Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • nwt 1 Petrose 1:1-5:14
  • 1 Petrose

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • 1 Petrose
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
1 Petrose

LENGOLO LA PELE LA PETROSE

1 ’Na Petrose, moapostola+ oa Jesu Kreste, ke ngolla ba khethiloeng bao e leng baahi ba nakoana ba hasaneng libakeng tsa Pontase, Galatia, Kapadosia,+ Asia le Bithinia. 2 Molimo Ntate oa rona o ile a le khetha hobane a rerile esale pele.+ O ile a le khetha ka ho le halaletsa ka moea o halalelang+ e le hore le mo mamele, a ba a le hloekisa ka mali a Jesu Kreste.+

E se eka Molimo a ka le bontša mosa* o mongata a be a le fe le khotso e ngata.

3 Ho rorisoe Molimo, Ntate oa Morena oa rona Jesu Kreste hobane ka lebaka la mohau oa hae re ile ra tsoaloa bocha+ ha a tsosa Jesu Kreste bafung+ e le hore re be le tšepo e sa feleng.+ 4 Molimo o le fa lefa le ke keng la senyeha kapa la fela.+ O le boloketse lefa leo leholimong.+ 5 O le boloketse lona bao a sebelisang matla a hae ho le sireletsa hobane le e-na le tumelo. Tšireletso eo e tla bonahatsoa nakong ea bofelo. 6 Ke ka lebaka leo le thabileng le hoja ka nakoana le utloisoa bohloko ke liteko tse fapaneng hona joale. Empa hoa hlokahala hore le fete litekong tsena+ 7 e le hore tumelo ea lona e be matla le ho feta. Le hlaheloa ke lintho tsena e le hore ho bonahale hore na tumelo ea lona e matla hakae.+ Tumelo ena e bohlokoa ho feta khauta hobane le hoja khauta e ka mamella mollo, qetellong e ntse e ka senyeha. Empa ha le e-na le tumelo ena, le tla rorisoa, le hlomphuoe le ho fuoa tlotla mohla Jesu Kreste a bonahatsoang.+ 8 Le hoja le e-s’o ka le mo bona, lea mo rata ebile lea bontša hore le lumela ho eena. Thabo eo le nang le eona ke e sa hlaloseheng. 9 Le thabile hobane le tla pholosoa ka lebaka la tumelo ea lona.+

10 Baprofeta ba buileng ka mosa oo Molimo a le bontšitseng oona ba ile ba botsa le ho batlisisa ka taba ena ea ho pholosoa.+ 11 Moea o halalelang o ile oa bolela esale pele hore Kreste o tla utloa bohloko+ ebe ka mor’a moo oa phahamisoa. Baprofeta ba ile ba batlana le matšoao ao moea o halalelang o neng o fana ka ’ona a hore na lintho tsena li tla etsahala neng.+ 12 Molimo o ile a etsa hore baprofeta ba hlokomele hore lintho tseo ba neng ba li profeta, ba ne ba li profeta bakeng sa lona eseng bona. Baprofeta ba ile ba ngola ka lintho tseo le li boleletsoeng ke batho ba phatlalatsang litaba tse monate ka thuso ea moea o halalelang o tsoang leholimong.+ Mangeloi a lakatsa ho utloisisa lintho tsena.

13 Ikemisetseng ho sebetsa, le bule likelello+ le be le tšepe hore le tla bontšoa mosa mohla Jesu Kreste a bonahatsoang. 14 Le se le le bana ba Molimo ba mamelang. Kahoo, le khaotse ho etsa lintho le susumetsoa ke litakatso tse fosahetseng tseo le neng le e-na le tsona pele le tseba Molimo. 15 Le halalele linthong tsohle tseo le li etsang joalokaha ea le bitsitseng a halalela.+ 16 Mangolo a re: “Le halalele hobane kea halalela.”+

17 Ha le kopa lintho ho Ntate oa lona ea ahlolang bohle ka toka+ ho ea ka mesebetsi ea bona, le bontše hore lea mo hlompha+ ha le sa ntse le le lefatšeng. 18 Lea tseba hore ha lea lopolloa ka lintho tse senyehang tse kang silevera le khauta+ bophelong ba lona bo se nang thuso boo le bo fetiselitsoeng ke baholo-holo ba lona. 19 Le lopolotsoe ka mali a bohlokoa+ a Kreste+ a joaloka a konyana e phetseng hantle, e hloekileng.+ 20 Ke ’nete hore Kreste o ile a khethoa pele lefatše le thehoa+ empa o ile a bonahatsoa nakong ea bofelo molemong oa lona.+ 21 Ka lebaka la hae, le ile la lumela ho Molimo.+ O ile a mo tsosa bafung+ a ba a mo tlotlisa+ e le hore le ka lumela ho Molimo le be le mo tšepe.

22 Kaha le mametse lentsoe la Molimo, le hloekisitsoe. Ka lebaka leo, le ratana e le kannete.+ Ratanang ka pelo eohle.+ 23 Le tsoetsoe bocha+ ka lentsoe la Molimo ea phelang, ea lulang a le teng+ eseng ka peo e senyehang.+ 24 “Batho bohle ba tšoana le joang. Botle ba bona bo tšoana le ba palesa ea naheng. Joang boa omella, palesa eona ea foforeha. 25 Empa lentsoe la Jehova* le tšoarella ka ho sa feleng.”+ “Lentsoe” lena ke litaba tse monate tseo le ileng la li bolelloa.+

2 Tlohelang ho etsa lintho tse mpe,+ leshano, boikaketsi, mona le ho hlabana ka mantsoe. 2 Le lakatse lebese le hloekileng* la lentsoe la Molimo joalokaha masea+ a labalabela lebese e le hore ka lona le tle le hole le be le pholosoe+ 3 hobane le tsebile hantle* hore Morena o mosa.

4 Tloong ho eo e leng lejoe le phelang. Le hoja le ile la lahloa ke batho,+ Molimo o ile a le khetha a ba a le nka e le la bohlokoa.+ 5 Le lona le majoe a phelang a ntlo e ntseng e hahoa ka moea o halalelang oa Molimo+ hore le be baprista ba halalelang, e le hore le etse mahlabelo+ a lumellanang le moea oa Molimo le ao Molimo a a amohelang ka Jesu Kreste.+ 6 Lengolo le re: “Ke beha lejoe la sekhutlo la bohlokoa e le motheo Sione. Mang kapa mang ea bontšang tumelo ho lona a ke ke a phoqeha.”+

7 Lejoe leo ke la bohlokoa ho lona hobane le lumela ho lona. Ho ba sa lumeleng ho lona ha le bohlokoa hobane Mangolo a re: “Lejoe leo lihahi li le lahlileng+ le fetohile lejoe la sekhutlo la sehlooho.”+ 8 Hape a re: “Ke lejoe le khopang ebile ke lefika le khopisang.”+ Baa khopeha hobane ha ba mamele lentsoe la Molimo. Ena ke tsela eo ba tla fella ka eona. 9 Empa lona le “moloko o khethiloeng, baprista bao e leng marena, sechaba se halalelang+ le batho bao Molimo a ba nkang e le ba bohlokoa.+ Le khethetsoe hore le phatlalatse mesebetsi e metle”+ ea* ea ileng a le ntša lefifing a le tlisa khanyeng ea hae.+ 10 Pele le ne le se sechaba sa Molimo empa hona joale le sechaba sa hae.+ Pele Molimo o ne a sa le hauhele empa hona joale oa le hauhela.+

11 Baratuoa, kaha le balichaba ebile le baahi ba nakoana,+ ke kopa hore le qobe ho khotsofatsa litakatso tsa lona tse fosahetseng+ tse le loantšang.+ 12 Lulang le itšoere hantle har’a batho ba lefatše lena+ e le hore ha ba le qosa ka hore le entse lintho tse mpe, ba tle ba bone mesebetsi ea lona e metle+ ’me ba rorise Molimo mohla a ahlolang batho.

13 Mamelang Morena ka hore le ikokobeletse bohle ba nang le bolaoli,+ ebang ke marena+ hobane a le phahametse 14 kapa babusisi hobane ba rometsoe ke eena e le hore ba khalemele ba etsang lintho tse mpe le ho rorisa ba etsang tse ntle.+ 15 Molimo o batla hore le etse lintho tse ntle e le hore le tholise maoatla a buang lintho tse se nang thuso.+ 16 Itšoareng joaloka batho ba lokolohileng+ empa le sebelise tokoloho ea lona ho sebeletsa Molimo+ eseng e le lebaka la ho etsa lintho tse mpe.+ 17 Le hlomphe batho ba mefuta eohle,+ le rate bana ba bo lona kaofela,+ le hlomphe Molimo+ le be le hlomphe Morena.+

18 Basebetsi ba lokela ho ikokobeletsa beng ba bona ’me ba ba hlomphe haholo.+ Ba se ke ba ikokobeletsa feela ba lokileng le ba bonolo empa ba ikokobeletse le bao ho leng thata ho ba khotsofatsa. 19 Molimo o thabisoa ke motho ea mamellang mathata le bohloko hobane a batla ho ba le letsoalo le khutsitseng ka pel’a Molimo le hoja a sa etsa letho le lebe.+ 20 Ha ho na thuso ea ho mamella ho otloa hobane le entse phoso.+ Molimo eena o thabisoa ke ha le mamella bohloko hobane le etsa lintho tse ntle.+

21 Molimo o le khethetse bophelo bona hobane Kreste le eena o ile a utloa bohloko bakeng sa lona.+ Kreste o le behetse mohlala e le hore le mo etsise linthong tsohle.*+ 22 Ha aa ka a etsa sebe+ ebile ho ne ho se na bolotsana ho eena.*+ 23 Ha batho ba ne ba mo rohaka,+ ha aa ka a ba rohaka.+ Ha batho ba mo utloisa bohloko,+ ha aa ka a ba tšosa empa o ile a tšepa moahloli ea ahlolang+ ka ho loka. 24 O ile a jara libe tsa rona+ ha a khokhotheloa palong*+ e le hore a re lokolle sebeng ’me re phelele ho etsa lintho tse ntle. “Le ile la folisoa ka lebaka la maqeba a hae.”+ 25 Le ne le tšoana le linku tse lahlehileng+ empa hona joale le khutletse ho molisa+ eo hape e leng molebeli oa lona.*

3 Lona basali, le ikokobeletse banna ba lona+ e le hore le haeba ba sa mamele lentsoe la Molimo, le ka ba thusa hore ba be le tumelo ka liketso tsa lona le sa re letho.+ 2 Ba ka ba le tumelo hobane ba bone hore le itšoere hantle+ ebile le ba hlompha haholo. 3 Botle ba lona e se ke ea e-ba ba lintho tseo batho ba li bonang tse kang ho loha moriri, mekhabiso ea khauta+ le liaparo tse turang. 4 Empa le bontše botle ba lona ka seo le leng sona pelong. Le ikhabise ka hore le be bonolo le ka hore le be mosa+ hobane ke tsona lintho tseo Molimo a li nkang li le bohlokoa ’me ke mokhabiso o ke keng oa senyeha le ka mohla. 5 Le basali ba halalelang ba mehleng ea pele ba neng ba tšepile Molimo ba ile ba ikhabisa ka tsela ena, ka ho ikokobeletsa banna ba bona. 6 Mohlala ke Sara ea ileng a mamela Abrahama a ba a mo bitsa morena.+ Lona le fetohile barali ba hae ka ho etsa lintho tse ntle le sa tšabe letho.+

7 Ka tsela e tšoanang, lona banna, le phelisane le basali ba lona ka tsela e bontšang hore lea ba tseba.* Kaha basali ha ba matla joaloka lona, le ba tšoare tlhompho le ka tsela eo le neng le tla tšoara sejana se pshatlehang habonolo+ hobane le bona Molimo o ba file bophelo boo a le fileng bona+ ka lebaka la mosa oa hae. Ha le sa etse joalo, Molimo a ke ke a mamela lithapelo tsa lona.

8 Qetellong kaofela ha lona le utloane,*+ le utloelane bohloko, le ratane joaloka bana ba motho, le qenehelane+ le be le ikokobetse.+ 9 Le se ke la etsa ba bang hampe hobane ba le entse hampe+ kapa la ba rohaka hobane ba le rohakile.+ Ho e-na le ho etsa joalo, le ba etsetse lintho tse molemo*+ hobane ke eona ntho eo Molimo a le khethetseng eona ’me o tla le etsetsa lintho tse molemo.

10 Mangolo a re: “Mang kapa mang ea ratang bophelo le ea batlang ho phela nako e telele a thabile, a thibe leleme la hae hore le se ke la bua se sebe+ le molomo oa hae hore o se ke oa bua leshano. 11 A tlohele ho etsa lintho tse mpe+ empa a etse tse ntle.+ A batle khotso a be a loanele hore e lule e le teng.+ 12 Mahlo a Jehova* a shebile batho ba lokileng, litsebe tsa hae li mamela sello sa bona ha ba kopa thuso+ empa Jehova* o hloile ba etsang lintho tse mpe.”+

13 Ke mang ea tla le utloisa bohloko ha le etsa lintho tse ntle ka pelo eohle?+ 14 Le tla thaba haeba le utloisoa bohloko hobane le etsa lintho tse lokileng.+ Leha ho le joalo, le se ke la tšaba lintho tseo ba li tšabang* kapa tsa le ferekanya.+ 15 Le lumele ka lipelong tsa lona hore Kreste ke Morena le hore oa halalela. Le lule le itokiselitse ho ikarabella ho motho leha e le ofe ea le botsang ka tšepo eo le nang le eona. Empa ha le mo araba, le mo arabe ka bonolo+ le ka tlhompho.+

16 Le lule le e-na le letsoalo le khutsitseng+ e le hore haeba batho ba le bua hampe ka tsela efe kapa efe, ba ka soaba+ hobane ba bona hore le itšoere hantle joaloka balateli ba Kreste.+ 17 Haeba Molimo a le tlohela hore le utloe bohloko hobane le etsa lintho tse ntle,+ ho molemo ho feta hore le utloe bohloko hobane le etsa lintho tse mpe.+ 18 Kreste motho ea lokileng, o ile a shoela libe tsa batho ba sa lokang+ hanngoe ebile e le la ho qetela.+ O ile a etsa joalo e le hore a le thuse ho fumana Molimo.+ O ile a bolaoa e le motho+ empa a tsosoa ka ’mele oa moea.+ 19 Ka ’mele oona oo, o ile a phatlalatsa molaetsa oa kahlolo ho mangeloi a neng a tšoeroe.+ 20 Mangeloi ao, ha aa ka a mamela Molimo ha Molimo a ne a mameletse mehleng ea Noe.+ Nakong eo, areka e ne e ntse e hahoa.+ Areka eo e ile ea pholosa batho ba robeli feela metsing.+

21 Ka tsela e tšoanang, kolobetso ea le pholosa hobane lea lumela hore Jesu Kreste o ile a tsosoa bafung. Ha motho a kolobetsoa, ha a hlatsuoe litšila tse ’meleng empa o kopa Molimo hore a mo thuse ho ba le letsoalo le khutsitseng.+ 22 Jesu o ka letsohong le letona la Molimo+ hobane o ile a ea leholimong. Mangeloi le balaoli bohle ba ile ba behoa tlas’a taolo ea hae.+

4 Kreste o ile a utloa bohloko ha e sa ntse e le motho.+ Le lona le itokisetse ho nahana joaloka Kreste hobane mang kapa mang ea utloileng bohloko o tlohetse ho etsa sebe+ 2 e le hore ka nako e mo saletseng a phela e le motho, a se ke a phelela ho etsa lintho tse ratoang ke batho+ empa a phelele ho etsa thato ea Molimo.+ 3 Le ile la ba le nako e lekaneng ea ho etsa lintho tse etsoang ke batho ba lefatše.+ Le ne le etsa boitšoaro bo bobe le sa soabe,* le lakatsa ho etsa lintho tse fosahetseng, le noa joala haholo, le tsamaea liphathi tse sa laoleheng tsa botahoa ebile le rapela litšoantšo e leng ntho e nyonyehang.+ 4 Baa le makalla ha le se le sa etse lintho tse mpe tseo le neng le li etsa le bona, kahoo ba le bua hampe.+ 5 Empa batho bao ba tla ikarabella ho Kreste ea tla ahlola batho ba phelang le ba shoeleng.+ 6 Le bafu ba ile ba bolelloa litaba tse monate*+ e le hore le hoja ba ahloloa ka tsela eo batho ba ahloloang ka eona, ba ka phela ba tataisoa ke moea oa Molimo.

7 Qetello ea lintho tsohle e atametse. Kahoo, le itšoare hantle+ ’me le lule le hopola ho rapela.+ 8 Ka holimo ho tsohle, le ratane haholo+ hobane motho ea lerato o lula a itokiselitse ho tšoarela.+ 9 Amohelanang le sa tletlebe.+ 10 Le bahlanka ba thusang batho ba bang hore ba fumane melemo ea mosa* oa Molimo o bontšoang ka litsela tse sa tšoaneng. Kaha e mong le e mong oa lona o fuoe mpho, le e sebelise bakeng sa ho sebeletsana.+ 11 Haeba motho a e-na le mpho ea ho bua, a etse hore ho utloahale hore o bua ka molaetsa oa Molimo. Ha a thusa batho ba bang, a itšetlehe ka matla a Molimo+ e le hore Molimo a ka tlotlisoa linthong tsohle+ ka Jesu Kreste. Khanya le matla e tla lula e le tsa hae ka ho sa feleng. Amen.

12 Baratuoa, le se ke la makala joalokaha eka le hlaheloa ke ntho e ncha ha le tobana le liteko tse kang mollo.+ 13 Ho fapana le hoo, kaha le utloa bohloko ka mabaka a tšoanang le ao Kreste a ileng a utloa bohloko ka ’ona,+ le lule le thabile+ e le hore mohla boholo ba Kreste bo bonahatsoang le ka thaba haholo.+ 14 Ha le rohakoa* hobane le le balateli ba Kreste, lea thaba+ hobane taba ena ea bontša hore le na le moea oa Molimo o hlomphehang.

15 Leha ho le joalo, ho se ke ha e-ba le ea mong oa lona ea hlorisoang hobane e le ’molai, lesholu, a etsa lintho tse mpe kapa a kena-kenana le litaba tsa batho.+ 16 Mang kapa mang ea hlorisoang hobane e le Mokreste a se ke a soaba+ empa a tlotlise Molimo ka hore a phele ka tsela e bontšang hore ke Mokreste. 17 Ena ke nako ea hore kahlolo e qale ’me e tla qala ka ba ntlo ea Molimo.+ Haeba e tla qala ka rona,+ ho tla etsahala’ng ka ba sa mameleng litaba tse monate tsa Molimo?+ 18 “Haeba motho ea lokileng o tla pholoha ka thata, ho tla etsahala’ng ka moetsalibe le motho ea sa hlompheng Molimo?”+ 19 Kahoo, ba hlorisoang hobane ba etsa thato ea Molimo ba lule ba etsa lintho tse ntle ’me ba itšetlehe ka ’Mopi ea tšepahalang.+

5 Ke etsa kopo ena ho baholo ba teng har’a lona hobane le ’na ke moholo joaloka bona ebile ke bone ha Kreste a hlorisoa ’me joaloka lona ke tla fumana tlotla e tla senoloa.+ 2 Ke kopa hore le lise mohlape oo Molimo+ a le fileng oona hore le o hlokomele le be le o sebeletse le le balebeli. Le o hlokomele hobane le rata eseng hobane le qobeletsoe kaha ke eona ntho eo Molimo a e batlang.+ E be ka lerato eseng hobane ka meharo le batla ho ithuisa.+ 3 Le se ke la hatella batho ba Molimo+ empa le behele mohlape mohlala.+ 4 Ha molisa ea ka sehloohong+ a bonahalitsoe, le tla fuoa korone ea khanya e ke keng ea senyeha.+

5 Lona bahlankana, le ikokobeletse baholo.*+ Kaofela ha lona le ikokobetse ha le sebelisana hobane Molimo ha a rate batho ba ikhohomosang empa ho ba ikokobelitseng o mosa.*+

6 Le ikokobeletse Molimo ea matla e le hore a ka le phahamisa nakong e loketseng.+ 7 Lahlelang lintho tsohle tse le tšoenyang ho eena+ hobane oa le tsotella.+ 8 E-bang bohlale ’me le falimehe.+ Sera sa lona Diabolose se tsamaea joaloka tau e purumang e batlang ho harola e mong.+ 9 Leha ho le joalo, le mo hanyetse+ ka hore le be le tumelo e matla, le tsebe hore lintho tse bohloko tse le hlahelang li ntse li hlahela bana ba bo lona bohle lefatšeng.+ 10 Ka mor’a hore le utloe bohloko ka nakoana, Molimo ea bontšang mosa* ka litsela tse sa tšoaneng, ea le bitselitseng hore le tlotlisoe ka ho sa feleng+ ka Kreste, o tla qetela koetliso ea lona. O tla le tiisa,+ a le thuse hore le lule le tšepahala a be a le matlafatse.+ 11 Matla ke a hae ka ho sa feleng. Amen.

12 Ke kopile Silvanase*+ ngoan’abo rona ea tšepahalang hore a nthuse ho ngola lengolo lena e le hore ke le khothatse le hore ke le bontše hore kannete Molimo o bile mosa haholo ho lona. Le se ke la o tlohela. 13 Mosali* ea Babilona ea khethiloeng joaloka lona o re le lumele le Mareka+ mora oa ka o re le lumele. 14 Le lumelisane ka lerato.*

E se eka kaofela ha lona balateli ba Kreste le ka ba le khotso.

Sheba Tlhaloso.

Sheba Ntlha ea A5.

Kapa: “le sa tsoakoang.”

Kapa: “latsoitse.”

Ka Segerike: “makhabane a.”

Ka Segerike: “le hate mehatong ea hae.”

Ka Segerike: “molomong oa hae.”

Kapa: “sefateng.”

Kapa: “bophelo ba lona.”

Kapa: “lea ba nahanela.”

Kapa: “le nahane ka tsela e tšoanang.”

Kapa: “le ba hlohonolofatse.”

Sheba Ntlha ea A5.

Sheba Ntlha ea A5.

Kapa mohlomong: “le se ke la tšaba litšoso tsa bona.”

Kapa: “boitšoaro bo hlabisang lihlong.” Ka Segerike ke bongata ba lentsoe a·sel′gei·a. Sheba Tlhaloso.

Ho bonahala eka ho buuoa ka batho bao e neng eka ba shoele ka lebaka la libe tsa bona. Sheba Baefese 2:1.

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “nyefoloa.”

Kapa: “banna ba holileng.”

Sheba Tlhaloso.

Sheba Tlhaloso.

Lebitso le leng la hae ke Silase.

Mona e ka ’na eaba mosali ke phutheho.

Ka Segerike: “kako e lerato.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela