Bacha Baa Botsa . . .
Nka Hlōla Pelo e Utloileng Bohloko Joang?
U HLILE u tseba hore enoa ke eena eo u tlang ho mo nyala. Le ea thabelana, le kopanela lithahasello tse tšoanang, ’me le utloa lerato la sebele. Joale, ka tšohanyetso, setsoalle se ea fela, ka ho phatloha ka bohale—kapa ka likhapa.
Lintho tse utloisang bohloko bophelong joale ka karohano ea lerato li fokola haholo. Bukeng ea hae The Young Person’s Guide to Love, mongoli Morton Hunt o boletse: “Ke motho a le mong ho ba bahlano, eo karohanong ea lerato la bacha, a sa utloeng bohloko. Ho batho ba neng ba sa batle ho arohana ka ho feletseng, ba bangata ba ikutloa ba ntšitsoe kotsi, ba nyahame, ba tletse bohale bo sa laoleheng.” Hangata bacha ba itlisetsa masoabi ka ho ratana nako e telele pele ba e-ba boemong bo loketseng ba lenyalo.
Leha ho le joalo, bacha ba bang ba hōlileng mohlomong ba se ba loketse lenyalo ’me ba phehelletse lefereho ka tsela e hlomphehang le ka botebo—’me ba fumane lipelo tsa bona li utloile bohloko ha kamano ea bona e sa phethahale. Na motho a ka hlaphoheloa pelong e utloileng bohloko ea lerato le senyehileng?
Ke Hobane’ng ha Karohano e le Thata ho Etsuoa
Bukeng ea hae The Chemistry of Love, Ngaka Miehael Liebowitz o tšoantša qalo ea lerato le phello e hlasimollang ea sethethefatsi se matla. Empa joaloka sethethefatsi, lerato le joalo le ka baka ‘tlholohelo e bohloko’ haeba le fela. Ngaka David Goss o qotsa ‘ho tepella maikutlong, lipelaelo, ho kula ’meleng, ho lahleheloa ke morero oa bophelo, le nako ea ho shoeloa’ e le mehlala ea ho senyeha ha lerato. Ha ho tsotellehe hore na ebe lerato e ne e le la ho nkeha maikutlong kapa ‘ntho ea sebele.’ Boemo ka bobeli bo ka hlasimolla ka tsela e ferekanyang—le ho nyahamisa haholo.
Boikutlo ba ho lahloa, ho utloisoa bohloko, mohlomong le bohale bo latelang karohano bo ka senya pono ea hao ka bokamoso. Mosali e mong oa Mokreste o boletse hore o ‘ntšitsoe leqheba’ ke ho lahluoa. O re: “’Na ha ke itse ho motho [e motona] ‘Lumela, u kae?’ ke phetho. Ha ke lumelle motho leha e le ofe ho ntloaela.” Haeba boineelo ba lōna kamanong eo bo ne bo tebile haholo, le bohloko bo tlisoang ke karohano bo tla teba haholo. Ha u ikutloe u tšeliseha ha ba bang ba u bolella hore e ne e le feela lerato la papali kapa ba re ‘u tla fola kapele.’
Ke Hobane’ng ha Karohano e Etsahala
Seo hona joale se hlokahalang ka potlako, hase ho leka ho lokafatsa taba, empa ho nahanisisa ka eona u khutsitse. “Masene a u lebele, kutloisiso e u boloke,” ho boletse Salomone. (Liproverbia 2:11) Ho nahanisisa ho tla senola hore bolokolohi ba ho laetsana le ngoanana kapa mohlankana e mong le e mong ho ka ba le phello e khōlō: bohloko ba ho tloheloa. Bonneteng, lebaka-baka la ho ba le botsoalle le motho e motona kapa e motšehali ke lefe? Na ha se ho bona kamoo eo a ka tšoanelehang kateng ho ba molekane oa lenyalo? Ho laetsana bakeng sa ho itlosa bolutu ke ho bapala ka maikutlo a motho e mong.—Bapisa Liproverbia 26:18, 19.
Empa na ho laetsana, kapa mofuta leha e le ofe oa lefereho, o tiisa lerato la ’nete le tla hōla kapa hore lenyalo le haufi? E seng joalo ka sebele hobane ho ka etsahala hore hamorao u bone hore le na le lipakane tse sa tšoaneng, mekhoa ea bophelo e sa lumellaneng, kapa boikutlo bo loantšanang. Maemong a joalo, mohlomong ntho e bohlale e ka etsuoang ke ho khaotsa botsoalle! “Motho ea pelo keletsi o atisa ho bona kotsi e sa le pele, ’me ua itšireletsa,” ho bolela Bibele.—Liproverbia 22:3.
Kahoo haeba motho e mong a qalisa ho laetsana le uena ka boikemisetso bo tšepahalang empa hamorao a etsa qeto ea hore ho kena lenyalong ho ke ke haeba bohlale, hase ketso ea ho hloka toka. Bothata ke hore, ha ho tsela e sa utloiseng bohloko ea ho khaotsa lerato. Ha ho pelaelo hore u tla rata haeba motho eo a bontša ho nahanela ha Bokreste ’me a tobane le uena, a hlalose hore na ke hobane’ng ha le khaotsa botsoalle. Leha ho le joalo, hangata, ea ikhulang ha a ikemisetsa ho tobana le uena mahlong. Mohlomong a ka etsa ka tsela e sa bontšeng mosa, a romella lengolo la molaetsa o mokhutšoane kapa, ho hobe haholo, a u hlokomolohe, hoja e ka hoo ho tla felisa bothata.
Leha karohano e ka etsoa ka mokhoa o bohlale le o mosa, u sa ntse u tla utloa bohloko ba ho tloheloa. Leha ho le joalo, sena ha se lebaka la ho lahleheloa ke seriti sa hao. ’Nete ea hore u ne u sa “tšoanelehe” mahlong a motho enoa ha ho bolele hore ha u tšoanelehe mahlong a motho e mong hape. Ho feta moo, enoa hase eena feela mohlankana kapa moroetsana lefatšeng!
Tsela e ’ngoe ea ho loantša boikutlo ba ho tloheloa ke ho leka ho talima lerato le senyehileng ka leihlo le letle. Na ngoanana eo ruri u neng u nahana hore ua mo rata o tšoaneloa ke tlhaloso ea “mosali ea khabane” ea hlalosoang ka Bibeleng? (Liproverbia 31:10-31) Na mohlankana eo u beileng pelo ea hao ho eena ke eo ka ’nete a neng a tla ‘rata mosali oa hae joalo ka ’mele oa hae,’ kapa na o ntse a bontša boithati? (Ba-Efese 5:28) Ke ’nete, mohlomong a ka ba le ponahalo e ntle le mekhoa e metle. Empa “khahleho ea thetsa botle ke bosaoana.”—Liproverbia 31:30, The Bible in Living English.
Karohano e ka boela ea senola lintho tse tšoenyang ka motho enoa—ho se hōle maikutlong, bothata ba ho etsa liqeto, ho se tenyetsehe, ho hloka mamello, ho se nahanele maikutlo a hao. Tsena hase litšoaneleho tse lakatsehang ho molekane oa lenyalo. Ka nako e tšoanang, u ka hlokomela hore ho uena ho boetse ho na le lintho tse ’maloa tseo u loketseng ho li sebeletsa pele u ba molekane oa lenyalo ea ratehang.
‘Empa ha ke Batle le Fele!’
Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba karohano e sekametse ka lehlakoreng le leng, ’me u kholisehile hore lenyalo le tla tsoela pele hantle? U na le tokelo ea ho tsebisa motho e mong kamoo u ikutloang kateng. Leha ho le joalo, hopola, ‘molomo o monate o batisa tsebo.’ (Liproverbia 16:21) Ho bua ka tsela e lerata ha ho phethe letho. Puisano e bonolo, mohlomong e ka senola hore ho na le ho se utloisisane ho itseng. Leha ho le joalo, haeba a hatella karohano, ha ho hlokahale hore u oe ka mangole le ho ntša likhapa u kōpa lerato la motho eo ka ho hlakileng a sa u rateng. Salomone o itse “nako e teng ea ho batla, e teng le nako ea ho lahleheloa.”—Moeklesia 3:6.
Ke ’nete, mohlomong ho ka ba le mabaka a utloahalang ho belaela ka hore u ile ua itšebelisetsoa ke motho eo empa a ntse a tseba hantle hore ha a thahaselle lenyalo. “Ke fumane hore o ne a mpa a hapa thahasello ea ka ho tsosa poulelo ea monna e mong,” ho hopola Daniel mabapi le ngoanana eo a neng a laetsana le eena lilemong tse fetileng. “Ho ne ho le bohloko haholo. Ho nkile lilemo pele ke ratana le ngoanana e mong.” Motho eo ka bokhopo a bapalang ka maikutlo a batho ba bang a ke ke a talingoa e le Mokreste ea behang mohlala, ’me u ka kholiseha hore bolotsana bo joalo Molimo o bo hlokometse. Neng kapa neng, motho ea joalo o tla etsoa hore a ikoahlaele tsela ea hae—ntle le hore uena u iphetetse. “Motho ea lonya o itšenya ’mele.”—Liproverbia 11:17; bapisa 6:12-15.
Tsela ea ho Fola
Ho hlakile hore ho tseba feela hore karohano ke bohato bo molemo bo nkuoeng ho ke ke ha felisa maikutlo a hao kaofela. Mohlomong nako le nako u tla tšoengoa ke bolutu kapa monahano oa lerato. Haeba ho joalo, kapele khutlisa monahano! E ba ea mafolo-folo, mohlomong mesebetsing ea lipotongoane. Qoba ho itšehla thajana. (Liproverbia 18:1) Tsitsisa monahano oa hao linthong tse ntle le tse hahang.—BaFilipi 4:8.
Ha ua lokela ho iketsa mohale ka ho hatella maikutlo a hao. Phetlela Ntate oa hao oa leholimo sefuba sa hao joaloka ha mopesaleme a entse, o tla u folisa. Ho ba ea mafolo-folo tšebeletsong ea Bokreste ho tla u thusa. Hape u ka thusa ho tsebisa motsoalle oa sebele. (Liproverbia 18:24) ’Me u se ke ua lebala hore batsoali ba hao ba ka u tšelisa haholo, le hoja u ikutloa hore u hōlile ka ho lekaneng ho iketsetsa liqeto.—Liproverbia 23:22.
Karohano ke phihlelo e bohloko. Empa motho a ka rua molemo esita le pelong e utloileng bohloko. “Maqeba a phekola moetsalibe,” ho bolela Liproverbia 20:30. Mohlomong joale u bona bohlokoa ba ho ntlafatsa litšobotsi tse ling tsa botho ba hao. Pono ea hao ka seo u se batlang ho molekane oa lenyalo e ka hlaka ho feta pele. ’Me ha u se u latsoitse ho ratuoa le ho lahluoa, u ka tšoara ho laetsana ka bohlalea bo boholo haeba motho ea khahlehang a ka boela a u atamela—ho ka ba joalo ho feta kamoo u ka lekanyang kateng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe 20]
a Tokollo e tlang e tla tšohla tabeng ena ea lefereho.
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 18]
“Ha ke itse ho motho, ‘Lumela, u kae,’ ke phetho. Ha ke lumelle motho leha e le ofe ho ntloaela”
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Ha ho hlaka hore lefereho le ke ke la atleha, ntho e mosa ke ho ba le puisano le shebane mahlong, le hlalosa hore na ke hobane’ng ha kamano e lokela ho fela