Ho Ithuta ka Lipaki
KE seo moqolotsi oa litaba oa koranta ea Norway Troms Folkeblad ea la 15 Phupu, 1986, a boletseng hore batho ba bangata ba ka se etsa. “Likopano le litlhophiso tseo ba nang le tsona li phethahetse ka sebōpeho le mokhoa oa tsona. Tsohle li hlophisitsoe hantle,” ho hlokometse koranta.
“Hangata katleho ea lihlopha tsa bolo le tsa bacha e itšetlehile boithaopong ba setho ka seng ho kenya letsoho. Lihlopha tsena li lokela ho lemoha tsela eo Lipaki tsa Jehova li hlophisang mesebetsi ea tsona kateng. Ho ka ithutoa ho hongata ka ho ela hloko moea oa boithatelo oo li o bontšang. Ha ho kholehe.”