me ke etse hore bana* ba hao ba be bangata.”+ 15 Abrahama o ile a fumana tšepiso ena ka mor’a hore a be le mamello. 16 Ha motho a etsa tšepiso o ikana ka motho e moholo ho mo feta. Kano eo e felisa likhang tsohle hobane ke bopaki ba hore o buile ’nete.+ 17 Ka tsela e tšoanang, ha Molimo a ne a bontša majalefa a tšepiso+ ea hae ka tsela e hlakileng hore morero oa hae ha o fetohe, o ile a tiisa tšepiso eo ka kano. 18 O entse joalo e le hore tšepiso ea hae le kano ea hae li ka khothatsa rona ba mo tšepileng e le hore re lule re e-na le tšepo e matla. A ke ke a bua leshano+ hobane kano ea hae le tšepiso ea hae ha li fetohe ho hang. 19 Feela joalokaha ankora e etsa hore sekepe se tsitse, tšepo ena+ e re thusa hore re eme re tiile, re sa belaele. Tšepo ena e re isa ka nģ’ane ho kharetene.+ 20 Jesu o kene moo pele ho rona, a re bulela tsela le ho re lokisetsa eona.+ Ke moprista ea phahameng joaloka Melkizedeke ’me o tla lula e le moprista ka ho sa feleng.+

7 Melkizedeke e ne e le morena oa Saleme ebile e le moprista oa Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa. Ha Abrahama a khutla ntoeng eo a neng a tsoa hlola marena ho eona, Melkizedeke o ile a mo khahlanyetsa ’me a mo hlohonolofatsa.+ 2 Abrahama o ile a mo fa karolo ea leshome ea lintho tsohle tse neng li hapiloe. Lebitso la Melkizedeke ha le fetoleloa ke “Morena ea Lokileng.” Hape ke morena oa Saleme e bolelang “Morena oa Khotso.” 3 Ha ho tsejoe hore na ntate oa hae le ’mè oa hae ke bo-mang. Ha ho na tlaleho ea leloko labo. Ha ho tsejoe hore na o hlahile neng le hore na o shoele neng. Ka mabaka ana, o tšoana le Mora oa Molimo ’me o tla lula e le moprista ka ho sa feleng.+

4 Monna eo o ne a le bohlokoa hakaakang! Ha se feela Abrahama hlooho ea lelapa,* a ileng a mo fa karolo ea leshome ea lintho tse ntlehali tseo a neng a li hapile.+ 5 Ke ’nete hore ho ea ka Molao, Balevi+ ba neng ba khethiloe hore e be baprista, ke bona ba neng ba laetsoe ho nka karolo ea leshome ho bana ba bo bona+ le hoja bana bao ba bo bona e ne e le litloholo tsa Abrahama. 6 Athe monna enoa ea sa tsoeng lelokong la Levi, o ile a nka karolo ea leshome ho Abrahama ea neng a etselitsoe litšepiso a ba a mo hlohonolofatsa.+ 7 Ha ho ea ka hanang hore e monyenyane o hlohonolofatsoa ke e moholo. 8 Balevi ba neng ba fumana karolo ea leshome e ne e le batho ba shoang empa Melkizedeke eena mangolo aa paka hore oa phela.+ 9 Hape ho ka thoe Levi ea neng a fuoa karolo ea leshome le eena o ile a e ntša ka Abrahama 10 hobane ha Melkizedeke a kopana le Abrahama,+ Levi e ne e le hona a tl’o hlaha e le setloholo sa Abrahama.

11 Boprista ba leloko la Levi e ne e le karolo ea Molao oa Moshe o neng o fuoe Baiseraele. Haeba baprista ba leloko la Levi ba ne ba ka khona ho etsa hore batho ba phethahale,+ na re ne re hloka moprista ea tšoanang le Melkizedeke?+ Na ho ne ho sa lekana ho ba le baprista ba tšoanang le Arone? 12 Haeba boprista boa fetoloa, le Molao o lokela ho fetoloa.+ 13 Monna enoa eo ho buuoang ka eena o ne a tsoa lelokong le leng leo ho lona ho neng ho se na motho ea kileng a sebeletsa aletareng.+ 14 Ho hlakile hore Morena oa rona o tsoa lelokong la Juda+ empa Moshe ha aa ka a bua letho ka hore baprista ba tla hlaha lelokong leo.

15 Taba ena e hlaka le ho feta ha ho hlaha moprista+ ea kang Melkizedeke,+ 16 eo e bileng moprista ka matla a etsang hore a phele ka ho sa feleng+ eseng ka lebaka la leloko leo a tsoang ho lona joalokaha molao o ne o laela. 17 Lengolo le leng le re: “U moprista ka ho sa feleng ka tsela e tšoanang le ea Melkizedeke.”+

18 Kahoo, taelo e tlileng pele e felisitsoe hobane ea haelloa ebile ha e sebetse.+ 19 Molao ha oa ka oa felisa sebe+ empa tšepo eo Molimo a re fileng eona+ e molemo hobane e khona ho felisa sebe. Re atamela ho Molimo ka lebaka la tšepo eo.+ 20 Kaha Molimo o ile a etsa kano ha a khetha Jesu hore e be moprista, 21 (ho na le banna ba ileng ba khethoa hore e be baprista ho sa etsoa kano empa ha Jesu e e-ba moprista, o ile a etsetsoa kano ke Molimo ea ileng a re ka eena: “Jehova* o ikanne ’me a ke ke a fetola maikutlo a hae,* o itse, ‘U moprista ka ho sa feleng.’”)+ 22 Jesu e bile bopaki bo tiisang hore ho na le selekane se molemo le ho feta.+ 23 Hape baprista ba ile ba hloleha ho tsoela pele ka mosebetsi oa bona oa boprista hobane ba ile ba shoa eaba ba nkeloa sebaka ke baprista ba bang.+ 24 Empa kaha Jesu o tla phela ka ho sa feleng,+ ha ho na motho ea tla mo hlahlama bopristeng. 25 O khona ho pholosa ka ho phethahetseng ba rapelang Molimo ka lebitso la hae hobane o tla lula a phela e le hore a ba kopele thuso ho Molimo.+

26 Re hloka moprista ea phahameng ea tšoanang le enoa ea tšepahalang, ea se nang molato, ea sa silafalang,+ ea fapaneng hole le baetsalibe le ea phahamiselitsoeng ka holim’a maholimo.+ 27 Ho fapana le baprista bane ba phahameng, Jesu eena ha a hloke ho etsa mahlabelo letsatsi le leng le le leng+ bakeng sa libe tsa hae le tsa batho ba bang.+ O entse joalo hanngoe ebile e le la ho qetela ha a ne a fana ka bophelo ba hae e le sehlabelo.+ 28 Molao o khetha banna ba nang le bofokoli hore e be baprista ba phahameng+ empa ho ea ka kano+ e tlileng ka mor’a Molao, ho khethoa Mora ea lulang a se na sebe+ ka ho sa feleng.

8 Ntlha ea sehlooho ea litaba tseo re li buileng ke ena: Re na le moprista ea phahameng ea joalo+ ’me o lutse ka letsohong le letona la terone ea Molimo e Moholo ea maholimong.+ 2 Ke mohlanka ea sebeletsang sechaba sebakeng se halalelang,+ tenteng ea ’nete e hlonngoeng ke Jehova* eseng motho. 3 Moprista e mong le e mong ea phahameng o khetheloa hore a nyehele limpho le mahlabelo. Ka tsela e tšoanang, ho ne ho hlokahala hore moprista oa rona ea phahameng le eena a nyehele ho hong.+ 4 Hoja o ne a le lefatšeng, e ne e ke ke ea e-ba moprista+ kaha ho se ho ntse ho e-na le banna ba nyehelang limpho ho ea ka Molao. 5 Feela tšebeletso eo banna bana ba e etsang ke mohlala le setšoantšo+ sa lintho tse leholimong.+ Ha Moshe a le haufi le ho haha tente, Molimo o ile a mo fa taelo e bontšang taba eo. Molimo o ile a re ho eena: “U etse bonnete ba hore u etsa lintho tsohle ho latela mohlala oa tsona oo u ileng oa u bontšoa thabeng.”+ 6 Empa Jesu eena o fumane mosebetsi o molemohali ho feta oa bona kaha o boetse ke ’muelli+ oa selekane se molemo le ho feta,+ se thehiloeng ka molao holim’a litšepiso tse ntle ho feta tsa pele.+

7 Haeba selekane sa pele se ne se se na liphoso, ho ka be ho sa hlokahale hore ho be le sa bobeli.+ 8 Etsoe Molimo o ile a bua mantsoe a bontšang hore sechaba se ne se e-na le phoso, a re: “‘Matsatsi aa tla ao ka ’ona ke tla etsa selekane se secha le ba ntlo ea Iseraele le ba ntlo ea Juda,’ ke Jehova ea chong.* 9 ‘Se ke ke sa tšoana le selekane seo ke ileng ka se etsa le baholo-holo ba bona letsatsing leo ke neng ke ba tšoere ka letsoho ho ba ntša naheng ea Egepeta+ hobane ha baa ka ba tšepahalla selekane seo eaba ke khaotsa ho ba hlokomela,’ ke Jehova ea chong.*

10 ‘Selekane seo ke tla se etsa le ba ntlo ea Iseraele ka mor’a matsatsi ao ke sena: Ke tla kenya molao oa ka ka likelellong tsa bona, ke o ngole lipelong tsa bona.+ Ke tla ba Molimo oa bona ’me bona e tla ba batho ba ka,’+ ke Jehova ea chong.*

11 ‘Ba ke ke ba hlola ba ruta baahisani ba bona le bana ba bo bona ba re: “Tsebang Jehova”* hobane kaofela ba tla ntseba, ho tloha ho mofutsana ho ea ho morui. 12 Ke tla ba tšoarela liphoso tsa bona ’me ha ke sa tla hlola ke hopola libe tsa bona.’”+

13 Ha a re “selekane se secha,” o etsa hore sa pele se felloe ke nako.+ Ntho e feletsoeng ke nako ea tsofala ebile e haufi le ho nyamela.+

9 Selekane sa pele se ne se e-na le melao e amanang le mesebetsi e halalelang ebile se e-na le tente e halalelang+ lefatšeng. 2 Ho ile ha hahoa kamore ea pele ea tente, eo ka ho eona ho neng ho e-na le seluloana sa lebone,+ tafole le bohobe.*+ Kamore eo e ne e bitsoa Sehalalelo.+ 3 Ka mor’a kharetene ea bobeli+ ho ne ho e-na le kamore e bitsoang Sehalalelisiso.+ 4 Ka kamoreng eo, ho ne ho e-na le pitsa ea khauta ea ho chesetsa libano+ le areka ea selekane+ e entsoeng ka khauta.+ Ka har’a areka eo, ho ne ho e-na le nkho ea khauta e tšetseng manna,+ molamu oa Arone o neng o metse lipalesa+ le matlapa+ a selekane. 5 Ka holim’a areka ho ne ho e-na le likerubime tse khanyang tse koahetseng sekoahelo sa areka* ka mapheo a tsona.+ Empa hona joale ha se nako ea hore re bue haholo ka lintho tsena.

6 Ka mor’a hore lintho tsena li hlophisoe ka tsela ena, baprista ba kena ka kamoreng ea pele ea tente ka linako tsohle ho etsa mesebetsi e halalelang.+ 7 Empa hanngoe ka selemo moprista ea phahameng o kena ka kamoreng ea bobeli a le mong,+ a nkile mali+ hore a a nyehele bakeng sa hae+ le bakeng sa libe tseo batho+ ba li entseng ba sa hlokomele. 8 Moea o halalelang o bontša hore ha ho na motho ea ileng a bontšoa tsela e eang ka Sehalalelisisong ha tente ea pele e ne e ntse e eme.+ 9 Tente ena e tšoantšetsa lintho tse etsahalang ka nako ena.+ Ho tla fihlela hona joale, limpho le mahlabelo a nyeheloang+ tenteng eo, ha a etse hore motho ea etsang mosebetsi o halalelang a be le letsoalo le khutsitseng.+ 10 Limpho le linyehelo tseo li amana feela le lijo, lino le mekhoa e fapaneng ea ho hloekisa batho le lintho.*+ Melao eo e amana le lintho tse mona lefatšeng+ ’me e ile ea sebetsa ho fihlela nako ea ho lokisa lintho e fihla.

11 Kreste o tlile e le moprista ea phahameng oa lintho tse ntle tse seng li etsahetse. O kene tenteng e bohlokoa haholo le e molemo ho feta ea pele, e sa etsoang ke batho ebile ha se ea lefatše. 12 O kene sehalalelisisong ka mali a hae eseng a lipoli kapa a lipohoana.+ O kene moo hanngoe ebile e le la ho qetela ’me a re pholosa ka ho sa feleng.+ 13 Motho ea sa hloekang o hlaha a hloekile ho Molimo hobane feela moprista a sebelisa mali a lipoli le a lipoho+ le ho mo fafatsa ka molora oa khomo ea sethojana* ho mo hloekisa.+ 14 Mali a Kreste ’ona a bohlokoa le ho feta+ hobane ka thuso ea moea o halalelang,* o ile a fa Molimo bophelo ba hae e le sehlabelo se phethahetseng. Mali a hae a etsa hore re be le matsoalo a khutsitseng hobane re tlohetse mesebetsi e mebe+ e le hore re ka sebeletsa Molimo ea phelang.+

15 Ka lebaka leo, Kreste ke ’muelli selekaneng se secha.+ Ka lefu la hae o ile a lopolla batho ka ho lefella libe+ tseo ba li entseng selekaneng sa khale e le hore ba bitsitsoeng ba ka fumana tšepiso ea bophelo bo sa feleng.+ 16 Ha motho a entse selekane o lokela ho shoa 17 hobane selekane se tiisoa ke lefu. Se ke ke sa sebetsa hafeela motho ea se entseng a ntse a phela. 18 Le selekane sa pele se ne se ke ke sa sebetsa* kantle ho mali. 19 Ka mor’a hore Moshe a bolelle sechaba sohle litaelo tse hlahang Molaong, o ile a nka mali a lipohoana le a lipoli a a tsoaka le metsi. A nka boea bo bofubelu a bo faseletsa makaleng a hisopa eaba o fafatsa buka* le sechaba sohle, 20 a ntse a re: “Ana ke mali a selekane seo Molimo a le laetseng hore le se tšepahalle.”+ 21 Tente le lijana tsohle tse sebelisetsoang mosebetsi o halalelang le tsona o ile a li fafatsa ka mali.+ 22 Ho ea ka Molao, hoo e ka bang lintho tsohle li hloekisoa ka mali+ ’me libe li ke ke tsa tšoareloa ha mali a sa tšolohe.+

23 Kahoo, ho ne ho hlokahala hore lintho tsena tseo e leng setšoantšo+ sa lintho tse leholimong li hloekisoe ka tsela ena+ empa lintho tse leholimong tsona li hloka mahlabelo a boleng bo phahameng le ho feta. 24 Kreste ha aa ka a kena ka sehalalelisisong se entsoeng ke batho,+ seo e leng setšoantšo feela sa sehalalelisiso sa ’nete.+ O kene leholimong la sebele,+ moo a hlahang ka pel’a Molimo bakeng sa rona.+ 25 Ha aa ka a kena leholimong e le hore a iketse sehlabelo hangata joaloka moprista ea phahameng ha a kena ka sehalalelisisong selemo le selemo+ ka mali ao e seng a hae. 26 Ho seng joalo o ne a tla lokela ho utloa bohloko hangata ho tloha ha lefatše le boptjoa. Empa o itlhahisitse hanngoe ebile e le la ho qetela hona joale qetellong ea mehla ena* e le hore a tlose sebe ka sehlabelo sa hae.+ 27 Rea tseba hore batho ba shoa hanngoe ebe ka mor’a moo baa ahloloa. 28 Ka tsela e tšoanang, Kreste le eena o ile a fana ka bophelo ba hae e le sehlabelo hanngoe ebile e le la ho qetela hore a jare libe tsa ba bangata.+ Ha a hlaha ka lekhetlo la bobeli o tla be a sa tl’o tlosa sebe. O tla bonoa ke ba hlileng ba batlang ho pholosoa ke eena.+

10 Molao ke setšoantšo feela+ sa lintho tse molemo tse tlang ho tla+ empa ha se lintho tseo ka sebele. Molao* oo ha o etse hore batho ba atamelang Molimo ba hloke sebe hobane feela ba etsa mahlabelo selemo le selemo.+ 2 Ha ho ne ho le joalo, mahlabelo a ka be a emisitsoe hobane ba a tlisang* ba ka be ba hloekisitsoe e le hore ba se ke ba hlola ba ikutloa ba le molato ka lebaka la libe tsa bona. 3 Empa mahlabelo ao a hopotsa batho libe tsa bona selemo le selemo.+ 4 Etsoe ho ke ke ha khoneha hore mali a lipoho le a lipoli a tlose libe.

5 Ha Kreste a tla lefatšeng o ile a re ho Molimo: “‘U ne u sa batle nyehelo le sehlabelo empa u ile oa ntokisetsa ’mele. 6 Ha oa ka oa amohela linyehelo tsa secheso le linyehelo tsa sebe.’+ 7 Ke ile ka re: ‘Bona, ke tlile. (Ho ngotsoe ka ’na moqolong.*) Ke tletse ho etsa thato ea hao Molimo oa ka.’”+ 8 Ka mor’a hore a re: “Ha oa ka oa batla kapa oa amohela mahlabelo, linyehelo, linyehelo tsa secheso le linyehelo tsa sebe” e leng mahlabelo a nyeheloang ho ea ka Molao, 9 o ile a re: “Ke tletse ho etsa thato ea hao.”+ O felisa tsa pele e le hore a ka tiisa sa bobeli. 10 Ka “thato” eo ea Molimo,+ re halalelitsoe ka sehlabelo sa ’mele oa Jesu Kreste se nyehetsoeng hanngoe ebile e le la ho qetela.+

11 Moprista e mong le e mong oa ema e le hore a etse mosebetsi oa hae o halalelang letsatsi le letsatsi+ le hore a etse mahlabelo khafetsa+ le hoja mahlabelo ao a sa khone ho tlosa libe ka ho feletseng.+ 12 Empa Kreste eena o ile a nyehela sehlabelo se le seng e le hore a ka re lopolla sebeng ka ho sa feleng eaba o lula ka letsohong le letona la Molimo.+ 13 Ho tloha ka nako eo, o ne a se a emetse hore lira tsa hae li behoe tlas’a maoto a hae.+ 14 Ka sehlabelo se le seng feela, o entse hore bohle ba ntseng ba halaletsoa ba phethahale+ ka ho sa feleng. 15 Moea o halalelang le oona oa re pakela hore taba eo ke ’nete kaha o re: 16 “‘Selekane seo ke tla se etsa le bona ka mor’a matsatsi ao ke sena: Ke tla kenya molao oa ka lipelong tsa bona ke be ke o ngole likelellong tsa bona,’ ke Jehova ea chong.”*+ 17 Ka mor’a moo o re: “Ha ke sa tla hlola ke hopola libe tsa bona le liketso tsa bona tse mpe.”+ 18 Ha Molimo a tšoarela libe, ha ho sa hlokahala nyehelo bakeng sa sebe.

19 Bana beso, ka lebaka la mali a Jesu, re na le sebete sa ho kena sebakeng se halalelang+ 20 hobane Jesu o re buletse tsela e eang moo. Tsela eo ke tsela e ncha e lebisang bophelong. O re buletse eona ka ho fetela ka nģ’ane ho kharetene+ e tšoantšetsang nama ea hae. 21 Hape re na le moprista e moholo ea okametseng ntlo ea Molimo.+ 22 Kahoo, a re atameleng Molimo ka lipelo tsohle ebile re e-na le tumelo e matla hobane lipelo tsa rona li hloekisitsoe, matsoalo a rona ha a sa re tšoenya+ le ’mele ea rona e hlatsoitsoe ka metsi a hloekileng.+ 23 A re tsoeleng pele ho bolella batho bohle ka tšepo eo re nang le eona re sa tsila-tsile+ hobane ea re tšepisitseng oa tšepahala. 24 A re tsotellaneng* e le hore re ka susumeletsana ho ba lerato le ho etsa lintho tse ntle.+ 25 Re se ke ra tlohela ho bokana ’moho+ joalokaha ba bang ba tloaetse empa re khothatsane.+ Re etse lintho tsena le ho feta hobane rea bona hore letsatsi le ntse le atamela.+

26 Haeba re tloaela ho etsa sebe ka boomo ka mor’a hore re fumane tsebo ea ’nete,+ ha ho sa na sehlabelo se seng se tla nyeheloa bakeng sa libe tsa rona.+ 27 Ho tla be ho se ho setse feela hore re emele kahlolo e tšosang le bohale bo tukang ba Molimo bo tla bolaea batho ba mo hanyetsang.+ 28 Motho ea sa mameleng Molao oa Moshe o ne a bolaoa a sa hauheloe ka mor’a hore batho ba babeli kapa ba bararo ba fane ka bopaki.+ 29 Joale motho ea furallang Mora oa Molimo ka ho tella,* ea khellang fatše mali a bohlokoa a selekane+ ao a ileng a halaletsoa ka ’ona ebile a rohakile moea oa Molimo ea re bontšang mosa,* eena le nahana hore o tla fumana kotlo e boima hakae?+ 30 Rea tseba hore Molimo o ile a re: “Phetetso ke ea ka, ke tla fana ka kotlo.” Hape o ile a re: “Jehova* o tla ahlola batho ba hae.”+ 31 Ke ntho e tšosang hore motho a otloe ke Molimo ea phelang.

32 Le se ke la lebala matsatsi a pele ao ka ’ona le ileng la mamella mathata a mangata ha le ntse le loana ntoa e boima ka mor’a hore Molimo a le khantšetse leseli.+ 33 Ka linako tse ling, le ne le tlotlolloa le ho hlorisoa ka pel’a batho ’me ka linako tse ling le thusa* ba hlaheloang ke lintho tse joalo. 34 Le ile la utloela ba teronkong bohloko. Ha lea ka la felloa ke thabo ha le nkeloa lintho tsa lona+ hobane le ne le tseba hore le na le letlotlo le molemo ho feta, le sa senyeheng.+

35 Le se ke la khaotsa ho ba sebete hobane le tla putsoa haholo.+ 36 Le hloka ho ba le mamello+ e le hore ha le se le entse thato ea Molimo le ka fumana seo Molimo a se tšepisitseng. 37 Ho setse “nako e sa feliseng pelo,”+ “ea tlang o tla fihla ’me a ke ke a lieha.”+ 38 “Empa mohlanka oa ka ea lokileng o tla phela hobane a e-na le tumelo”+ feela “ha a ka checha, nke ke ka thaba.”+ 39 Ha re batho ba chechelang morao ebe rea felisoa+ empa re batho ba nang le tumelo e le hore re pholose bophelo ba rona.

11 Tumelo ke ho ba le tšepo le ho kholiseha hore lintho tseo u li lebeletseng li tla etsahala.+ Hape ke ho ba le bopaki ba hore lintho tseo re sa li boneng kannete li teng. 2 Kaha baholo-holo ba rona ba ne ba e-na le tumelo, Molimo o ile a ba fa bopaki ba hore oa ba amohela.

3 Tumelo e re thusa ho lemoha hore lintho tsohle* li ile tsa hlophisoa ka taelo ea Molimo. Kahoo, lintho tseo re li bonang li hlahile linthong tseo re sa li boneng.

4 Kaha Abele o ne a e-na le tumelo, o ile a etsetsa Molimo sehlabelo sa boleng bo phahameng ho feta sa Kaine.+ Ka lebaka la tumelo eo, o ile a fuoa bopaki ba hore o lokile hobane Molimo o ile a amohela limpho tsa hae.+ Le hoja a shoele, tumelo ea hae e ntse e bua+ le rona.

5 Kaha Enoke+ o ne a e-na le tumelo, o ile a fallisoa+ e le hore a se ke a utloa bohloko ha a shoa. Ha aa ka a hlola a fumanoa hobane Molimo o ne a mo fallisitse. Pele a fallisoa o ile a fuoa bopaki ba hore o thabisitse Molimo. 6 Re ke ke ra khona ho khahlisa Molimo haeba re se na tumelo kaha ea atamelang Molimo o lokela ho lumela hore o teng le hore o putsa ba mo batlang e le kannete.+

7 Kaha Noe o ne a e-na le tumelo,+ ka mor’a hore Molimo a mo bolelle lintho tse tl’o etsahala tse neng li e-s’o ka li bonoa,+ o ile a bontša hore o hlompha Molimo ka hore a hahe areka+ e le hore a pholose eena le ba lelapa la hae. Ka tumelo ea hae o ile a bontša hore lefatše le ne le tšoanela ho felisoa+ ’me ha thoe o lokile ka lebaka la tumelo.

8 Kaha Abrahama o ne a e-na le tumelo,+ ha a bitsoa, o ile a mamela ka hore a ee sebakeng seo a neng a tl’o se fuoa e le lefa. O ile a tsamaea le hoja a ne a sa tsebe hore na o ea hokae.+ 9 Kaha o ne a e-na le tumelo, o ile a lula e le molichaba naheng eo a neng a e tšepisitsoe.+ O ne a lula litenteng+ le Isaka le Jakobo, bao le bona Molimo a neng a ba tšepisitse naha eo.+ 10 O ne a emetse motse o nang le metheo ea ’nete, oo Molimo a o ralileng le ho o haha.+

11 Kaha Sara le eena o ne a e-na le tumelo, o ile a fuoa matla a ho ba le bana le hoja a ne a se a fetile lilemo tsa ho ba le bana+ hobane o ile a nka hore ea neng a tšepisitse oa tšepahala. 12 Ka lebaka leo, monna eo ho neng ho nkoa hore a ke ke a khona ho ba le bana,*+ o ile a ba le bana ba bangata+ joaloka linaleli tsa leholimo le ba se nang palo joaloka lehlabathe la leoatle.+

13 Kaofela ha bona ba ile ba shoa ba ntse ba e-na le tumelo. Le hoja litšepiso li sa ka tsa phethahala ba ntse ba phela,+ ba ile ba li bonela hole,+ ba li thabela ’me ba bolela phatlalatsa hore e ne e le balichaba le baahi ba nakoana naheng eo ba neng ba lula ho eona. 14 Ba buang joalo ba bontša hantle hore kannete ba batla sebaka seo e leng sa bona. 15 Hoja ba ile ba ’na ba nahana ka naha eo ba e siileng,+ ba ka be ba fumane monyetla oa ho khutla. 16 Empa joale ba labalabela sebaka se molemo le ho feta e leng leholimo. Kahoo, Molimo ha a soabele ho bitsoa Molimo oa bona+ etsoe o ba lokiselitse motse.+

17 Ha Abrahama a ne a behoa tekong,+ o ile a bontša hore o na le tumelo ka hore ebe o ile a batla a nyehela Isaka. Monna enoa ea ileng a amohela litšepiso a thabile o ile a leka ho nyehela mora oa hae ea mong.+ 18 O ile a etsa joalo le hoja ho ne ho itsoe ho eena: “U tla ba le litloholo* ka Isaka.”+ 19 O ne a lumela hore Molimo a ka tsosa mora oa hae bafung. Kahoo, o ile a mo amohela joalokaha eka o qeta ho tsoha bafung e leng ntho e neng e bontša hore na ho tla etsahala’ng ka moso.+

20 Isaka o ile a bontša hore o na le tumelo ka hore ebe o ile a hlohonolofatsa Jakobo+ le Esau,+ a ba bolella lintho tse tla etsahala nakong e tlang.

21 Kaha Jakobo o ne a e-na le tumelo, ha a le haufi le ho shoa,+ o ile a hlohonolofatsa bara ba Josefa+ ’me a rapela a ikokotletse ka lere la hae.+

22 Josefa o ile a bontša hore o na le tumelo ka hore ebe ha a le haufi le ho shoa, o ile a bua ka hore Baiseraele ba tla tsoa Egepeta ’me a fana ka taelo ea hore na ho etsoe’ng ka masapo a hae.+

23 Ka mor’a hore Moshe a hlahe, batsoali ba hae ba ile ba bontša hore ba na le tumelo ka hore ba mo pate ka likhoeli tse tharo+ hobane ba ile ba bona hore o motle.+ Ha baa ka ba tšaba ho tlola taelo ea morena.+ 24 Ha Moshe a se a holile, o ile a bontša hore o na le tumelo+ ka hore a hane ho bitsoa mora oa morali oa Faro.+ 25 O ile a khetha ho tšoaroa hampe hammoho le sechaba sa Molimo ho e-na le hore a thabele ho etsa sebe ka nakoana. 26 O ile a etsa joalo hobane a nka hore ho tlotlolloa ka lebaka la Kreste ho bohlokoa haholo ho feta maruo a Egepeta kaha o ne a letetse moputso ka pelo eohle. 27 Kaha o ne a e-na le tumelo, o ile a tloha Egepeta+ eseng hobane a tšaba bohale ba morena.+ O ile a tsoela pele a mameletse joalokaha eka o bona Molimo eo ho seng motho ea ka mo bonang.+ 28 O ile a bontša hore o na le tumelo ka hore a keteke Paseka le ho fafatsa likosene tsa menyako ka mali e le hore lengeloi la Molimo le se ke la bolaea matsibolo a batho ba Molimo.+

29 Kaha batho ba Molimo ba ne ba e-na le tumelo, ba ile ba feta har’a Leoatle le Lefubelu joalokaha eka ba feta moo ho ommeng+ empa ha Baegepeta bona ba leka ho etsa joalo, metsi a ile a ba khama.+

30 Kaha Baiseraele ba ne ba e-na le tumelo, marako a Jeriko a ile a oela fatše ka mor’a hore ba a pota-pote ka matsatsi a supileng.+ 31 Kaha Rahaba oa letekatse o ne a e-na le tumelo, ha aa ka a bolaoa le batho ba sa mameleng hobane o ile a amohela lihloela ka khotso.+

32 Na ho hlokahala hore ke ’ne ke tsoele pele? Ke tla felloa ke nako haeba nka bua ka Gideone,+ Barake,+ Samsone,+ Jafeta,+ Davida+ hammoho le Samuele+ le baprofeta ba bang. 33 Kaha ba ne ba e-na le tumelo, ba ile ba hlola marena,+ ba etsa hore ho be le toka, ba etsetsoa litšepiso,+ ba koala melomo ea litau,+ 34 ba tima mollo o bohale,+ ba phonyoha sabole,+ ba fuoa matla ha ba ne ba fokola,+ ba e-ba matla ha ba le ntoeng+ hape ba qhalakanya mabotho a ba lireng.+ 35 Basali ba ile ba amohela ba malapa a bona ba neng ba tsositsoe bafung.+ Banna ba bang ba tšepahalang bona ba ile ba hlokofatsoa empa ha baa ka ba khaotsa ho tšepahalla Molimo hobane feela ba shebile ho lokolloa. Ba ile ba mamella e le hore ba tle ba tsosoe bafung ka tsela e molemo ho feta eo ba bang ba tsositsoeng ka eona. 36 Ba bang ba ile ba lekoa ka ho songoa, ho shapuoa, ho fasoa ka liketane+ le ho lahleloa literonkong.+ 37 Ba ile ba tlepetsoa ka majoe,+ ba lekoa, ba sakhoa, ba bolaoa ka sabole,+ ba tsamaea ba apere makoko a linku le a lipoli+ ha ka nako e tšoanang ba ne ba hloka, ba le matšoenyehong,+ ba tšoaroa hampe+ 38 ’me lefatše le ne le sa ba tšoanele. Ba ne ba lula mahoatateng, lithabeng, mahaheng+ le maphaong.

39 Le hoja kaofela ha bona ba ile ba fuoa bopaki ba hore ba thabisitse Molimo ka lebaka la tumelo ea bona, ha baa ka ba bona ha tšepiso e phethahala 40 hobane Molimo o ne a nahanne ho re fa ntho e molemo le ho feta+ e le hore ba se ke ba tlosoa sebe pele ho rona.

12 Kaha re na le sehlopha se seholo hakaalo sa lipaki se re pota-potileng, a re lahleng lintho tsohle tse ka re imelang le sebe se re tšoasang habonolo+ ’me re mathe ka mamello peisong e ka pel’a rona.+ 2 Re shebe ka hloko Moeta-pele e Moholo oa tumelo ea rona e leng Jesu+ Kreste, ea re thusang ho ba le tumelo e phethahetseng. O ile a mamella ha a ne a bolaeloa palong* ebile ha aa ka a soabela ho tlotlolloa hobane o ne a tseba hore o tla thaba ka moso. Hona joale o lutse ka letsohong le letona la terone ea Molimo.+ 3 Le nahanisise ka ea mameletseng ha baetsalibe ba ne ba bua lintho tse hlabang+ empa li sa ba thuse ka letho. Le ’ne le etse joalo e le hore le se ke la khathala la ba la felloa ke matla.+

4 Ha le ntse le loantša sebe, ha le e-s’o loane ho ea boholeng ba hore le shoe. 5 Hape le lebetse keletso eo Molimo a le fileng eona joalokaha ntate a bua le bara ba hae, e reng: “Mora oa ka, u se ke oa khella taeo ea Jehova* fatše kapa oa felloa ke matla ha u khalemeloa ke eena. 6 Jehova* o khalemela bao a ba ratang, o shapa e mong le e mong eo a mo nkang e le mora.”+

7 Le lokela ho mamella hobane ena ke tsela eo le khalemeloang* ka eona. Molimo o le tšoara joaloka bara ba hae.+ Etsoe ke mora ofe eo ntate oa hae a sa mo khalemeleng?+ 8 Haeba Molimo ha a le khalemela ka tsela eo a khalemetseng ba bang ka eona, ha le bana ba hae empa le bana ba motho e mong. 9 Ho feta moo, bo-ntate ba rona ba ne ba re khalemela ’me re ne re ba hlompha. Na joale ha rea lokela ho ikokobeletsa Ntate oa rona le ho feta kaha ke eena ea tataisang bophelo ba rona ka matla a hae e le hore re phele?+ 10 Bo-ntate ba rona ba re khalemetse ka nakoana ho ea ka seo ba neng ba bona se lokile empa khalemelo e tsoang ho Molimo eona e re tsoela molemo e le hore re ka halalela joaloka eena.+ 11 Ke ’nete hore khalemelo ha e monate, e bohloko. Leha ho le joalo, haeba re e amohela, re tla phela ka tsela e lokileng ’me re be le khotso.

12 Kahoo, le matlafatse matsoho a khathetseng le mangole a khoehlang.+ 13 Le ’ne le tsamaee tseleng e nepahetseng+ e le hore leoto le hlotsang le se ke la utloa bohloko le ho feta empa le fole. 14 Loanelang hore le be le khotso le batho ba bang,+ le phele bophelo bo halalelang*+ hobane motho ea sa bo pheleng a ke ke a bona Morena. 15 Le hlokomele hore ho se ke ha e-ba le ea hlolehang ho fumana mosa* oa Molimo e le hore ho se ke ha e-ba le motso o chefo o ka hlahang har’a lona eaba o baka likhathatso le ho silafatsa ba bangata.+ 16 Hlokomelang hore ho se ke ha e-ba le mang kapa mang har’a lona ea etsang boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano* kapa ea sa ananeleng lintho tsa Molimo joaloka Esau, ea ileng a fana ka litokelo tseo a nang le tsona joaloka letsibolo hore feela a fumane sejo se le seng.+ 17 Lea tseba hore hamorao ha a ne a batla ho fuoa tlhohonolofatso, ha aa ka a e fuoa. Le hoja a ile a leka ka matla ho fetola maikutlo a ntate oa hae a bile a lla,+ ho ne ho se ho se na thuso.

18 Ha lea tla thabeng eo le ka khonang ho e tšoara,+ e tukang,+ eo ho eona ho nang le leru le letšo, sefefo se matla, lefifi le letšo-letšo,+ 19 molumo o lerata oa terompeta+ le molumo oa mantsoe,+ oo e itseng ha batho ba o utloa ba ileng ba kopa ho se mamele ho ea pele.+ 20 Ba ne ba tšosoa ke taelo e reng: “Esita le phoofolo e ka thetsang thaba eo, e tlepetsoe ka majoe.”+ 21 Pono eo e ne e tšosa hoo Moshe a ileng a re: “Ke tšohile ebile kea thothomela.”+ 22 Empa le tlile Thabeng ea Sione+ le motseng oa Molimo ea phelang, Jerusalema ea leholimo+ le ho mangeloi a likete tse mashome 23 a bokaneng.+ Hape le tlile ka pel’a phutheho ea matsibolo a ngolisitsoeng maholimong le ho Molimo Moahloli oa bohle+ le ho ba lokileng ba phelang+ tumellanong le matla a halalelang, ba entsoeng hore ba phethahale.+ 24 Le tlile ho Jesu, ’muelli+ oa selekane se secha+ le ka pel’a mali ao re fafalitsoeng ka ’ona a molemo ho feta a Abele.+

25 Le se ke la hana ho mamela* ea buang a le leholimong. Nakong e fetileng, batho ba ile ba hana ho mamela ea neng a fana ka litaelo tse halalelang lefatšeng eaba baa otloa. Le rona re ke ke ra phonyoha kotlo haeba re hana ho mamela ea buang a le maholimong.+ 26 Ka nako eo, lentsoe la hae le ile la sisinya lefatše+ empa hona joale o tšepisitse a re: “Ke tla boela ke sisinye maholimo le lefatše.”+ 27 Poleloana e reng “ke tla boela” e bontša hore lintho tse sisintsoeng e leng tse sa etsoang ke Molimo li tla tlosoa e le hore lintho tse sa sisinngoang li ka sala. 28 Kaha re tla amohela ’Muso o ke keng oa sisinngoa, a re luleng re tšepahala e le hore Molimo a tsoele pele ho re bontša mosa hobane ka lebaka la oona re tla khona ho mo sebeletsa ka tlhompho e tebileng. 29 Etsoe Molimo oa rona o tšoana le mollo o felisang.+

13 Le lule le ratana joaloka bana ba motho.+ 2 Le se ke la lebala ho amohela baeti*+ hobane ba bang ba entseng joalo ba ile ba amohela mangeloi ba sa tsebe.+ 3 Le lule le nahana ka bana ba bo rona ba literonkong+ joalokaha eka le koaletsoe le bona.+ Hape le lule le nahana ka ba tšoaroang hampe hobane le lona le ntse le phela lefatšeng.* 4 Batho bohle ba hlomphe lenyalo ’me monna le mosali ba lokela ho tšepahallana*+ hobane Molimo o tla ahlola ba etsang boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano* le ba febang.+ 5 Le se ke la rata chelete+ empa le khotsofalle lintho tseo le nang le tsona+ hobane Molimo o itse: “Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.”+ 6 Ka hona, a re beng sebete ’me re re: “Nke ke ka tšoha letho hobane Jehova* ke mothusi oa ka. Motho a ka nketsa’ng?”+

7 Hopolang ba le etellang pele,+ ba le boleletseng lentsoe la Molimo ’me ha le ntse le nahanisisa ka melemo ea boitšoaro ba bona, le etsise tumelo ea bona.+

8 Jesu Kreste oa tšoana maobane, kajeno le ka ho sa feleng.

9 Le se ke la khelosoa ke lithuto tse fapaneng tse sa tloaelehang. Ntho e tla le thusa hore le lule le tiile* ke mosa* oa Molimo eseng lijo* hobane ha li na molemo oa letho ho batho ba amehileng ka tsona.+

10 Re na le aletare eo batho ba sebeletsang tabernakeleng ba sa tšoanelang ho ja letho le ho eona.+ 11 Litopo tsa liphoofolo tse nyehetsoeng li ne li chesetsoa ka ntle ho liahelo empa moprista ea phahameng o ne a isa mali a tsona sebakeng se halalelang hore a etse nyehelo ea sebe ka ’ona.+ 12 Kahoo, Jesu le eena o ile a hlokofatsoa a le ka ntle ho motse*+ e le hore a ka halaletsa batho ka mali a hae.+ 13 A re eeng ho eena ka ntle ho liahelo, re mamelle ho tlotlolloa joalokaha le eena a ile a etsa+ 14 kaha hona joale ha re na motse o tšoarellang empa re ntse re batlana le o tlang.+ 15 Ka lebaka la tumelo eo re nang le eona ho Jesu, re lokela ho lula re rorisa Molimo. Ho etsa joalo ho tšoana le ho mo etsetsa sehlabelo.+ Re bolela lebitso la hae phatlalatsa+ ka melomo ea rona.+ 16 Le se ke la lebala ho etsa lintho tse molemo le ho arolela ba bang lintho tseo le nang le tsona+ hobane Molimo o thabisoa ke mahlabelo a joalo.+

17 Mamelang ba le etellang pele+ le be le ikokobeletse bona+ hobane ba lula ba le hlokometse kaha Molimo o tla ba ahlola.+ Haeba le etsa joalo, ba tla etsa mosebetsi oa bona ba thabile eseng ba utloile bohloko. Haeba ba ne ba ka o etsa ba utloile bohloko, le ne le tla ba kotsing.

18 Le lule le re rapella hobane re lumela hore re na le matsoalo a khutsitseng* ebile re lakatsa ho etsa lintho tsohle ka botšepehi.+ 19 Haholo-holo ke kopa le rapelle hore ke khutlele ho lona haufinyane.

20 Molimo oa khotso o ile a tsosa Morena oa rona Jesu bafung. Jesu ke eena ea ileng a tlisa mali a selekane se sa feleng ebile ke eena molisa e moholo.+ E se eka Molimo oa khotso 21 a ka le fa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo e le hore le ka etsa thato ea hae. Ke rapella hore a sebelise Jesu ho re susumetsa hore re etse lintho tse mo khahlisang. Molimo a ke a tlotlisoe ka ho sa feleng. Amen.

22 Bana beso, ke le kopa hore le mamele mantsoe ana a khothatsang hobane ke le ngoletse lengolo le lekhutšoanyane. 23 Ke batla hore le tsebe hore Timothea ngoan’abo rona o lokolotsoe. Haeba a ka tla kapele, ke tla tla le eena re tl’o le bona.

24 Le ntumelisetse bohle ba le etellang pele le bana ba bo rona bohle. Bana ba bo rona ba Italy+ ba re le lumele.

25 E se eka Molimo a ka ba mosa ho lona kaofela.

Kapa: “ho bopa mehla ena.” Sheba Tlhaloso.

Ka Segerike: “Molimo ke terone ea hao.”

Ka Segerike: “maoto a hae.”

Sheba Tlhaloso.

Sheba Ntlha ea A5.

Ka Segerike: “peo.”

Ka Segerike: “tšabeng.”

Ka Segerike ke psy·khe′. Sheba Tlhaloso.

Ka Segerike ke pneu′ma. Sheba Tlhaloso.

Kapa: “lemoha.”

Kapa: “o re utloela bohloko ka lebaka la.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “bonolo.”

Ka Segerike: “a etsoa motho ea phethahetseng.”

Ka Segerike: “beha motheo hape.”

Ka Segerike: “matla.”

Kapa: “mehla.” Sheba Tlhaloso.

Ka Segerike: “bahalaleli.”

Ka Segerike: “peo.”

Kapa: “mopatriareka.”

Sheba Ntlha ea A5.

Kapa: “a ke ke a ikoahlaea.”

Sheba Ntlha ea A5.

Sheba Ntlha ea A5.

Sheba Ntlha ea A5.

Sheba Ntlha ea A5.

Sheba Ntlha ea A5.

Kapa: “bohobe ba pontšo.”

Kapa: “sekoahelo sa poelano.” Lentsoe la Segerike bakeng sa “sekoahelo” le ka boela la bolela nyehelo eo motho a fanang ka eona hore Molimo a mo tšoarele.

Ka Segerike: “le likolobetso tse fapaneng.”

Khomo e e-s’o be le namane.

Ka Segerike: “moea o sa feleng.”

Ka Segerike: “thehoa.”

Kapa: “moqolo.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa mohlomong: “Batho.”

Kapa: “ba etsang mosebetsi o halalelang.”

Ka Segerike: “moqolong oa buka.”

Sheba Ntlha ea A5.

Kapa: “nahanelaneng.”

Ka Segerike: “ea hataketseng Mora oa Molimo.”

Sheba Tlhaloso.

Sheba Ntlha ea A5.

Kapa: “le ema le.”

Kapa: “mehla ena.” Sheba Tlhaloso.

Ka Segerike: “o shoele.”

Ka Segerike: “peo.”

Sheba Tlhaloso ea Palo.

Sheba Ntlha ea A5.

Sheba Ntlha ea A5.

Kapa: “koetlisoang.”

Ka Segerike: “le phehelle khalalelo.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.

Kapa: “la ipehela mabaka a ho se mamele.”

Kapa: “ho ba mosa ho batho bao le sa ba tsebeng.”

Kapa mohlomong: “joalokaha eka le utloa bohloko le bona.”

Kapa: “liphate tsa lenyalo li hloke litšila.”

Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.

Sheba Ntlha ea A5.

Ka Segerike: “le matlafatse lipelo.”

Sheba Tlhaloso.

E leng melao ea lijo.

Ka Segerike: “ka ntle ho keiti ea motse.”

Kapa: “a tšepahalang.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela