Bacha Baa Botsa . . .
Nka ba Motsoalle oa Molimo Joang?
“BACHA ba bang ba rapela Molimo hobane ba bang ba etsa joalo,” ho hlokometse seithuti sa Nigeria se bitsoang Yemisi. Oa eketsa: “Empa ha ba o tsebe kapa ho o nka e le motho.” Kahoo Yemisi o lumela hore kahobane katamelo ea bona tabeng ena e fosahetse, hangata batho ba sitoa ho ba metsoalle ea Molimo.
Ebang u lumellana le eena kapa che, bacha ba bangata ba belaela taba ea hore motho a ka ba le kamano leha e le efe le Molimo—ho se ho sa buuoe ka ho ba motsoalle oa oona. Ba bang ba ferekantsoe ke malumeli a bona a etsang hore Molimo o bonahale o le hōle ’me o arohile. Leha ho le joalo, ba bang ba lekile ho atamela Molimo ka ho sebelisa lithethefatsi, ho nahanisisa haholo, kapa boloi—’me ba hlōlehile.
Leha ho le joalo, e tla ba phoso ho qeta ka hore Molimo o hōle haholo le rōna hoo ho seng tsela ea ho o atamela. Ka holim’a tsohle, ke mang ea neileng linonyana lipina tsa tsona tse monate le lifate le lipalesa mebala ea tsona e metle? Ke mang ea entseng likhohlo tse ntle, lithaba tse khōlō, mahlaseli a khanyang a letsatsi, ’mele le kelello ea hao tse makatsang? Mohloli oa litsebo tse ntle tseo batho ba nang le tsona ke mang? Na hase ’Mōpi oa rōna?
Kahoo, sena se bontša hore oa re thahasella haholo. Na joale hoa utloahala hore a ka ba hōle le rōna, ’me a iketsa ea sa fihlelloeng? Ka ho fapaneng, Bibele e re tiisetsa hore ‘ha a hōle ho e mong le e mong oa rōna’ ’me o re mema ho batla botsoalle ba oona.—Liketso 17:27.
Empa u ka ho etsa joang? ’Me ke joang ho ba motsoalle oa Molimo ho ka u tsoelang molemo?
Seo Molimo o se Hlokang
’Mōpi o ntse a e-na le kamano e itseng le e mong le e mong hobane ke eena ea fang “bohle bophelo le phefumoloho.” (Liketso 17:25) Leha ho le joalo, ho ba motsoalle oa Molimo ke kamano e haufi haholo ho feta ho ba sebopuoa sa Molimo. Ntho e hlokahalang ho thabela kamano eo e ratehang ke ho etsa katamelo e nepahetseng. Bibele e’a hlalosa: “Ea atamelang Molimo e ka khona a lumele hobane o teng, le hoba ke oona moputsi oa ba o batlang.”—Ba-Heberu 11:6.
Ho ‘batla Molimo kannete’ ho kopanyeletsa ho o tseba e le Motho. U ka etsa hoo joang? Ka kutloisiso e molemo, Bibele e tsoela pele hore “se ka tsejoang ka Molimo . . . litšoaneleho tsa Oona tse sa bonoeng . . . [se] bonahala linthong tseo o li entseng, le matla a oona a sa feleng le Bomolimo ba oona.” (Ba-Roma 1:19-28) Lintho tse entsoeng ke Molimo—linaleli tse hōle, leoatle le lumang, serurubele, lehlaku le lenyenyane—tsohle li bontša le ho fana ka bohlale ba matla a oona a tebileng, le lerato la oona. Kahoo, ho nahana ka mesebetsi ea oona ea pōpo ke tsela e ’ngoe e tla u thusa ho ananela hore na ke Motho e Moholo hakae.
Leha ho le joalo, u lokela ho tseba ho hongata ka Molimo ho feta feela se senoloang ke pōpo. O fane ka Lentsoe la oona le ngotsoeng, Bibele, ka lebaka leo. Ka puo e hlakileng buka ena e tsebahatsa lebitso la oona, Jehova, le makhabane a mangata a botho ba oona. (Exoda 3:15; 34:6, 7) Ha ngoan’abo Yemisi, Kunle a ananela sena, o re: “Bibele e bile tšusumetso e matla bophelong ba ka. Kamehla ha ke e bala, ke fumana hore Molimo o na le morero ka batho ’me o re fa tataiso ea ho phela tumellanong le thato ea oona.”
Le uena, u ka fumana hore ho ipalla Bibele ke phihlelo e thabisang. Ho ithuta eona ka hloko ho ka putsa le ho feta, joaloka ha ho etsahetse ka Kunle. Lentsoe la Molimo le re: “Etlere ha u amohela litaba tsa ka, ’me u ipolokela melao ea me ka ho uena,... ke moo u tla tseba ho tšaba Jehova, u fihlele tsebo ea Molimo.”—Liproverbia 2:1, 5.
Kaha mantsoe ana a Jehova a fumanoa ka Bibeleng, ho tla u hloka nako le matla ho e bala. Se ke ua tepeletsoa ke boholo ba eona. E entsoe ka libukana tse 66 tse nang le lipale tse thahasellisang, liphihlelo tsa bophelo ba batho ba bang, boprofeta, melao, le keletso ka kamano le batho ba bang le Molimo. Ka ho e bala ka metsotso e seng e mekae letsatsi ka leng, u ka fata letlotlong lena la tsebo le tla u atametsa haufi le ’Mōpi oa hao.
Tsela ea Botsoalle ea Molimo
Leha ho le joalo, ho ithuta feela ka Molimo ha hoa lekana. Hape u lokela ho sebelisa hamolemo tsela ea Molimo ea botsoalle le rōna. Jesu Kreste o’a hlalosa: “Ke ’na tsela, le ’nete, le bophelo; ha ho motho ea ka tlang ho Ntate ha e se ka ’na . . . Ekare ha motho a nthata, o tla boloka lentsoe la ka; Ntate o tla mo rata.” (Johanne 14:6, 23) Erekaha Jesu e le “’nete,” tsebo ea ’nete ka Molimo le litlhoko tsa oona li ka fumanoa ka ho ithuta lithuto tsa Jesu. (Johanne 1:8; 17:26) Ho phaella moo, ithute tsela ea bophelo ba Jesu ka hloko, hona ho fana ka pontšo e phelang ea hore na ke joang u ka khahlisang Molimo le ho thabela botsoalle le Oona.
Hape Jesu Kreste, ke “bophelo.” Bibele e re: “Kreste, a shoa ka nako e tšoanelehang, sebakeng sa ba sa reng letho ka Molimo . . . Empa moo Molimo o totisitseng lerato la oona ho rōna teng, ke ka hore, re sa le baetsalibe, Kreste o bile a shoa sebakeng sa rōna . . . [’me] joale, ha re se re boelantsoe, re tla bolokeha hakakang ka ho phela ha hae!” (Ba-Roma 5:6-10) Kantle ho Kreste, ho ne ho ke ke ha e-ba le botsoalle le Molimo, hobane re tsoetsoe re le baetsalibe. Leha ho le joalo, mali a tšolotsoeng a sehlabelo sa Jesu, “a re hlatsoa libe” ’me a re ‘boelanya’ kapa a re khutlisetsa boemong ba botsoalle le Molimo. Sena, hape se re bulela tebello ea bophelo bo sa feleng! (1 Johanne 1:7; Johanne 17:3) Tumelo ho Jesu Kreste e le “bophelo” e’a hlokahala hore re thabele botsoalle ba Molimo.
Tiisa Hore u ba le Botsoalle le Molimo
Molimo, ka Kreste, o se o nkile bohato pele ho etsa botsoalle le uena. Empa u lokela ho arabela joang? Ha u ntse u ithuta ka oona le ho hōlisa kananelo ka mosa oa oona, u lokela ho susumeletsoa ho o rata le ho batla ho o sebeletsa. U lokela ho thabela ho bolella ba bang ka Motsoalle oa hao oa leholimo.—Ba-Roma 10:10.
Leha ho le joalo, hopola: Ba bang ba ka u bontša tsela ea ho ba motsoalle oa Molimo, empa u lokela ho nka mehato ka bouena! Jehova ha a u qobelle. O u talima u le motho ea ikarabellang ’me o batla u tle ho eena u lokolohile. Joaloka ha moroetsana ea bitsoang Omolara a re: “Ke leboha batsoali ba ka ka ho nthusa ho tseba Jehova; empa ho itšetlehile ka ’na haeba kannete ke batla ho sebeletsa Molimo le ho etsa se lokileng kapa che.”
Kahoo, etsa boiteko. Ha u fihlela tsebo ea Molimo, lumella bophelo ba hao bo bōpuoe ke Lentsoe la Molimo ho e-na le lefatše. Hamorao u tla hōlisa “motho e mocha, ea bōpiloeng ka setšoantšo sa Molimo.” Sena se bolela hore tšekamelo ea kelello ea hao joale e tla qala ho lumellana le ho nahana hoa Molimo ’me e tla u susumeletsa ho ba haufi le litekanyetso tsa oona tse lokileng.—Ba-Efese 4:20-24; Ba-Kolosse 3:10; 1 Johanne 2:3, 4.
Tsena kaofela li ka utloahala li le boima lekhetlong la pele. Leha ho le joalo, molemo o mong oa ho tseba Jehova le ho tsejoa ke eena ke hore u ka mo atamela ka thapelo ’me ua fumane thuso le tataiso bophelong ba hao. Joaloka ha Omolara a re: “Rea tseba hore, nakong ea masoabi kapa ea ho etsa liqeto tse boima, Molimo o teng ho re thusa. Kamehla u loketse ho re etsetsa lintho.” (1 Johanne 5:14, 15) Thuso e eketsehileng e tla fumanoa botsoalleng bo haufinyana le bao e leng metsoalle ea Jehova. Bacha ba bang bao e leng Lipaki tsa Jehova ba re:
“Ke fumane hore botsoalle bo haufi le batho ba ratang Jehova bo nthusa ho lula ke le haufi le eena.”—Omolora.
“Liboka tsa phutheho li nthusitse ho utloisisa Bibele le hore ke joang nka phelang tumellanong le litsela tsa Jehova.”—Kunle.
“Botsoalle le Lipaki tse ling le ho kopanela libokeng li nthusitse ho boloka kamano e ntle le Jehova.”—Ifeyabo.
Le uena, u ka fumana thabo eo bacha bana le ba bang ba bangata ba e fumaneng. E, ‘ithorisetseng ho Molimo ka Jesu Kreste, Morena oa rōna, eo joale re boneng poelano ka eena.’ (Ba-Roma 5:8-11) U tla fumana moputso oo Molimo o o fang metsoalle ea oona—bophelo bo sa feleng.—Johanne 3:16.
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Ho ithuta Bibele ho tla u nea tsebo e ngata ka Jehova