Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g87 3/8 maq. 26-32
  • Cambodia—E Feta Maemong a Tšosang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Cambodia—E Feta Maemong a Tšosang
  • Tsoha!—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bophelo ba Pele
  • Ho Fela ha Puso ea Lon Nol
  • Nako ea Tšabo
  • Paleho—le Tumelo ho Molimo
  • Ho Fumana Morero Bophelong
  • Ho Hlokomela Morero oa Bophelo
  • Leeto la Ka le Lelelele la ho Tloha Pakeng Tsa Lefu le Bophelo Cambodia
    Tsoha!—1998
  • Ke Ile ka Baleha Moo Batho ba Bolaoang ’me ka Fumana Bophelo
    Tsoha!—2009
  • Khetho eo ke Ileng ka e Etsa ha ke sa le Ngoana
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Ke ile ka Qala ho Ananela Bohlale ba ’Nete
    Tsoha!—1988
Bala Tse Ling
Tsoha!—1987
g87 3/8 maq. 26-32

Cambodia—E Feta Maemong a Tšosang

Kamoo ho boletseng Khem Sou

KA lilemo tse ngata Cambodia (kapa, Kampuchea) e ne e le khotsong. Eaba ka 1970, Mookameli e Moholo oa Sesole Lon Nol o inkela borena. Ka baka leo, makomanisi a tsejoang ka hore ke ma-Khmer a Mafubelu, a tsohela ’muso oa hae matla. Lon Nol a bokella e mong le e mong Cambodia eohle ho ea loantša makomonisi ana.

Ka nako eo, ke ne ke ithuta molao le meriana Univesithing ea Phnom Penh, hape ke sebeletsa ke le mongoli. Ha e le hantle ke ngotse buka ea ka ea pele, Tears of Orphans, ha ke le lilemo li 15 feela. E ne e le pokello ea litlaleho tsa letsatsi le letsatsi ho tloha ha ke le lilemo li supileng. Buka ena e ile ea rekoa haholo, ’me erekaha ke ne ke sa hloke chelete, ka nehelana ka karolo e ’ngoe ea moputso oa ka ho likhutsana.

Ha ke ntse ke le univesithing, ke ne ke tsejoa ke le mongoli oa libuka, mongoli oa lipina, le sebini. Ke ngotse libuka tse ka bang 20 le lipina tse ngata. Takatso ea ka ea ho ngola e kentsoe ke ’mè, e ne e le moprofesara oa lingoloa tsa Fora Univesithing ea Phnom Penh. O ne a batla hore ke be ramolao.

Leha ho le joalo, ha Lon Nol a itokisetsa ho loantša makomonisi, ka tlameha ho emisa ka lithuto tsa ka ’me ke etse qeto ea ho kenela sesole kapa sepolesa. Leha ntate oa ka oa bobeli e ne e le mookameli e moholo oa sesole, ke ne ke sa batle ho utloa letho ka bosole. Kahoo ka kenela sepolesa, ’me ka 1973, ha ke le lilemo li 22, ka fumana setulo sa ho ba mothusi oa mookameli oa mapolesa.

Ha ke ntse ke le lepolesa, ho se khotsofale ha ka ka bophelo ha tota. Ka susumeletsoa ho ngola buka eo sehlooho sa eona e leng Life Has No Purpose. Ka masoabi, ena e bile qeto ea ka ekasita le kamor’a hore ke nahane haholo ka Bobuddha le lithuto tse ngata tsa Mafora, le ho phehella lithuto ke le mongoli le lepolesa.

Bophelo ba Pele

Ha ke sa le monyenyane, ke ne ke lula le nkhono, le malome, le bo-’mangoane ba babeli—empa e seng le batsoali ba ka. Hamorao ’mè a nyaloa hape, ’me ha ke le lilemo li 12, ka tseba ho lula le eena, le ntate oa ka oa bobeli, le likhaitseli tse peli.

Nkhono o nkholisitse ke le Mobuddha. Ha ke le lilemo tse leshome ka isoa tlung ea baitlami ka likhoeli tse tharo ho fumana thupelo ea bolumeli. Ka ntle ho ntlo ea baitlami, ka hlokomela hore baitlami ba tsamaea ba kobile lihlooho ho tšoantšetsa botho bo bonolo, empa ka hare ho eona ha ho letsatsi le fetang ba e-s’o qabane.

Tempeleng ea rōna, ho ne ho e-na le seemahale se senyenyane sa gauda sa Buddha se neng se e-ba sieo sebakeng sa sona ka linako tse ling. Se ne se le kae ka linako tseo? Baitlami ba ne ba re seemahale sena se tseba ho fofa ’me se be se etetse litempele tse fapaneng tse haufinyana. Kamor’a hore ke shebelle hantle, ka fumana hore moitlami e mong o ne a nka seemahale ’me a se pate. Ke ile ka tsieleha ho fumana hore baitlami ba ithuta thetso e joalo. Ha ke bolella nkhono, a nkhalefela haholo hobane o ne a rata ho lumela seemahaleng se fofang.

Ha ke tloha tlung ea baitlami, ho se lumele ha ka ha hōla. Sekolong se phahameng tichere oa bolumeli o ne a ruta hore Bobuddha bo arotsoe ka likolo tse ngata le hore ha se letho empa feela e le litumelo. Ka retelehela lithutong tsa malumeli a mangatanyana a Mafora, ka tšepo ea ho fumana likarabelo lipotseng tsa ka ka bophelo. Empa ha e le hantle lithuto tsena tsa eketsa lipelaelo tsa ka ka boteng ba Molimo. Ke motho ofe eo ke neng nka mo lumela? Ke ne ke sa tsebe, empa ka ipotsa hangata hore na ke phelela eng?

Ho Fela ha Puso ea Lon Nol

Ka 1973 le 1974 pherekano ea ntoa ea eketseha, ’me batho linģalong tsohle tsa bophelo ba tsieleha ke ho hloka toka hoo ba ho bonang. Kahobane ke ne ke le lepolesa, ho ne ho se letho leo nka le etsang ka litletlebo, ka leka ho etsa ho hong ke le mongoli. Ka ngola buka e nyatsang ea sechaba, The Sky Is Dark.

Eo e bile buka ea ho qetela eo ke e ngotseng. Ka ea teronkong ka lebaka la eona. Ka ahloleloa lilemo tse peli, empa ka hobane ke le oa ntlo ea borena le lenģosa la Cambodia naheng e haufi ea Asia, ka lokolloa kamor’a matsatsi a seng makae feela. Lenģosa la sebelisa tšusumetso ea lona molemong oa ka.

Ka ho hlakileng, ke ne ke rata ho lokoloha ho feta ho ba teronkong, empa ke ne ke hlile ke sa ikutloe ke lokolohile. Ke ne ke hloile molao o neng o leka ho thea tsela e ’ngoe ea ho nahana le ho rena holim’a ba bang, joaloka ho ba teronkong. Bophelo motseng-moholo oa Phnom Penh, moo ke tsoaletsoeng teng, bo ne bo bonahala bo le hlaha. Mokhatlo oa batho o senyehileng, o ratang lintho tse bonahalang, le ho batla boithabiso o ne o nkulisa, ’me ke ne ke batla ho baleha. Ke se ke sa batle ho sebetsa sepoleseng, ka tlohela mosebetsi.

Kapele kamor’a moo ka ea naheng ea Pailin e haufi le moeli oa Thailand. Bakeng sa ho iphelisa, ka qala ho sebetsa merafong ea majoe a bohlokoa. Tsela ea bophelo ba naha ena ea nkhohela haholoanyane, empa ha kea ka ka e thabela ka nako e telele. Ke hobane ka ’Mesa 1975 makomonisi a Mafubelu a ma-Khmer a ile a kena Phnom Penh, a leleka Lon Nol, ’me kapelenyana a leka ho thea mokhatlo o feletseng o mocha.

Ho phetha morero ona, baofisiri bohle ba neng ba sebeletsa ’musong oa pele ba ne ba lokela ho itlaleha e le hore ba ka romeloa likampong tse khethehileng bakeng sa ho rupeloa hape. Ha kea ka ka itlaleha hobane ke ne ke sa hlole ke rate ho tsoela pele ke le moofisiri oa mapolesa. Ho hlōleha ho itlaleha ha boloka bophelo ba ka. Ka ithuta hamorao hore “ho rupeloa hape” ho ne ho hlile ho bolela lefu. Kaofela ba itlalehileng ba bolaoa.

Nako ea Tšabo

Ho ea ka lipalo tse lekanyetsang, likhoeling tse latelang ha bolaoa Macambodia a millione ho isa ho tse peli. Ka bona lipolao ka mahlo a ka, mabitla a mangata, le linōka le melatsoana li le khubelu ke mali ’me li tletse ka litopo. Malapa a ne a arotsoe ’me a ntšitsoe matlung le linaheng tsa ’ona. Phetohelo ’musong e-song ho ka e e-ba teng ea fiela litloaelo tsa Cambodia tsa lilemo tse fetang likete tse peli. Ha ho Lecambodia le kileng la nahana hore phetoho e potlakileng joalo e ne e ka etsahala.

Ka baka la ho khathatseha, le ho tlala tšabo, ka ipotsa haeba ho e-na le morero o setseng oa ho phela mokhatlong o bobatana joalo. Ka etsa qeto ea ho balehela naheng esele. Makomonisi a Mafubelu a ma-Khmer, a ne a se ntse a mpatla; ke ne ke le lenaneng la bona la batho ba babe ba lokelang ho ahloloa. Kamor’a ho tlohela sepolesa, ke ne ke sebelisa lebitso lesele, ’me sena sa etsa hore ba liehe ho mphumana. Leha ho le joalo, erekaha ke ne ke tsejoa ke le mongoli oa lipina le oa libuka, batho ba bangata ba ne ba ntseba ’me ba mpitsa ka lebitso la ka la sebele. Kahoo ka hlokomela hore ke kotsing e khōlō.

Leha ho le joalo, ho balehela Thailand ho ne ho se bonolo. Ho sa tsotellehe ’muso o busang, ke ne ke ntse ke rata naha ea heso. Hape, ke ne ke tseba hore ha nka tloha nke ke ka lebella ho khutla ho tla bona batsoali, ngoan’eso, le likhaitseli tsa ka. Ka ntle ho moo, ho ne ho se tsela ea ho ea Thailand. Ke ile ka bona setopo sa monna ea thuntsoeng ’me a tloheloa a robetse fatše hobane ho ne ho tsejoa hore o ntse a rera ho balehela naheng.

Paleho—le Tumelo ho Molimo

LIKHOELI tse peli kamor’a hore ma-Khmer a Mafubelu a nke puso ka likhoka, ’na le monna e mong ra leka ho baleha. Leha ho le joalo, ra lahleha ’me ra tlameha ho khutla. Empa ha kea ka ka tela. Matsatsi a se makae hamorao ra qalella hape le monna e mong eo e neng e le lepolesa pele. Hamorao ha kena batho ba bang ba supileng, le ngoana ea lilemo li tharo.

Morung re ne re utloa ho rora ho tšosang ha linkoe. Empa ho tšosang ho feta linkoe le linoha tse mahloko e ne e le baemeli ba makomonisi a Mafubelu a ma-Khmer, a neng a sa emise ho nyenyelepa morung ho batla babalehi. Ka linako tse ling re ne re a bona. Mohoasanyana feela o ne o ba tsosa ’me o bolela lefu. Ka linako tse ling re ne re sa robale ka lebaka la tšabo.

Ka letsatsi la boraro la paleho ea rōna, ka phoso ra nahana hore re se re tšetse moeli. Re ne re thabile haholo hoo re ileng ra pheha le ho ja reisi eo re neng re e-na le eona kaofela. Eo e ne e le phoso e khōlō! Matsatsi a mane a latelang ho ne ho se na lijo. Re ne re qala ho felloa ke tšepo le matla, empa ka tšohanyetso ra bona sehlopha sa litšoene se ntse e tlolela lifateng ka lesihla la libanana. ’Me ho makaleng ha rōna, tšoene e ’ngoe ea re lahlella banana! Joale tse ling tsa qala ho e etsisa, hoo kaofela ha tsona li re fileng lipanana tse 20.

Ka lebaka la liketsahalo tse hlasimollang tsa letsatsi leo ka fumana ho le thata ho robala bosiu. Ka talima maholimo a hlakileng ’me ka bona khoeli e ikemetse feela marung a bataletseng a boputsoa bo fifitseng. Linaleli tse ngata li phatsima. E ne e le bosiu boo ke sa tl’o bo lebala.

Ka nakoana menahano ea ka e ne e khathatseha ke lipotso tse mabapi le boteng ba Molimo. Ha ke lemoha libopeho tse makatsang le tse rarahaneng tsa tlhaho, ka ipotsa hore na ke hobane’ng re sa tlotlise ’Mōpi ea bohlale ka tsona. Hona joale, ha ke boha botle ba bosiung boo, ke utloa ke tlameha ho rapela. Ke tseba hore Molimo o lokela a ba a le kaholimo-limo ho maru, ka sheba leholimong, ’me ka boikutlo ba ’nete bo tšoanang le ha eka ke bua le ntate oa ka, ka rapela ka pelo eohle ka lekhetlo la pele bophelong ba ka. Thapelo eo e ipakile e le ea bohlokoa.

Kamor’a ho phetlela Molimo pelo ea ka, lintho tsa qala ho fetoha, ’me ka kholiseha hore (1) Molimo o teng ’me (2) bophelo bo na le morero. Lebaka e ne e le hore libopeho tsohle tsa tlhaho li fana ka bopaki ba boqapi bo bohlale. Na joale Moqali oa melao ena e nang le morero a ke ke a bea motho lefatšeng ho sebetsa morero o itseng?

Ho latelang, potso ea itlhahisa: Ereka ha Molimo o ipaka o na le matla le bohlale ba ho felisa mahloreho a batho, hobane’ng o lumelletse mahlomola a makaalo ho tla fihlela joale? Hape ke ne ke batla ho tseba hore na ke bolumeli bofe bo rapelang Molimo o phelang ka ’nete. Ho batlisisa likarabo lipotsong tsena tse chesang ho ne ho tla ba bohlokoa bophelong ba ka. Ke ne ke sa lumele hore Molimo o ka hloka lerato hoo o ka se neeng motho likarabo tsa tsona.

Ha re ntse re tsoela pele ka morung, ka nahana ka ’mè. O ne a bontša thahasello e itseng Bokresteng. Baromuoa ba tsoang Fora e ne e le baeti ba kamehla lapeng. Ka linako tse ling ’Mè o ne a bua le ’na ka bolumeli bo sa tloaelehang boo balateli ba bona ba sa jeng mali. Hape o ne a bua ka “litaba tse molemo” tsa ho loka, le paradeise, maemo ao Molimo o tla a tlisa. Nakong eo ke ne ke sa lumele lentsoe leha le le leng. Empa joale ka ipotsa: ‘Na ke ne ke na le mabaka a ho se lumele? Na ’mè e ne e se mosali ea bohlale ea hlahlobileng lintho tsena?’ Ke ne ke batla ho batlisisa. Empa pele ke lokela ho tsoa Cambodia ke phela.

Ke ne ke tabohetsoe haholo, ke apare lesela feela. Ka nako ena maoto a sa roalang lieta a ne a ruruhile hampe. Kaofela ha rōna re ne re khathetse ’me re batla re lapile. Ra hlafuna mahlaku a lifate ho re re lule re ntse re phela. Ka letsatsi la leshome la paleho ea rōna ra tlameha ho palama thaba. Ha re le holimo ra sheba tlase seo re neng re nahana hore ke Thailand. Ha re le tlaase ho thaba ra fihla tlung e neng e nkha nama e bolileng. Ka hare ho ne ho e-na le setopo se batlileng se bōla le masapo a motho! Ho potoloha ntlo ena ho ne ho e-na le letšoao le bontšang lieta tsa makomonisi a Mafubelu a ma-Khmer. Re tšohile, ra baleha! Re ne re ntse re sa bolokeha. Litopo tseo e lokela ho ba bahlaseluoa ba neng ba leka ho baleha Cambodia.

Ha re se re le hōle morung, ra fihla nōkeng eo re neng re kholoa hore ke moeli oa ho qetela. Empa ho ne ho e-na le phororo e limithara tse 27 e theohelang ka molatsoaneng! Ha hlaha tseko pakeng tsa ka le motsoalle oa ka. Ka baka la likotsi tseo a neng a li bona, a phehella hore ho tšele batho ba baholo feela. Ka ho se mo natse, ka emela hore ho fifale, ke pepile ngoana e monyenyene ka tšela ka lehlakoreng le leng. Metsi a ne a tebile a nkhurumetsa, empa qetellong ka tšelela mose oane! Kaofela re ne re bolokehile!

Tsatsing le latelang ra fihla motseng o neng o e-na le masimo a koro. Ho fokotsa tlala ra ja koro e tala. Haufinyane ho ne ho na le mokhoro, ’me ka hare ho ’ona ra fumana lebokose la mollo. Lebitso la lona la bontša hore o entsoe Thailand, e seng Cambodia. Na u ka nahana kamoo re ileng ra ikutloa kateng! Bopaki ke bona! Re ne re le Thailand!

Lithaba le linōka li shebahala li le ntle hakaakang joale! Kapelenyana kamor’a moo ka tšoaroa ke feberu e matla ’me ka lahleheloa ke kutlo ka matsatsi a mararo. Ho bonahala hore ke ile ka fumana malaria morung. Leha ho le joalo, ra nahana hore re lokela ho ba batho ba thabileng ka ho fetisisa lefatšeng.

Ho Fumana Morero Bophelong

KAMPONG ea baphaphathehi Thailand, ra kopangoa le Macambodia a mang a 200. Mona ka ithuta Bibele le setho sa kereke ea Protestanta e bitsoang Bana ba Molimo. Sehlopha sena sa lemoha thahasello ea ka Bokresteng ’me sa batla hore ke kolobetsoe hang-hang. Ka hana kolobetso, kaha ke ne ke sa ntse ke fokola tumelong. Macambodia a mangata a ile a kolobetsoa kapele hobane a ne a fuoa liaparo ha a qeta ho kolobetsoa.

Ho “Bana ba Molimo,” ka fumana phetolelo ea Bibele ka puo ea ka, puo ea Cambodia. Ke ithutile ho eona hore Molimo o na le lebitso la botho Jehova le hore Molimo ’ona o itšenotse ka tsela e khethehileng ho Bajode ba boholo-holo hape ke Molimo oa Bakreste. Ke Molimo ’ona oo ke neng ke batla ho o tseba haholoanyane.

Ka Tšitoe 1975, kamor’a likhoeli tse hlano ke le Thailand, Mokhatlo oa Machaba oa Sefapano se Sefubelu oa nthusa ho ea Austria. Pele ke ile ka kenngoa kampong ea baphaphathehi, moo ke ithutileng Sejeremane. Kamor’a likhoeli tse tšeletseng ka isoa Linz, moo ke qalileng ho lula ntlong. Bosiu ke ne ke ithuta Sejeremane ’me motšehare ke sebetsa sebakeng sa khoebo se bolokang liphahlo.

Nakong ena, ka tsamaea kereke ea Baevangeli le ea K’hatholike, empa ho ne ho se ea mphang likarabo tse khotsofatsang lipotsong tse kang “Ho etsahala eng kamor’a lefu?” le “’Muso oa Molimo ke eng?” Ka botsa moprista oa K’hatholike hore na ho boleloang ka “litaba tse molemo” le hore na ho teng ntho e joaloka “bolumeli ba litaba tse molemo.” A sitoa ho nkaraba. Ka ipotsa, ‘Litaba tsena tse molemo tseo ’mè a neng a leka ho mpolella ka tsona e ne e le eng?’

Ka makhetlo a mabeli, ha ke ntse ke le hae, ka rapela Molimo, ’me lekhetlo le leng le le leng ha ke qeta ho rapela, ke ne ke fumana maqetsoana a kentsoe ka tlas’a lemati la ka. A ne a ’memela libokeng tulong e bitsoang Holo ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova. Lebitso la Jehova le ne le se le ntse le bolela ho hong ho ’na, empa “Lipaki tsa Jehova” e ne e le bo-mang? Ba ne ba paka ka eng? Ke tletse ka lipotso le ho batla ho tseba, ka makhetlo ana a mabeli ke ne ke tsoa ho ea batla Holo ea ’Muso. Ka makhetlo ao a mabeli ka fella likerekeng. Holo ea ’Muso e ne e le mokatong oa bobeli kaholim’a holo ea disco, ’me ke ne ke sa khone ho e fumana.

Matsatsi a seng makae kamor’a hore ke leke la bobeli, ke ne ke etetse motsoalle ea tsoang Thailand ha batho ba babeli ba ipitsang ka hore ke Lipaki tsa Jehova ba kena monyakong oa hae. Ha ke bona motsoalle oa ka a ba leleka, ka ’molella hore ke rata ho bua le bona. Pele, ka ba botsa hore na ’Muso oa Molimo ke eng. Ba hlalosa ho tsoa Bibeleng hore ke taolo ea leholimo e tla busa holim’a lefatše ka Kreste. Hape ba sebelisa Bibele ho araba potso ea ka e latelang ka boemo ba motho kamor’a lefu. Ke ile ka khahloa haholo ke likarabo tsa bona tse utloahalang tse theiloeng Bibeleng ’me kapele-pele ka kōpa thuto ea Bibele. Ka lona tsatsi leo, ’na le motsoalle oa ka ra ea sebokeng Holong ea ’Muso.

Ka mamela puo leha ke ne ke sa utloe karolo e khōlō ea eona kaha ke ne ke sa ntse ke ithuta Sejeremane. Leha ho le joalo, ka utloisisa hore e ne e bua ka litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Ka ’Muso oa Molimo lefatšeng le ne le tla etsoa paradeise moo batho ba ke keng ba hlola ba lla ka lebaka la masoabi le moo Molimo o tla ‘etsa lintho tsohle li be ncha.’ (Tšenolo 21:3-5) Ka hopola hore ka nako e ’ngoe ’mè o kile a mpalla mantsoe ’ona ana ka Bibeleng. Ke ne ke letetse Molimo o matla le o lokileng hore o tlose bobe bohle lefatšeng.

Leha ho le joalo, ka batla ho tseba hore na ke hobane’ng ha Jehova a sa bōpa lefatše le joalo ho tloha khale. Lipotso tsena le tse ling tsa arabeloa ka ho khotsofatsang ha re tsoela pele ka lipuisano tsa kamehla tsa Bibele. Ke ile ka thaba ho fumana bolumeli bo sa batleng tumelo e sefofu. Ho feta moo, ka hoheloa haholo ke ho ruta ha Jesu le tsela ea hae ea bophelo.

Ho fapana haholo le phihlelo ea ka ka “Bana ba Molimo,” Lipaki ha lia ka tsa batla ho nkolobetsa kamor’a nako e khutšoane ea thuto. Empa ka hlokomela hore Mokreste o lokela ho kolobetsoa, ka hona ka ba botsa hore na ba tla nkolobetsa. Ke ne ke lebeletse hore ba ka nkolobetsa. Ke ne ke lebeletse hore ba etse joalo pele ke fetola monahano oa ka. Ho makaleng ha ka, ba batla hore ke iphe nako ea ho etsa qeto ea hore kannete ke batla ho nka bohato bona. Ka hlokomela hore Lipaki li sheba boleng ho batho ba bona e seng bongata. Qetellong, kamor’a likhoeli tse supileng ke ithuta Bibele ka puo ea Sejeremane, ka kolobetsoa ka Phupjane 1977, kopanong ea Lipaki tsa Jehova Linz.

Ho Hlokomela Morero oa Bophelo

Kopanong eona ena, ha lokolloa buka e ncha. Lilemo tse ’nè pele ho eona ke ile ka hatisa buka ea ka e bitsoang Life Has No Purpose. Joale Lipaki tsa Jehova tsa lokolla buka ena, e batlileng e ba karabo ea ka, Life Does Have a Purpose. Ha ke lemoha lefeela leo ke neng ke le ngotse, ka amohela buka ena e ncha ka pelo eohle.

Ke ne ke labalabela hakaakang ho bolella batho ba hlorileng ba Cambodia ka litaba tsena tse molemo. Litaba tsena tse molemo li ne li tla ba nea tšepo e sa feleng le sepheo se tsotehang bophelong. Erekaha ho ne ho ke ke ha etsahala hore ke khutlele naheng ea heso, ka etsa hohle ho matleng a ka ho phatlalatsa litaba tse molemo ho Macambodia a lulang Austria. Ka rapela joaloka Esaia, “Ke ’na enoa, roma ’na,” ka tšepo ea hore Jehova o tla ntšebelisa ho thusa batho ba naha ea heso.—Esaia 6:8.

Ka 1980 ka nyala Vienna, paki ea Lejapane. Ke ile ka kopana le eena lechatong la Lipaki tsa Jehova. Mosali oa ka le eena a elelloa hore o fumane seo a neng a ntse a se batla ha seithuti ’moho le eena Sekolong sa ’Mino sa Vienna, e mong oa Lipaki tsa Jehova, se mo thusa ho utloisisa Bibele. Ha ngoana oa rōna oa bobeli a qeta ho hlaha, mosali oa ka a ba le mathata a bophelo, ’me ha bonahala ho le molemo hore a khutlele Japane. Ra khutla ka 1983 ’me ra lula Tokyo.

Takatso ea ka e tsoang pelong ea ho thusa baphaphathehi ba Cambodia e ne e sa fetoha. Ho teng ba 600 Japane, ba bangata ba hasane litoropong tsa Tokyo. Ke fumana thabo e khōlō ho sebetsa har’a bona le ho ba thusa ho utloisisa morero oa Jehova o lerato bakeng sa batho. Ke na le tokelo e khōlō ea ho thusa lithutong tse ngata tsa mahae tsa Bibele le Macambodia, ebang ke tsamaisa thuto ka bonna kapa ke thusa batsamaisi ba Majapane. Habeli ka khoeli lelapa la rōna le qeta letsatsi le sebetsa ho Macambodia feela. Leha sena se kopanyeletsa ho khanna lik’hilomethara tse 300 kaofela, re khothala haholo ho bona khōlo e tiileng ea moea eo ba bang ba e bontšang.

Kamor’a nako e telele ho se na puisano le lelapa leso, ka fumana karabo ea lengolo leo ke le ngotseng ka 1981. Ka utloela hore ntate le khaitseli ea ka ba bolailoe ntoeng ea ka hare ho naha. Ba bararo lapeng, ’mè, moen’aka, le khaitseli ea ka, ba ntse ba phela. Joale re tseba ho ngollana ka makhetlo a ’maloa ka selemo, empa ha ke bala mangolo a bona ho thata ho bolela hore ha boemo ba bolumeli bo joang Cambodia.

Ka kholiseho nka bua hore ho batlisisa ha ka morero le sepheo sa ’nete sa bophelo, ke thabile haholo ho ba le lelapa le kopaneng ka sepheo sa ho sebeletsa Molimo oa rōna o Moholo, Jehova. Ke talimile pele hakaakang letsatsing leo ke tla kopangoa le ’mè, moen’aka, le khaitseli ea ka! Khabareng, ke tokelo e kaakang ho kopanela ho tliseng litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ho ba hateletsoeng le ho ba tujoang!

[Limmapa tse leqepheng la 28]

(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)

Kampuchea le linaha tse pel’a eona, tse nang le ’mapa oa litsela tsa ho balehela ha ka Thailand

CHAENA

VIETNAM

LAOS

THAILAND

KAMPUCHEA

Leoatle la Andaman

[’Mapa]

THAILAND

Battambang

Pailin

KAMPUCHEA

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

O mong oa meaho ea ntlo ea borena Phnom Penh. Ke sa le moshanyana, ke ne ke tantša mona ka pel’a morena

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

’Na le mosali oa ka re ithuta le bana ba rōna ba babeli

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela