Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 7/8 maq. 11-13
  • Nka Rua Molemo o Eketsehileng Joang Libokeng Tsa Bokreste?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Rua Molemo o Eketsehileng Joang Libokeng Tsa Bokreste?
  • Tsoha!—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mohato oa Bobeli: Kopanela ka Litlhaloso!
  • Mohato oa Boraro: Sebelisa Seo U Ithutileng Sona
  • Liboka li Ruisa Bacha Molemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Liboka Tsa Lipaki Tsa Jehova li ka U Tsoela Molemo Joang?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho ba Teng Kamehla Libokeng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Liboka Tsa Bokreste Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Ea ho Tsona?
    Tsoha!—1988
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 7/8 maq. 11-13

Bacha Baa Botsa . . .

Nka Rua Molemo o Eketsehileng Joang Libokeng Tsa Bokreste?

“LENANE le theohang ka ho tebileng la ba eang kerekeng le bontša hore kereke e hlōleha ho hapa thahasello ea bacha ba eona.” Ke kamoo ho boletseng mobishopo e moholo oa K’hatholike Emmett Cardinal Carter. Ho boetse ho utloahala litlaleho tse tšoanang lefatšeng lohle.

Leha ho le joalo, tokollo e ka pele ho ena ea Tsoha! e bontšitse hore bacha ba likete ba fumana liboka Holong ea Lipaki tsa Jehova e le tse fapaneng le litšebeletso tsa kereke tse bolutu. Liboka tsena li nea motho monyetla oa sebele oa ho hōla moeeng. Leha ho le joalo, ho ba teng feela libokeng tsena ha ho bolele hore motho o hlile o rua molemo.

Ka mohlala, ha mohlankana e mong a ne a qala ho ba teng ka lekhetlo la pele libokeng Holong ea ’Muso o boletse hore le hoja a ne a rata batho bao a kopaneng le bona mona, “o ne a sa utloisise se etsahalang sethaleng.” Haeba liboka li le ncha ho uena, mantsoe a kang ” Armageddone,” “bongata bo boholo ba batho,” le “masala” a ka utloahala a makatsa joaloka puo ea naheng e sele. Bibele ka boeona e hlokomelisa hore phapang e ne e tla ba teng, ka ho bapisa linnete tsa Molimo le “puo e hloekileng.”—Sofonia 3:9, NW.

Le hoja “puo” ena e hloekileng e ka bonahala e makatsa ka lekhetlo la pele, u se nyahame. Janet ea lilemo li 15, eo haufinyane a sa tsoa qalisa ho ba teng libokeng Holong ea ’Muso o re: “Pele ke ile ka nahana, ‘Ke eng seo ba buang ka sona?’ Empa butle-butle ke ne ke tloaelana le mantsoe.” E, ho ithuta puo e ’ngoe e ncha ha ho bonolo. Thupelo e ’ngoe ea puo e bolela hore motho o hloka “mamello, botsitso thutong” e le hore a ka tseba puo e ncha hantle. E boetse e khothalletsa “tlhakiso ea kamehla.” Ka ho tšoanang, ho tseba puo e hloekileng ea ’nete ea Bibele hantle motho o lokela ho ea moo e buuoang teng, libokeng tsa Bokreste!

Leha ho le joalo, ho ba teng kamehla libokeng ke qalo feela. Ho re u rue molemo libokeng tsena, re u khothalletsa hore u latele mehato ena e meraro.

Mohato oa Pele: Lokisetsa Nakoana pele ho lefu la Jesu, barutuoa ba hae ba ile ba mo botsa: “U rata ha re u lokisetsa kae Paseka, moo u ka e jelang teng?” Jesu a ba araba. Kahoo, ka botšepehi, “barutuoa ba etsa joalo ka ha Jesu a ba laetse, ’me ba lokisa Paseka.” (Mattheu 26:17-19) Le hoja sena e ne e le seboka se khethehileng, mokhoa o tšoanang o fumanoa libokeng tsa beke le beke Holong ea ’Muso. U lokela ho “lokisetsa” e le hore u ka rua molemo ho tsona. U ka etsa seo joang?

“Ke beheletse thoko linako tsa ho ithuta libuka tse sebelisoang libokeng,” ho bolela Anita ea lilemo li 16. Malene ea lilemo li 11, oa phaella: “Pele ho liboka, ke botsa ’mè oa ka litlhaloso tsa mantsoe a thata ao ke a balileng ho Molula-Qhooa.” ‘Makasine ona o theiloeng Bibeleng o ithutoa kamehla liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova. Anne ea lilemo li 13, le eena o fumane thuso. O re: “Labohlano le leng le le leng, Ntate o bala le ’na halofo ea thuto ea Molula-Qhooa.” ’Me ka bo-Moqebelo, re qetella halofo e setseng.” Phello? Ba tla libokeng ba hlomeletsoe hamolemo kelellong. Nakong ea seboka, ba nolofalloa ho amohela boitsebiso. “Ka tsela eo, u-ua ameha ’me ho ithuta e ba ntho e bonolo,” ho boletse Anne.—Bapisa Liproverbia 14:6.

Ho lokisetsa ho ka boela ha kopanyelletsa ho eketsehileng. “Ke ithuta lipina tse tla binoa sebokeng,” ho hlalosa Simeon, ea lilemo li 14. “Ke bapala lik’hasete tsa lipina tsena hae le ho bina hammoho le tsona. Ka linako tse ling monyane oa ka o bina le ’na. Joale, libokeng ke tseba ho binela holimo.” (Pesaleme ea 105:2) Na ho na le lintho tse ling tseo a li ‘lokisetsang’? “E,” Simeon o tsoela pele. “Letsatsi pele ho seboka, ke kenya Bibele ea ka, buka ea lipina le buka ea phutheho ka mokotlaneng, hore letsatsing le hlahlamang seo ke se etsang feela ke ho nka mokotlana.”

Mohato oa Bobeli: Kopanela ka Litlhaloso!

Jesu Kreste ea lilemo li 12 e ne e se motho ea thotseng ha ho tluoa borapeling ba Molimo. Bibele e bolela hore, tempeleng Jerusalema Jesu o ile a fumanoa a ‘mametsoe, a botsa lipotso, a fana ka likarabo.’ (Luka 2:46, 47) Ho kopanela ke senotlolo se seng sa ho rua molemo libokeng. Leha ho le joalo, ho etsa joalo ho hloka boiteko.

Ka mohlala, nka taba ea ho mamela. “Hangata ho mamela puo ho thata ho feta ho nehelana ka eona,” ho hlokometse mongoli. Re tseba ho nahana ka makhetlo a mane ka potlako ho feta karolelano ea mantsoe eo motho a ka e buang. Phello? Joseph ea lilemo li 11 oa hlalosa: “Ka linako tse ling libokeng mohopolo oa ka oa lelera—ke tšoenyehile ka mosebetsi oa ka oa sekolo.” Sena se ea re etsahalla kaofela ka linako tse ling. Kahoo ho sebelisa mokhoa oa boholo-holo oa ho laola ho lelera hona ha kelello. Hangata Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba e-tla le likotoana tsa letsopa libokeng tsa bona. “Ha ba utloa Mangolo a baloa,” ho hlalosa buka Aid to Bible Understanding, “ba ne ba a kopitsetsa likotoaneng tsa letsopa ka enke.”

Kajeno, libukana tsa ho ngolla lintlha li nkile sebaka sa likotoana tsa letsopa, empa ho ngola lintlha ho ntse ho sebetsa. Anita o re: “Ke ngola mangolo a baloang nakong ea puo; joale nka boela ka ikhopotsa puo ha ke se ke le hae.” Michael, ea lilemo li 16 oa phaella: “Ke ngola lintlha tsa sehlooho. Hona ho boloka monahano oa hao ho se buuoang.” Ha e le hantle, ho ngola lintlha ho u thusa ‘ho ela hloko ka ho fetisisa litaba tseo u li utloileng.”—Ba-Heberu 2:1.

Joaloka ha ho boletsoe pelenyana, Jesu e mocha o ile a botsa lipotso le ho li arabela. Ka ho tšoanang bacha ba bangata ba kopanela libokeng. Ka mohlala, naheng ea Suriname, phuputso ea haufinyane e bontšitse hore bacha ba 7 ho ba bang le ba bang ba 10, ba mahareng a lilemo tse 12 ho ea ho 20, ba bang teng libokeng Holong ea ’Muso, ba ba le karolo beke le beke puisanong ea potso le likarabo.

Joaloka Jesu, ba leka ho fana ka likarabo tse bontšang kutloisiso. Ha ba bale likarabo feela ho tsoa libukeng tse sebelisoang empa ba li hlalosa ka mantsoe a bona. Ba bang ba ngola likarabo tsa bona bukeng ea ho ngolla lintlha e be ba bala likarabelo tse ngotsoeng hape nakong ea seboka. Kamor’a koetliso, ha ba sa ngolla bukeng, ’me ka lebaka la thabo ea bohle ba leng teng, ba bua ho tsoa pelong. Anil ea lilemo li 13, oa hlalosa: “Ka tsela ena ’na le ba bang re rua molemo o moholo.”—Liproverbia 15:28.

Ke ’nete, u ka ikutloa joaloka Anita e mocha, ea itseng: “Ke ne ke tšaba ho arabela.” Empa kapelenyana u tla lumellana le Michael, ea itseng: “Ke rata ho fana ka likarabo!” Liproverbia 15:23 ea hlokomela: “Motho o hlahisetsoa thabo ke ho araba ha molomo oa hae.”

Mohato oa Boraro: Sebelisa Seo U Ithutileng Sona

Mohato oa ho qetela ke ho tiisa hore seo u ithutang sona ‘sea u sebeletsa.’ (BaThessalonika 2:13) Hona ho bolela ho sebelisa seo u ithutileng sona. Tammy, ngoanana e mocha oa United States, oa hlalosa: “Ha e sa le hoba ke ’ne ke ee libokeng, ke fetohile haholo.”

Liithuti ’moho li ka ’na tsa hlokomela phetoho ena ’me tsa qala ho botsa ka eona. Sena se u nea monyetla oa ho abelana le tsona thuto eo u e fumanang libokeng. Hlokomela hore sena se hloka sebete, empa se a putsa. Susan, ngoanana oa Canada oa bolela: “Bonneteng ke thabela ho pakela metsoalle ea ka sekolong.” (Liproverbia 3:27) E, ho sebelisa seo u ithutileng sona libokeng ho tla eketsa thabo ea hao ea ho ithuta.

Keletso ea ho qetela: Etsa mehato ena e meraro kamehla. Lokisetsa liboka. Kopanela ka litlhaloso. ’Me e be joale u sebelisa seo u ithutileng sona. Ha u etsa joalo, u tla thabela ka botlalo liboka Holong ea ’Muso. Etsa ho ba teng libokeng “mokhoa” oa hao joaloka Jesu.—Luka 4:16.

[Lebokose le leqepheng la 11]

Mosebetsi oa Sekolo le Liboka?

“Hangata ke fihla hae ke khathalitsoe ke mosebetsi oa sekolo. Joale ke teko ho bolela hore, ‘Ke tla fetoa ke seboka hore ke tle ke tsebe ho etsa mosebetsi oa ka oa sekolo,’” ho bolela Anita. Ka linako tse ling u ka tobana le teko e tšoanang. Leha ho le joalo, bacha ba bang ba Bakreste ba sebetsana le boemo boo joang?

“Ke etsa o mong oa mosebetsi oa sekolo pele ho liboka ’me ke etsa o mong ha ke khutla libokeng,” ho bolela Wanita. Oa phaella: “Masiung ao, ke robala bosiu haholo ho feta kamoo ke tloaetseng kateng, empa ke beile liboka pele!” (Mattheu 6:33) Simeon oa phaella: “Ke rata ho qoqa kamor’a liboka le ho tsamaea hamorao. Empa ha ke ena le mosebetsi oa sekolo, ke tsamaea hang-hang ho ea etsa mosebetsi oa ka oa sekolo.”

U ka ’na ua botsa, ‘Empa na ho ea libokeng ho ke ke ha ama matšoao a mosebetsi oa ka oa sekolo?’ E, empa e seng hampe. Ha e le hantle, tichere e ’ngoe Scotland e ile ea hlokomela hore bana ba Lipaki tsa Jehova ba “sebetsa hantle sekolong . . . hobane, ho tloha boseeng, ba rutoa ho lula le ho mamela le kamoo ba ka sebelisang seo ba ithutileng sona.”

[Litšoantšo tse leqepheng la 12, 13]

Senotlolo sa ho thabela liboka ke ho lokisetsa le ho kopanela ka litlhaloso, eista le ho sebelisa seo u ithutileng sona

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela