Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • nwt Jakobo 1:1-5:20
  • Jakobo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jakobo
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Jakobo

LENGOLO LA JAKOBO

1 ’Na Jakobo,+ mohlanka oa Molimo le oa Morena Jesu Kreste

Ke lumelisa maloko a 12 a hasa-hasaneng hohle.

2 Bana beso, le thabe ha le hlaheloa ke mathata a sa tšoaneng+ 3 hobane aa bontša hore tumelo ea lona e ileng ea lekoa ke ea ’nete ebile e tla le thusa ho ba le mamello.+ 4 Le lumelle mamello hore e phethe mosebetsi oa eona e le hore le ka ba batho ba phethahetseng linthong tsohle ’me le se ke la hloka letho.+

5 Haeba mang kapa mang ho lona a haelloa ke bohlale, a ’ne a bo kope ho Molimo+ ’me o tla bo fuoa+ hobane Molimo o fana ka seatla se bulehileng ho bohle a bile a sa ahlole.*+ 6 A kope a e-na le tumelo,+ a sa belaele ho hang+ kaha motho ea belaelang o tšoana le leqhubu la leoatle le khannoang ke moea le ntseng le isoa koana le koana. 7 Ha e le hantle, motho eo a se ke a lebella ho fumana letho le tsoang ho Jehova.* 8 Ke motho ea hlolehang ho etsa qeto+ le ea sa tsitsang litseleng tsohle tsa hae.

9 Ngoan’abo rona ea boemong bo tlase a thabe ha a phahamisoa.+ 10 Motho ea ruileng eena a thabe ha a fuoa boemo bo tlase+ hobane o tla shoa joaloka palesa ea naheng. 11 O tla shoa a ntse a lelekisa maruo joaloka semela ha se bataoloa ke mocheso oa letsatsi ha le chaba ebe palesa ea sona ea pona le botle ba sona boa fela.+

12 Motho ea mamellang mathata oa thaba+ hobane ha Molimo a mo amohela o tla putsoa ka bophelo+ e leng moputso oo Jehova* a o tšepisitseng batho ba tsoelang pele ho mo rata.+ 13 Ha motho a hlaheloa ke mathata a se ke a re: “Ke lekoa ke Molimo.” Molimo ha a lekoe ka lintho tse mpe ’me le eena ha a leke motho leha e le ofe ka tsona. 14 Empa e mong le e mong o lekoa ke ho hoheloa* ke litakatso tsa hae.+ 15 Ha takatso e le matla e etsa hore motho a etse sebe* ’me sebe seo se tlisa lefu.+

16 Bana beso bao ke ba ratang, le se ke la khelosoa. 17 Mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng, e tsoa holimo+ ho Ntate oa maseli a leholimo+ ea sa fetoheng joaloka moriti.+ 18 O re phelisitse ka lentsoe la hae la ’nete hobane e ne e le morero oa hae+ e le hore re ka ba ba pele bao a ba khethileng har’a bao a ba bopileng.+

19 Bana beso bao ke ba ratang, motho e mong le e mong a potlakele ho utloa, a liehe ho bua,+ a liehe ho halefa+ 20 hobane ha motho a halefile ha a etse lintho tse lokileng mahlong a Molimo.+ 21 Kahoo, lahlang litšila tsohle le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e mpe+ ’me ka boikokobetso le lumelle Molimo hore a kenye lentsoe la hae ka lipelong tsa lona hobane le na le matla a ho le pholosa.

22 Leha ho le joalo, le etse lintho tseo lentsoe la Molimo le li buang+ ’me le se ke la ithetsa ka ho nahana hore ho li utloa feela ho lekane. 23 Motho ea utloang lentsoe empa a sa etse lintho tseo le li buang,+ o tšoana le motho ea shebang sefahleho sa hae ka seiponeng. 24 Ka mor’a hore a ichebe, oa tloha ebe hang-hang oa lebala hore na o joang. 25 Empa motho ea hlahlobisisang molao o phethahetseng+ le o fanang ka tokoloho ’me a lula a o mamela, ha se motho ea lebalang empa o etsa lintho tseo lentsoe le li buang. O tla thaba hobane a etsa joalo.+

26 Motho ea nahanang hore ke morapeli oa Molimo empa a sa laole leleme la hae+ oa ithetsa le borapeli ba hae ha bo na thuso. 27 Mofuta oa borapeli o hloekileng ho Molimo Ntate oa rona ke ona: Ho hlokomela likhutsana+ le bahlolohali+ ha ba e-na le mathata+ le hore motho a se ke a silafatsoa ke tsela eo batho ba sa mameleng ba phelang ka eona.+

2 Bana beso, ho tla joang hore ebe le ntse le khetholla batho ba bang leha le se le e-na le tumelo ho Morena oa rona Jesu Kreste ea phahamisitsoeng?+ 2 Ha motho ea roetseng lireng tsa khauta, ea apereng liaparo tse ntle haholo a tla sebakeng seo le kopanetseng ho sona ebe hape ho tla mofutsana ea apereng liaparo tse litšila, 3 na le tla re ho ea apereng liaparo tse ntle, “Lula mona setulong se setle,” ebe le re ho ea futsanehileng, “Uena u ’ne u eme joalo” kapa “Lula fatše pel’a maoto a ka”?+ 4 Na ha le etsa joalo ha le khethollane+ ebile na ha le fetohe baahloli ba etsang liqeto tse khopo?+

5 Mamelang bana beso bao ke ba ratang. Molimo o khethile batho bao lefatše le ba nkang ba futsanehile hore e be barui tumelong+ le hore e be majalefa a ’Muso oa hae oo a o tšepisitseng batho ba mo ratang.+ 6 Le tlotlolotse bafutsana. Na barui ha se bona ba le hatellang+ le ba le isang makhotleng? 7 Na ha se bona ba nyefolang lebitso le hlomphehang leo le bitsoang ka lona? 8 Haeba le mamela molao o moholo oa Morena o reng, “U rate moahisani oa hao joalokaha u ithata,”+ le etsa hantle. 9 Haeba le tsoela pele ho khetholla batho ba bang,+ le etsa sebe, le molao oa paka hore le molato.*+

10 Ha motho a mamela Molao oohle empa a tlola taelo e le ’ngoe feela, o tlotse Molao oohle.+ 11 Ea behileng molao o reng, “U se ke oa feba,”+ o ile a boela a re, “U se ke oa bolaea.”+ Le haeba u sa febe empa u bolaea, u tlola molao. 12 Le lule le bua le ho etsa lintho joaloka batho ba tl’o ahloloa ka molao o fang batho bolokolohi.+ 13 Motho ea se nang mohau a ke ke a hauheloa ha a ahloloa.+ Mohau o moholo ho feta kahlolo.

14 Bana beso, ho thusa’ng hore motho a re o na le tumelo empa a sa e bontše ka liketso?+ Na tumelo e joalo e ka mo pholosa?+ 15 Haeba ho e-na le bana ba bo lona ba se nang liaparo kapa letsatsi le leng le le leng ba se na lijo tse lekaneng 16 ebe e mong oa lona o re ho bona, “Tsamaeang ka khotso le futhumale ’me le khore,” ho thusa’ng haeba a sa ba fe lintho tseo ba li hlokang?+ 17 Hoa tšoana le ka tumelo, ha e sa bontšoe ka liketso e shoele.+

18 Leha ho le joalo, motho e mong o tla re: “U na le tumelo, ’na ke na le mesebetsi. Mpontše tumelo ea hao e se nang mesebetsi, ’na ke tla u bontša tumelo ea ka ka mesebetsi ea ka.” 19 Oa lumela hore ho na le Molimo a le mong akere? U etsa hantle. Empa le bademona baa lumela hore ho joalo ebile baa mo tšaba.+ 20 Uena motho ea se nang kelello, na ha u tsebe hore tumelo e se nang mesebetsi ha e na thuso? 21 Ntate oa rona Abrahama o ile a nkoa a lokile ka lebaka la mesebetsi ea hae, ka mor’a hore a behe mora oa hae Isaka aletareng.+ 22 O ile a bontša ka liketso hore o na le tumelo, liketso tsa hae li ile tsa bontša hore tumelo ea hae ke ea ’nete.+ 23 Lengolo le ile la phethahala le reng: “Abrahama o ile a bontša tumelo ho Jehova* ’me o ile a nkoa e le motho ea lokileng”+ eaba o bitsoa “motsoalle oa Jehova.”*+

24 Kahoo, motho o nkoa a lokile ka lebaka la liketso tsa hae eseng ka lebaka la tumelo feela. 25 Rahaba oa letekatse le eena o ile a nkoa a lokile ka lebaka la liketso tsa hae ka mor’a hore a amohele baromuoa ha hae le ho ba thusa hore ba balehe.+ 26 Feela joalokaha ’mele o se nang moea* o shoele,+ le tumelo e se nang mesebetsi e shoele.+

3 Bana beso, le se ke la ba mesuoe le le bangata hobane lea tseba hore re tla amohela kahlolo e boima ho feta ea ba bang.+ 2 Kaofela ha rona re etsa liphoso* hangata.+ Haeba motho a sa khopise batho ba bang ka seo a se buang, motho eo o phethahetse ebile o khona ho laola ’mele oohle oa hae.* 3 Haeba re kenya litomo melomong ea lipere, li tla re mamela ’me re tla khona ho laola ’mele eohle ea tsona. 4 Nahanang ka likepe: Le hoja li le kholo haholo ebile li tsokotsoa ke meea e matla, bakhanni ba tsona ba sebelisa masokoana a manyenyane haholo ho li isa moo ba batlang.

5 Leleme le lona ke setho se senyenyane sa ’mele empa le ithorisa haholo. Mollo o monyenyane o ka chesa moru o moholo haholo. 6 Leleme le tšoana le mollo.+ Ke karolo ea ’mele e etsang lintho tse fosahetseng le e silafatsang ’mele oohle.+ Le ka senyetsa motho bophelo, hape le tšoana le Gehena* hobane lea senya. 7 Batho ba khona ho laola mefuta eohle ea liphoofolo tse hlaha, linonyana, lihahabi le libopuoa tse phelang leoatleng ebile ba se ba ntse ba li laola. 8 Empa ha ho na motho ea ka laolang leleme. Ha le laolehe, le kotsi ebile le tletse chefo.+ 9 Re le sebelisa ho rorisa Ntate oa rona Jehova* re be re le sebelise ho rohaka batho ba bopiloeng ka “setšoantšo sa Molimo.”+ 10 Molomong o le mong ho tsoa thoriso le thohako.

Bana beso, ha hoa lokela ho ba joalo.+ 11 Na metsi a monate le a mabe a ka tsoa selibeng se le seng? 12 Bana beso, sefate sa feie* se ke ke sa hlahisa mehloaare kapa sefate sa morara sa hlahisa lifeie.+ Le metsi a letsoai a ke ke a hlahisa metsi a monate.

13 Ke mang har’a lona ea bohlale le ea nang le kutloisiso? Haeba o teng, a bontše ka boitšoaro ba hae bo botle hore o etsa lintho tsohle ka bonolo boo motho a bang le bona hobane a le bohlale. 14 Empa haeba ka lipelong tsa lona le le mona+ ebile le rata liqabang,*+ le se ke la ithorisa+ ka hore le bohlale hobane le tla be le bua leshano. 15 Bohlale bona ha se bo tsoang leholimong empa ke ba lefatše.+ Ke bohlale ba batho ba laoloang ke litakatso tsa bona ebile ke bohlale ba bademona. 16 Moo ho nang le mona le liqabang* ho lula ho e-na le meferefere le lintho tsohle tse mpe.+

17 Empa motho ea nang le bohlale bo tsoang leholimong pele ho tsohle o phela bophelo bo hloekileng,+ hape o na le khotso,+ ha a manganga,+ o itokiselitse ho mamela, o mohau haholo, o etsa lintho tse ntle,+ ha a khetholle+ ebile ha se moikaketsi.+ 18 Batho ba sebelisanang hantle le batho ba bang, ba etsa hore ho be le khotso+ ’me qetellong ba etsa lintho tse lokileng.*+

4 Lintoa le liqabang tse har’a lona li bakoa ke’ng? Na ha li bakoe ke litakatso tsa lona tse fosahetseng tse loantšanang le litakatso tse ntle tseo le nang le tsona?+ 2 Lea lakatsa empa ha le fumane. Le lula le hloeana* le ho khalla lintho tsa batho ba bang, leha ho le joalo ha le li fumane. Le lula le loana le ho qabana.+ Ha le na letho hobane ha le kope. 3 Leha le kopa ntho, ha le e fumane hobane le e kopela morero o fosahetseng e le hore le ka e sebelisa ho khotsofatsa litakatso tsa lona tse fosahetseng.

4 Lona ba sa tšepahaleng,* na ha le tsebe hore ho etsa setsoalle le lefatše ho etsa hore le be lira tsa Molimo? Ka hona, mang kapa mang ea batlang ho ba motsoalle oa lefatše, o iketsa sera sa Molimo.+ 5 Lengolo le leng le re: “Kaha re tloaetse ho ba mona, re lula re khalla lintho tse fapaneng.”+ Na le nahana hore le bua joalo ho se na mabaka? 6 Empa mosa* oo Molimo a re bontšang oona o re thusa ho hlola mona oo. Ke ka lebaka leo lengolo le leng le reng: “Molimo o hanyetsa ba ikhohomosang+ empa o mosa ho ba ikokobelitseng.”+

7 Ka hona, le ikokobeletse Molimo+ empa le hanyetse Diabolose+ ’me o tla le baleha.+ 8 Atamelang ho Molimo ’me o tla atamela ho lona.+ Tlohelang ho etsa lintho tse mpe* lona baetsalibe.+ Hloekisang lipelo tsa lona,+ lona ba hlolehang ho etsa qeto. 9 Le tlameha le utloe bohloko haholo le be le lle.+ Litšeho tsa lona li fetohe lillo ’me thabo ea lona e fetohe masoabi. 10 Ikokobetseng ka pel’a Jehova*+ ’me o tla le phahamisa.+

11 Bana beso, tlohelang ho buana hampe.+ Ea buang ngoan’abo hampe kapa ea mo ahlolang, o bua lintho tse mpe ka molao* ebile oa o ahlola. Ha u ahlola molao, u moahloli ’me ha u sa phetha molao. 12 Ke Molimo feela ea fanang ka molao le ea ahlolang.+ Ke eena ea khonang ho pholosa le ho bolaea.+ Joale uena u mang hore u ahlole moahisani oa hao?+

13 Mamelang lona ba reng: “Letsatsing lena kapa hosane re tla ea motseng o mong, re e’o qeta selemo teng ’me re tla qala khoebo e le hore re be le chelete,”+ 14 ha le tsebe hore na bophelo ba lona bo tla ba joang hosane.+ Le moholi o hlahang ka nako e khutšoanyane ebe oa nyamela.+ 15 Ho e-na le ho bua joalo, le lokela ho re: “Haeba Jehova* a rata,+ re tla phela ebe re etsa hona kapa hoane.” 16 Leha ho le joalo, lea ikhohomosa ebile lea ithorisa. Lintho tseo le ithorisang ka tsona li mpe. 17 Kahoo, haeba motho a tseba ntho e nepahetseng empa a sa e etse, o etsa sebe.+

5 Mamelang lona barui, llang le bokolle ka lebaka la lintho tse bohloko tse tla le tlela.+ 2 Maruo a lona a bolile ’me liaparo tsa lona li jeoe ke tšoele.*+ 3 Khauta ea lona le silevera li rusitse. Rusi ea tsona e tla ba bopaki ba hore le molato ’me e tla le ja. Lintho tseo le li bolokileng li tla ba joaloka mollo matsatsing a ho qetela.+ 4 Basebetsi ba kotutseng masimo a lona baa lla hobane ha le ba patale ’me Jehova* oa mabotho o utloile sello sa bona ha ba kopa thuso.+ 5 Le lutse mabotho-bothong hape le inehella menate ea lefatše. Lipelo tsa lona li tšoana le liphoofolo tse nontšetsoang letsatsi la ho hlajoa.+ 6 Le ahlotse le ho bolaea ea lokileng. Na ha a* le hanyetse?

7 Bana beso, mamellang ho fihlela Morena a e-ba teng.+ Motho ea lemang, o lula a letetse hore litholoana tsa hae tse ntle li hlahe masimong. Oa mamella ho fihlela ho na pula ea selemo le ea hoetla.+ 8 Le lona le be le mamello,+ le tiise lipelo tsa lona hobane Morena o haufi le ho ba teng.+

9 Bana beso, e mong a se ke a tletleba ka e mong e le hore le se ke la ahloloa.+ Moahloli o tla ahlola haufinyane.* 10 Bana beso, latelang mohlala oa baprofeta ba neng ba bua lebitsong la Jehova.*+ Ba ile ba utloisoa bohloko ka litsela tse ngata+ empa ba ile ba mamella.+ 11 Re nka batho ba mameletseng mathata ba thabile.*+ Le utloile hore Jobo+ o ile a mamella ’me ka lebaka la seo Jehova* a mo etselitseng sona,+ re ithutile hore Jehova* o lerato* hape o mohau.+

12 Ka holim’a lintho tsohle bana beso, le khaotse ho ikana ka eng kapa eng e leholimong, e lefatšeng kapa ka ntho leha e le efe. Haeba ho e-na le ntho eo le itseng le tla e etsa, le e etse. Hape haeba ho e-na le ntho eo le itseng le ke ke la e etsa, le se ke la e etsa+ e le hore Molimo a se ke a le ahlola.

13 Haeba ho e-na le ea nang le mathata har’a lona, a ke a lule a rapela.+ Haeba ho e-na le ea thabileng, a ke a binele Molimo lipina tsa thoriso.*+ 14 Haeba ho e-na le ea kulang* har’a lona, a ke a bitse baholo+ ba phutheho ’me ba tla mo rapella ba be ba mo tlotse ka oli+ ka lebitso la Jehova.* 15 Thapelo e etsoang ka tumelo e tla etsa hore ea kulang a fole. Jehova* o tla mo thusa hore a be matla hape. Haeba a entse libe, o tla tšoareloa.

16 Kahoo, le bolellane libe tsa lona+ ’me le rapellane e le hore le ka folisoa. Thapeli ea motho ea lokileng e matla haholo.+ 17 Elia e ne e le motho joaloka rona. Leha ho le joalo, ha a ne a rapela ka matla a kopa hore pula e se ke ea na, ha ea ka ea na ka lilemo tse tharo le likhoeli tse tšeletseng.+ 18 O ile a rapela hape, pula ea na eaba naha e beha litholoana.+

19 Haeba e mong har’a lona a khelosoa tumelong ea ’nete ’me e mong a mo khutlisetsa ho eona, 20 le tsebe hore ea thusang motho ea entseng sebe ho tlohela lintho tse mpe tseo a li entseng,+ o tla pholosa bophelo ba motho eo ’me Molimo o tla tšoarela libe tsa hae tse ngata.+

Kapa: “nyefole.”

Sheba Ntlha ea A5.

Sheba Ntlha ea A5.

Kapa: “o chehoa ke.”

Ka Segerike: “Ha takatso e emere e tsoala sebe.”

Kapa: “oa le khalemela.”

Sheba Ntlha ea A5.

Sheba Ntlha ea A5.

Kapa: “phefumoloho.”

Ka Segerike: “khoptjoa.”

Kapa: “laola ’mele oohle oa hae joalokaha eka ke ka tomo.”

Sheba Tlhaloso.

Sheba Ntlha ea A5.

Kapa: “feiga.”

Kapa mohlomong: “le icheba bolona.”

Kapa mohlomong: “batho ba ichebileng bobona.”

Ka Segerike: “Litholoana tsa ho loka li jaloa ka khotso ho ba etsang khotso.”

Ka Segerike: “bolaeana.”

Ka Segerike: “Basali ba bafebi.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Segerike: “Hloekisang matsoho a lona.”

Sheba Ntlha ea A5.

Mona ho bonahala eka ho buuoa ka molao oa Molimo ka kakaretso.

Sheba Ntlha ea A5.

Kapa: “ ’moto.”

Sheba Ntlha ea A5.

E ka ’na eaba ho buuoa ka Molimo kapa Jesu ha a se a tsositsoe bafung.

Ka Segerike: “o se a le monyako.”

Sheba Ntlha ea A5.

Kapa: “ba hlohonolofetse.”

Sheba Ntlha ea A5.

Sheba Ntlha ea A5.

Kapa: “o na le kutloelo-bohloko.”

Ka Segerike: “lipesaleme.”

Mona ho boleloa motho eo tumelo ea hae e seng e fokola.

Sheba Ntlha ea A5.

Sheba Ntlha ea A5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela