Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 6/8 maq. 14-16
  • Ke Hobaneng ha ’Mè le Ntate ba Arohane?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobaneng ha ’Mè le Ntate ba Arohane?
  • Tsoha!—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo Tlhalo e U Amang
  • Lebaka la hore Batsoali ba Arohane
  • Lebaka la Hore ho be Thata ho U Bolella
  • Seo U ka se Etsang
  • Nka Lebala Tlhalo ea Batsoali ba ka Joang?
    Tsoha!—1988
  • Ke Hobane’ng ha ’Mè le Ntate ba ile ba Arohana?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Na Tlhalo ea Batsoali ba ka e Tla Senya Bophelo ba Ka?
    Tsoha!—1988
  • Tlhalo E Hlile e na le Bao e ba Hlaselang
    Tsoha!—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 6/8 maq. 14-16

Bacha Baa Botsa . . .

Ke Hobaneng ha ’Mè le Ntate ba Arohane?

“Ntate o ne a re lahlile pele,” ho rialo Denny. “Empa kamehla o ne a ntse a khutla.” Leha ho le joalo, nakong ena ho ne ho fapane. Ho hopola Maurice, monyane oa Denny: “Ka letsatsi le leng ke ne ke le ha mohlokomeli oa ngoan’eso, moo ke neng ke tseba ho bona karolo e kamorao ea jarete ea rōna. Ka bona ntate a leka ho thua hore a kene ka tlung ea rōna. Joale ka elelloa hore ntate ha a sa lula le rōna. Ha bonahala hore ’mè o fetotse linotlolo.”

Ho Annette, ho arohana ha batsoali ba hae ho ne ho sa felle moo. “Batsoali ba ka ba ne ba arohana kamehla—ho tloha ha ke le lilemo tse 8,” oa hopola. “Empa ba ne ba sa arohane nako e telele. Kamor’a likhoeli li se kae, ’Mè o ne a bitsa Ntate ’me a re, ‘Ho lokile, ke ea u tšoarela,’ ’me ba ne ba boelana. Empa ntate ke lekhoba la joala. O ne a ferekanya ’Mè haholo ’me hamorao a khutle, ’Mè o ne a mo tšoarela. Ke ne ke hloile ketso eo.”

TLHALO. Karohano. Ho qhalana. Bacha ba fetang limillione ka selemo United States feela ba bone ho qhalana ho utloisang bohloko ha manyalo a batsoali ba bona.

Tlhalo e utloisa bohloko. Hangata e baka tšabo e khōlō, bohale, lipelaelo, tšabo ea ho lahluoa, molato, maikutlo a ho lahluoa ka ho feletseng—esita le takatso ea boiphetetso. Bacha ba qotsitsoeng ka holimo ba hlalosa taba ka tsela ena:

Ke ne ke halefile. Ke ile ka thaba ha qetellong ho bile le khotso lapeng, empa le ka mohla ke ne ke sa thaba ha Ntate a tsamaile. Ha se hantle ha Ntate a tsamaile!”—Maurice.

Ke ne ke utloile bohloko le ho soaba. Re fihlile sebakeng seo re le lelapa, ’me hona joale re arohane. Ha batho ba botsa, ‘Ntat’ao o kae?’ ke fana ka mabaka a mang a itseng, empa le ka mohla ke ne ke sa bolele hore batsoali ba ka ba arohane.”—Denny.

“Ke ikutloa ke lahliloe ebile ke le molato. Kamehla ’na le ’Mè re ne re le metsoalle e haufi, ’me Ntate o n’a ho hloile. Ke ile ka nahana hore mohlomong ba ne ba tla utloana haholo hoja e se ka lebaka la ka.”—Annette.

Kamoo Tlhalo e U Amang

Haeba batsoali ba hao ba sa tsoa hlalana kapa ho arohana, le uena u ka ikutloa u ferekane ebile u halefile. Leha ho le joalo, ’Mōpi oa rōna ea lerato o ne a rerile hore u hōlisoe ke ’mè le ntate ba u ratang. (Ba-Efese 6:1-3) Joale, u amohiloe boteng ba motsoali eo u mo ratang. “Ke nahana ka ntate ’me ke batla ho lula le eena,” ho lla Paul, eo batsoali ba hae ba arohaneng ha a le lilemo tse 7. “Empa lekhotla le re abetse ’Mè hore a re hlokomele.”

Ho hōlisoa ke motsoali a le mong—ka ho tloaelehileng ’mè—hangata ho bolela hore u tla hloka chelete. Ho bile joalo ka ‘likhutsana’ mehleng ea Bibele. (Deuteronoma 10:17-19) Ka mohlala, Keith o hopola mathata a ileng a latela kamor’a ho senyeha ha manyalo a mabeli a ’mè oa hae:

Ntate o tsamaile ha ke le lilemo tse 5. Ho ne ho ntšosa ka sebele. Bophelo bo ne bo sa tsitsa; re ne re falla likhoeli tse ling le tse ling tse tšeletseng. ’Mè o ne a sa ruteha, a sa sebetse, a sa etse letho. Re ne re robala tlung ena ’me ka le hlahlamang re robala ho e ’ngoe, hangata re ne re lelekoa hobane ’mè o ne a hlōleha ho lefa chelete ea mong a ntlo.

“A boela a nyaloa ke charola ea mohlankana. Ke ne ke mo rata haholo. Bophelo ba ka ba tsitsa hape ’me re se re se bo-hloma-o-hlomolle. Re ile ra lula tlung ea sebele, moo ho neng ho ena le jarete le ntja e seng matlung a hirisoang! Empa kapele-pele ’mè le ntate ba loana, qetellong ’Mè a bolela hore o batla ho itsamaela. Ka ikakhela ntoeng ea bona, ka hoeletsa hore ha ke batle ho tsamaea, ke tla itšalla! Ho ne ho se thuso. Re ile ra lula le rakhali.”

Ha u nahana ka mathata joalo—ho sa boleloe ho qobelloa ho khetha pakeng tsa batho bao u ba ratang kapa ho arohana le metsoalle—u ka hloea ho hlalana ha batsoali ba hao. Taba ea hore u tseba malapa a mang a fetileng mathateng ana ha ho tšelise haholo. U ka ’na ua ipotsa hore ‘Ke hobane’ng ha sena se etsahetse ho botsoali ba ka?’

Lebaka la hore Batsoali ba Arohane

Ke ’nete, mohlomong ka linako tse ling batsoali ba hao ba ile ba qabana pel’a hao. Mohlomong ba ile ba tšoarana ka matsoho. Esita le moo, u ne u sa nahane hore ba ka arohana! Batsoali ba bang ba khona ho pata mathata a bona. “Ha ke hopole batsoali ba ka ba loana,” ho bolela Lynn eo batsoali ba hae ba arohaneng ha e sa le ngoana. “Ke ile ka nahana hore ba utloana.” Ha e le hantle, bafuputsi ba tlhalo Judith S. Wallerstein le Joan Kelly ba fumane hore “karolo ea boraro ea bana ba banyenyane [ba batsoali ba hlalileng] ba ne ba bona ha lerootho masoabi a batsoali ba bona.”

Le hoja u ka kōpa batsoali ba hao tlhaloso, mohlomong u ka fumana feela likarabo tse lerootho kapa tse sa tobang. Wallerstein le Kelly ba hlokometse hore “karolo ea bone ho ea bohlano ea bana ba banyenyane [ba batsoali ba hlalileng] bao ho entsoeng liphuputso ho bona ba ne ba sa hlalosetsoa ka ho lekaneng kapa ho tiisetsoa tlhokomelo e tsoelang pele ea batsoali. Ha e le hantle, hoseng ha ba tsoha ba fumana motsoali e mong a tsamaile.”

Ka ho utloahalang, tlhalo tlas’a maemo leha e le afe e utloisa bohloko. Le hoja Bibele e eletsa hore “mosali a se ke a hlala monna oa hae” le “eena monna a se ke a hlala mosali oa hae,” ho qhalana ha manyalo ho fetohile lebaka la masoabi bophelong ba mehleng ena. (1 Ba-Korinthe 7:10, 11) Mabaka?

Ka masoabi, ka linako tse ling motsoali o molato ka boitšoaro bo bobe ba liphate. ’Me ha sena se etsahala, Molimo o lumella motsoali ea se nang molato ho hlala. (Mattheu 19:9) Mabakeng a mang, “khalefo, le lerata le puo e lihlong” li fetoha pefo e tšabisang motsoali ho boloka bophelo ba hae le ba bana.—Ba-Efese4:31,NW.

Ke ’nete hore mehato e meng ea tlhalo e nkuoa metheong e fokolang, haholo-holo ha banyalani ba sa ikemisetsa ho sebelisa melao-metheo ea Bibele. Ka mohlala, ho e-na le ho lokisa mathata a bona, ba bang ka boithati ba a hlala ’me ba ipolela hore ‘ha ba thaba,’ ‘ha ba khotsofala,’ ‘ha ba sa ratana.’ Ka masoabi, sena se soabisa Molimo o ‘hloileng hlalo.’ (Malakia 2:16) Jesu o tsoetse pele ho bontša hore ba bang ba tla arohana le balekane ba bona hobane ba fetohile Bakreste.—Mattheu 10:34-36.

Lebaka la Hore ho be Thata ho U Bolella

Leha ho le joalo, lebaka le etsang batsoali ba hao ba arohane, mohlomong ekaba sephiri ho uena. Ho thola ha bona kapa likarabo tsa bona tse lerootho ha li bolele hore ba u hloile. Tlhalo e utloisa batsoali bohloko. Mofuputsi Wallerstein o bolela hore ho nka mosali “lilemo tse 3 ho isa ho tse 3 1/2” ho boela a iphumana hape hoba ba hlalane. Le hoja ho bonahala banna e le bona ba iphumanang kapele, mongoli Frank Ferrera (eo ka boeena a hlalileng) oa hlalosa: “Ke seoelo hore monna a se ikutloe a le molato, a le bolutu, a halefile, a tepelletse maikutlong, a hlōlehile, a tlohetsoe.” Botebong ba pelo tsa bona, batsoali ba hao ba ka ’na ba thatafalloa ho bua ka tlhalo. Joalokaha Bibele e re: “Ha u tepella mohla tsietsi, matla a hao a manyenyane.”—Liproverbia 24:10.

Ho feta moo, hangata ho hlokahala ba babeli ho ‘qhaqha’ lelapa, ’me batsoali ba hao mohlomong ba ka fumana ho le boima ebile ba tsielehile ho amohela liphoso tsa bona. (Bapisa Liproverbia 14:1.) Ka linako tse ling esita le motsoali eo molekane oa hae a entseng bofebe ha a rate ho pepesa phoso ea hae kapa ea molekane oa hae.

Seo U ka se Etsang

Le hoja ho ba lefifing ho ferekanya, ho u tsoela molemo o fokolang ho arabela ka bohale. Ho e-na le hoo, sebelisa matla a hao a ho nahana le masene ho u sireletsa kotsing ea ka ho sa feleng ea maikutlo. (Liproverbia 2:11, NW) Leka ho fumana nako e loketseng ea ho buisana ka bolokolohi maikutlo a hao le batsoali ba hao. (Liproverbia 25:11) Ba tsebise kamoo u utloileng bohloko ebile u ferekaneng kateng ke tlhalo.

Mohlomong batsoali ba hao ba tla u neha karabo e khotsofatsang. Haeba ho se joalo, u se nyahame. Ipotse, Na ho hlile ho fosahetse hore batsoali ba ka ba se ntsebise taba e itseng? Na Jesu ha a ka a boloka boitsebiso bo itseng boo a neng a nahana hore barutuoa ba hae ha ba e-s’o lokele ho bo tseba? (Johanne 16:12) Na batsoali ba hao ha ba na tokelo ea ho ipolokela boitsebiso bo itseng? Hape, haeba batsoali ba hao ba batla ho hlalana motheong oa boitšoaro bo bobe, na ha se hobane ba latela se batloang ke Mangolo?

Hape, nahanela maikutlo a batsoali ba hao. Joaloka ha tlhaho e u nyahamisa—na ha u elelloe hore e nyahamisa batsoali ba hao ka ho tšoanang? Ho tla be ho sa utloahale ho lebella litlhaloso tse telele ho bona nakong eo?

Qetellong, ananela hore tlhalo, ho sa tsotellehe hore na lebaka ke lefe, ke phaphang mahareng a bona—e seng uena! Phuputsong e entsoeng ke Wallerstein le Kelly malapeng a hlalaneng a 60, ba fumane hore banyalani ba ne ba beana molato, ba nģosa bahiri ba bona, litho tsa lelapa, metsoalle ka baka la tlhalo ea bona. Empa, bafuputsi ba re: “Ho thahasellisang, ha ho le ea mong ea ileng a beha bana molato.” Kahoo haeba u lokela ho leta nakoana pele u tsebisoa lebaka la tlhalo, tšeliseha hore tlhalo ea batsoali ba hao ha se phoso ea hao. Ho sa tsotellehe mathata a bona, maikutlo a batsoali ba hao ka uena ha a fetoha.

Che, sena se ke ke sa felisa bohloko ba tlhalo ea batsoali ba hao. Empa ho leka ho fumana se etsahetseng mahareng a bona ekaba mohato oa pele oa ho khutlisetsa bophelo ba hao setloaeling.

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Ho bona lenyalo la batsoali ba hao le senyeha ke e ’ngoe ea liphihlelo tse bohloko haholo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela