Ho Tatiloe—Empa ha Hoa Tateloa Tao?
MOKHANNI o palame ka lebelo leo a nahanang hore le lokile: lik’hilomethara tse 130 ka hora! Le hoja bapalami ba hae ba tloaetse litekanyetso tsa lebelo tse behiloeng, ba ne ba tšosoa ke makoloi a tsamaeang ka lebelo le leholo litseleng tsa Jeremane Bophirima. Hobane moo, ntle le libakeng tse bontšitsoeng, ha ho lithibelo tsa lebelo tse behiloeng. Ruri, esita le ka lebelo la lik’hilomethara tse 130 ka hora, makoloi le lithuthuthu li ne li ba feta ka lebelo le leholo! E mong oa bapalami ka ho hlōleha ho itšoara, a botsa: “Ke hobane’ng ha e mong le e mong a tatile hakaale? Ho tatetsoe kae?”
“Mohlomong ha ba tatela tao,” ha arabela mokhanni a bososela. Ke hobane ho ne ho totobetse hore e mong le e mong o habile tao!
Ho sa tsotellehe hoo, ke hobane’ng ha e mong le e mong a tatile hakaale? Na ba lebetse hore halofo ea ho thabela leeto ka sepalangoang ke ho ipha nako ea ho thabela ho boha naha? Na ruri bophelo bo ne bo reretsoe ho nka ka sekaja?
Makoloi a lebelo, mabenkele a fepang lijo ka potlako, le lifofane tse lebelo haholo ke matšoao a mehla e batlang ho eketsehileng ho feta leha e le neng: Ka potlako! Kapele-pele! Ke ’nete, ke batho ba ’maloa haholo ba neng ba ka khetha ho khutlela mehleng ea boholo-holo ea maeto ka likariki tsa lipere. Ba bangata ba tla lumela hore ho tata ho na le sebaka sa hona. Hape, ha u ka bitsa ngaka kapa leponesa, u tšepa hore ba ke ke ba itlela butle ka mokhoa o tloaelehileng.
Ho sa le joalo, na ho tata hona hohle hoa hlokahala kapa ho molemo? Ba bang ba re che. Mongoli oa Los Angeles Times o re: “Ba tšoenyehile, ba tatile, [batho ba bangata] ba etsa lintho ka ho tata bophelong bohle ba bona ka baka la puso ea letsoho la tšepe ea tšupa-nako ea Mehla ea ho Tata.”
Ho tata hona ha batho matsatsing ana ho tlatselitse ho seo The Toronto Star e se bitsang “seoa se sa laoleheng”—lefu la khatello ea maikutlo! Ho bonahala lefu la khatello ea maikutlo le ama batho joaloka moriana o chefu. Le jarisoa molato oa mafu a mangata a tšabehang, ho tloha ho sekerefole sa moriri le ho robeha ha manala ho isa lefung la khatello ea mali le mafu a pelo. Likamano tsa batho lia senyeha tlas’a khatello ea tšupa-nako.
Ke hobane’ng ha mehla ea rōna e bitsoa “Mehla ea ho Tata”? Haeba u tšoenyehile ’me u hateletsoe hona joale, bophelo ba hao bo tla ba joang lilemong tse ’maloa tse tlang? Na ho teng tsela leha e le efe ea ho laola bophelo ba hao ka ho eketsehileng—ho mamella ka katleho mehla ea kajeno ea ho tata?